Baholo—Busetsang ba Bang Tseleng ka Moea o Bonolo
PELO ea Mokreste oa ’nete e ka tšoantšoa le serapa sa moea se behang litholoana tse ntle. Ka ho tloaelehileng lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, molemo, tumelo, bonolo, le boitšoaro li tla hōla moo. Ka sebele li tla hōla. Etsoe, tsena ke litholoana tsa moea o halalelang tse fanoang ke Jehova Molimo ho bahlanka ba hae ba inehetseng. (Ba-Galata 5:22, 23) Leha ho le joalo, Mokreste e mong le e mong ea lakatsang ho boloka serapa sa pelo ea hae e le sebaka se thabisang ho Ntate oa rōna ea leholimong o tlameha ho loana ntoa e matla, e tsoelang pele khahlanong le lehola la sebe se futsitsoeng.—Ba-Roma 5:5, 12.
Ka nako e ’ngoe, ntho e ’ngoe e sa lakatseheng e qala ho hōla pelong e sa phethahalang ea motho oa Molimo. E ka ’na eaba o bile le tlaleho e ntle haholo ea bomoea. Empa joale ho hlaha bothata bo itseng, mohlomong bo bakoang ke litloaelano tse seng ntle kapa qeto e seng bohlale. Baholo ba phutheho ba ka thusa joang motho eo moeeng?
Keletso ea Boapostola
Ha baholo ba thusa Mokreste ea fositseng, ba lokela ho latela keletso ea moapostola Pauluse: “Banab’eso, ekare ha monna a ka nka bohato bo sa lokang pele a bo hlokomela, lōna ba nang le litšoaneleho tsa moea le leke ho kenya monna eo tseleng ka moea o mosa, le itlhokomele, esere mohlomong le lōna la tšoha le lekoa.” (Ba-Galata 6:1, NW) Ha molumeli-’moho a nkile “bohato bo sa lokang pele a bo hlokomela,” baholo ba na le boikarabelo ba ho fana ka thuso kapele kamoo ba ka khonang.
Pauluse o ile a lebisa ho “monna” ea nkang bohato bo sa lokang. Leha ho le joalo, lentsoe la Segerike (anʹthro·pos) le sebelisitsoeng mona le ka sebelisoa ho monna kapa mosali. Ho ‘busetsa motho tseleng’ ho bolela eng? Lentsoe lena la Segerike (ka·tar·tiʹzo) le bolela ho “kenya tseleng.” Lentsoe le tšoanang le sebelisoa bakeng sa ho lokisa matlooa. (Mattheu 4:21) Hape le sebelisoa ho lebanya lesapo le robehileng la letsoho kapa la leoto la motho. Ngaka e etsa hona ka hloko hore e qobe ho utloisa mokuli oa eona bohloko bo sa hlokahaleng. Ka ho tšoanang, ho thusa moena kapa khaitseli ho khutlela tseleng e nepahetseng ea moea ho hloka tlhokomelo, masene, le kutloelo bohloko.
Baholo ba fana ka bopaki ba bomoea ba bona ka ho bontša moea o bonolo ha ba leka ho busetsa motho e mong tseleng. Ruri, Jesu ea nang le botho bo bonolo o ne a tla sebetsana le litaba tse joalo ka bonolo. (Mattheu 11:29) Baholo ba lokela ho bontša tšoaneleho ena ho mohlanka oa Jehova ea nkileng bohato bo fosahetseng hobane le bona ba ka hlōloa ke sebe, ho fapana le boikemisetso ba lipelo tsa bona. Hona ho ka ’na ha etsahala nakong e tlang haeba ho e-s’o etsahale nakong e fetileng.
Banna bana ba tšoanelehang moeeng ba lokela ho ‘jara liphahlo’ tsa barapeli-’moho le bona ka lerato. Ka sebele, baholo ba lokela ho thahasella ho thusa moena kapa khaitseli ho loana khahlanong le Satane, liteko, mefokolo ea nama, le mahlomola a sebe. Ka sebele hona ke tsela e ’ngoe ea hore balebeli ba Bakreste ba ‘phethe molao oa Kreste.’—Ba-Galata 6:2.
Banna ba nang le litšoaneleho tsa ’nete tsa moea ba ikokobelitse, ba hlokomela hore “ha e mong a itekanya hore ke letho, athe hase eng, o ithetsa e le eena.” (Ba-Galata 6:3) Ho sa tsotellehe hore na ke ka thata hakae baholo ba lekang ho etsa se nepahetseng le se thusang, ba tla ’ne ba haelloe ke ho finyella litekanyetso tsa Mor’a Molimo, Jesu Kreste, ea phethahetseng le ea nang le kutloelo-bohloko e nang le lerato. Empa leo hase lebaka la hore ba se ke ba etsa ka hohle.
Baholo ba tseba hore e ka ba ho fosahetseng ho qosa molumeli-’moho ba bontša boikhohomoso, ba iketsa ba lokileng ho feta ba bang! Ruri Jesu o ne a ke ke a etsa hoo. E, ha a ka a nehela bophelo ba hae bakeng sa metsoalle ea hae feela empa esita le lira tsa hae! Baholo ba hahamalla ho bontša lerato le tšoanang ha ba leka ho thusa baena kapa likhaitseli ho tsoa mathateng le ho ba tlisa haufi le Ntate oa bona oa leholimo le litekanyetso tsa hae tse lokileng. Ke likhato life tse ling tse ka thusang baholo ho busetsa barapeli-’moho tseleng?
Mehato e Meng e Thusang
Itšetleheng ho Jehova ka thapelo ha le bua ebile le etsa ka tsela e nang le botho bo bonolo. Jesu o ne a na le botho bo bonolo, a rapela ka tieo ho Ntate oa hae oa leholimo bakeng sa tataiso, ’me ka mehla o ne a etsa lintho tse Mo khahlisang. (Mattheu 21:5; Johanne 8:29) Baholo ba lokela ho etsa se tšoanang ha ba leka ho busetsa tseleng motho ea nkileng bohato bo itseng bo sa lokang. Joaloka moalosi ea ka tlaasana ea nang le botho bo bonolo, moholo o tla khothatsa le ho haha puong, eseng ho tšosa. Puisanong, o tla leka ho etsa boemo boo ho bona Mokreste ea hlokang thuso a tlang ho ikutloa a iketlile kamoo a ka khonang hore a hlahise menahano ea hae. Ho finyella seo, thapelo e qalang e tsoang pelong e tla thusa haholo. Ea fuoang keletso e fanoang ka bonolo o tla e amohela ka bolokolohi hobane a tseba hore, joaloka Jesu, moeletsi o batla ho etsa lintho tse khahlisang Molimo. Thapelo ea ho phetha e tla hatisa ho motho enoa tlhoko ea ho sebelisa keletso eo a e fuoeng ka mokhoa o lerato, o bonolo.
Ka mor’a thapelo, babatsa ka ho tiea. Ho ka lebisoa litšoanelehong tse ntle tsa motho eo, joaloka mosa, ho tšepahala kapa mafolo-folo. Ho ka boleloa ka tlaleho ea hae ea botšepehi ho Jehova, mohlomong ka lilemo tse ngata. Ka tsela ena, re bontša hore rea tsotella ebile re na le tlhompho e tšoanang le ea Kreste ho motho eo. Jesu o ile a qala molaetsa oa hae oa phutheho ea Thyatire ka ho babatsa, a re: “Ke tseba mesebetsi ea hao, le lerato la hao, le tšebeletso ea hao, le tumelo ea hao, le mamello ea hao, le hoba mesebetsi ea hao ea morao e fetisa ea pele.” (Tšenolo 2:19) Mantsoe ao a ile a kholisa litho tsa phutheho hore Jesu o ne a elelloa mosebetsi o motle oo li neng li o etsa. Le hoja phutheho e ne e na le liphoso tsa eona—ho lumella tšusumetso ea “Jezebele”—e ne e etsa hantle litabeng tse ling, ’me Jesu o ne a batla hore baena le bo-khaitseli bao ba tsebe hore mosebetsi oa bona oa cheseho ha oa hlokomolohuoa. (Tšenolo 2:20) Ka tsela e tšoanang baholo ba lokela ho babatsa moo ho tšoanelehang.
U se ke ua nka bohato bo sa lokang ka ho teba ho feta kamoo maemo a hlokang. Baholo ba tlameha ho sireletsa mohlape oa Molimo le ho boloka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o hloekile. Empa mehato e meng e fosahetseng ea moea e hlokang keletso e matla e ka ’na ea sebetsoa ka bohlale ke moholo a le mong kapa ba babeli ka ntle le ho mamela nyeoe ea boahloli. Mabakeng a mangata, ke bofokoli ba motho ho e-na le bobe bo entsoeng ka boomo bo bakelang Mokreste ho nka bohato bo sa lokang. Baholo ba lokela ho tšoara mohlape ka bonolo ’me ba hopole sena: “Hobane kahlolo e ke ke ea e-ba le mohau ho ea sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa holim’a kahlolo.” (Jakobo 2:13; Liketso 20:28-30) Ho e-na le ho eketsa litaba, baholo joale ba lokela ho sebetsana ka mokhoa o bonolo le balumeli-’moho ba soabileng, joaloka Molimo oa rōna, Jehova, ea nang le kutloelo-bohloko le mosa.—Ba-Efese 4:32.
Bontša ho utloisisa mabaka ao mohlomong a lebisitseng bohatong bo sa lokang. Baholo ba lokela ho mamela ka hloko ha molumeli-’moho le bona a hlahisa ka bolokolohi se ka pelong ea hae. Kaha ‘Molimo ha o khese pelo e robehileng le e hlomohileng,’ le bona ba lokela ho etsa joalo. (Pesaleme ea 51:17) Mohlomong khaello ea tšehetso ea maikutlo ke molekane oa lenyalo ke eona e bakang bothata. Khatello e matla le e telele ea kelello e ka ’na eaba e felisitse a mang a matla a maikutlo a motho enoa ao ka ho tloaelehileng a tiileng kapa mohlomong e entse hore ho be thata haholo hore a etse liqeto tse bohlale. Baholo ba nang le lerato ba tla nahanela mabaka a joalo, hobane le hoja Pauluse a ile a khothaletsa baena ba hae hore ba “lokise ba sa eeng ka molao,” hape o ile a khothatsa: “Le tšelise ba pelo li tepeletseng, le tiise ba fokolang, ’me le be le mamello ho bohle.” (1 Ba-Thessalonika 5:14) Le hoja baholo ba sa lokela ho fokolisa matla a litekanyetso tse lokileng tsa Molimo, ba lokela ho nahanela mabaka a ka bebofatsang boemo, joalokaha Molimo a etsa.—Pesaleme ea 103:10-14; 130:3.
Qoba ho nkela tlaase boitlhompho ba Bakreste-’moho le uena. Ha re batle ho nkela moena kapa khaitseli leha e ka ba ofe seriti kapa ho mo fa boikutlo ba hore hase oa bohlokoa. Ho fapana le hoo, ho tiisa hore re tšepa litšoaneleho tsa motho eo tsa Bokreste le lerato la hae ho Molimo ho tla sebeletsa ho mo khothaletsa ho lokisa phoso. Ho bonahala hore Bakorinthe ba ile ba khothaletsoa ho fana ha Pauluse a ba bolella hore o ile a ithorisa ho ba bang ka “boikemisetso” le “cheseho” ea bona tabeng ena.—2 Ba-Korinthe 9:1-3, NW.
Bontša hore bothata bo ka hlōloa ka ho tšepela ho Jehova. E, ka tieo lekang ho thusa motho eo ho bona hore ho tšepa Molimo le ho sebelisa keletso e tsoang Lentsoeng la Hae ho tla thusa tabeng ea ho boela tseleng ho hlokahalang. Ho finyella sena, lipuo tsa rōna li lokela ho theoa Mangolong le lingoliloeng tse theiloeng Bibeleng. Pakane ea rōna e habeli: (1) ho thusa ea hlokang thuso ho bona le ho utloisisa pono ea Jehova le (2) ho bontša motho kamoo a ileng a hlokomoloha kapa a hlōleha ho latela litataiso tsena tsa bomolimo ho isa bohōleng bo itseng.
Kopanya keletso ea Mangolo le lipotso tse mosa le hoja li tobile. Hona ho ka ba le phello e molemo haholo ho finyelleng pelo. Ka moprofeta oa hae Malakia, Jehova o ile a sebelisa potso ho etsa hore batho ba Hae ba utloisise kamoo ba fapohileng ka teng. O ile a botsa: “Na motho ha a tšabe ho thetsa Molimo, ha e le moo lōna le nthetsa?” (Malakia 3:8) Ho hlōleha ha Iseraele ho nehela ka karolo ea leshome ea seo ba se kotutseng joalokaha ho ne ho hlokoa ke Molao oa Moshe ho ne ho lekana le ho thetsa Jehova. Ho felisa boemo bona, Baiseraele ba ne ba hloka ho phethahatsa tlamo ea bona borapeling bo hloekileng ka tumelo ea hore Molimo o ne a tla ba hlohonolofatsa haholo. Ka ho sebelisa lipotso tse batlang hore motho a nahane le tse nahanelang, baholo ba ka hatisa hore ho etsa ntho e nepahetseng kajeno ho akareletsa ho tšepela ho Ntate oa rōna oa leholimo le ho mo mamela. (Malakia 3:10) Ho fetisetsa monahano oo pelong ho tla eketsa haholo ho thuseng moena oa rōna ho etsetseng ‘maoto a hae litsela tse lokileng.’—Ba-Heberu 12:13.
Hatisa melemo ea ho amohela keletso. Keletso e atlehang e akareletsa temoso mabapi le phello ea ho latela tsela e fosahetseng le ho hopotsa ka melemo e fumanoang haeba litaba li lokisoa. Ka mor’a temoso e nakong, Jesu o ile a kholisa ba phutheho e iphapanyelitseng lintho tsa moea ea Laodicea hore haeba ba sokolohela tseleng ea bona ea pele ’me ba fetoha barutuoa ba chesehang, ba tla thabela litokelo tse khōlō, ho akareletsa tebello ea ho busa le eena leholimong.—Tšenolo 3:14-21.
Bontša thahasello ho bona haeba keletso e eloa hloko. Joalokaha ngaka e molemo e lekola khafetsa ho bona hore lesapo leo e le lebantseng le ntse le tobile hantle, kahoo baholo ba lokela ho leka ho bona haeba keletso ea Mangolo ea sebelisoa. Ba ka ’na ba ipotsa: Na thuso e eketsehileng ea hlokahala? Na keletso e lokela ho phetoa, mohlomong ka tsela e ’ngoe? Jesu o ile a lokela ho eletsa balateli ba hae ka ho pheta-pheta mabapi le hore ho hlokahala hore ba ikokobetse. Ka nako e telele o ne a lokela hore ka mamello a busetse monahano oa bona tseleng ka ho sebelisa keletso, lipapiso, le lintho tsa sebele ho etsa mohlala oa molao-motheo. (Mattheu 20:20-28; Mareka 9:33-37; Luka 22:24-27; Johanne 13:5-17) Ha ba bapisoa, baholo ba ka thusa ho tiisa ho busetsa moena kapa khaitseli tseleng ka ho phethahetseng ka ho lokisetsa lipuisano tsa Mangolo tse eketsehileng tse etselitsoeng ho hōlisa tsoelo-pele ea motho eo ho finyella bophelo bo botle bo tletseng ba moea.
Babatsa bakeng sa ntlafatso leha e ka ba efe e entsoeng. Haeba motho ea nkileng bohato bo sa lokang a hahamalla ka ho tšepahala ho sebelisa keletso ea Mangolo, mo babatse ka mofuthu. Hona ho tla hatisa keletso ea pele ’me ho ka khothaletsa ntlafatso e eketsehileng. Lengolong la Pauluse la pele le eang ho Bakorinthe, o ile a tlameha ho ba neha keletso e matla litabeng tse ’maloa. Kapele ka mor’a hore Tite a bolelle moapostola ka karabelo e molemo haholo lengolong la hae, Pauluse o ile a ngola ho ba babatsa. O ile a re: “Joale ke thabile, e seng kahobane le kile la soabisoa, empa e le kahobane masoabi a lōna a hlahisitse pako; hobane le ile la soaba ka mokhoa o ratoang ke Molimo.”—2 Ba-Korinthe 7:9.
Ho Hlahisang Thabo
E, Pauluse o ile a thaba ha a utloa hore keletso ea hae e ile ea thusa Bakorinthe. Ka ho tšoanang, baholo ba kajeno ba thaba haholo ha morapeli-’moho a thuseha bohatong bo sa lokang hobane a arabela hamolemo thusong ea bona e lerato. Ka sebele ba ka thaba ho thusa Mokreste ea soabileng ho ntša lehōla la sebe le nang le mebitloa pelong ea hae hore litholoana tsa bomolimo li ka hōla moo ka bongata.
Haeba baholo ba atleha ho busetsa tseleng motho ea neng a nkile bohato bo sa lokang, a ka ’na a khutlisoa tseleng e neng e tla ba tlokotsi e felletseng bomoeeng. (Bapisa le Jakobo 5:19, 20.) Bakeng sa thuso e joalo, ea fumanang thuso o lokela ho leboha Jehova Molimo. Mantsoe a kananelo ea ’nete bakeng sa thuso e lerato, kutloelo-bohloko, le ho utloisisa ha baholo a ka tšoaneleha. ’Me ha thuso ea moea e phethehile, bohle ba amehang ba ka thaba hore ho busetsoa tseleng ho ile ha etsoa ka moea o bonolo.