Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 10/15 maq. 8-11
  • Bothata ba ho Ithuta ho Leta

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bothata ba ho Ithuta ho Leta
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bohlale ba ho Ithuta ho Leta
  • Ke Phephetso e Ncha, ho ba Bangata
  • Ho Ithuta ho ba Bang
  • Ho Loana Ntoa e Molemo
  • Ho Ithuta ho Leta Maemong ’Ohle
  • Karolo 6—Matšoenyeho a Bakoang ke Moruo—a Tla Fela Neng?
    Tsoha!—1992
  • Na U Ikemiselitse ho Leta U sa Fele Pelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Ke Hobane’ng ha ho E-Na le Qaka ea Litšenyehelo Tsa Bophelo?
    Tsoha!—1989
  • Karolo 1a—Ho Tšoasoa ke Matšoenyeho a Bakoang ke Chelete
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 10/15 maq. 8-11

Bothata ba ho Ithuta ho Leta

MOHLOMONG ho ithuta ho letela lintho tseo re li batlang ke e ’ngoe ea lintho tse thata ka ho fetisisa tseo ho kileng ha hlokahala hore rōna batho re li amohele. Ka tlhaho bana ba banyenyane ha ba na mamello. Ntho efe kapa efe e hapang tlhokomelo ea bona, baa e batla, ’me ba e batla hona joale! Empa joalokaha e ka ’na eaba u tseba ho tsoa phihlelong, ke ’nete e teng bophelong hore hase lintho tsohle tse fumanehang ka nako eo li batluoang. Esita le tabeng ea litakatso tse loketseng, re tlameha ho ithuta ho letela nako e loketseng bakeng sa ho li khotsofatsa. Ba bangata ba ithuta thuto ena; ba bang ha ho mohla ba ho etsang.

Batho ba batlang ho fumana kamohelo ea bomolimo ba na le mabaka a khethehileng a ho ithuta ho leta. Jeremia, mohlanka oa Jehova oa mehleng ea pele ho Bokreste, o ile a hatisa sena: “Ho molemo ho motho ho lebella le ho lulela pholoso ea Jehova ka sebete.” Hamorao, morutuoa oa Mokreste Jakobo o ile a re: “Banab’eso, le lebelle ka sebete, Morena a be a fihle.”—Lillo tsa Jeremia 3:26; Jakobo 5:7.

Jehova o na le kemiso ea hae ea nako bakeng sa ho phethahatsa merero ea bomolimo. Haeba re sitoa ho leta ho fihlela nakong ea hae e loketseng ea ho etsa lintho tse itseng, re tla ba ba sa khotsofalang le ba belaelang, e leng se tlang ho re amoha thabo. Ka ntle ho thabo mohlanka oa Molimo o tla fokola moeeng, joalokaha Nehemia a ile a bolella batho ba naha ea habo: “Ho ithabela MORENENG ke matla a lōna.”—Nehemia 8:10, The New English Bible.

Bohlale ba ho Ithuta ho Leta

Ke takatso ea tlhaho ho masooa ho batla ho nyala kapa ho banyalani ba hlokang bana ho batla ho ba le bana. Ho feta moo, ha ho letho le phoso ka ho lakatsa ho khotsofatsa litlhoko tse loketseng tsa lintho tse bonahalang kapa litakatso. Leha ho le joalo, ka lebaka la ho lumela hore haufinyane tsamaiso ena ea lintho e tla felisoa le hore tsamaisong e ncha e tlang Molimo o tla ‘fuparolla seatla sa hae ’me a khotsofatse takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang,’ Bakreste ba bangata ba entse qeto ea ho letela ho khotsofatsa tse ling tsa litakatso tsena ka nako e loketseng haholoanyane.—Pesaleme ea 145:16, NW.

Leha ho le joalo, batho ba se nang tšepo ena ea Bokreste e nang le motheo o tiileng, ha ba na ho bona ho e-na le lebaka la hore ba chechisetse lintho morao. Ka lebaka la ho haelloa ke tumelo ho Jehova, eo “Mpho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle, leha e le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethehileng” e tsoang ho eena, ba belaella bohlale ba ho chechisetsa lintho morao bokamosong boo ba nang le pelaelo ea hore ho na le mohla bo tla tla. Ba phela ka tumelo e reng: “A re jeng, a re noeng, hobane hosasane re se re ea shoa.”—Jakobo 1:17; 1 Ba-Korinthe 15:32; Esaia 22:13.

Lichabeng tse tsoetseng pele moruong phatlalatso ea khoebo e nka monyetla ka tšekamelo e totobetseng ea ho ikhotsofatsa hang-hang. Batho ba khothaletsoa ho ikhahlisa. Khoebo e batla hore re lumele hore menyetla ea sejoale-joale le mabotho-botho ke sohle se hlokahalang. Ho phehoa khang ea hore na ho na le lebaka la hore u se be le ntho e itseng, haholo-holo ha litokisetso tsa likarete tsa ho reka ka mokitlane, ho lefa lintho hanyane ka hanyane le ea ho “reka hona joale—’me u lefe hamorao” li etsa hore ho khonehe hore u be le sohle ’me u be le sona hona joale? Ho phaella moo, ‘U lokeloa ke se molemohali; ikutloele bohloko! Hopola, u ka e thabela hona joale kapa mohlomong oa se hlole u e thabela le ka mohla!’ Ho rialo lipolelo tse tloaelehileng tsa phatlalatso.

Ho sa le joalo, batho ba mashome-shome a limillione linaheng tse hōlang moruong ba na le se lekaneng feela hore ba iphelise—kapa esita le se fokolang ho feta moo. Na ho na le ntho leha e le efe e neng e ka fana ka setšoantšo se hatisang ho se phethahale le ho hloka toka ha tsamaiso ea batho ea lipolotiki le moruo ho feta see?

Bohlale ba ho ithuta ho leta bo bonoa tabeng ea hore batho ba limillione ba sa ikemisetsang ho etsa seo—kapa bonyane ba sa boneng lebaka la ho se etsa—ba kene likolotong tse boima e le hore ba ka khotsofatsa litakatso tsa bona hang-hang. Maemo a sa lebelloang, joaloka ho kula le ho se hiroe, a ka ’na a bolela tlokotsi. Koranta ea Jeremane Frankfurter Allgemeine Zeitung e ile ea hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho tlalehiloe hore batho ba millione Jeremane ba hloka mahae: “Ha e le hantle, ho hloka mahae hangata ho etelloa pele ke ho se hiroe kapa likoloto tse ngata haholo.”

Ha ba hlōleha ho lefa melato ea bona, ba bangata ba joalo ba malimabe ba kena mathateng a mabe a ho lahleheloa ke mahae le thepa. Hangata, khatello e eketsehileng e tlisa tsitsipano ka lapeng. Manyalo a thekeselang a qala ho qhalana. Linako tsa khatello ea maikutlo le mathata a mang a bophelo bo botle e-ba lintho tse tloaelehileng. Ho Bakreste, bomoea bo ka ’na ba e-ba kotsing, e leng ho ka lebisang monahanong o fosahetseng le boitšoarong bo sa lokelang. Batho bao ka bothoto ba qalileng ho batla ntho e ’ngoe le e ’ngoe ba qetella ba se na letho ho hang.

Ke Phephetso e Ncha, ho ba Bangata

Jesu o ile a totobatsa ka ho hlakileng hore re lokela ho hlokomela esere mohlomong “matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho le ho thetsa ha matla a maruo le litakatso tsa lintho tse ling li hlasela lentsoe ’me li le bipetsa.” (Mareka 4:19, NW) Re lokela ho hopola hore ha ho tsamaiso ea lipolotiki eo ka katleho e felisitseng matšoenyeho, ho akareletsa le a moruo, ao Jesu a buileng ka ’ona.

Bokomonisi boo hona joale linaha tsa Europe Bochabela li seng li bo lahlile bo ile ba leka ho leka-lekanya lintho ka tsela ea moruo o laoloang ke Naha. Ho fapana le tsamaiso ea khoebo eo ho eona motho a nang le bolokolohi ba ho hoeba ka morero oa ho fumana phaello e ngata tsamaiso ea moruo e tlas’a puso ea bokomonisi e ile ea fa batho ka bomong linaheng tseo tšireletseho e itseng ea moruo eo hangata bok’hapitale bo hlōlehang ho fana ka eona. Ho ntse ho le joalo, matšoenyeho ao Jesu a buileng ka ’ona a ’nile a hlaha ka sebōpeho sa khaello ea thepa e rekisoang eo batho ba e sebelisang le ho fokotseha ha bolokolohi ba botho.

Hona joale, bongata ba linaha tseo bo kenya tšebetsong tsamaiso ea moruo o laoloang ke monyetla oa hore bareki ba reke ’me bahlahisi ba rekise, kahoo o hlahisetsa baahi ba tsona phephetso e ncha. Tlaleho ea haufinyane tjena e itse: “Ho hloka kahlolo e molemo ho kopane le takatso ea ho finyella kapele-pele boemong ba ho sebelisa thepa e tšoanang le e sebelisoang linaheng tsa bophirimela.” Ho finyella sena “palo ea batho e ntseng e eketseha Länder e ncha e leng Jeremane e ka bochabela ba qoela sekolotong seo ba ka ’nang ba se hlole ba e-tsoa ho sona le ka mohla.” Tlaleho ena ea phaella: “Ka mor’a boikutlo bo qalang ba thabo e khōlō mabapi le tokoloho e ncha ea moruo tšabo le ho nyahama joale lia ata.” Tsamaiso e fetohile ho tloha bokomonising ho ea bok’hapitaleng, empa matšoenyeho a ntse a setse.

Tokoloho e khōloanyane ea lipolotiki le moruo e butse menyetla e mecha ea ho ba maemong a molemonyana a moruo. Kahoo, batho ba bangata ba ka ’na ba phephetseha hore ba nahane ka ho teba ka khopolo ea ho iqalla likhoebo tsa bona kapa ho fallela naheng e ’ngoe e nang le menyetla e molemonyana ea khiro.

Liqeto tse kang tsena ke taba ea botho. Hase phoso ha Mokreste a batla ho ntlafatsa maemo a hae a moruo. A ka ’na a be a susumelitsoe ke takatso ea ho hlokomela lelapa la hae, a hlokometse hore “ha e mong a sa baballe bahabo, haholo ba ntlo ea hae, eo o latotse tumelo, ’me o fetisoa ke ea sa lumelang.”—1 Timothea 5:8.

Ka hona, ho nyatsa liqeto tseo ba bang ba li etsang ha hoa lokela. Ka nako e tšoanang, Bakreste ba lokela ho hopola hore ha ho bohlale ho batla ho lokoloha mathateng a moruo ka ho kena sekolotong se seholo haholo se ka fetohang leraba ho bona. Ka ho tšoanang e ne e tla ba ho fosahetseng ho batla ho lokoloha mathateng a moruo ka tsela e kopanyeletsang ho hlokomoloha boikarabelo le lithahasello tsa moea.

Ho Ithuta ho ba Bang

Lilemong tse latelang Ntoa ea II ea Lefatše, likete tsa Majeremane li ile tsa falla Europe e tsekolotsoeng ke ntoa ho ea linaheng tse ling, haholo-holo Australia le Canada. Ba bangata ba ile ba khona ho ntlafatsa boemo ba bona ba moruo, empa ha ho lea mong oa bona ea ileng a khona ho pholoha ka ho feletseng matšoenyehong a moruo ao Jesu a ileng a bua ka ’ona. Ho rarolla mathata a moruo ka linako tse ling ho ile ha baka mathata a macha—ho hlōloheloa hae, puo esele, ho tloaela lijo tse ncha, litloaelo lisele, ho tšoanelana le metsoalle e mecha, kapa ho sebetsana ka katleho le maikutlo a sa tšoaneng.

Ba bang ba bajaki bana e ne e le Lipaki tsa Jehova. Ka ho babatsehang, bongata ba bona ha boa ka ba lumella mathata a sa tloaelehang a ho falla hore a hahlamele bomoea ba bona. Empa ho bile le mekhelo. Ba bang e bile liphofu tsa ho thetsa ha matla a maruo. Khatelo-pele ea bona litabeng tsa Puso ea Molimo ea hlōleha ho tsamaisana le ho batla ha bona boiketlo moruong.

Ka sebele sena se bontša bohlale ba ho seka-seka boemo ba rōna ka hloko pele ho ka etsahala hore re etse liqeto tse seng bohlale. Litšekamelo tsa ho rata lintho tse bonahalang li tla re etsa hore re khoehlise mosebetsing o ke keng oa hlola o phetoa oa ho etsa barutuoa oo Bakreste ba abetsoeng ho o etsa. Sena ke ’nete ho sa tsotellehe hore na re phela hokae, kaha ho se naha eo baahi ba eona ba lokolohileng matšoenyehong a moruo.

Ho Loana Ntoa e Molemo

Pauluse o ile a eletsa Timothea: “U titimele ho loka, le borapeli, le tumelo, le lerato, le mamello, le mosa. Loana ntoa e ntle ea tumelo, u hape bophelo bo sa feleng, boo u bo bilelitsoeng.” Ho Bakreste ba Korinthe o ile a re: “Tieang matla, le se ke la sisinyeha, ’me le ’ne le eketse ka mehla ho sebeletsa Morena.”—1 Timothea 6:11, 12; 1 Ba-Korinthe 15:58.

Ho latela keletso ena e molemo ke tsela e molemohali ea ho loantša lerato la lintho tse bonahalang ka katleho, ’me ruri ho na le ho hongata hoo Mokreste a ka ho etsang! Linaheng tse ling moo bahoeletsi ba ’Muso ba seng bangata, matšoele a batho a bile le monyetla o lekanyelitsoeng haholo oa ho fumana ’nete. Jesu o ile a bolela ka nepo esale pele: “Kotulo e kholo ruri, empa basebetsi ha ba bakae.”—Mattheu 9:37.

Ho e-na le ho lumella hore matšoenyeho a moruo a leng linaheng tsena a ba khelose mosebetsing oa moea oo ba o etsang, Lipaki tsa Jehova li nka monyetla ka boemo bona ka ho sebelisa ka botlalo menyetla e leng teng hona joale. Ha ka nakoana ba sa hiroa, bongata ba bona bo atolosa mosebetsi oa bona oa ho bolela. Tšebeletso ea bona, ka ntle le hore e lebise thoriso ho Jehova, e ba fa thabo e hlokahalang e le hore ba ka sebetsana ka katleho le mathata a bona a moruo.

Lipaki tsena li eteletsa mosebetsi oa ho ruta pele ’me li beha mathata a moruo sebakeng sa bobeli, e leng se bonahalang ho boena ba lefatše lohle hore ka ho totobetseng ba itšepetse Jehova hore a ba hlokomele. Tšepiso ea hae ke hore: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.”—Mattheu 6:33.

Ho tloha ka tsosoloso ea borapeli ba ’nete ka 1919, Jehova ha a ka a lumella hore batho ba hae ba tšereme. O ’nile a ba sireletsa mahlorisong a sehlōhō le libakeng tse ling ha mosebetsi o ne o etsetsoa ka sekhukhung ka mashome a lilemo. Lipaki tsa Jehova li ikemiselitse hore seo Diabolose a hlōlehileng ho se finyella ka mahloriso, a se ke a se finyella ka leraba le poteletseng haholoanyane la lerato la lintho tse bonahalang!

Ho Ithuta ho Leta Maemong ’Ohle

Liholo tsa ’Muso tse khōlō, thepa ea molumo e theko e phahameng, Liholo tsa Kopano, le mahae a khahlehang a Bethele li lebisa khanya ho Molimo ’me li fana ka bopaki ba hore o hlohonolofatsa bahlanka ba hae li ntse li khutsitse. Lipaki tsa Jehova linaheng tseo mosebetsi o ’nileng oa thibeloa ka nako e telele li ka ’na tsa ikutloa eka boemong bona li lokela ho etsa ho hongata hore li finyelle boemong bo lekanang le ba linaha tse ling. Empa seo e leng sa bohlokoa ka ho fetisisa ke hore li ntse li tsoela pele moeeng. Matšoao a ka ntle a tlhohonolofatso ea Molimo ka tsela ea lintho tse bonahalang a tla latela ka nako e loketseng.

Ho hlokahala hore bahlanka ba inehetseng ba Jehova ba falimehe esere mohlomong, ha ba ntse ba lelekisa lithahasello tsa botho, ba ka qala ho ikutloa hore ha ba sa batla ho itima lintho tse bonahalang tse itseng. Ho laba-labela ho lokoloha ho hlokeng teka-tekano ha moruo le ha maemo a bophelo ke ntho e utloahalang, empa batho ba Jehova ha ba hlokomolohe taba ea hore bahlanka bohle ba Molimo ba laba-labela ho lokoloha. Ba foufetseng ba laba-labela ho boela ba bona, ba kulang ba sa khaotse ba laba-labela ho busetsoa bophelong bo botle ba ’mele, ba nang le khatello ea maikutlo ba laba-labela ho ba le pono e molemo ea litaba, ba shoetsoeng ke baratuoa ba bona ba laba-labela ho ba bona hape.

Ka lebaka la maemo, Mokreste e mong le e mong ka tsela e itseng o tlameha ho emela lefatše le lecha la Jehova bakeng sa ho rarolla mathata a hae. Sena se lokela ho etsa hore re ipotse, ‘Haeba ke e-na le lijo le liaparo, na ha kea lokela ho khotsofalla lintho tsee ’me ke ikemisetse ho letela ho lokoloha mathateng a moruo?’—1 Timothea 6:8.

Bakreste ba tšepang Jehova ka botlalo ba ka kholiseha hore haeba feela ba ikemiselitse ho leta, litakatso tsa bona tsohle tse loketseng le litlhoko li tla khotsofatsoa haufinyane. Ha ho lea mong ea tla letela lefeela. Re pheta mantsoe a Pauluse: “Tieang matla, le se ke la sisinyeha, ’me le ’ne le eketse ka mehla ho sebeletsa Morena, Le ntse le tseba hobane mosebetsi oa lōna e ke ke ea e-ba oa lefeela Moreneng.”—1 Ba-Korinthe 15:58.

Kahoo na ruri ho ithuta ho leta e lokela ho ba bothata bo boholo hakaalo?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ho ithuta ho leta ho ka boloka bophelo ba hao

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela