‘Bitsa Banna ba Hōlileng’
“Na ho teng leha e le mang har’a lona ea kulang? Ha a ke a bitse banna ba hōlileng ba phutheho.”—JAKOBO 5:14, NW.
1, 2. (a) Ke boemo bofe bo mahlonoko boo bahlanka ba Jehova hona joale ba talimaneng le bona, ’me ba ka ’na ba ikutloa joang? (b) Ke lipotso life tseo joale li hlokang ho arabeloa?
“LINAKO tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona” li fihlile. Batho ba itšoere ka boithati, ba rata lintho tse bonahalang, ke baikhohomosi, ’me hangata ba hlohleletsa pefo ‘mehleng ena ea qetello.’ (2 Timothea 3:1-5, NW) Joaloka Bakreste ba phelang tsamaisong ea joale e khopo ea lintho, re iphumana re sokeloa ke likotsi tse tharo tse khōlō: Satane Diabolose, lefatše la moloko oa batho o se nang Molimo, le litšekamelo tsa rōna tsa boetsalibe tse futsitsoeng.—Ba-Roma 5:12; 1 Petrose 5:8; 1 Johanne 5:19.
2 Ka linako tse ling re ka ikutloa re fokola ka baka la ho sokeloa ke likotsi tsena. Joale, ke hokae moo re ka fumanang tšehetso e re thusang ho mamella ka botšepehi? Re ka retelehela ho mang bakeng sa tataiso ha re talimane le liqeto tse amanang le mesebetsi ea rōna le borapeli ba Bokreste?
Thuso e Fumaneha Habonolo
3. Re ka fumana khothatso e tšelisang ho mang, hona joang?
3 Ho tseba hore Jehova ke Mohloli oa matla a rōna ho re neha tiisetso e khothatsang. (2 Ba-Korinthe 1:3, 4; Ba-Filippi 4:13) Mopesaleme Davida, ea ileng a fumana thuso ea Molimo, o ile a re: “U laeletse tsela ea hao ho Jehova, u mo tšepe; ho tla sebetsa eena.” “Jarisa Jehova phahlo ea hao, ’me o tla u tšehetsa; a ke ke a lumela hore ea lokileng a ’ne a sisinngoe.” (Pesaleme ea 37:5; 55:22) Re thabela tšehetso e joalo hakaakang!
4. Petrose le Pauluse ba fana ka khothatso joang?
4 Re ka boela ra fumana matšeliso ka ho tseba hore hase rōna re le bang ba talimaneng le liteko le likotsi. Moapostola Petrose o ile a khothatsa Bakreste-’moho: “Le eme khahlanong le [Satane Diabolose]‚ le tiile tumelong‚ le ntse le tseba hore lintho tse tšoanang ka mokhoa oa ho utloa bohloko li ntse li hlahela mokhatlo ’ohle oa banab’abo lōna lefatšeng.” (1 Petrose 5:9, NW) Ruri Bakreste bohle ba lakatsa ho ema ba tiile tumelong. Ke ’nete, hangata re ka ikutloa “re hlomohile ka nģa tsohle,” joaloka moapostola Pauluse. Leha ho le joalo, o ne a sa “tsielehe ruri.” Joaloka eena, mohlomong re ka tsieleha “empa ha re tele.” Esita le haeba re hlorisoa, “ha re lahloe.” Haeba re “liheloa fatše,” ha “re timele.” Ka baka leo, ha “re tepelle.” Re ikitlaetsa ka matla hore mahlo a rōna a bone “tse sa bonahaleng.” (2 Ba-Korinthe 4:8, 9, 16, 18) Re ka etsa sena joang?
5. Jehova o fana ka thuso efe e imenneng hararo?
5 Jehova, “Moutloi oa thapelo,” o fana ka thuso ka litsela tse imenneng hararo. (Pesaleme ea 65:2, NW; 1 Johanne 5:14) Ea pele, o fana ka tataiso ka Lentsoe la hae le bululetsoeng, Bibele. (Pesaleme ea 119:105; 2 Timothea 3:16) Ea bobeli, moea oa hae o halalelang o re neha matla a ho etsa thato ea hae. (Bapisa le Liketso 4:29-31.) Ea boraro, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa lefatšeng ke malala-a-laotsoe ho re thusa. Ke’ng seo re lokelang ho se etsa ho fumana thuso?
“Limpho tsa Banna”
6. Ke thuso efe eo Jehova a faneng ka eona Tabeera, hona joang?
6 Ketsahalo ea mehleng ea moprofeta Moshe e re thusa ho ananela kameho ea Jehova e lerato bakeng sa ho neha bahlanka ba Hae thuso. Ketsahalo ena e etsahetse Tabeera, e bolelang “ho cha; khabo; lelakabe.” Sebakeng sena se lehoatateng la Sinai, Molimo a etsa hore mollo o timetse Baiseraele ba neng ba tletleba. “Letšoele le kopakaneng” le neng le tsamaea le Baiseraele ho tsoa Egepeta le lona le ile la kopanela le Baiseraele ho bontša ho se khotsofale ka lijo tseo Molimo o faneng ka tsona. Ha Moshe a hlokomela khalefo ea Molimo ’me a ikutloa a sithabelitsoe ke boikarabelo ba ho hlokomela batho le litlhoko tsa bona, o ile a re: “Ke sitoa ho jara sechaba sena kaofela, hobane se nkimela ruri. Ha ekaba u nketsa joalo, oho, kea u rapela, u mpolaee, ha ekaba ke fumane mohau pel’a hao; e, u mpolaee, ke tle ke se ke ka bona bomalimabe ba ka!” (Numere 11:1-15, NW) Jehova o ile a arabela joang? O ile a khetha “banna ba mashome a supileng ba baholo ba Iseraele” le ho beha moea oa hae holim’a bona hore ba tšoanelehe bakeng sa ho kopanela le Moshe mosebetsing oa tsamaiso. (Numere 11:16, 17, 24, 25) Kahobane boikarabelo bo abetsoe banna ba tšoanelehang, thuso e ile ea fumaneha habonolo haholoanyane ho Baiseraele le “letšoele le kopakaneng.”—Exoda 12:38.
7, 8. (a) Ke joang Jehova a faneng ka “limpho tsa banna” Iseraeleng ea boholo-holo? (b) Ke tšebeliso efe ea lekholong la pele la lilemo ea Pesaleme ea 68:18 eo Pauluse a e sebelisitseng?
7 Ka mor’a hore Baiseraele ba be Naheng e Tšepisitsoeng ka lilemo tse ngata, Jehova o ile a nyolohela Thabeng ea Sione ’me a etsa Jerusalema motse-moholo oa ’muso oa sebele ’me Davida a behoa morena oa oona. Ha Davida a rorisa Molimo, “Ea matla ’ohle,” o ile a phahamisa lentsoe la hae ho bina: “U nyolohetse phahameng, u isitse batšoaruoa kholehong, u nkile lineo ho batho [“limpho tsa banna,” NW].” (Pesaleme ea 68:14, 18) Ka sebele, banna bao e bileng batšoaruoa nakong ea ho haptjoa ha Naha e Tšepisitsoeng ba ile ba fumaneha bakeng sa ho thusa Balevi ka mesebetsi ea bona.—Esdrase 8:20.
8 Lekholong la pele la lilemo C.E., moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a hlokomelisa ka ho phethahala ha boprofeta ba mantsoe a mopesaleme. Pauluse o ngotse: “Joale ho e mong le e mong oa rōna ho fanoe ka mosa o sa re tšoanelang ho latela kamoo Kreste a lekantseng mpho e fanoang feela ka teng. Ke ka lebaka leo a reng: ‘Mohla a nyolohelang holimo o ile le bahapuoa; a fana ka limpho tsa banna.’ Joale polelo ‘o nyolohetse holimo,’ e bolela’ng ha e se hore hape o ile a theohela libakeng tse tlaasana, ke hore, lefatšeng? Eena ea theohetseng tlaase esale eena hape ea nyolohetseng maholimong a ka holimo-limo, e le hore a tle a phethahatse lintho tsohle.” (Ba-Efese 4:7-10, NW) “Eena” enoa ke mang? Ha ho e mong ha e se moemeli oa Jehova, Davida e Moholoanyane le Morena oa Messia, Jesu Kreste. Ke eena eo Molimo o mo tsositseng le ho mo “phahamisetsa boemong bo phahameng haholoanyane.”—Ba-Filippi 2:5-11, NW.
9. (a) Limpho tsa banna lekholong la pele la lilemo e ne e le bo-mang? (b) Limpho tsa banna tsa mehleng ea joale ke bo-mang?
9 Joale, ‘limpho tsena tsa banna’ (kapa, “tse entsoeng ka banna”) ke bo-mang? Pauluse o hlalosa hore Moemeli e Moholo oa Molimo “o fane ka ba bang e le baapostola‚ ba bang e le baprofeta‚ ba bang e le baevangeli‚ ba bang e le balisa le barupeli‚ ka pono ea ho lokisa ba halalelang, bakeng sa mosebetsi oa boboleli‚ bakeng sa ho haha ’mele oa Kreste.” (Ba-Efese 4:11, 12, NW) Balateli bohle ba Kreste ba sebelelitseng joaloka baapostola, baprofeta, baevangeli, balisa, le barupeli ba entse joalo tlas’a tataiso ea puso ea Molimo. (Luka 6:12-16; Liketso 8:12; 11:27, 28; 15:22; 1 Petrose 5:1-3) Mehleng ea rōna, banna ba hōlileng ba tšoanelehang moeeng ba khethiloeng ke moea o halalelang ba sebeletsa e le balebeli liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova tse ka bang 70 000 lefatšeng lohle. Ke bona limpho tsa rōna tsa banna. (Liketso 20:28) Ka lebaka la mosebetsi oa lefatše lohle oa ho bolela ka ’Muso o ntseng o tsoela pele ka potlako, baena ba eketsehileng “ba hahamalla litokelo” le ho jara boikarabelo bo amanang le “tšebeletso ea molebeli.” (1 Timothea 3:1, NW) Ha ba khethoa, le bona ba fetoha limpho tsa banna.
10. Ke joang tlhaloso ea Esaia ea “mahosana” e tšoanelang karolo ea baholo ba Bakreste kajeno?
10 Baholo bana ba Bakreste kapa limpho tsa banna, ba tšoanela hantle tlhaloso eo moprofeta Esaia a faneng ka eona ha a ne a bolela esale pele ka karolo ea “mahosana,” e leng batsamaisi tlas’a puso ea ’Muso. E mong le e mong o lokela ho ipaka a tšoana le “tšireletso ha moea o foka, joale ka lehaha ha sefefo se e-tla, joale ka molatsoana oa metsi naheng e omileng, le joale ka moriti oa lefika le phahameng naheng e nyoriloeng.” (Esaia 32:1, 2) Sena se bontša kamoo tšehetso e lerato ea balebeli bana ba khethiloeng e lokelang ho ba ka teng. U ka rua molemo ka ho feletseng ho eona joang?
Nka Bohato Pele
11. Re ka fumana thuso joang ha re ikutloa re fokola moeeng?
11 Takatso ea tlhaho ea motho ea khangoang ke metsi ke ho hoeletsa hore a fumane thuso. Ha a tsila-tsile. Ha bophelo bo le kotsing, ha ho motho ea susumetsoang hore a batle thuso. Na Morena Davida ha a ka a batla keletso e tsoang ho Jehova a sa khaotse? (Pesaleme ea 3:4; 4:1; 5:1-3; 17:1, 6; 34:6, 17-19; 39:12) Ka ho tšoanang, le rōna re ka retelehela ho Jehova ka thapelo le ho mo kōpa hore a re tataise ka moea oa hae o halalelang ha re ikutloa re fokola moeeng kapa mohlomong ha re nyahame. (Pesaleme ea 55:22; Ba-Filippi 4:6, 7) Re batla khothatso e tsoang Mangolong. (Ba-Roma 15:4) Re ea likhatisong tsa Bokreste tsa Mokhatlo oa Watch Tower bakeng sa keletso e sebetsang. Hangata sena se re nolofaletsa ho rarolla mathata a rōna. Leha ho le joalo, ha ho bonahala re sithabelitsoe ke mathata, re ka boela ra batla keletso ea baholo ba khethiloeng ba phutheho. Ha e le hantle, ho ka ’na ha eba le linako tseo ka sebele re hlokang ho “bitsa banna ba hōlileng.” Ke hobane’ng ha u bitsa baholo ba Bakreste? Ba ka thusa ba hlokang thuso moeeng joang?
12-14. (a) Ke tsela efe e bohlale e ka lateloang ha motho a kula? (b) Ho latela Jakobo 5:14, Bakreste ba “kulang” ba khothaletsoa ho etsa’ng? (c) Ke ho kula ha mofuta ofe hoo Jakobo 5:14 e buang ka hona, hona ke hobane’ng ha u arabela joalo?
12 Ha re kula, rea phomola e le hore re nehe ’mele matla a ho hlaphoheloa le monyetla oa ho sebetsa. Empa haeba bohloko ba rōna bo phehella, ka bohlale re batla thuso e loketseng ea ngaka. Na ha rea lokela ho etsa ntho e tšoanang haeba re fokola moeeng?
13 Hlokomela seo morutuoa Jakobo a re eletsang ho se etsa tabeng ena. O re: “Na ho teng leha e le mang har’a lona ea kulang? Ha a ke a bitse banna ba hōlileng ba phutheho, ’me ba ke ba mo rapelle, ba ntse ba mo tlotsa ka oli ka lebitso la Jehova.” (Jakobo 5:14, NW) Ke ho kula ha mofuta ofe hoo Jakobo a buang ka hona moo? Bahlalosi ba bang ba Bibele ba fihletse qeto ea hore ke ho kula ’meleng, ’me ba hlalosa hore ho tlotsa ka oli e ne e le mokhoa o tloaelehileng oa phekolo ea bongaka mehleng eo. (Luka 10:34) Ba boetse ba lumela hore Jakobo o ne a nahanne ka phekolo ea mohlolo e neng e etsoa ka mpho ea ho folisa. Leha ho le joalo, taba e potolohileng temana ee e bontša eng?
14 Ho bontšoa phapang mahareng a ‘mahlomola’ le ‘thabo.’ Sena se fana ka maikutlo a hore Jakobo o ne a bua ka ho kula moeeng. (Jakobo 5:13) “Banna ba hōlileng [baholo, King James Version] ba phutheho,” eseng lingaka kapa esita le ba neng ba e-na le mpho ea mohlolo ea ho folisa, ke bona ba neng ba lokela ho bitsoa. Ke eng seo ba neng ba lokela ho se etsa? Jakobo o itse: “Ba ke ba mo rapelle. . . . ’Me thapelo e entsoeng ka tumelo e tla etsa hore mokuli a hlaphoheloe.” (Jakobo 5:14, 15, NW; bapisa le Pesaleme ea 119:9-16.) Ho tiisang hore Jakobo o bua ka ho kula moeeng ke ’nete ea hore o khothaletsa ho ipolela libe ka tšepo ea ho hlaphoheloa. Oa ngola: “Bolellanang litšito [“libe,” NW] tsa lōna, ’me le rapellane, le tle le fole.” Haeba sebe se tebileng ke sona sesosa sa ho kula moeeng, mokuli a ka lebella ho hlaphoheloa feela haeba a arabela hantle khothatsong e thehiloeng Lentsoeng la Molimo, a baka, ’me a kheloha tsela ea hae ea boetsalibe.—Jakobo 5:16; Liketso 3:19.
15. Ke khato ea mofuta ofe e khothaletsoang ho Jakobo 5:13, 14?
15 Ho na le ntho e ’ngoe hape eo re lokelang ho e hlokomela keletsong eo Jakobo a fanang ka eona. Ha Mokreste a le mahlomoleng, o lokela ho ‘tsoela pele a rapela.’ Haeba a thabile, “a ke a bine lipesaleme.” Boemo bo bong le bo bong—ebang ke ha motho a le mahlomoleng kapa a thabile—sena se hloka ho nka khato. Thapelo e hlokahala kapele-pele, ’me ka lehlakoreng le leng ho hlokahala mehoo ea thabo. Kahoo, ke eng seo re lokelang ho se lebella ha Jakobo a botsa: “Na ho teng leha e le mang har’a lona ea kulang?” O boetse o khothaletsa ho nka bohato bo loketseng, e, ho nka bohato pele. “Ha a ke a bitse banna ba hōlileng ba phutheho.”—Pesaleme ea 50:15; Ba-Efese 5:19, NW; Ba-Kolosse 3:16.
Kamoo “Banna ba Hōlileng” ba Thusang ka Teng
16, 17. Ke joang banna ba hōlileng ba re thusang ho sebelisa melao-motheo ea Bibele?
16 Ka linako tse ling ho thata ho rōna ho tseba kamoo re ka sebelisang melao-motheo ea Bibele maemong a rōna a botho. Ke mona moo baholo ba Bakreste ba ka ipakang e le mohloli oa bohlokoa oa thuso. Ka mohlala, ba rapella motho ea kulang moeeng le ho ‘mo tlotsa ka oli ka lebitso la Jehova’ ka hore ka bohlale ba sebelise taeo e thobang e tsoang Lentsoeng la Molimo. Kahoo baholo ba ka tlatsetsa haholo ho hlaphoheloeng ha rōna ha moea. (Pesaleme ea 141:5) Hangata, sohle seo re se hlokang ke ho tiisa hore re nahana ka tsela e nepahetseng. Ho buisana le moholo oa Mokreste ea nang le phihlelo ho tla matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho etsa se nepahetseng.—Liproverbia 27:17.
17 Ha baholo ba Bakreste ba bitsitsoe, ho hlokahala hore ba bue “ka tsela e tšelisang ho liphefumolohi tse tepeletseng maikutlo.” Ba tla boela ba “tšehetse ba fokolang, [le] ho ba le mamello ho bohle.” (1 Ba-Thessalonika 5:14, NW) Kamano e joalo ea botsoalle le kutloisiso mahareng a “banna ba hōlileng” le “ba fokolang” e eketsa monyetla oa hore ho be le ho hlaphoheloa ho feletseng bophelong bo botle ba moea.
Boikarabelo ba Botho le Thapelo
18, 19. Baholo ba Bakreste ba phetha karolo efe mabapi le Ba-Galata 6:2, 5?
18 Baholo ba Bakreste ba lokela ho jara boikarabelo ba bona mabapi le mohlape oa Molimo. Ba lokela ho fana ka tšehetso. Ka mohlala, Pauluse o itse: “Baena, ekare ha motho a ka nka mohato o fosahetseng pele a o hlokomela‚ lona ba nang le litšoaneleho tsa moea le leke ho kenya motho eo tseleng ka moea o mosa‚ ’me le ntse le itlhokometse‚ esere mohlomong le lona la tšoha le lekoa. Tsoelang pele ho jara meroalo ea ba bang, ’me kahoo le phethe molao oa Kreste.” Moapostola o boetse a ngola: “E mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.”—Ba-Galata 6:1, 2, 5, NW.
19 Ke joang re ka jarang meroalo ea ba bang empa re ntse re jere mojaro oa rōna? Phapang ea se boleloang ke mantsoe a Segerike a fetoletsoeng e le “meroalo” le “mojaro” e fana ka karabo. Haeba Mokreste a kena bothateng ba moea bo mo imelang haholo, baholo le balumeli-’moho ba tla mo thusa, ’me kahoo ba mo thuse ho jara “meroalo” ea hae. Leha ho le joalo, ho lebeletsoe hore motho ka mong a jare “mojaro” oa hae oa boikarabelo ho Molimo.a Ka thabo baholo ba jara “meroalo” ea baena ba bona ka ho ba khothatsa, ho ba neha keletso ea Mangolo le ka thapelo. Leha ho le joalo, baholo ha ba tlose “mojaro” oa rōna oa botho oa boikarabelo ba moea.—Ba-Roma 15:1.
20. Ke hobane’ng ha thapelo e sa lokela ho hlokomolohuoa?
20 Thapelo ke ea bohlokoa ’me ha ea lokela ho hlokomolohuoa. Empa Bakreste ba bangata ba kulang moeeng ba thatafalloa ho rapela. Morero ke ofe ha ka tumelo baholo ba rapella motho ea kulang moeeng? “Jehova o tla mo tsosa” ho nyahameng ’me o tla mo matlafatsa hore a phehelle tsela ea ’nete le ho loka. Mohlomong Mokreste ea kulang moeeng o na le boikutlo bo fosahetseng empa eseng hore o entse sebe se seng se tebileng hobane Jakobo o re: “Hape, haeba a entse libe, o tla li tšoareloa.” Ka linako tse ling keletso ea baholo ea Mangolo e tsamaisanang le thapelo e tšepahalang e tla susumeletsa motho ea fokolang moeeng ho ipolela libe tse tebileng tseo mohlomong a li entseng le ho bontša moea oa pako. Sena hamorao se etsa hore a fumane tšoarelo e tsoang ho Molimo.—Jakobo 5:15, 16, NW.
21. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba le lesisitheho ho bitsa banna ba hōlileng? (b) Ke eng se tla tšohloa sehloohong se latelang?
21 Ba talimane le phephetso ea ho hlokomela matšoele a ba bacha ’neteng ba tlang phuthehong ea Bokreste, banna ba hōlileng ba hlokolosi ba na le ho hongata hoo ba ka ho etsang ho fana ka tlhokomelo e lekaneng. Ka sebele, limpho tsena tsa banna ke tokisetso e babatsehang e tsoang ho Jehova bakeng sa ho re thusa ho mamella linakong tsena tse mahlonoko. Leha ho le joalo, Bakreste ba bang ba lesisitheho ho batla thuso ea bona, ba nahana hore baena bana ba tšoarehile haholo kapa ba sithabelitsoe ke mathata. Sehlooho se latelang se tla re thusa ho utloisisa hore banna bana ba thabela ho re thusa hobane ka ho rata ba sebeletsa e le balisa ba tlaasana phuthehong ea Bokreste.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a A Linguistic Key to the Greek New Testament, ea Fritz Rienecker, e hlalosa phor·tiʹon e le “mojaro oo motho a lebeletsoeng ho o jara” ’me ea phaella: “E ne e sebelisoa e le lentsoe la sesole bakeng sa mokotlana oa lesole.”
U ne u Tla Arabela Joang?
◻ Ha re hloka thuso, Jehova o fana ka thuso efe e imenneng hararo?
◻ Limpho tsa banna tsa mehleng ea kajeno ke bo-mang?
◻ Re lokela ho bitsa banna ba hōlileng neng?
◻ Re ka lebella thuso efe ho baholo ba Bakreste?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Na u thabela melemo ea moea ea thapelo, ho ithuta Bibele, le thuso e tsoang ho baholo ba Bakreste?