Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 8/15 maq. 3-4
  • Tlamo ea Lenyalo e Ntseng e Fokola

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlamo ea Lenyalo e Ntseng e Fokola
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlhalo—Litholoana tsa Eona tse Babang
    Tsoha!—1992
  • Lenyalo—Lebaka Leo ba Bangata ba Tsoang ho Lona
    Tsoha!—1993
  • Tlhalo—Hantle-ntle Bibele e Re’ng ka Eona?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ho Ata ha Tlhalo
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 8/15 maq. 3-4

Tlamo ea Lenyalo e Ntseng e Fokola

’MÈ E mocha o ile a sika lesea la hae le likhoeli li peli. Eaba, ka pherekano e fihlang ka tšohanyetso, o le lahlela fatše. Moshemane eo o ile a shoa lihora tse seng kae hamorao. ’Mè enoa o ile a re: “Ke ile ka mo lahlela fatše ka boomo, hobane monna oa ka ha a tsotelle lelapa la hae.” Ho e-na le ho lokisa taba le monna oa hae, o ile a ntšetsa bohale ho ngoana ea se nang molato.

Bo-’mè ba seng bakae ba tšepela litekanyong tse joalo tse feteletseng, empa ba bangata ba na le maikutlo a tšoanang le a hae. Ho atlehisa bophelo ba lelapa ho ntse ho thatafalla banyalani ka ho eketsehileng. Journal of Marriage and the Family e re: “Ha monyetla oa hore bophelo ba lelapa bo atlehe o le monyenyane joaloka United States kajeno, ho etsa tlamo e feletseng lenyalong . . . ho baka mathata a mangata hoo ho seng motho ea lekanyang lintho hantle ea neng a ka e etsa.”

Linakong tsena tsa pherekano, boitšoaro bo bobe, ho se lumellane, likoloto, likhohlano le ba bohali kapa ba bohoeng, le boithati li susumetsa ntoa ea lelapa, eo nako le nako e fellang ka tlhalo. Japane boemo bona bo tebile hoo esita le Kereke e K’hatholike, e tummeng ka boemo ba eona bo tiileng khahlanong le tlhalo, e ileng ea tlameha ho theha komiti e khethehileng bakeng sa ho bebofaletsa litho tse hlalileng le ho nyala hape litaba. Lenane le ntseng le eketseha la batho ba eang kerekeng le angoa ke mathata a amanang le tlhalo.

Leha ho le joalo, lenane la tlhalo le senola karolo e nyenyane feela ea bothata bo boholoanyane. United States lipatlisiso li bontša hore ke boleng bo theohang ba bophelo ba lenyalo ka bobona boo e leng sesosa sa keketseho ea tlhalo, ho e-na le litšekamelo tsa sechaba tse etsang hore tlhalo e etsoe habobebe. Ho hlokahala boiteko le boitlamo bo fokolang hore bophelo ba lelapa bo fetohe bo sa khahleheng. Ba bangata ho bonahala eka ba nyalane empa ha ba kopanele likobo, ’me ke ka seoelo ba buisanang. Ba bang ba ikutloa joaloka mosali oa libakeng tsa Bochabela ea ileng a ithekela setša se ka thōko sa lebitla la hae a re, ‘Ha ke batle ho patoa le monna oa ka ka lebitleng.’ Kaha ha a khone ho hlala monna oa hae hona joale, o rera tlhalo ea ka mor’a lefu. Ka masoabi, le hoja batho ba joalo ba sa hlalana, bophelo ba lenyalo hase mohloli oa thabo ho bona.

Boo e ne e le boemo ba Isao. O ne a ile a nyala mosali oa hae ka lepotla-potla, kahoo a sa ikutloe a susumeletseha ho fetola mokhoa oa hae oa bophelo oa ho inka e le oa bohlokoa ka tsela e feteletseng. Le hoja a ne a amohela moputso o motle joaloka mokhanni oa teraka, o ne a sebelisa moputso oa hae kaofela bakeng sa ho ja le ho noa, a sa hlokomele lelapa la hae. Sena se ile sa fella ka likhang tse sa feleng lipakeng tsa hae le mosali oa hae. Isao oa hopola: “Neng le neng ha lintho li ne li sa ntsamaele hantle, ke ne ke ea hae ’me ke ntšetse bohale lelapeng la ka.” Joaloka ho thunya ha seretse se chesang ho sa khaotseng, taba ea tlhalo e ile ea phahama ka mehla.

Banna ba bangata le basali ba mamella lenyalo le sa thabang. Ho sa tsotellehe hore na baa hlala kapa che, ha ba fumane thabo. Na ho na le tsela eo ka eona ba ka atlehisang lenyalo la bona? Ke’ng se ka etsoang ho matlafatsa tlamo ea bona ea lenyalo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela