Jehova o Sireletsa Batho ba Hae Hungary
HUNGARY, e fumanehang bohareng ba Europe, hangata e ’nile ea e-ba le liphetoho tse khōlō historing. Batho ba teng ba utloile bohloko haholo, ho sa tsotellehe boinehelo ba bona ho Moroetsana Maria le ho qobelloa ho ba Bakreste ka lebitso ka 1001 (C.E.) ke Stephen morena oa bona oa pele.
Ho theosa le makholo a lilemo Hungary e ile ea fokolisoa ke liqhoebeshano tse ngata tsa ka hare ho naha tse ileng tsa lumella linaha tse ling ho e hatella ka makhetlo. Baahi ba metse eohle ba ile ba bolaoa nakong ea liqhoebeshano tsena, ’me hamorao ba ile ba nkeloa sebaka ke baahi ba melata. Ka hona, baahi ba teng e ile ea e-ba motsoako oa merabe e mengata. Ha re talima bolumeling, hoo e ka bang ba babeli ho ba bararo ba baahi ba naha ba ile ba lula e le Mak’hatholike, le hoja hamorao Phetoho e Khōlō ea Bolumeli e ile ea saballa libakeng tse ling.
Ho Qala Hanyenyane
E ne e le ka 1908 ha peō ea ’nete ea Bibele e qala ho jaloa Hungary. Sena se ile sa etsoa ke mosali ea neng a ithutile ’nete ho Liithuti tsa Bibele, joalokaha Lipaki tsa Jehova li ne li tsejoa joalo nakong eo. Ka lebaka la boboleli ba hae, ba bangata ba ile ba thahasella litaba tse molemo. Hang ka mor’a moo banna ba babeli ba tsoang United States, ba ile ba khutlela Hungary ’me ba hasa litaba tse molemo ka nako e tletseng e le barekisi ba libuka (ba tlileng pele ho bo-pula-maliboho ba kajeno). ’Nete e ile ea nama butle empa ka matla, ’me ofisi e nang le mochini oa khatiso e ile ea hlongoa Kolozsvár.
Tlaleho ea pele e tšepahalang e ile ea amoheloa ka 1922, ha Liithuti tsa Bibele tse 67 tse tsoang litoropong tse leshome li ne li le teng Sehopotsong sa lefu la Kreste. Mosebetsi oa tsona oa ho paka o ile oa ba le phello e matla, ’me ea fella ka khanyetso ha baruti ba susumetsa ’muso le likoranta ho sitisa mosebetsi oa boboleli.
Litlhaselo li ba Matla
Ka 1928, moruti oa K’hatholike Zoltán Nyisztor o ile a hlahisa pampitšana e nang le sehlooho Millennialist Bible Students. Ho eona ka tieo o ile a re ka Liithuti tsa Bibele: “Ba babe le ho feta makomonisi a hlaselang a hlometse, hobane bana ba khelosa batho ba se nang molato ka ho sebelisa Bibele ho pata litakatso tsa bona tsa sebele. Sepolesa sa ’Muso sa Hungary ka thahasello e khōlō se behile mosebetsi oa bona leihlo.”
Nakong eo moena ea chesehang ea bitsoang Josef Kiss o ne a etela liphutheho. Sehlopha sa mapolesa se ile sa mo sala morao ka lenyele. Ka 1931 o ne a le lelapeng la moena e mong ha sepolesa se mo tsometsa ’me se mo laela hore a tsamaee hang-hang. Ha Moena Kiss a qala ho paka lintho tsa hae, lepolesa le leng la mo otla ka karolo e ka morao ea sethunya ’me la mo sokela ka ho re: “Potlaka, ho seng joalo u tla hlajoa hohle!” Moena Kiss a bososela ’me a re: “Joale ke tla ea hae kapele,” a supa tšepong ea hae ea leholimo joaloka Mokreste ea tlotsitsoeng.
Masole a ile a latela Moena Kiss ho ea tereneng. O ne a lebeletsoe ho fihla phuthehong ea Debrecen ka June 20, 1931, empa ha aa ka a fihla. Baena ba ile ba etsa qeto ea hore lira tsa hae li ’molaile, hore ruri “o ile hae” moputsong oa hae oa leholimo. Le hoja mosebetsi oa hae o ile oa khaotsoa, ha ho mohla ba boholong ’musong ba kileng ba khona ho tima leseli la ’nete.
Hangata ho ne ho sebelisoa masene ho fana ka bopaki. Ka mohlala, bohareng ba bo-1930, moena o ile a shoa Tiszakarád. Nakong eo mapato a ne a ka tsamaisoa feela ka tumello ea ba boholong pusong. Baena ba ile ba lumelloa ho etsa thapelo motsotso o le mong feela le ho bina motsotso o le mong. Litho tsa sehlopha sa mapolesa, tse neng li tlile lepatong ka lithunya le lisabole, li ne li lokela ho qobella sena. Batho ba bangata ba motse ba ne ba tlile hobane ba ne ba le bohelehele ka hore na lepato le ne le tla tsamaisoa joang.
Moena o ile a ema pel’a lekese ’me a rapela halofo ea hora ka tsela eo batho ba ileng ba re le ka mohla ba ne ba e-s’o utloe ntho e tšoanang le eona. Ba ile ba re: “Esita le haeba baruti ba tšeletseng ba ne ba ka tsamaisa lepato, e ne ke ke ea e-ba le susumetsang joalo.” Moena ea lentsoe le monate joale o ile a qala ho tsamaisa ’mino, empa lepolesa le ile la mo laela hore a khutse. Hamorao mapolesa a ile a lumela hore le hoja a ne a ikutloa a belaela, a ne a ke ke a khaoletsa thapelo.
Ha litlhaselo li ntse li tsoela pele, Lajos Szabó, moruti oa Kereke ea Tokiso, o ile a ngola se latelang bukaneng ea hae ea 1935 Antichrist by the River Tisza: “E ne e le khopolo e bohlale ho fepa likelello tsa batho bokomonisi ka lebitso la bolumeli . . . Marx o ile a nka sebōpeho sa Kreste . . . Antikreste o ne a le mona ka kobo ea hae e khubelu ka Lipaki tsa Jehova.”
Lilemo tsa Thibelo
Ka 1939 mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ile oa thibeloa ka ho feletseng. O ne o khetholloa e le mosebetsi o “khahlanong le bolumeli le o khahlanong le sechaba.” Masabatha, Mabaptist, Maevangeli, le Mapresbeteri ba ile ba hlahisa lipampitšana tse khahlanong le Lipaki. Empa Jehova ha aa ka a lahla bahlanka ba hae, ’me ba ile ba hlokomeloa ke Lipaki tse linaheng tse ling. Ho kopanyeletsa moo, batho ba Molimo Hungary ba ile ba ba le liphihlelo tse matlafatsang tumelo.
Ka mohlala, ha moena a ne a tlisa mojaro o tletseng limakasine tsa rōna ho tsoa Czechoslovakia, mosebeletsi oa malibohong o ile a botsa: “Ke eng e ka mojarong oa hao?” Ka botšepehi moena a araba: “Ke Melula-Qhooa.” Ofisiri e ile ea etsa pontšo ka letsoho joalokaha eka e bontša hore moena oa hlanya, ’me ea mo lumella hore a tsoele pele tseleng ea hae. Ka hona, lijo tsa moea li ile tsa fihla li bolokehile Hungary.
Leha ho le joalo, khathatso ha ea ka ea khaotsa. Baena ba bangata ba ile ba tšoaroa le ho holehoa ka linako tse fapaneng. Joale sehlopha se khethehileng se ile sa fuoa kabelo ea ho tšoarisa Lipaki tsa Jehova bothata. Ka 1942, banna, basali, le bana ba ile ba bokelloa ’me ba hlahleloa litaleng le likolong tsa Bajode tse seng li sa sebelisoe. Ka mor’a ho hlokofatsoa likhoeli tse peli, ba ile ba qosoa ’me ba ahloloa. Ba bang ba ile ba ahloleloa bophelo bohle teronkong; ba bang ba ile ba ahloleloa ho tloha ho lilemo tse peli ho ea ho tse 15 teronkong ea ho fetola lisenyi. Baena ba bararo—Dénes Faluvégi, András Bartha, le János Konrád—ba ile ba ahloleloa ho fanyehoa, empa hamorao kahlolo e ile ea fetoleloa hore e be bophelo bohle teronkong. Joale, baena ba 160 ba ile ba isoa kampong ea lefu Bor. Ka mor’a ho tšela leliboho, ba ile ba bolelloa hore ba ke ke ba khutla ba phela. Har’a Bajode ba 6 000 ba neng ba leleketsoe kampong ena, ke ba 83 feela ba ileng ba phela. Leha ho le joalo, Lipaki kaofela li ile tsa khutla, ntle le tse ’nè.
Ba bang ba Lipaki tsa Jehova e ile ea e-ba bashoela-tumelo. Ho isa mafelong a Ntoa ea II ea Lefatše, Manazi a ile a bolaea baena ba bangata. Bertalan Szabó, János Zsondor, le Antal Hónis ba ile ba thunngoa, ’me Lajos Deli o ile a fanyehoa.—Mattheu 24:9.
Phetoho e Molemo ke ea Nakoana Feela
Ka mor’a Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, boemo bo ile ba fetoha hape. ’Muso oa nakoana o kopanetsoeng o ile oa tšepisa litokelo tsa botho. Baena ba khutlang likampong hang-hang ba ile ba qala ho bolela le ho hlophisa liphutheho. Ba ne ba ikutloa hore Jehova o ba nehile tokoloho e le hore ba ka rorisa lebitso la hae le leholo, eseng bakeng sa hore ba leke ho ipokellela matlotlo a bonahalang. Bofelong ba 1945, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba mafolo-folo ba 590. Ka 1947 ho ile ha rekoa mehaho e neng e tla sebelisetsoa ho ba ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower, ’me kopano ea pele ea sechaba e ile ea tšoaroa, holong ea lipapali. Ho ne ho le teng ba 1 200, ’me ba literene tsa ’muso oa Hungary ba bile ba theolela batho ba eang kopanong halofo ea tefello ea leeto.
Leha ho le joalo, tokoloho ha ea ka ea tšoarella. Kapele, Mokha oa Bokomonisi o ile oa fumana matla, ’me puso e ile ea fetoha. Keketseho ea batho ba Jehova e ile ea hapa tlhokomelo ea ’muso o mocha, hobane ba ne ba eketsehile ho tloha ho bahoeletsi ba 1 253 ka 1947 ho ea ho ba 2 307 ka 1950. Ka selemo seo basebeletsi ba ’muso ba ile ba qala ho etsa litšitiso mosebetsing oa boboleli. Ho ile ha kōptjoa tumello bakeng sa ho bolela, empa ba ’muso ba ile ba hana ho fana ka tumello, ’me ba neng ba entse kōpo ea tumello bakeng sa ho bolela ba ile ba otloa ke Lebotho la Tšireletso. Lihlooho tsa likoranta li ile tsa tsoela pele ho tsebahatsa Lipaki e le ‘baemeli ba puso e buellang ho atolosa matla le puso ea sechaba.’ Ho thahasellisang ke hore, pele Bokomonisi bo nka puso, Lipaki li ne li rometsoe likampong tsa mahloriso e le ha li qoselitsoe ho ba ‘balateli ba ka sehloohong ba Bokomonisi ba Sejode.’
Ho Qaleha Tšabo
Ka November 13, 1950, molebeli oa lekala le mofetoleli (ba babeli ba bao pele ba neng ba ahloletsoe lefu) ba ile ba tšoaroa, hammoho le molebeli oa potoloho ea pele. Ba ile ba isoa teronkong ea sekhukhu e tummeng ka bobe 60 Andrássy Street Budapest, ho ea “nolofatsoa.” Nyeoe ea bona e ile ea lula ka February 2 selemong se latelang. Molebeli oa lekala o ile a ahloleloa lilemo tse leshome teronkong, mofetoleli tse robong, le molebeli oa potoloho tse robeli. Ka boraro ba bona ba ile ba amohuoa thepa ea bona ke ’muso. Nakong ea kahlolo, balebeli ba eketsehileng ba phutheho ba bane ba ile ba ahloleloa ho ea teronkong ho tloha ka lilemo tse hlano ho ea ho tse tšeletseng ka liqoso tsa ho leka ho phethola ’muso.
Baena ba ile ba koalloa teronkong e neng e sirelelitsoe ka thata, moo ba neng ba ke ke ba amohela mangolo, phahlo, kapa baeti. Malapa a bona a ne a sa utloe letho ka bona. Balebeli ba teronko ba ne ba bile ba sa bitse le mabitso a bona. Bakeng sa boitsebahatso, e mong le e mong o ne a roala lepolanka le nang le nomoro molaleng e le letšoao la hae. Ho ne ho bile ho na le mongolo leboteng o neng o baleha ka hore: “U se ke ua lebela batšoaruoa feela; u ba hloee.”
Lipaki li ile tsa tsoela pele ka sekhukhu, empa mosebetsi oa boboleli ha oa ka oa khaotsa. Lipaki tse ling li ile tsa tsoela pele ho nka sebaka sa ba leng teronkong. Ha nako e ntse e feta lingoliloeng le tsona li ile tsa fumanoa hape. Ka selemo sa 1953, baena ba fetang 500 ba ile ba behoa molato ’me ba ahloleloa ho ea teronkong, empa litaba tse molemo li ne li ke ke tsa tlangoa ka mahlaahlela. Ke baena ba ’maloa feela ba ileng ba lumela litšepiso tse hohelang tsa balebeli ba teronko ’me ba lahla ’nete.
Litebello tse Khanyang
Bofelong ba 1956, batho ba ile ba qala ho fetohela ’muso. Lebotho la Soviet le ile la thibela phetoho, ’me Mokha oa Bokomonisi o ile oa fumana matla hape.
Lipaki tsohle tse neng li koaletsoe li ile tsa lokolloa, empa baena ba ’maloa ba neng ba tsebahala ba ile ba khutlisetsoa teronkong ho ntšetsa pele kahlolo ea bona, ha ba bacha ba sa ka ba behoa molato. Qetellong, ka 1964, boemo bo ile ba qala ho ntlafala. Ba boholong ba ne ba se ba sa etse letho ho sitisa mapato le mekete ea manyalo. Likopano tsa potoloho li ne li tšoareloa merung. Le hoja tse ling tsa likopano tsena li ile tsa sitisoa, ha ho Lipaki tse eketsehileng tse ileng tsa romeloa teronkong.
Ka 1979 baena bao e neng e le balebeli ba ile ba lumelloa ho ba teng kopanong Vienna. Ka selemo sona seo, ba boholong ’musong ba ile ba tšepisa ho lumella Lipaki tsa Jehova ka molao, empa lilemo tse eketsehileng tse leshome li ile tsa feta pele sena se hlile se etsahala. Ka 1986 kopano ea pele ea setereke e ile ea tšoaroa, Youth Park e Kamara Forest, ’me ba boholong pusong ba ne ba tseba ka eona. Ho ne ho bile ho hlonngoe letšoao le bontšang hore ena e ne e le Kopano ea Setereke ea Lipaki tsa Jehova ea “Khotso ea Molimo.” Ka selemo se latelang Kopano ea “Tšepa Jehova” e ile ea tšoaroa, ’me ka 1988 baena ba ile ba thabela Kopano ea “Toka ea Molimo.”
Ho Lokoloha Qetellong!
June 27, 1989, e bile letsatsi le hlollang, hobane ke nakong eo baena ba ileng ba amohela tokomane e bolelang hore Mokhatlo oa Bolumeli oa Lipaki tsa Jehova o nkoa ka molao Hungary. Ka July Holo e khōlō ea Lipapali Budapest e ile ea amohela ba 9 477 ba neng ba le teng Kopanong ea Setereke ea “Boinehelo ba Bomolimo.” Holo eona eo e ile ea sebelisetsoa Kopano ea Setereke ea “Puo e Hloekileng” ea 1990, ’me likopano li ile tsa boela tsa tšoaroa metseng e meng e meraro e meholo Hungary.
Kaha hona joale thibelo e tlositsoe ka ho feletseng, ho ile ha ba bonolo hore ho hlophisoe kopano ea pele ea machaba. Ho sa tsotellehe boemo ba leholimo bo sa jeseng litheohelang, e ile ea tšoareloa Népstadion, Budapest, moo ba 40 601 ba ileng ba kopana ho thabela mofuthu oa lerato la boena. Litho tsa Sehlopha se Busang li ile tsa ba teng ’me tsa matlafatsa tumelo ea baena ka lipuo tsa tsona, ’me libuka le libukana tse ncha tse nang le litšoantšo ka mebala e feletseng li ile tsa lokolloa kopanong ena.
Se Etsahalang Kajeno
Likhatiso tsa Sehungary tsa Molula-Qhooa le Tsoha! li tsoela hong le tse tšoanang le tsona tsa Senyesemane ka sebōpeho se setle ka ho tšoanang. Ka 1992 Yearbook e ile ea qala ho ntšoa ka Sehungary. Lenane la bahoeletsi ba litaba tse molemo le ile la eketseha ka potlako ho tloha ho ba 6 352 ka 1971 ho ea ho ba 13 136 ka January 1993.
Kajeno, Lipaki tsa Jehova Hungary li thabela tokoloho ea bolumeli le ho bolela ka bolokolohi ka ntlo le ntlo. Ho na le liphutheho tse 205, ’me ba 27 844 ba bile teng Sehopotsong ka April 17, 1992. Ho fihlela Liholo tsa ’Muso tse lekaneng li fumaneha, liphutheho li tsoela pele ho kopanela likolong, litsing tsa sechaba, matlong a masole a seng a sa sebelisoe, esita le liofising tse seng li sa sebelisoe tsa Mokha oa Bokomonisi. Ha e le ka 1992, liphutheho tse leshome li ile tsa nehela Liholo tsa tsona tsa ’Muso, ’me liholo tse ling li ntse li ahoa.
Har’a liphetoho tsena tsohle le ho fetoloa ha puso, ka botšepehi baena ba ile ba ema ka lehlakoreng la Jehova Molimo le Mor’a hae, Jesu Kreste, ’me ba tsoetse pele ho bolela. Liphetoho tse khōlō tsa linako ha lia ba felisa, hobane Jehova o sirelelitse batho ba hae Hungary.—Liproverbia 18:10.
[Limmapa tse leqepheng la 9]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Vienna
AUSTRIA
Budapest
Debrecen
HUNGARY
ROMANIA
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Batho ba Jehova ba ile ba kopana Budapest