Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba ba Itekanetseng Linthong Tseo re li Lebeletseng?
HO PHETHAHALA ha lintho tseo re li lebeletseng le tseo re li lakatsang ho etsa hore re ikutloe re khotsofetse. Leha ho le joalo, boholo ba lintho tseo re li lakatsang le tseo re li lebeletseng ha bo be joalokaha re ka rata. Ha re nyahamisoa ka makhetlo bophelong re ka ikutloa re ikhalefetse re bile re halefetse le ba bang. Ke ka nepo monna ea bohlale a ileng a hlokomela sena: “Tšepo ha e lieha ho phetheha, e babisa pelo.”—Liproverbia 13:12.
Ke lintho life tse ling tse ka re nyahamisang? Re ka sebeletsa ho ba ba itekanetseng joang linthong tseo re li lebeletseng? Ho feta moo, ke hobane’ng ha ho le molemong oa rōna ho etsa joalo?
Se Lebeletsoeng le se Nyahamisang
Ka lebaka la bophelo bo potlakileng kajeno, ha re ntse re leka haholoanyane ho tsoela pele, ho bonahala re ntse re salla morao haholoanyane. Ho ka ba le maemo a etsang hore re sebelise nako ea rōna le matla re sa khaotse, ’me haeba re hlōleha ho phetha seo re se qalileng, re ba le tšekamelo ea ho ikahlola. Re ka ba ra qala ho ikutloa joalokaha eka re nyahamisa ba bang. Cynthia, mosali le ’mè ea tsebang likhatello tsa botsoali, o re: “Ho fana ka khalemelo e sa tsitsang ho bana ba ka le ho ba le boikutlo ba hore ha ke ba koetlise ka ho lekaneng hoa nkhalefisa.” Stephanie e mocha o re mabapi le thuto ea hae: “Ha ke na nako e lekaneng ea ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke batlang ho e etsa, ’me seo se tsosa ka ho ’na maikutlo a ho fela pelo.”
Ha motho a lebella lintho tse phahameng ka ho sa utloahaleng a ka ’na a lebella phetheho, ’me sena se ka ferekanya haholo. Ben, e leng monna e mocha ea nyetseng, o re: “Ha ke hlahloba liketso tsa ka, menahano le maikutlo, kamehla ke bona kamoo li ka beng li bile molemo haholoanyane. Kamehla ke lebella phetheho, ’me sena se nketsa hore ke fele pelo, ke ferekane le ho nyahama.” Gail, e leng mosali oa Mokreste, o re: “Tsela eo motho ea lebeletseng ho etsa lintho tse phethahetseng a nahanang ka eona ha e lumelle ho hlōleha. Re batla ho ba bo-’mè le basali ba ipabolang. Tema e lokela ho bonahala mosebetsing oa rōna hore re tle re thabe, ka hona nako e senyehileng ea re halefisa.”
Ntho e ’ngoe e ka re nyahamisang ke ho kula le botsofali. Ho se khone ho tsamaea hantle le ho felloa ke matla ho totisa mefokolo ea rōna ho bile ho eketsa boikutlo ba ho ferekana. Elizabeth oa lumela: “Ke ile ka ikutloa ke iphella pelo ha ke sa khone ho finyella lintho tseo pele ke kula ke neng ke li etsa habonolo le ka tsela e tloaelehileng.”
Se ka holimo ke mohlala oa se ka tsosang maikutlo a ho nyahama. Ha a sa laoloe, maikutlo a joalo a ka ba a etsa hore re lumele hore ba bang ha ba re utloisise. Ka hona, re ka nka mehato efe e nepahetseng hore re hlōle ho nyahama le ho hlaolela ho itekanela linthong tseo re li lebeletseng?
Litsela Tsa ho Hlaolela ho Itekanela Linthong Tseo re li Lebeletseng
Ea pele, hopola hore Jehova ke ea itekanetseng le ea utloisisang. Pesaleme ea 103:14 ea re hopotsa: ‘Hobane o tsebisisa ho bōptjoa ha rōna, o elelloa hoba re lerōle feela.’ Kaha o tseba moo re leng matla teng le moo re fokolang teng, Jehova o lebella hore re fane ka seo re se khonang feela. Ntho e le ’ngoe eo a e kōpang ho rōna ke hore re ‘inyenyefatse ha re tsamaea le Molimo oa rōna.’—Mikea 6:8, NW.
Jehova o boetse o re phehella hore re tle ho eena ka thapelo. (Baroma 12:12; 1 Bathesalonika 5:17) Leha ho le joalo, seo se re thusa joang? Thapelo e tsitsisa monahano oa rōna. Thapelo e etsoang ka tieo ke ho lumela hore re hloka thuso—ke pontšo ea boinyenyefatso le boikokobetso. Jehova o thahasella ho arabela lithapelo tsa rōna ka ho re fa moea oa hae o halalelang, oo tholoana ea oona e akarelletsang lerato, mosa, molemo le boitšoaro. (Luka 11:13; Bagalata 5:22, 23) Hape thapelo e fokotsa ho tšoenyeha le ho ferekana. Ka thapelo “u ka fumana matšeliso ao ho seng mohloli o mong o ka fanang ka ’ona,” kamoo ho bolelang Elizabeth. Kevin o lumellana le eena: “Ke rapella khutso ea pelo le kelello e hlaphohetsoeng e le hore nka sebetsana le bothata bo teng. Ha ho mohla Jehova a ntšoetsang.” Moapostola Pauluse o ne a tseba bohlokoa ba thapelo. Ke ka lebaka leo a ileng a eletsa: “Likōpo tsa lōna tse matla a li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilippi 4:6, 7) E, ho buisana le Jehova ka sebele ho re thusa ho hlaolela ho itekanela linthong tseo re li lebeletseng ho rōna le ho ba bang.
Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho hlokahala hore re kholisoe hang-hang. Lentsoe le buuoang ka nako e nepahetseng le molemo. Ho buela lekunutung le motsoalle ea tšeptjoang le ea hōlileng tsebong ho ka re thusa ho ba le pono e ncha ea se etsang hore re ikutloe re nyahame kapa re tšoenyehile. (Liproverbia 15:23; 17:17; 27:9) Bacha ba loantšang ho ferekana ba ithuta hore ho batla keletso ea batsoali ho ba thusa ho tsitsa. Ka kananelo Kandi oa lumela: “Tataiso e lerato ea batsoali e entse hore ke itekanele haholoanyane ke be ke tsitse le hore batho ba thabele ho ba le ’na.” E, khopotso e ho Liproverbia 1:8, 9 e nakong ka ho fetisisa: “Mora oa ka, mamela thuto ea ntat’ao, u se ke ua furalla taeo ea ’m’ao; hobane e tla ba meqhaka e u khabisang hlooho, le letjekoana le bohehang molaleng oa hao.”
Liphello tsa ho lebella phetheho ho ba bang li akaretsoa hamolemo maeleng ana: “Ho lebella hore bophelo bo ee ka maikutlo a rōna ke ho mema pherekano.” Ho qoba sena, ho hlokahala hore re fetole tsela eo re nahanang ka eona. Boikokobetso le boinyenyefatso—ho ba le pono ea sebele ka mefokolo ea rōna—ka sebele li tla etsa hore re itekanele linthong tseo re li lebeletseng. Ke ka nepo Baroma 12:3 e re lemosang hore re ‘se ke ra inahana borōna haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana.’ Ho feta moo, Bafilippi 2:3 e re khothalletsa ho ikokobetsa kelellong le ho lekanya hore ba bang ba re phahametse.
Elizabeth, eo ho buuoeng ka eena pejana, o ne a iphella pelo ka lebaka la ho kula. Ho eena, ho ne ho hlokahala nako hore a bone litaba joaloka Jehova le ho ikutloa a tšelisoa ke ho tseba hore ha a lebale tšebeletso ea rōna. Colin ha a khone ho tsamaea ka lebaka la ho kula ho fokolisang. Qalong, o ne a e-na le maikutlo a hore tšebeletso ea hae e ne e batla e se na thuso ha e bapisoa le seo a neng a se etsa ha a sa ntse a phela hantle. Ka ho nahanisisa ka mangolo a kang 2 Bakorinthe 8:12, o ile a khona ho felisa maikutlo ana. Temana ena e re: “Haeba ho itokisa ho le teng pele, ho amoheleha ka ho khethehileng ho ea ka seo motho a nang le sona, eseng ho ea ka seo motho a se nang sona.” Colin o re: “Le hoja ho se letho le lekaalo leo nka fanang ka lona, ke ntse nka khona ho fana, ’me seo sea amoheleha ho Jehova.” Ho Baheberu 6:10, rea hopotsoa: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.”
Joale re ka tseba joang hore re itekanetse linthong tseo re li lebeletseng? Ipotse, ‘Na seo ke se lebeletseng se lumellana le seo Molimo a se lebeletseng?’ Bagalata 6:4 e re: “E mong le e mong a a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona, ’me joale o tla ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang mabapi le eena a le mong, eseng ka ho ipapisa le motho e mong.” Hopola, Jesu o itse: “Joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.” E, joaloka Bakreste re na le joko eo re lokelang ho e jara, empa e “mosa” ebile e “bobebe,” ’me Jesu o tšepisitse hore e tla ba ho khathollang haeba re ithuta ho e jara ka nepo.—Matheu 11:28-30.
Ho Itekanela Linthong Tseo re li Lebeletseng ho Tlisa Meputso
Ho hlile hoa etsahala hore meputso ea kapele le e tšoarellang e tle ka ho mamela keletso ea Lentsoe la Molimo le ho e sebelisa ha re ntse re leka ho hlaolela ho itekanela linthong tseo re li lebeletseng. Taba ea pele, sena se na le phello e molemo ’meleng ea rōna. Jennifer, ea ruileng molemo likhopotsong tsa Jehova, oa lumela: “Ke na le matla a eketsehileng ke bile ke thabela bophelo haholoanyane.” Ke ka nepo Liproverbia 4:21, 22 e re phehellang ho lemoha lipolelo tsa Jehova ka mahlo a rōna le lipelo, “hobane ho ba li fumaneng ke bophelo, ke boiketlo ba ’mele oohle oa bona.”
Moputso o mong ke boiketlo ba kelello le ba maikutlo. Theresa o re: “Ha ke bulela kelello ea ka le pelo Lentsoe la Molimo, ke fumana hore kamehla ke motho ea thabileng haholoanyane.” Ke ’nete hore ho tla ’ne ho be le lintho tse re nyahamisang bophelong. Empa, re tla khona ho li jara habonolo haholoanyane. Jakobo 4:8 ea phehella: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” Jehova o boetse o tšepisa ho re matlafatsa ha re talimane le liphephetso tsa bophelo le ho re hlohonolofatsa ka khotso.—Pesaleme ea 29:11.
Ho itekanela linthong tseo re li lebeletseng ho re nolofalletsa ho tsitsa moeeng. Le hona ke tlhohonolofatso. Re ka lebisa tlhokomelo e khōlō linthong tsa bohlokoa haholoanyane bophelong. (Bafilippi 1:10) Ha ho le joalo, lipakane tsa rōna e ka ba tsa sebele le tse ka finyelloang, e leng se tlisang thabo le khotsofalo tse khōloanyane. Re tla ikemisetsa haholoanyane ho ipeha tlhokomelong ea Jehova, re tseba hore o tla etsa hore lintho li sebetse hamolemohali. Petrose o re: “Ka hona, le ikokobetse tlas’a letsoho le matla la Molimo, e le hore a ka le phahamisa nakong e loketseng.” (1 Petrose 5:6) Na ho ka ba le ho hong ho putsang ho feta ho tlotlisoa ke Jehova?
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Ho hlaolela ho itekanela linthong tseo re li lebeletseng ho ka re thusa ho loantša ho ferekana le ho nyahama