Baholo—Abang Boikarabelo!
ENE e le monna ea nang le mamello, ea ikokobelitseng, ea nang le boikutlo bo tsotehang ba toka e lekanyelitsoeng ke liphihlelo tsa hae bophelong. Ka hona, banna, basali, le bana ba ka holimo ho limillione tse tharo ba ne ba ea ho eena ka tšepo bakeng sa keletso. O ne a leka hore a se ba soabise. Ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboea, o ne a mamela mathata a bona ’me ka mamello a ba thusa ho bona kamoo melao ea Molimo e sebetsang ka teng boemong ba bona. E, ka nako e khutšoanyane, lilemo tse ka bang 3 500 tse fetileng, meloko e 12 ea Iseraele e ne e ahloloa ke monna ea neng a sebetsa a le mong—Moshe.
Leha ho le joalo, Jethro, mohoe oa Moshe, o ne a amehile. Moshe o ne a tšepa ho tsoella joalo joang? Kahoo Jethro o ile a re: “Taba eo u e etsang ha e molemo. U tla khathala ruri, uena le sechaba sena se nang le uena, hobane mosebetsi o ea u imela, u ka sitoa ho o phetha u ’notši.” (Exoda 18:17, 18) Tharollo e bile efe? Jethro o ile a eletsa Moshe hore a abele ba bang boikarabelo bo bong ba hae. (Exoda 18:19-23) A keletso e molemo!
Ka har’a phutheho ea Bokreste kajeno, ho na le baholo ba bangata bao, joaloka Moshe, ba lekang ho hlokomela ho fetang hoo ba ka ho finyellang ba le bang. Ba hlophisa liboka hammoho le ho lokisetsa ’me ba fane ka likarolo tsa lenaneo ka mokhoa o hlophisehileng le o atlehang. (1 Ba-Korinthe 14:26, 33, 40, NW; 1 Timothea 4:13) Hape baholo ba hlokomela litlhoko tsa litho tsa phutheho ka bomong. (Ba-Galata 6:1; 1 Ba-Thessalonika 5:14; Jakobo 5:14) Ba etella pele mosebetsing oa bohlokoa haholo oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. (Mattheu 24:14; Ba-Heberu 13:7) Hape, ba lokisetsa hore phutheho e fumane lingoliloeng bakeng sa ho li fetisetsa bathong.
Ho phaella moo, baholo ba bang ba abeloa likarolo mananeong a likopano tsa potoloho le likopano tsa setereke. Ba sebeletsa libokeng tse lokisetsang likopano le ho sebeletsa likomiting tse kopanyang bakuli ba Lipaki le lipetlele. Ba bang ba thusa kahong ea Liholo tsa ’Muso. ’Me hona hohle ho akarelletsa boikarabelo ba malapa a bona le tlhoko ea hore ba iphepe moeeng. (Bapisa le Joshua 1:8; Pesaleme ea 110:3; 1 Timothea 3:4, 5; 4:15, 16.) Banna ba joalo ba Bakreste ba phetha hona hohle joang? Joaloka Moshe ba tlameha ho fumana thuso. Ba tlameha ho ithuta ho aba boikarabelo. Ka sebele, motho ea sa abeng boikarabelo hase mohlophisi ea molemo.
Bohlokoa ba ho Koetlisa ba Bang
Ho na le mabaka a eketsehileng a ho aba boikarabelo. Setšoantšong sa Jesu sa litalenta, pele mong’a bahlanka a ea leetong le lelelele, o ile a bitsa bahlanka ba hae ’me a ba abela boikarabelo ka tekanyo e sa tšoaneng. (Mattheu 25:14, 15) Ka ho etsa joalo, mong’a bahlanka o ile a khona ho finyella lipakane tse ’maloa. Pele, ha a le sieo, bahlanka ba hae ba ile ba tšoara molepo ’me mosebetsi o hlokahalang ha oa ka oa fokotseha le ho khaotsa ha a tsamaile. Tabeng ea bobeli, kaha seo motho a se etsang se senola tšobotsi ea hae ho feta seo a se buang, mong’a bahlanka o ne a bona seo bahlanka ba hae ba khonang ho se etsa le ho tšepahala ha bona. Tabeng ea boraro, mong’a bahlanka o ile a fa bahlanka ba hae monyetla oa ho fumana phihlelo e hlokahalang.
Ho na le seo setšoantšo sena se se bolelang ho rōna kajeno. Ha Jesu a tloha lefatšeng, o ile a neha barutuoa ba hae ba tlotsitsoeng boikarabelo. Masala a bana a ntse a ikarabella bakeng sa lithahasello tsa ’Muso lefatšeng lohle. (Luka 12:42) Bohlankeng ba kajeno ba batlotsuoa, tlhohonolofatso ea Jehova e ntse e bonahala mokhatlong o hlophisitsoeng oa hae. Ka lebaka leo, o ile oa eketseha ka ho tsotehang. E, lilemong tse hlano tse fetileng, ba bacha ba ka holimo ho millione ba ile ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ka kolobetso ea metsing! Hona ho ile ha fella ka liphutheho tse ncha tse likete-kete le lipotoloho tse ncha tse makholo-kholo.
Joalokaha Jesu Kreste a ile a abela “mohlanka ea khabane, ea bohlale” boikarabelo, le eena ka ho tšoanang o abetse baholo le bahlanka ba sebeletsang ba “linku tse ling” boikarabelo ka liphuthehong. (Mattheu 24:45-47; Johanne 10:16) Leha ho le joalo, banna ba inehetseng ba eketsehileng baa hlokahala ho hlokomela khōlo ena e makatsang. Ba tla hlaha hokae? Baholo ba tlameha ho ba koetlisa. Empa baholo ba ka koetlisa banna ba joalo joang haeba ba sa abe boikarabelo bo tšoanelehang ho batho ba tšoanelehang? Ke joang hape baholo ba ka bang le monyetla oa ho hlokomela ho tšoaneleha le botšepehi ba banna ba bacha?
Ho Aba Boikarabelo ho Bolela Eng?
Ho ba bang, “ho aba boikarabelo” ho bolela ho ikimolla, ho qoba, ho hlokomoloha, kapa ho itlhohlolla boikarabelo ba bona. Leha ho le joalo, ha ho sebelisoa hantle, “ho aba boikarabelo” ruri ke tsela ea ho phethahatsa boikarabelo. Leetsi la Senyesemane “ho aba boikarabelo” le hlalosoa e le, “ho beha tlhokomelong ea e mong; ho khetha joaloka moemeli; ho abela boikarabelo kapa matla.” Leha ho le joalo, motho ea abang boikarabelo o lula a ikarabella bakeng sa hohle ho etsoang.
Ba bang ba ka qoba ho aba boikarabelo hobane ba tšaba hore ba tla lahleheloa ke taolo. Leha ho le joalo, ho aba boikarabelo ha ho bolele ho lahleheloa ke taolo. Le hoja Kreste Jesu a sa bonahale ’me a busa a le leholimong, o laola phutheho ea Bokreste. Ka lehlakoreng le leng, o beha phutheho tlhokomelong ea banna ba nang le phihlelo.—Ba-Efese 5:23-27; Ba-Kolosse 1:13.
Ba bang ba ka ba le tšekamelo ea ho se abe boikarabelo hobane ba ikutloa hore ba ka iketsetsa mosebetsi oo kapele. Leha ho le joalo, Jesu o bone bohlokoa ba ho koetlisa ba bang. Ha ho motho lefatšeng ea kileng a ruta ka ho atlehileng ho feta Jesu. (Johanne 7:46) Leha ho le joalo, ka mor’a ho fa barutuoa ba hae ba 70 litaelo, o ile a ba roma mosebetsing oa ho bolela. Le hoja ba ne ba sa khone ho lekana le Jesu ka tsebo ea ho ruta, ba ile ba khutla ba thabile haholo ke katleho ea bona. Jesu o ile a thaba le bona ’me a ba babatsa, hobane o ne a tseba hore ba tla ntšetsa mosebetsi pele nako e telele ka mor’a hore eena a tsamaee ’me qetellong ba ne ba tla finyella ho hongata ho feta hoo a ka beng a ho finyelletse a le mong.—Luka 10:1-24; Johanne 14:12.
Hape ho aba boikarabelo ho bolela ho fumana thuso litabeng tse hlokahalang. Letsatsi pele Jesu a shoa, o ile a abela Petrose le Johanne ho etsa litokisetso tse hlokahalang bakeng sa sejo sa hae sa ho qetela sa Paseka. (Luka 22:7-13) Ho ne ho sa hlokahale hore Jesu a tšoenyehe ka ho reka konyana, veine, bohobe bo sa lomosoang, le meroho e babang; leha e le hore o ne a lokela ho bokella lisebelisoa tsa ka tlung, patsi, le lintho tse ling tse tšoanang le tseo. Petrose le Johanne ba ile ba hlokomela lintho tseo.
Kajeno baholo ba ka thabela melemo e tšoanang haeba ba etsisa mohlala oa Jesu. Ka mohlala, ea hlokomelang libuka a ka kōptjoa ho odora libuka tse hlokahalang bakeng sa phutuho e tlang. A ka ’na a laeloa ho hlahlobisisa litlaleho tsa hae ho bona kamoo libuka tse tšoanang li ileng tsa sebelisoa liphutuhong tse fetileng. Hape a ka nahana ka litšobotsi tsa tšimo ea phutheho pele a lokisetsa foromo ea odoro e tšoanetseng. Joale o tla isa foromo ho mongoli oa phutheho bakeng sa ho hlahlojoa. Ha mohlanka oa libuka a se a ithutile mosebetsi oa hae, ho ke ke ha hlokahala hore mongoli a hlahlobe hape litlaleho tsa nako e fetileng hafeela likakaretso tse foromong ea odoro li utloahala. Ho hlakile hore ketso ena e bonolo ea ho aba boikarabelo e ka etsa hore ho kōptjoa ha odoro ea libuka ho be bonolo haholoanyane ’me ho be bobebe bakeng sa bohle ba amehang.
Ka baka la melemo e ka hlahang, motho a ka aba boikarabelo ka ho atlehang joang?
Kamoo le ka Abang Boikarabelo
Hlalosang mosebetsi. Pele ho tsohle, hlakisang liphello tse lebelletsoeng. “Motho e moholo” setšoantšong sa Jesu sa lipondo o ile a bolella bahlanka ba hae ba leshome hore ‘ba ’ne ba bapatse a be a fihle.’ (Luka 19:12, 13) Mong’a bahlanka o ne a lebelletse hore bahlanka ba rekise lipondo tsa bona ’me ba fumane phaello le ho tlaleha seo ba se ruileng ha a khutla. Ba ne ba tseba seo ba lokelang ho se etsa. Molao-motheo ona o ka sebelisoa joang kahong ea Holo ea ’Muso kajeno? Ka mohlala, ka ho tloaelehileng moena ea abetsoeng ho lokisa marulelo o tla bolelloa lisebelisoa tseo a tlang ho li sebelisa, moo a tla li fumana teng, le hore o tla qala mosebetsi neng, ha boemo ba leholimo bo lumela. Litaelo tse tobileng joalo li fella ka tlhophiso e molemo.
Ke habohlokoa ho se hlalose feela seo mosebetsi o se akarelletsang empa hape le liqeto tseo motho a lumelletsoeng ho li etsa le litaba tseo a lokelang ho li lebisa ho motho e mong. Moshe o ile a bolella bakhethoa ba hae hore ba ahlole linyeoe tse nyenyane, empa linyeoe tse boima li ne li isoa ho eena.—Exoda 18:22.
Ha le aba boikarabelo, elang hloko ho qoba ho abela batho ba babeli mosebetsi o le mong. Ha batho ba ka holimo ho a le mong ba abetsoe mosebetsi o le mong, pherekano e ka ba teng. Nahana se neng se ka etsahala haeba kopanong e khōlō ea Lipaki tsa Jehova, Lefapha la Tlhoekiso le Lefapha la Tšebeletso ea Lijo le ne le ka fuoa boikarabelo ba ho hloekisa lithala tsa lijo, kapa Lefapha la Balebeli le Lefapha la Kolobetso le ne le ka abeloa ho laola bashebelli nakong ea kolobetso.
Khethang banna ba tšoanelehang. Jethro o ile a eletsa Moshe: “U tlameha ho batla banna ba tšoanelehang, ba tšabang Molimo har’a sechaba sohle, banna ba tšepahalang le ba se nang bokhonatha, ’me u ba khethe ho laola sechaba sohle.” (Exoda 18:21, The New English Bible) Ka ho totobetseng, monna o tlameha ho finyella litšoaneleho tsa moea pele. Ho bona haeba e mong ke ea “tšoanelehang” ho etsa mosebetsi o lebelletsoeng, lintho tse joaloka litšobotsi tsa botho, phihlelo, thupelo, le lineho li tlameha ho nahaneloa. Ka hona, Mokreste eo haholo-holo a nang le botho bo tletseng setsoalle, bo khahlisang, ba ho thusa mohlomong a ka sebetsa hantle limakasineng kapa joaloka molebeli. Ka ho tšoanang, ha ho khethoa motho ea tla thusa mongoli oa phutheho, ka ho utloahalang ho tla nahaneloa hore na ke motho ea hlophisehileng hakae. Na o ela hloko lintlha tse nyenyane, na a ka tšeptjoa, na o tseba ho boloka makunutu? (Luka 16:10) Ho nahanela lintho tse joalo ho akarelletsa le litšoaneleho tsa moea tse hlokahalang ho ka thusa ho kenyeng monna ea nepahetseng mosebetsing.
Abang lisebelisoa tse lekaneng. Ea sebeletsang o tla hloka ho ba le lisebelisoa tse itseng hore a phethahatse mosebetsi oo a o abetsoeng. Mohlomong o tla hloka thepa, lichelete, kapa thuso. Abang lisebelisoa tse lekaneng. Ka mohlala, moena a ka kōptjoa ho lokisa lintho tse hlokang ho lokisoa Holong ea ’Muso. Ka ho totobetseng, o tla bolelloa se hlokang ho etsoa, empa hape a ka hloka chelete ea ho reka lisebelisoa tse nyenyane tse ka hlokahalang ka tšohanyetso. Mohlomong o tla hloka thuso. Kahoo baholo ba ka kōpa ba bang hore ba mo thuse kapa ba ka etsa tsebiso ho phutheho ea hore ‘Moena ’Nyeo o tla etsa mosebetsi o itseng holong, ’me a ka ’na a atamela ba bang ba lōna ho kōpa thuso.’ Ho nahanela pele ho joalo ho tla thibela ho abela motho mosebetsi ka ntle le ho fana ka lisebelisoa tse lekaneng. Moeletsi e mong oa tsamaiso o ho hlahisa ka tsela ena: “U se ke ua aba boikarabelo bo sa fellang.”
Ha u aba boikarabelo, bolella ba bang hore motho eo o tšoere molepo. Hape matla a ho u tšoarela molepo ke sesebelisoa. Joshua o ile a boleloa e le moeta-pele e mocha oa Iseraele “pel’a phutheho eohle.” Moshe o ile a laeloa ho “mo abela karolo e ’ngoe ea boholo ba [hae].” (Numere 27:18-23) Ka phuthehong, ho ka finyelloa se tšoanang ka ho maneha lethathamo la ba nang le mesebetsi eo ba e abetsoeng lematjaneng la litsebiso.
Tšehetsang liqeto tsa bona. Joale ea abetsoeng a ka qala ka mosebetsi oa hae. Leha ho le joalo, hopolang hore le ka ba mohloli oa sebele oa khothatso ho eena haeba le tšehetsa liqeto tse molemo tseo a li etsang. Ka mohlala, uena joaloka moholo mohlomong u ka ba le tsela eo u e ratang eo libuela-hōle le litulo tsa sethala li behoang ka eona Holong ea ’Muso, mohlomong ka tsela e itseng e fapaneng le kamoo moena ea abetsoeng a etsang ka eona. Leha ho le joalo, haeba moena ea hlokomelang sethala a fuoa sebaka se itseng mosebetsing oa hae, o tla fumana kholiseho le phihlelo. Ho feta moo, mohlomong a ka ntlafatsa lintho. Moeletsi e mong oa khoebo o ile a re: “Aba boikarabelo ba mosebetsi, eseng kamoo bo lokelang ho etsoa ka teng. . . . Hangata, neo ea ho etsa lintho tse ncha ea hlahella.”
Ho phaella moo, moena ea etsang mosebetsi o itseng, hangata o tloaelana le boemo bo itseng ’me ka hona a ka utloisisa mathata a tsamaisanang le bona hamolemonyana. O tla hlahisa litharollo tse sebetsang kannete mathateng. Hape e ka ’na eaba o sebetsana le mathata a sa bonahaleng ho batho ba shebileng. Ka hona, molebeli e mong oa Mokreste o ile a re ka mothusi oa hae ea nang le phihlelo: “Haeba a re ho na le mathata a itseng, ke lumela seo a se buang.”
E, baholo ba Bakreste ba fumana thuso ea bohlokoa haholo ho banna le basali ba inehetseng ba ikemiselitseng ebile ba khonang ho thusa ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe eo ba laeloang ka eona. Baholo, sebelisang hamolemo monyetla ona o motle ka ho fetisisa! Ho aba boikarabelo ke letšoao la boinyenyefatso ’me ho ka fokotsa khatello le pherekano. Ka hona, le ke ke la khona ho etsa ho hongata feela empa le tla fa ba bang monyetla oa ho fumana phihlelo e hlokahalang.