U ka Sebetsana ka Katleho le ho Ferekana Maikutlo!
NAHANA ka boemo bo bohloko ba mohlankana e mong ea lilemo li 23. Haa ruteha hakaalo ’me o sebeletsa moputso o tlaase haholo. Ha a nahane ka lenyalo le bophelo bo khotsofatsang. Ha ho makatse hore ebe ’mè oa hae o re: “O hlomohile ebile o ferekane maikutlo haholo.” Boemo ba mohlankana enoa bo tšoana le ba batho ba bang ba limillione. Ka mabaka a sa tšoaneng, batho ba mefuta eohle ba ferekane maikutlo.
Ho ferekana maikutlo ke “boikutlo kapa boemo bo tebileng le bo sa feleng ba ho se sireletsehe, ho nyahama, le ho se khotsofale ho bakoang ke litakatso tse sa phethahaleng, ho loantšana ha maikutlo, kapa mathata a mang a sa rarolleheng.” (Webster’s Third New International Dictionary) Re ferekana maikutlo ha re leka ka matla ho finyella ntho e itseng empa re sa atlehe. Re ikutloa hore re sitisitsoe lekhetlong le leng le le leng, joalokaha eka re thula lebota la majoe ka hlooho, ho se na monyetla oa ho atleha. Kaofela ha rōna rea tseba hore na ho joang.
Basebetsi ba sebetsang mesebetsi e bonahalang e sa khotsofatse ba ka ikutloa ba se na thuso. Haeba ho se na motho ea hlokomelang mosebetsi oo ba o etsang leha e le ho ba leboha, basali kapa bo-’mè ba sebetsanang le matšoenyeho a letsatsi le letsatsi le mesebetsi e etsang hore ba khathale ’meleng ba ka ikutloa ba sa khotsofala ba bile ba sa ananeloe. Bacha ba tobanang le liteko sekolong ba ka ferekana maikutlo ha ba leka ho fumana thuto. Batho bao e leng karolo ea sehlopha sa batho ba seng bakae ba ka ’na ba nyahama ba ba ba hlora, ka baka la ho kholiseha hore ke bahlaseluoa ba khethollo e leeme. Bahoebi bao ka botšepehi ba lekang ho rekisa thepa kapa ho fana ka litšebeletso tsa boleng bo phahameng khoebo ea bona e ka lihuoa ke bahoebi ba bolotsana ba rekisang lintho tse tšoanang le tseo ba li rekisang. Liphihlelo tsena le tse ling tse tšoanang le tsona li etsa hore batho ba ferekane maikutlo li bile li etsa hore batho ba bangata ba be le maikutlo a ho felloa ke tšepo.
Monna ea bohlale ea phetseng makholong a lilemo a fetileng o ile a khona ho ngola ho hong ka ho ferekana maikutlo hoo a bileng le hona ka mantsoe ao re ka a utloisisang. Morena oa Israele Solomone o ile a re: “Empa eitse ha ke talima mesebetsi eohle eo matsoho a ka a e entseng, ’me ke bala mokhathala oo ke ikhathalitseng ka oona ha ke e sebetsa, ka bona hoba tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng; ha ho letho le ka fihleloang ka tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi. Ha ho le joalo, motho o rua’ng ka mokhathala oohle oa hae le ka phehello ea pelo ea hae, eo a ikhathatsang ka eona tlas’a letsatsi? Hobane matsatsi ’ohle a hae ke a nang le mahloko, ’me mosebetsi oa hae ke o nang le masoabi; esita le bosiu, pelo ea hae ha e phomole. Hoo le hona ke lefeela.” (Moeklesia 2:11, 22, 23) Mantsoe a Solomone a bontša ho nyahama hoo batho ba bangata ba bang le hona ha ba ntse ba leka ho sebetsana ka katleho le ho ferekana maikutlo ho ba amohang bophelo bo putsang.
Batho ba ferekaneng maikutlo ba ka ba ba tepella maikutlo. Maemong a tebileng haholo ba bang ba hlōtsoe ke ntoa, ba ikarola sechabeng e le hore ba ka phela bophelo bo sa tloaelehang. Ba bang ba tlōla molao ba bile ba sebelisa pefo, ka morero oa ho fumana seo ba lumelang hore ba lokela ho se fumana. Likhatello tse sa feleng li qhalile manyalo le kamano e leng pakeng tsa malapa.
Bongata ba rōna re ka ’na ra tlameha ho etsa boiteko bo bongata ba ho batla litsela tsa ho sebetsana ka katleho le ho ferekana maikutlo. Ho sa tsotellehe hore na re etsa’ng, ho ka ’na ha bonahala eka lintho lia mpefala. Liproverbia 13:12 e re: “Tšepo ha e lieha ho phetheha, e babisa pelo.” Boiketlo ba rōna ba ’mele le ba moea bo ka ’na ba sokeloa. Na boemo boo ke bo se nang tšepo? Na re lokela ho lula re ferekane maikutlo ka linako tsohle e le moputso oa likhaello kapa liphoso tsa rōna? Na ho ka nkoa mehato e sebetsang e le hore re sebetsane ka katleho le ho ferekana maikutlo ka phello ea hore re thabele bophelo bo khotsofatsang? A re boneng.
Litsela tse Ling tsa ho Sebetsana ka Katleho le ho Ferekana Maikutlo
Ha re na le bothata ’me re hloka keletso, re atisa ho ea ho motho ea nang le tsebo, ea nang le phihlelo eo re ka mo tšepang. Liproverbia 3:5, 6 ea re eletsa: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao. U mo kenye mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.” Keletso e sebetsang e ka fumanoa Lentsoeng la Molimo, Bibele. Nahana ka mehlala e meng ea temohisiso eo e fanang ka eona.
Ho ferekana maikutlo ho ka amahanngoa le ho sebetsa ka morero oa ho iphelisa. Ka mohlala, mosebetsi oa rōna oa boipheliso o ka re khotsofatsa, empa moputso o tlaase e ka ba sesosa sa ho tepella maikutlo. Re rata malapa a rōna ’me rea batlela se molemohali. Ho ntse ho le joalo, ho tšoenyeha ka ho phetha litlamo tsa rōna tse hlokang chelete ho bonahala ho sa fele. Re ka sebeletsa moputso o eketsehileng ka mor’a lihora tsa mosebetsi ra ba ra ba le mosebetsi oa bobeli. Ka mor’a nako e seng kae bophelo bo bonahala bo tletse liketsahalo tse khathatsang tsa ho ja, ho robala, le ho sebetsa. Leha ho le joalo, mekitlane ea bokellana, likoloto lia eketseha, le ho ferekana maikutlo hoa eketseha.
Morero o ka sehloohong oa mosebetsi oa boipheliso ke ho re fa seo re se hlokang. Empa re hloka ho hokae? Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Hobane ha rea ka ra tlisa letho lefatšeng, ’me hoa bonahala hoba re sitoa ho ea le letho, ha re le tlohela. ’Me ha re e-na le lijo le liaparo, a re kholoeng ke tsona.” Na re leka ho ba le lintho tse fetang tseo le ho li bapisa le seo ba bang ba nang le sona kapa ba khonang ho se etsa? Haeba ho joalo, mohlomong re kotula liphello tsa sena ka ho ferekana maikutlo. Pauluse o ile a lemosa: “Ba ratang ho rua, ba oela melekong, le lerabeng, le litakatsong tse ngata, tse sa utloahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong. Hobane lerato la leruo ke motso oa libe tsohle; ba bang ka ho le lakatsa ba khelohile tumelo, ’me ba itlhabile ka mahlomola a mangata.” (1 Timothea 6:7-10) Ho hlahloba ka botšepehi lintho tse bonahalang tseo re li hahamallang ho ka senola lintho tse ling tseo re sa li hlokeng ka ho felletseng. Liphetoho tse seng kae tse utloahalang mabapi le bophelo ba ho sebelisa chelete ka hloko le ho phela bophelo bo itekanetseng li ka re thusa haholo hore re fokotse ho ferekana ho hoholo ha maikutlo.
Litakatso tse sa phethahaleng li ’nile tsa baka ho ferekana maikutlo. Ka mohlala, takatso e matla ea ho nyaloa le ho fumana tšireletseho le lerato le mofuthu e leng lintho tse tlisoang ke bophelo ba lelapa ke ea tlhaho ho moroetsana. A ka ’na a nka nako e ngata le ho etsa boiteko bo bongata a iketsa hore a bohehe haholoanyane ka ho apara liaparo tsa morao-rao, ho ikhabisa, ho sebelisa litlolo, le ho lokisa moriri ka mokhoa o khethehileng le ho fetoha sebali se mafolo-folo sa libuka tse fanang ka keletso tabeng ea ha motho a sa fumane moratuoa. Moroetsana enoa a ka ’na a kopanela meketjaneng ea boikhathollo a sa khaotse ka tšepo ea ho kopana le motho e mong ea tšoanelehang—a sa atlehe. Lilemo lia feta, ’me ho ferekana maikutlo ho tōta hoo a ke keng a ho mamella. Ka baka la ho hloka tšepo a ka ba tekong ea hore a nyalane le motho ea sa tšoaneleheng. Ho leng hobe le ho feta, e le hore a ka khotsofatsa takatso ea hae ea ho batla lerato, a ka ’na a kopanela boitšoarong bo bobe.
Boemong bo joalo, mamello le kahlolo e molemo lia hlokahala. Ho nyalana le motho ea sa tšoaneleheng—haholo-holo ea sa lumeleng ho Jehova—e ka ba phoso e tebileng. (1 Ba-Korinthe 7:39; 2 Ba-Korinthe 6:14, 15) Ke ntho e ke keng ea qojoa hore boitšoaro bo bobe bo felle ka masisa-pelo le ho nyahama. (Liproverbia 6:32, 33) Ho itlhahloba ka botšepehi, ho kopaneng le katamelo e bohlale, ho ka thusa. “Moea o mosa, o bonolo” o ka hapa molekane oa lenyalo ea tšoanelehang hamolemo haholoanyane ho feta liaparo tsa morao-rao kapa litlolo tse sa tloaelehang. (1 Petrose 3:3, 4) Ho e-na le ho tšepa keletso ea litsebi tsa lefatše e sa bontšeng temohisiso kapa e bontšang ho hloka boikarabelo, ke ha bohlokoa hore re ee ho Mothehi oa lenyalo e le hore re ka ithuta se hlokahalang bakeng sa ho ba mosali ea ratoang le ea ananeloang. (Liproverbia, khaolo 31) Banna le basali ba seng lenyalong ba lokela ho leka ho bonahatsa litšoaneleho tseo ba ka li ratang ho molekane oa lenyalo. Ho batla setsoalle se molemo le batho ba hlomphang melao-motheo ea Bibele ho bontša bohlale bo bokaakang. Haeba re sebelisa sena bophelong, litebello tsa rōna tsa lenyalo le thabileng li tla ba molemo haholoanyane ka mehla. Esita le haeba lenyalo le sa tle hang-hang, ho sebetsa tumellanong le Mangolo ho tla re tlisetsa nyakallo le ho etsa hore bophelo ba bosoha e be bo putsang.
Moroalo o boima oa boikarabelo o ka etsa hore re halefe. Ho ka ba le khatello e tsoang ka mahlakoreng ’ohle. Re tšoenyehile ka litlhoko tse potlakileng tsa lelapa la rōna, ’me mohiri e ka ba eo le ka mohla a sa khotsofaleng. Beng ka rōna ba ka lebella hore re ba thuse nako le nako ha ho na le bothata. Ka baka la likhatello tse ngata, lethathamo le lelelele la litaba tsa botho tse hlokomolohiloeng li hloka tlhokomelo ea rōna. Ho ka bonahala eka re lokela ho sebelisa nako ea rōna le matla linthong tse ngata tse sa tšoaneng ka nako e le ’ngoe. Ho ferekana maikutlo ho ka fella ka ho halefa, ’me re ka ba le boikutlo ba ho tela. Kahoo, re lokela ho etsa’ng?
Ho boela re hlahloba litlhoko tsa rōna tse tlang pele bophelong e ka ba tsela e bohlale. Kaha re na le matla a lekanyelitsoeng a seo re ka se etsang, ho ke ke ha khoneha hore re khotsofatse litlhoko tsohle tsa batho ba bang. Re lokela ho lekanyetsa lintho e le hore re ka hlokomela “litaba tse fetisang ka molemo.” (Ba-Filippi 1:10) Etsoe, “ntja e utloang e fetisa tau e shoeleng.” (Moeklesia 9:4) Boikarabelo bo bong ke bo tlamang ’me bo ke ke ba qojoa, athe lintho tse sa tlameng li ka ema. Ho ka etsahala hore ebe re ikarabella mesebetsing e neng e ka arolelanoa le batho ba bang. Boikarabelo bo bong bo ka hlokomoluhuoa ka ho felletseng haeba e se ba bohlokoa. Le hoja qalong sena se ka bakela ba bang matšoenyeho kapa sa ba nyahamisa, ho hlokahala hore re hlomphe likhaello tsa ’mele ea rōna le tsa boikutlo.
Boloetse bo fokolisang bo ka baka ho ferekana maikutlo ho matla haholo, hobane bo ka ’na ba etsa hore re robale matsatsi kapa libeke tse ngata ka lekhetlo le le leng. Bohloko bo matla bo ka etsa hore re nyahame. Re ka ’na ra ea lingakeng tse sa tšoaneng bakeng sa ho fumana phekolo kapa ra noa meriana e mengata kapa li-vitamin ka tšepo ea hore li tla re tsoela molemo. Leha ho le joalo, re ka ’na ra tsoela pele ho utloa bohloko esita le ho ipotsa hore na bophelo bo tšoaneloa ke boiteko bo bokaalo.
Sena e ka ba bothata bo ka rarolloang feela lefatšeng le lecha la Molimo. (2 Petrose 3:13; bapisa le Esaia 33:24.) Kaha batho ha baa phethahala, lingaka le meriana li ka etsa se lekanyelitsoeng. Boemong bo itseng re ka ’na ra tlameha ho amohela bohloko ba rōna joaloka karolo ea bophelo. Moapostola Pauluse o ne a na le “phatsa e hlabang ka nameng,” mohlomong bohloko ba mahlo a hae kapa setho se seng sa ’mele oa hae, se ne se mo tšoenya hoo khafetsa a neng a rapella ho lokoloha. (2 Ba-Korinthe 12:7-10) Empa Molimo ha a ka a folisa Pauluse, ’me mohlomong moapostola enoa o ile a tlameha ho loana le bohloko bona ho fihlela lefung la hae. O ile a itloaetsa bohloko ba hae, ha a ka a kōpa ho qeneheloa, ’me le ka mohla ha a ka a hloka thabo. (2 Ba-Korinthe 7:4) Le hoja monna ea lokileng Jobo a ile a tšoenngoa ke bohloko bo boholo, o ile a boloka tumelo ea hae ho Jehova, ’me sena se ile sa fella ka moputso o moholo. (Jobo 42:12, 13) Haeba re bahlanka ba Molimo, re ka fumana matla a ho tsoela pele ka hore re nahanisise ka mehlala ena le ho rapella thuso ea Jehova.—Pesaleme 41:1-3.
Ho ba Matla ho sa Tsotellehe ho Ferekana Maikutlo
Batho ba Jehova ba ka ba matla moeeng ho sa tsotellehe ho ferekana maikutlo leha e le hofe. Ka mohlala, le hoja re ka tlameha ho mamella ho kula, re ka lula re ‘phela hantle tumelong’ ka ho sebelisa ka ho felletseng litokisetso tsa Molimo tsa moea. (Tite 2:1, 2, NW) Le hoja re ka futsaneha linthong tse bonahalang ka tsela e ferekanyang maikutlo, re ka rua ka tsela e babatsehang moeeng.
Ka ho tšepela ho Molimo bakeng sa bohlale le matla, re ka sebetsana ka katleho le ho ferekana maikutlo ho ka ’nang ha hlaha ka lapeng. Ka mohlala, nahana ka Abigaile, mosali oa Nabale. Nabale o ne a le “thata, a le mobe metsamaong ea hae,” ’me lebitso la hae le bolela “leoatla.” E tlameha e be ho ne ho ferekanya maikutlo hakaakang ho lula le monna ea joalo! Leha ho le joalo, Abigaile o ile a lula a le “kelello e elileng” ’me ha a ka a nyahama. Ruri, mantsoe a hae le liketso e bile tse bontšang bohlale ha bothata bo itseng bo hlaha hoo a ileng a kholisa Davida hore a se ke a phetetsa litlhapa le ho hloka teboho ha Nabale ka ho tšolla mali le ho hlōleha ho tšepa Jehova.—1 Samuele 25:2-38.
Le haeba boemo bo itseng bo amang e mong ea kopanelang le phutheho ea Bokreste bo etsa hore re ferekane maikutlo, re ka mamella ka baka la matla ao Jehova a re fang ’ona. Sena se bontšoa ke ’nete ea hore boitšoaro bo ka ’nang ba baka ho ferekana maikutlo ba Diotrefe ha boa ka ba thibela monna ea tšabang Molimo Gaiuse ho etsa botle ’me kahoo a kotula thabo le meputso e meholo ea moea.—Liketso 20:35; 3 Johanne 1-10.
Ho ferekana maikutlo ho ka ba teng haeba re lakatsa ho sebeletsa balumeli-’moho le rōna ka phuthehong empa re hlokomoluhuoa ha ba bang ba khethoa hore e be baholo kapa bahlanka ba sebeletsang. Leha ho le joalo, ho e-na le ho lumella ho nyahama ho re hlōla, a re ke re imatlafatseng moeeng ’me re lumelle moea oa Molimo hore o hlahise tholoana ea oona e molemo ka ho rōna ka tekanyo e khōloanyane. (Ba-Galata 5:22, 23) Nakong ea lilemo tse 40 tseo Moshe a ileng a li qeta a le Midiane, Molimo o ile a haha ka ho eena bonolo, mamello, le litšoaneleho tse ling tse hlokahalang ka tekanyo e phahameng haholoanyane e le hore a ka sebetsana ka katleho le mathata le ho ferekana maikutlo tseo a neng a tla thulana le tsona joaloka moeta-pele oa Baisraele. Ka ho tšoanang, e ka ’na eaba Jehova o re lokisetsa litokelo tsa tšebeletso ea kamoso tseo re ka ’nang ra li fuoa haeba re lula re le matla moeeng re bile re sa itumelle ho ferekana maikutlo.
Ho Lokoloha Pherekanong ea Maikutlo—Haufinyane!
Na re tla ke re khaotse ho ferekana maikutlo ho sa tsotellehe hore na ke ha mofuta ofe? Ho rōna, boemo ba rōna bo ka bonahala e le bo se nang tšepo empa eseng ho ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo. Ha a ferekane maikutlo. Ka moprofeta Esaia, Molimo o itse: “Le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka: le ke ke la khutlela ho ’na le le feela, empa le tla sebetsa se ratoang ke ’na, le phethe seo ke le rometseng sona.” (Esaia 55:11) Kaha Jehova o matla ’ohle ebile o na le bolaoli bo matla ka ho fetisisa, ha ho letho le ka mo hlōlang. (Mareka 10:27) Litšepiso tsa hae tsa ho tlisetsa batho ba hae mahlohonolo a sa feleng ruri li tla phethahala.—Joshua 21:45.
Ho belaela le ho se tiisehe ke lisosa tse ka sehloohong tsa ho ferekana maikutlo. Leha ho le joalo, ha ho bapisoa, “tumelo ke tšepiso e tiileng ea lintho tse lebeletsoeng.” (Ba-Heberu 11:1) Ho lumela ho Molimo ho fana ka tiiso ea hore lintho tsohle tseo re li tšepisitsoeng ke Bibele li tla phethahala ka ho felletseng. Sehlooho se akaretsang sa lintlha tsa bohlokoa tsa Bibele se totobatsa tšepiso ea Jehova ea puso ea ’Muso, eo ho eona lefatše le tla fetoha paradeise e phethahetseng moo batho ba lokileng ba tla phela ka ho sa feleng ka nyakallo. (Pesaleme ea 37:11, 29) Lintho tsohle tse mpe—ho akarelletsa le ho ferekana maikutlo—li tla be li le sieo, hobane Molimo o tla ‘khotsofatsa takatso ea lintho tsohle tse phelang.’—Pesaleme ea 145:16.
Ho fihlela mahlohonolo ao a phethahala, kaofela ha rōna re tla ferekana maikutlo. Empa tšepo e theiloeng Mangolong e re fa khothatso le matla a ho mamella. Keletso e utloahalang eo re e fumanang ka Bibeleng e ka re bontša hore na ke joang re ka sebelisang kahlolo e molemo le ho lekanya lintho hantle ka tsela e tla etsa hore bophelo ba rōna bo tsitse ’me re be le khotso lipelong tsa rōna. Ho sa tsotellehe ho nyahama ha rōna, re ka ba le “khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle.” (Ba-Filippi 4:6, 7) Kahoo ntoa eo re e loanang khahlanong le ho ferekana maikutlo hase e se nang tšepo. Ka thuso ea Jehova re ka sebetsana ka katleho le hona kajeno le ho ho hlōla nakong e tlang.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 31]
Molimo a ka u thusa hore u sebetsane ka katleho le ho ferekana maikutlo, joalokaha a ile a thusa Jobo, Moshe, Abigaile, le Pauluse