Boraro-bo-Bong—Na Boa Rutoa ka Bibeleng?
“Tumelo ea K’hatholike ke hore, re rapela Molimo a le mong oa Boraro-bo-bong le Boraro-bo-bong bo Bonngoeng. . . . Kahoo Ntate ke Molimo, Mora ke Molimo, le Moea o Halalelang ke Molimo. Leha ho le joalo, hase Melimo e Meraro, empa ke Molimo a le Mong.”
KA MANTSOE ana Tumelo ea Athanasius e hlalosa thuto e ka sehloohong ea Bokreste-’mōtoana—Boraro-bo-bong.a Haeba u setho sa kereke, sa K’hatholike kapa Prostanta, e ka ’na eaba u boleletsoe hore ena ke thuto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo u lokelang ho e lumela. Empa na u ka hlalosa thuto ee? Batho ba bang ba bohlale ka ho fetisisa ba Bokreste-’mōtoana ba boletse hore ha ba utloisise Boraro-bo-bong.
Joale, ke hobane’ng ha ba e lumela? Na ke hobane Bibele e ruta thuto eo? Mobishopo oa Chache ea seng a hlokahetse John Robinson o ile a fana ka karabo e fatang maikutlo ea potso ena bukeng ea hae e rekoang haholo Honest to God. O ngotse:
“Ha e le hantle ho bolela le ho ruta hona ho tummeng ho hlahisa pono e phahametseng ea tlhaho ka Kreste e ke keng ea tiisoa Testamenteng e Ncha. Ka ho bonolo feela e bolela hore Jesu e ne e le Molimo, ka kutloisiso ea hore mantsoe ‘Kreste’ le ‘Molimo’ a ka fapanyetsanoa. Empa tšebelisong ea Bibele ha ho moo sena se leng joalo. Testamente e Ncha e bolela hore Jesu e ne e le Lentsoe la Molimo, e bolela hore Molimo o ne a le ho Kreste, e bolela hore Jesu ke Mora oa Molimo; empa ha e re Jesu e ne e le Molimo, joalo feela.”
Ho bile le phehisano e khōlō ka John Robinson Kerekeng ea Chache. Leha ho le joalo, na o ne a nepile ha a re ha ho moo “Testamente e Ncha” e reng “Jesu e ne e le Molimo, joalo feela”?
Seo Bibele e se Bolelang
Ba bang ba ka araba potso ena ka ho qotsa temana e qalang Kosepele ea Johanne: “Lentsoe le ne le le teng tšimolohong, ’me Lentsoe le ne le le ho Molimo, ’me Lentsoe e ne e le Molimo.” (Johanne 1:1) Na seo ha se hanyetse se boletsoeng ke mobishopo oa Chache? Ha ho hlile ha ho joalo. Joalokaha ntle le pelaelo John Robinson a ne a tseba, bafetoleli ba bang ba kajeno ha ba lumellane le phetolelo ea Bibele ea Sesotho ea taba eo e ngotsoeng. Hobane’ng? Hobane polelong “Lentsoe e ne e le Molimo” Segerikeng sa pele, lentsoe bakeng sa “Molimo” ha le na lebōpi-khetho (“the,” ka Senyesemane). Polelong e tlang pejana “Lentsoe le ne le le ho Molimo,” lentsoe bakeng sa “Molimo” le khethehile, ke hore, le na le lebōpi-khetho. Hona ho etsa hore ho se ke ha utloahala hore mantsoe ao a mabeli a be le moelelo o tšoanang.
Kahoo, liphetolelo tse ling li hlahisa tšobotsi ea boleng liphetolelong tsa tsona. Ka mohlala, tse ling li fetolela polelo “Lentsoe le ne le e-na le bomolimo.” (An American Translation, Schonfield) Moffatt o e fetolela e le “Lentsoe [Logos] le ne le e-na le bomolimo.” Leha ho le joalo, e le ho bontša hore lentsoe “bomolimo” e ke ke ea ba phetolelo e loketseng mona, John Robinson le mohlahlobisisi oa Brithani oa taba e ngotsoeng Monghali Frederick Kenyon ba ile ba bolela hore haeba sena e ne e le seo Johanne a neng a batla ho se hatisa, a ka be a sebelisitse lentsoe la Segerike bakeng sa “bomolimo,” theiʹos. New World Translation, ha e talima ka ho nepahetseng lentsoe “Molimo” le akaretsa, ’me e hlahisa sebōpeho sa boleng se bontšoang ke kaheho ea Segerike, e sebelisa lebōpi-kakaretso la Senyesemane: “Lentsoe e ne e le molimo [a god].”
Moprofesa C. H. Dodd, motsamaisi oa morero oa New English Bible, o bua tjena ka mohato ona: “Phetolelo e ka etsoang . . . e ka ba, ‘Lentsoe e ne e le molimo [a god].’ Kaha e le phetolelo ea lentsoe ka lentsoe e ke ke ea tšoauoa phoso.” Leha ho le joalo, The New English Bible ha e fetolele temana ena joalo. Ho e-na le hoo, phetolelong ena Johanne 1:1 ea baleha: “Ha lintho tsohle li qaleha, Lentsoe le ne le se le ntse le le teng. Lentsoe le ne le lula le Molimo, ’me seo Molimo a neng a le sona, Lentsoe le ne le le sona.” Ke hobane’ng ha komiti ea phetolelo e sa ka ea khetha phetolelo e bonolonyana? Moprofesa Dodd oa araba: “Lebaka leo ka lona e sa amoheleheng ke hore e khahlanong le khopolo ea Johanne eo ka tloaelo e amohelehang, ’me ka sebele e leng khopolo ea Bakreste ka kakaretso.”—Technical Papers for the Bible Translator, Moqolo 28, January 1977.
Moelelo o Hlakileng oa Lengolo
Na re ka re khopolo ea hore Jesu e ne e le molimo ’me a sa tšoane le Molimo ’Mōpi e hanyetsana le khopolo ea Johanne (ke hore, ea moapostola Johanne), haesita le khopolo ea Bakreste ka kakaretso? A re hlahlobeng tse ling tsa litaba tse ngotsoeng tsa Bibele tse buang ka Jesu le Molimo, ’me re tla bona seo bahlalosi ba bang ba phetseng pele Tumelo ea Athanasius e qaptjoa ba neng ba se nahana ka litemana tseo.
“’Na le Ntate re ntho e le ’ngoe.”—JOHANNE 10:30, NW.
Novatian (hoo e ka bang 200-258 C.E.) o ile a hlalosa: “Kaha a itse ntho e le ‘’ngoe,’ [b] bahanyetsi ha ba ke ba utloisise hore ha aa ka a re motho a le ‘mong.’ Hobane ’ngoe ha e ngotsoe e sa qoolle, e fana ka maikutlo a batho ba phelang ka tumellano, eseng ho ba motho a le mong. . . . Ho feta moo, hore A re ntho e le ’ngoe, ho amana le tumellano, le ho tšoana ha kahlolo, le kamano e lerato ka boeona, joalokaha ka ho utloahalang Ntate le Mora e le ntho e le ’ngoe tumellanong, leratong, le kamehong.”—Treatise Concerning the Trinity, khaolo 27.
“Ntate o moholo ho ’na.”—JOHANNE 14:28.
Irenaeus (hoo e ka bang 130-200 C.E.): “Re ka ithuta ho Eena [Kreste] hore Ntate o phahametse lintho tsohle. Hobane O re: ‘Ntate o moholo ho ’na.’ Ka hona, Morena oa rōna o tsebahalitse Ntate e le ea phahameng ka ho fetisisa tsebong.”—Against Heresies, Buka ea II, khaolo 28.8.
“Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho amohela ha bona tsebo ka uena, Molimo a le mong oa ’nete, le eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—JOHANNE 17:3.
Clement oa Alexandria (hoo e ka bang 150-215 C.E.): “Ho tseba Molimo oa ka ho sa feleng, mofani oa ho sa feleng, le ka tsebo le kutloisiso ea ho ba le Molimo, eo e leng oa pele, le ea phahameng ka ho fetisisa, ea mong, le ea molemo. . . . Joale motho ea tla phela bophelo ba ’nete o laeloa pele hore a tsebe [Molimo], ‘eo ho seng ea mo tsebang, ka ntle le hore Mora a (Mo) senole.’ (Matt. 11:27) Ka morao ho moo ho lokela ho ithutoe ka boholo ba ’Moloki ea Mo latelang.”—Who Is the Rich Man That Shall Be Saved? VII, VIII.
“Molimo a le mong le Ntate oa batho bohle, ea phahametseng tsohle le ea entseng tsohle le ea ho tsohle.”—BA-EFESE 4:6, NW.
Irenaeus: “’Me kahoo Molimo a le mong le Ntate oa tsebahatsoa, ea phahametseng tsohle, ea ka har’a tsohle, ’me a le ho tsohle. Ka sebele Ntate o phahametse tsohle, ’me Ke Hlooho ea Kreste.”—Against Heresies, Buka ea V, khaolo 18.2.
Bangoli bana ba pele ba ne ba utloisisa ka ho hlakileng hore litemana tsena li hlalosa Ntate e le ea ka holimo-limo, ea phahametseng lintho tsohle le batho bohle ho akareletsa le Jesu Kreste. Litlhaloso tsa bona ha li fane ka khopolo ea hore ba ne ba lumela ho Boraro-bo-bong.
Moea o Halalelang o Senola ’Nete Eohle
Jesu o ile a tšepisa barutuoa ba hae hore ka mor’a lefu la hae le tsoho, ba ne ba tla fuoa moea o halalelang e le mothusi. O ile a tšepisa: “Empa etlare hobane eo a tle, e leng Moea oa ’nete, o tla le tsamaisa ’neteng eohle; . . . le hona o tla le tsebisa tse tla tla.”—Johanne 14:16, 17; 15:26; 16:13.
Ka mor’a lefu la Jesu, tšepiso eo e ile ea phethahala. Bibele e tlaleha kamoo lithuto tse ncha li ileng tsa senoloa kapa tsa hlakisetsoa phutheho ea Bokreste ka thuso ea moea o halalelang. Lithuto tsena tse ncha li ile tsa ngoloa libukeng tseo hamorao e ileng ea e-ba karolo ea bobeli ea Bibele, Mangolo a Segerike a Bakreste, kapa “Testamente e Ncha.” Leseling lena le lecha le kenang le phalla, na ho na le tšenolo leha e le efe ea hore Boraro-bo-bong bo teng? Che. Moea o halalelang o senola ntho e ’ngoe e fapaneng haholo le seo ka Molimo le Jesu.
Ka mohlala, ka Pentekonta ea 33 C.E., ka mor’a hore moea o halalelang o theohele holim’a barutuoa ba neng ba bokane Jerusalema, moapostola Petrose o ile a pakela letšoele le ka ntle ka Jesu. Na o ile a bua ka Boraro-bo-bong? Nahanisisa ka tse ling tsa lipuo tsa hae, ’me u ikahlolele: “Jesu . . . , monna eo le mo supisitsoeng ke Molimo ka liketso tse matla, le ka meeka, le ka mehlolo eo Molimo o e entseng ka eena har’a lōna.” “Molimo o tsositse Jesu eo; ’me rōna kaofela re lipaki tsa taba eo.” “Jesu eo le mo thakhisitseng, Molimo o mo entse Morena le Kreste.” (Liketso 2:22, 32, 36) Ho fapana le ho ruta Boraro-bo-bong, lipolelo tsena tsa Petrose ea neng a tletsoe ke moea li hatisa ho ba ka tlaase ha Jesu ho Ntate oa hae, hore ke kofuto ea ho phethahatsa thato ea Molimo.
Kapele ka mor’a moo, Mokreste e mong ea tšepahalang o ile a bua ka Jesu. Setefane o ile a tlisoa ka pel’a Sanhedrin ho tla araba liqoso tse entsoeng. Ho e-na le hoo, Setefane o ile a fetola boemo, a qosa baqosi ba hae ka hore ba ne ba tšoana le bo-ntate-moholo ba bona ba bafetoheli. Qetellong, tlaleho e re: “A tlala Moea o Halalelang, a lelala holimo, a bona khanya ea Molimo, le Jesu a eme letsohong le letona la Molimo. A re: Bonang! ke bona maholimo a phetliloe, le Mor’a motho a eme ka letsohong le letona la Molimo.” (Liketso 7:55, 56) Ke hobane’ng ha moea o halalelang o ile oa senola Jesu e le feela “Mor’a motho” ea emeng ka letsohong le letona la Molimo ’me e se karolo ea boraro-bo-bong ’me a lekana le Ntate oa hae? Ka ho hlakileng, Setefane o ne a se na khopolo ea Boraro-bo-bong.
Ha Petrose a isa litaba tse molemo ka Jesu ho Kornele, ho ile ha e-ba le monyetla o eketsehileng oa ho senola thuto ea Boraro-bo-bong. Ho ile ha etsahala’ng? Petrose o ile a hlalosa hore Jesu ke “Morena oa bohle.” Empa o ile a tsoela pele ho hlalosa hore borena bona bo tsoa mohloling o phahameng. Jesu e ne e le “eena ea beiloeng ke Molimo ho ahlola ba phelang le ba shoeleng.” Ka mor’a tsoho ea Jesu, Ntate oa hae “o mo hlahisitse [o mo file tumello ea ho ba] pontšeng” ea balateli ba hae. Moea o halalelang oona? Oa hlaha puisanong ena empa eseng e le motho oa boraro oa Boraro-bo-bong. Ho e-na le hoo, ‘Molimo o tlotsitse [Jesu] ka Moea o Halalelang le ka matla.’ Ka tsela ena, moea o halalelang, ho fapana le ho ba motho, o bontšoa e le ntho e ’ngoe eo eseng motho, e kang “matla” a boetseng a boleloang hona temaneng eo. (Liketso 10:36, 38, 40, 42) Hlahloba Bibele ka hloko, ’me u tla fumana bopaki bo eketsehileng ba hore moea o halalelang hase botho empa ke matla a sebetsang a ka tlalang batho, a ba susumetsang, a ba hlasimollang, ’me a tšolleloa holim’a bona.
Qetellong, moapostola Pauluse o ile a ba le monyetla o motle oa ho hlalosa Boraro-bo-bong—haeba e ne e le thuto ea ’nete—ha a ne a bolela har’a Baathene. Puong ea hae, o ile a bua ka aletare ea bona “Ho Molimo o sa tsejoeng!” ’me a re: “Molimo oo le o rapelang le sa o tsebe, ke oona oo ’na ke le bolellang oona.” Na o ile a phatlalatsa Boraro-bo-bong? Che. O ile a hlalosa “Molimo o entseng lefatše le tsohle tse ho lona, e leng eena Morena oa leholimo le oa lefatše.” Empa ho thoe’ng ka Jesu? “[Molimo] o beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatše ka lona ka ho loka, ka monna eo o ’meetseng hoo.” (Liketso 17:23, 24, 31) Ha ho fanoe ka khopolo ea Boraro-bo-bong moo!
Ha e le hantle, Pauluse o ile a hlalosa ntho e ’ngoe ka merero ea Molimo e etsang hore ho se ke ha etsahala hore ebe Jesu le Ntate oa hae ke likarolo tse lekanang tsa Boraro-bo-bong. O ile a ngola: “Hobane Molimo o fela o beile tsohle ka tlas’a maoto a hae [a Jesu]. ’Me ha ho itsoe, tsohle li beiloe ka tlas’a hae, hoa utloahala hobane ea beileng tsohle ka tlas’a hae, eena ha a baloe. ’Me etlare ha tsohle li beiloe ka tlas’a hae, ke hona Mora le eena a tla beoa ka tlas’a ea beileng tsohle ka tlas’a hae, hore Molimo e tle e be tsohle ho bohle.” (1 Ba-Korinthe 15:27, 28) Kahoo, Molimo o tla ’ne a phahamele tsohle, ho akareletsa Jesu.
Joale, na Boraro-bo-bong boa rutoa ka Bibeleng? Che. John Robinson o ne a nepile. Ha bo hlahe ka Bibeleng, leha e le hore ke karolo ea “khopolo ea Bokreste.” Na u talima see e le sa bohlokoa borapeling ba hao? U lokela ho etsa joalo. Jesu o itse: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho amohela ha bona tsebo ka uena, Molimo o le mong oa ’nete, le eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3, NW) Haeba re nka borapeli ba rōna ho Molimo ka ho teba, ke habohlokoa hore re mo tsebe kamoo a hlileng a leng ka teng, joalokaha a itšenoletse rōna. Ke feela ha re entse sena re ka reng re har’a “barapeli ba ’nete” ba ‘rapelang Ntate ka moea le ka ’nete.’—Johanne 4:23.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ea ka The Catholic Encyclopedia, khatiso ea 1907, moqolo 2, leqephe 33.
b Novatian o bua ka taba ea hore lentsoe bakeng sa “’ngoe” temaneng ena ha le qoolle. Kahoo, moelelo oa lona o tloaelehileng ke “ntho e le ’ngoe.” Bapisa le Johanne 17:21, moo lentsoe la Segerike bakeng sa “’ngoe” le sebelisitsoeng ka tsela e tšoanang hantle. Ka ho thahasellisang, ka kakaretso New Catholic Encyclopedia (khatiso ea 1967) e amohela De Trinitate ea Novatian, le hoja e hlokomela hore ho eona “Moea o Halalelang ha o nkoe e le Motho ea nang le bomolimo.”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]
Moelelo o hlakileng oa Mangolo o bontša ka ho hlakileng hore Jesu le Ntate oa hae hase Molimo a le mong
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]
Ke hobane’ng ha moea o halalelang o sa ka oa senola hore Jesu ke Molimo ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E.?