Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 11/1 maq. 26-30
  • Ho Sebeletsa ka Boikutlo ba ho Potlaka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebeletsa ka Boikutlo ba ho Potlaka
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Koetliso Nakong ea Ntoa
  • Ho Qala Mosebetsi oa Bophelo
  • Molekane oa Bohlokoahali
  • Tšebeletso ea Boromuoa Indonesia
  • Har’a Morusu oa ho Phethola ’Muso
  • Ho Hlōla Khanyetso e Eketsehileng
  • Ho ea Amerika Boroa
  • Jehova o Ipakile a E-na le ’Na
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Jehova o Ile a Nthuta ho Etsa Thato ea Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Karolo 4—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Baromuoa ba Ntšetsa Pele Keketseho Lefatšeng ka Bophara
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 11/1 maq. 26-30

Ho Sebeletsa ka Boikutlo ba ho Potlaka

JOALOKAHA HO BOLETSE HANS VAN VUURE

Hoseng ho hong ka 1962, Paul Kushnir, molebeli oa lekala la Mokhatlo oa Watch Tower Netherlands, o ile a kopana le ’na seterekeng sa kou ea Rotterdam. O ile a ncheba re lutse tafoleng ea k’hefi e khantšitsoeng ka lerootho, ’me a re: “Hans, na ua hlokomela hore haeba u amohela kabelo ena, uena le mosali oa hao le tla fumana tekete ea ho ea feela?”

“E, ’ME kea kholoa hore Susie le eena o tla lumellana le seo.”

“Buisanang ka sona le Susie. Ho tla ba molemo haholoanyane ha le ka mpolella qeto ea lōna kapele.”

Hoseng ho hlahlamang o ile a fumana karabelo ea rōna: “Re tla ea.” Kahoo, ka December 26, 1962, Boema-fofaneng ba Schiphol, Amsterdam moo lehloa le neng le koahetse, re ile ra lumelisa beng ka rōna le metsoalle, ’me ra palama sefofane ho leba tšimong eo re neng re le baromuoa ba pele ho e sebetsa—Netherlands New Guinea (eo hona joale e leng Irian Bophirima, Indonesia)—naha ea batho ba Papua.

Na re ne re e-na le lipelaelo ka ho amohela kabelo ee e phephetsang? Che. Re ne re nehetse bophelo ba rōna ka pelo eohle ho etseng thato ea Molimo, ’me re tšepile hore o tla re tšehetsa. Ha re hetla morao bophelong ba rōna, re ka bona hore tšepo ea rōna ho Jehova le ka mohla ha ea ka ea behoa hosele. Empa pele ke u hlalosetsa se etsahetseng Indonesia, e re ke u bolelle ka lilemo tsa rōna tsa pejana.

Koetliso Nakong ea Ntoa

Ha lelapa leso le ne le qala ho eteloa ka 1940 ke Paki eo e sebete Arthur Winkler, ke ne ke e-na le lilemo tse leshome feela. Batsoali ba ka ba ne ba maketse ha ba ithuta seo Bibele e se bolelang ka lithuto tsa bohata tsa Bokreste-’mōtoana. Kaha ka nako eo Netherlands e ne e le tlas’a taolo ea Jeremane ea Bonazi ’me Lipaki tsa Jehova li hlorisoa, batsoali ba ka ba ile ba lokela ho etsa qeto ea hore na ba ka kopanela le mokhatlo o thibetsoeng. Ba ile ba etsa qeto ea ho etsa joalo.

Ka mor’a moo, sebete sa ’mè le boikemisetso ba hae ba ho beha tokoloho esita le bophelo ba hae kotsing li ile tsa nkama ka ho teba. Ka nako e ’ngoe o kile a khanna baesekele lik’hilomithara tse 11 ’me a ema lefifing ka mokotla o tletseng lipampitšana tse buang ka Bibele. Ka nako e khethiloeng bakeng sa ho qalisa phutuho e khethehileng, o ile a khanna baesekele kapele kamoo a ka khonang, a ntse a liketsa letsoho khafetsa ka mokotleng oa hae, a hasanya lipampitšana literateng. Mokhanni e mong oa baesekele ea neng a ’meile merebele o ile a qetella a mo fetile, ’me a hemela holimo, o ile a hoeletsa: “Mosali, mosali, ho na le ntho eo u e lahlang!” Re ile ra tšeha haholo ha ’Mè a ne a pheta ketsahalo eo.

Ke ne ke le monyenyane haholo, empa ke ne ke tseba seo ke batlang ho se etsa ka bophelo ba ka. Nakong ea se seng sa liboka tsa rōna bohareng ba 1942, ha motsamaisi a ne a botsa, “Ke mang ea batlang ho kolobetsoa ha monyetla o latelang o hlaha?” Ke ile ka phahamisa letsoho. Batsoali ba ka ba ile ba shebana ka ho tšoenyeha, ba belaela hore na ebe ke ne ke utloisisa bohlokoa ba qeto e joalo. Empa le hoja ke ne ke le lilemo li 12 feela, ke ne ke utloisisa seo boinehelo ho Molimo bo se bolelang.

Ho ne ho hlokahala temoho ho bolela ka ntlo le ntlo Manazi a ntse a re salamme. E le ho qoba ho kena malapeng a batho ba neng ba ka ’na ba re tlaleha ho Manazi, matsatsing ao batšehetsi ba Bonazi ba neng ba khomaretsa matšoao lifensetereng tsa bona, ke ne ke tsamaea ka baesekele ho potoloha le motse ke ngola liaterese tsa bona fatše. Ka lekhetlo le leng monna e mong o ile a ntlhokomela ’me a hoeletsa: “U etsa hantle moshanyan’aka, ba ngole fatše—kaofela ha bona!” Ke ne ke cheseha empa ka ho hlakileng ke ne ke se bohlale ka ho lekaneng! Qetellong ea ntoa ka 1945, re ile ra thabela ho lebella tokoloho e khōloanyane ea ho bolela.

Ho Qala Mosebetsi oa Bophelo

Ka November 1, 1948, ka mor’a ho qeta sekolong, ke ile ka amohela kabelo ea ka ea pele ea ho bolela ka nako e tletseng ke le pula-maliboho. Khoeli hamorao Moena Winkler o ile a etela lelapa leo ke neng ke lula le lona. E tlameha ebe o ne a tletse ho tla bona hore na ke joang hobane hang ka mor’a moo ke ile ka memeloa ho ea sebetsa ofising ea lekala ea Mokhatlo Amsterdam.

Hamorao ke ile ka kōptjoa ho etela liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova ke le molebeli oa potoloho. Joale, bofelong ba 1952, ke ile ka amohela memo ea ho ea sehlopheng sa bo21 sa Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade se New York ho ea fumana koetliso ea boromuoa. Kahoo, qetellong ea 1952, ba robeli ba rōna ba tsoang Netherlands re ile ra palama sekepe sa Nieuw Amsterdam ’me ra leba Amerika.

Ho ea qetellong ea thupelo ea sekolo, Maxwell Friend, e mong oa barupeli, o ile a re: “Le tla lebala boholo ba lintho tseo le ithutileng tsona mona, empa re tšepa hore le tla sala ka lintho tse tharo: tumelo, tšepo le lerato.” Hape ntho ea bohlokoahali e setseng kelellong le pelong ea ka ke ho hopola mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o sebetsang ka boikutlo ba ho potlaka.

Ka mor’a moo ke ile ka nyahama haholo. Halofo ea sehlopha sa rōna sa Madutche—ho akareletsa le ’na—re ile ra abeloa ho khutlela Netherlands. Le hoja ke ne ke nyahame, empa ke ne ke sa khena. Ke ne ke tšepile feela hore nke ke ka tlameha ho ema lilemo tse 40 joaloka Moshe oa mehleng ea khale, pele ke amohela kabelo ea ho ea naheng esele.—Liketso 7:23-30.

Molekane oa Bohlokoahali

Ha Fritz Hartstang, motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo a hlokomela pakane ea ka ea ho nyala, o ile a mpolella lekunutung, a re: “Ke sitoa ho nahana ka khetho e molemonyana.” Casey Stoové, ntat’a Susie, e ne e ile ea e-ba seloani se ka sehloohong ho Hanyetseng Bonazi nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Empa ha a kopana le Lipaki ka 1946, kapele-pele o ile a amohela linnete tsa Bibele. Hang-hang eena le bana ba hae ba bararo ho ba tšeletseng—Susie, Marian le Kenneth—ba ile ba kolobetsoa. Ka May 1, 1947, bana bana kaofela ba ile ba qalisa tšebeletso ea nako e tletseng e le bo-pula-maliboho. Ka 1948, Casey o ile a rekisa khoebo ea hae, ’me le eena a qala ho bula maliboho. Hamorao o ile a re: “Lilemo tseo e ne e le tse thabisang ka ho fetisisa bophelong ba ka!”

Ke ile ka tloaelana le Susie ka 1949, ha a ne a memeloa ho tla sebetsa ofising ea lekala ea Amsterdam. Leha ho le joalo, selemong se latelang, eena le ngoan’abo Marian ba ile ba tloha ho ea kenela sehlopha sa bo16 sa Gileade ’me ba palama sekepe ho ea kabelong ea bona ea boromuoa—Indonesia. Ka February 1957, ka mor’a lilemo tse hlano tsa tšebeletso ea boromuoa moo, Susie o ile a khutlela Netherlands ho tla nyalana le ’na. Nakong eo, ke ne ke sebeletsa ke le molebeli oa potoloho, ’me ho pholletsa le lilemo tsa ho nyalana ha rōna, nako le nako o bontšitse boikemisetso ba ho bontša boitelo molemong oa tšebeletso ea ’Muso.

Ka mor’a lechato la rōna, re ile ra tsoela pele ho etela liphutheho likarolong tse fapaneng tsa Netherlands. Lilemo tsa Susie tsa ho sebetsa ka thata likabelong tsa boromuoa li ne li mo lokiselitse hantle bakeng sa maeto a rōna a ho tsamaea ka baesekele ho tloha phuthehong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe. E ne e le ha re ntse re le mosebetsing oa potoloho ka 1962 ha Moena Kushnir a nketela Rotterdam ’me a re memela ho fallela Irian Bophirima, Indonesia.

Tšebeletso ea Boromuoa Indonesia

Re ile ra fihlela toropong ea Manokwari—lefatše le fapaneng ka ho feletseng! Ho ne ho e-na le melumo e tšosang ea lintho tse tsamaeang bosiu tsa libakeng tse chesang le mocheso le lerōle. ’Me joale ho ne ho e-na le Mapapua a tsoang ka hare ho naha a neng a apara liaparo tsa letheka feela, a nka lithipa tse khōlō, ’me a rata ho tsamaea ka mor’a rōna le ho leka ho thetsa letlalo la rōna le lesoeu—e leng lintho tseo kaofela ho neng ho se bonolo ho li tloaela.

Ka mor’a libeke re fihlile moo, baruti ba ile ba bala lengolo le lemosang ka Lipaki tsa Jehova ba eme lifaleng tsa kereke, ’me ba ile ba fana ka kopi ea lona ho bohle ba leng teng. Seea-le-moea sa moo se bile sa phatlalatsa lengolo leo. Joale baruti ba bararo ba ile ba re etela ’me ba batla hore re fallele ka hare ho naha ho ea sebetsa har’a batho bao ba neng ba ba bitsa “bahetene.” Ofisiri e phahameng ea sepolesa sa Papua le eona e ile ea re phehella hore re tsamaee, ’me setho sa sepolesa sa mautloela se ile sa re bolella hore ho ntse ho reroa hore re bolaoe.

Leha ho le joalo, hase bohle ba neng ba le khahlanong le rōna. Moeletsi oa tsa lipolotiki oa Mapapua, oa Modutche, ea neng a le lekhatheng la ho ea Netherlands, o ile a re tsebisa marena a ’maloa a Papua. O ile a ba bolella hore: “Lipaki tsa Jehova li tla tlisa mofuta o molemonyana oa bolumeli ba Bokreste ho feta oo le o tsebang. Ka hona, le lokela ho li amohela.”

Hamorao, ofisiri ea ’muso e ile ea atamela Susie seterateng ’me ea mo sebela ka ho re: “Re se re tlalehetsoe hore le qalile mosebetsi o mocha mona, ’me ka hona re ke ke ra le lumella ho lula. Empa, he, . . . ho ne ho ka ba molemo haeba feela le ne le e-na le kereke.” Monyetla oa hlaha! Kapele re ile ra liha mabota a ka har’a ntlo ea rōna, ra kolokisa libenche, ra emisa sethalla sa sebui, ’me ra beha letšoao ka ntle ka pele ho ntlo le reng “Holo ea ’Muso.” Joale re ile ra mema ofisiri ho re etela. E ile ea ōma ka hlooho, ea bososela, ’me ea ikotla hloohong ka monoana, joalokaha eka e re, ‘Le bohlale, le bohlale.’

Ka June 26, 1964, selemo le halofo ka mor’a hore re fihle, Mapapua a pele a 12 a liithuti tsa rōna tsa Bibele a ile a kolobetsoa. Nakoana ka mor’a moo, ba bang ba 10 ba ile ba latela, ’me karolelano ea ba bang teng libokeng tsa rōna e ne e le 40. Bo-pula-maliboho ba babeli ba Maindonesia ba ile ba romeloa ho tla re thusa. Ka December 1964, ha phutheho e se e hlonngoe Manokwari, lekala la Mokhatlo la Indonesia le ile la re fa kabelo e ’ngoe ea ho bolela.

Pele re tloha, hlooho ea ’muso ea Lefapha la Likamano tsa Sechaba e ile ea bua le rōna lekunutung ’me ea re: “Ke masoabi ha e le mona le tsamaea. Beke e ’ngoe le e ’ngoe baruti ba ne ba nkōpa hore ke le leleke hobane ba ne ba re le khōla litholoana tsa bona. Empa ke ile ka ba bolella: ‘Che, ho e-na le hoo, ba tšela monontša lifateng tsa lōna.’” O ile a phaella: “Kae le kae moo le eang, tsoelang pele le loana. Le tla hlōla!”

Har’a Morusu oa ho Phethola ’Muso

Bosiu bo bong ka September 1965, ha re ntse re sebeletsa motse-moholo, Djakarta, bafetoheli ba Makomonisi ba ile ba bolaea baeta-pele ba sesole ba bangata, ba chesa Djakarta, ba qala ntoa naheng eohle eo qetellong e ileng ea ketola Sukarno, mopresidente oa sechaba. Ho ile ha shoa batho ba ka bang 400 000!

Ka nako e ’ngoe re ne re ntse re bolela ha ka nako e tšoanang ho ntse ho tsoeloa pele ho thunngoa ’me ho chesoa seterateng se latelang. Tsatsing le hlahlamang ra utloa hore sesole se mothating oa ho senya mohaho oa Makomonisi o haufinyane le moo. Beng ba matlo ba ne ba bonahala ba tšohile ha re ba atamela, empa eitse ha ba utloa molaetsa oa rōna oa Bibele, ba ile ba phutholoha ’me ba re memela ho kena ka hare. Ba ne ba ikutloa ba sireletsehile ha ba na le rōna. Nako eo e ile ea re ruta kaofela ha rōna ho itšetleha ka Jehova le ho ipoloka re leka-lekane tlas’a maemo a thata.

Ho Hlōla Khanyetso e Eketsehileng

Qetellong ea 1966 re ile ra fallela motseng oa Ambon o bonahalang ka boroa ho lihleke-hleke tsa Molucca. Mono, har’a baahi ba botsoalle, le ba mamelang, re ile ra fumana thahasello e ngata litabeng tsa moea. Phutheho ea rōna e nyenyane e ile ea hōla ka potlako, ’me ba bang teng libokeng ba ne ba atamela lekholo. Kahoo baeta-pele ba kereke ea Bokreste-’mōtoana ba ile ba etela Ofisi ea Litaba tsa Bolumeli ho qobella mookameli oa teng hore a re ntše ka ntšoe-li-sa-fohloa Ambon. Empa tafoleng ea mookameli moo, ba ile ba bona libuka tsa Mokhatlo oa Watch Tower li behiloe pooaneng! Ba hlōleha ho fetola maikutlo a mookameli eo, ba ile ba iteanya le liofisiri tsa Tšebeletso ea Bolumeli Djakarta, ba batla hore re tebeloe eseng feela Ambon empa le Indonesia eohle.

Lekhetlong lena ho ne ho bonahala ba atleha, hobane ka February 1, 1968, le ile la khethoa e le letsatsi la ho lelekoa ha rōna. Leha ho le joalo, baena ba rōna ba Bakreste ba Djakarta ba ile ba iteanya le ofisiri ea Mamosleme e phahameng Tšebeletsong ea Bolumeli, ’me e ile ea thusa ho fetola qeto eo. Ho phaella moo, molao oa pele o ile oa fetoloa, ’me ho ile ha lumelloa baromuoa ba bang hape ho kena ka har’a naha.

Ka hona, nakong ea lilemo tse leshome tse latelang, sebakeng sa lithaba tse ntlehali, meru, le matša ka leboea ho Sumatra, re ile ra sebetsa le baromuoa ba tsoang Australia, Austria, Jeremane, Philippines, Sweden le United States. Mosebetsi oa boboleli o ile oa atleha, haholo-holo har’a sehlopha se seholo sa morabe tikolohong eo, sa Mabatak.

Leha ho le joalo, qetellong balotsana ba bolumeli ba ile ba atleha ho etsa hore mosebetsi oa rōna oa boboleli o thibeloe ka December 1976, ’me selemong se latelang baromuoa ba bangata ba ile ba ea likabelong tsa linaha tse ling. Qetellong, ka 1979, le rōna re ile ra tlameha ho tsamaea.

Ho ea Amerika Boroa

Nakong ena re ne re se re e-na le lilemo tse ka bang 50, ’me re ne re ipotsa hore na ebe re tla khona ho ikamahanya le naha e ’ngoe hape. Susie o ile a botsa: “Na re tla amohela kabelo e ncha kapa ho e-na le hoo re tla tsitsa sebakeng se le seng kae-kae?”

Ke ile ka arabela: “Susie, kae kapa kae moo Jehova a ileng a re memela ho ea teng, o ile a re hlokomela. Ke mang ea tsebang hore na ke mahlohonolo afe a eketsehileng ao bokamoso bo a fupereng?” Ka hona, re ile ra fihla kabelong ea rōna e ncha, Suriname naha ea Amerika Boroa. Ka mor’a likhoeli tse peli re ne re le mosebetsing oa ho tsamaea hape ’me kapele re ile ra ikutloa re amohelehile.

Ha re talima lilemo tsa rōna tse fetang 45 tšebeletsong ea nako e tletseng, ’na le Susie re hlokomela kamoo tšehetso ea batsoali ba rōna e bileng bohlokoa ka teng ho re thusa ho peseletsa mosebetsing oa boromuoa. Ka 1969, ha ke ne ke bona batsoali ba ka hape ka mor’a lilemo tse tšeletseng, ntate o ile a mpitsetsa ka thōko ’me a re: “Haeba ho etsahala hore ’M’ao a shoe pele, ha ho hlokahale hore u tle lapeng. Lula kabelong ea hao. Ke tla khona ho tsoella. Empa haeba ho etsahala ka tsela e ’ngoe esele, u tla tlameha ho botsa ’M’ao ka taba eo.” ’Mè o ile a bua ntho e tšoanang.

Batsoali ba Susie ba ne ba na le boikutlo bo tšoanang bo se nang boithati. Ka nako e ’ngoe Susie o kile a arohana le bona ka lilemo tse 17, empa ha ho mohla ba kileng ba mo ngolla mantsoe a khathatsang matla. Ho hlakile hore, haeba batsoali ba rōna ba ne ba sa fumane thuso ka tsela e ’ngoe, re ne re tla tlameha ho khutlela hae. Taba ke hore, batsoali ba rōna ka ho tšoanang ba ne ba nka mosebetsi oa boromuoa e le oa bohlokoa, ’me ho fihlela ba e-shoa, ba ne ba ile ba sebeletsa Jehova ka boikutlo bo tšoanang ba ho potlaka boo ba neng ba bo kentse lipelong tsa rōna.—Bapisa le 1 Samuele 1:26-28.

Hape re ’nile ra khothatsoa ke batho ba tšepahalang ba neng ba re ngolla mangolo. Ho na le ba ’maloa bao le ka mohla ba sa kang ba fetisa khoeli ba sa re ngolle tšebeletsong ea rōna ea boromuoa ka lilemo tse fetang 30! Empa ka holim’a tsohle, re hopola Ntate oa rōna oa leholimo ea ratehang, Jehova, ea tsebang ho tšehetsa bahlanka ba hae lefatšeng. Ka hona, joalokaha hona joale re atamela tlhōrō ea liketsahalo tseo e leng khale re li lebeletse, ’na le Susie re lakatsa ho ‘hopolela haufi-ufi ho ba teng ha letsatsi la Jehova’ ka ho tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka boikutlo ba ho potlaka.—2 Petrose 3:12, NW.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Re nyalane ka 1957

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ke thabo e kaakang—ha bacha ba tšeletseng e le bo-pula-maliboho!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela