Haufinyane—Lefatše le se Nang Ntoa!
KA DECEMBER 24, 1914, lesole le lenyenyane la Brithani le bitsoang Jim Prince le ile la tsamaea sebakeng se sa oeleng tlas’a naha leha e le efe ho ea bua le lesole la Jeremane. Mojeremane o ile a ’motsa: “Ke ngoana oa Mojeremane eo baholo-holo ba hae ba neng ba hlasele Engelane khale. Uena u ngoana oa Mojeremane eo batsoali ba hae ba ileng ba nyalana le Manyesemane. Joale re loanela’ng?” Lilemo tse ngata hamorao, Prince o ile a lumela hore: “Esita le hona joale ke ntse ke sa tsebe karabo ea potso eo.”
Ka beke e le ’ngoe e sa tloaelehang ka 1914, masole a lebotho la Brithani le Jeremane a ile a etsa botsoalle, a bapala bolo, esita le ho fapanyetsana limpho tsa Keresemese. Ha e le hantle, khotso ena e ne e se ea molao. Balaoli ba sesole ba ne ba sa batle ha mabotho a bona a tseba hore “sera” e ne e se sebata se tšabehang se hlahisoang ke mashano a ntoa. Lesole la Brithani Albert Moren hamorao le ile la hopola: “Haeba peho ea lihlomo fatše e ne e ile ea tsoela pele ka beke e latelang, ho ka be ho bile thata ho qala ntoa hape.”
Ho beha lihlomo fatše ntle le taelo ho bontša hore esita le masole a mangata a koetlisitsoeng a laba-labela khotso ho e-na le ntoa. Masole a mangata a tsebileng lintho tse mpe tse bakoang ke ntoa a tla lumellana le maele a Sepanishe: “Ntoeng ha ho ke ho ee ba sa tsebeng hore na ntoa ke eng.” Ntle le pelaelo, lipatlisiso tse batlang maikutlo a batho bohle ba lefatše li ka senola hore batho ba bangata haholo ba khetha khotso ho e-na le ntoa. Empa takatso ee ea lefatše lohle ea khotso e ka fetoloa lefatše le se nang ntoa joang?
Pele ho ka felisoa ntoa, boikutlo bo tlameha ho fetoha. Molao motheo oa Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Thuto, Saense, le Setso o re: “Kaha lintoa li qala likelellong tsa batho, ke hona likelellong tsa batho moo ho tlamehang hore ho sireletsoe khotso.” Leha ho le joalo, mokhatlo oa batho kajeno, moo ho tletseng ho se tšepane le lehloeo, o ntse o ba mabifi haholoanyane, ho e-na le ho ba le khotso.
Leha ho le joalo, Molimo ka boeena o tšepisitse hore ka letsatsi le leng khotso e tla hatisoa likelellong tsa batho ba sekametseng ho lokeng. Ka moprofeta oa hae Esaia, o itse: “Jehova o tla ahlolela lichaba, a laee mefuta e mengata, ’me ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”—Esaia 2:4.
Ho Hōlisa Khotso Kelellong
Na phetoho e tsotehang hakaalo mokhoeng oa ho nahana e ka etsahala? Na batho ba tla ke ba ithute ho sireletsa khotso ho e-na le ho tlotlisa ntoa? Nahana ka mohlala oa Wolfgang Kusserow. Ka 1942 batšehetsi ba puso ea Nazi ba ile ba khaola hlooho ea Mojeremane enoa ea lilemo li 20 ka lebaka la hore ‘o ne a ke ke a ithuta ntoa.’ Ke hobane’ng ha a ile a khetha ho shoa? Polelong e ngotsoeng, o ile a qotsa melao-motheo ea Mangolo e kang, “Rata oa heno joalo ka ha u ithata” le, “Bohle ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole.” (Mattheu 22:39; 26:52) Eaba ka ho tobileng oa botsa: “Na ’Mōpi oa rōna o ngoletse lifate see sohle?”
Lentsoe la Molimo, le tlalehiloeng ka Bibeleng, “le matla” ’me le ile la susumetsa Paki ena e nyenyane ea Jehova hore e phehelle khotso, ho sa tsotellehe liphello. (Ba-Heberu 4:12; 1 Petrose 3:11) Empa Wolfgang Kusserow e ne e se eena feela ea neng a phehella khotso joalo. Bukeng The Nazi Persecution of the Churches 1933-45, J. S. Conway o qotsa litlaleho tsa molao tsa Nazi tse pakang hore Lipaki tsa Jehova ke sehlopha se ileng sa hana ho nka lihlomo. Joalokaha Conway a bontša, boemo bo joalo bo sebete e ne e le ho saena lengolo la bona la lefu.
Kajeno Lipaki tsa Jehova li tsoela pele ho phehella khotso, ho sa tsotellehe morabe kapa bochaba ba tsona. Hobane’ng? Hobane li ithutile Bibeleng hore bahlanka ba ’nete ba Molimo ba tlameha ho tea lisabole tsa bona mehoma. Alejandro, monna e mocha oa Argentina ea ileng a fallela Iseraele ka 1987, a ka tiisa taba ena.
Ka lilemo tse tharo Alejandro o ne a lula ka har’a polasi ea Iseraele ha a ntse a ithuta univesithing ’me a sebetsa lihoteleng tse sa tšoaneng le matlong a ho jela. Nakong ena, o ile a qala ho bala Bibele ’me o ne a batla morero bophelong. Ka holimo ho tsohle, o ne a laba-labela ho bona lefatše leo ho lona batho ba ka thabelang khotso le toka. Alejandro—eo e leng Mojode—o ne a sebetsa le Bajode le Maarabe empa a ikhethela ho se nke lehlakore.
Ka 1990 motsoalle oa hae ea neng a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova o ile a memela Alejandro kopanong ea letsatsi le le leng Haifa. A makaletse ho bona Bajode le Maarabe a 600 a tsoakane ka thabo kopanong, o ile a nahana: ‘Ena ke eona tsela e nepahetseng eo batho ba ka phelang ka eona.’ Pele ho feta likhoeli tse tšeletseng, o ile a fetoha Paki ’me hona joale o qeta nako ea hae e ngata a bolela molaetsa oa Bibele oa khotso.
Kamoo Molimo a Tla Tlisa Khotso
Le hoja mehlala ena e ama, ke kamoo lintho li etsahalang ka teng lefatšeng kajeno. Le hoja tsamaiso ea kajeno e batla khotso ka molomo feela, e nosetsa peō ea ntoa. Na u ka thabela ho phela seterateng seo batho ba lulang ho sona ba sebelisang karolo e pakeng tsa 7 le 16 lekholong ea chelete eo ba e amohelang bakeng sa ho reka lithunya le ho sireletsa matlo a bona? Ha e le hantle, ke sona se etsoang ke linaha mabapi le litšenyehelo thekong ea lihlomo lilemong tsa morao tjena. Hase ho makatsang hore boprofeta ba Esaia bo senola hore moloko oa batho ka kakaretso o ke ke oa tea lisabole tsa ’ona mehoma ho fihlela ha Molimo ‘a ahlolela lichaba.’ O tla etsa see joang?
Mokhoa o ka sehloohong oa ho lokisa litaba ke ’Muso oa Jehova Molimo. Moprofeta Daniele o ile a bolela esale pele hore ‘Molimo oa leholimo o ne a tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha.’ O eketsa hore ’Muso ona “o tla robaka o felise mebuso eo kaofela [mebuso ea lefatše], empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” (Daniele 2:44) Mantsoe ana a senola hore ’Muso oa Molimo o tla hloma ka ho tiileng taolo ea oona lefatšeng lohle. Ka ho felisa meeli ea bochaba, ’Muso o tla etsa hore litlhōlisano tsa bora e be lintho tse fetiloeng ke nako. Ho feta moo, kaha bafo ba oona e tla ba ‘batho ba rutoang ke Jehova,’ khotso ea bona “e tla ba khōlō.” (Esaia 54:13) Ha ho makatse ha Jesu a ile a re bolella hore re rapele Molimo: “’Muso oa hao o tle”!—Mattheu 6:10.
Ho Tlosa Litšitiso tsa Bolumeli
Molimo o tla tlosa litšitiso tsa bolumeli tseleng ea khotso. Bolumeli bo bakile lintoa tsa nako e telele historing—Lintoa tsa Bolumeli, kapa “Lintoa tse Halalelang,” tse ileng tsa simolloa ke Mopapa Urban II ka 1095 C.E.a Lekholong la rōna la lilemo baruti ba hlaheletse tabeng ea ho fana ka tšusumetso le tšehetso lintoeng, esita le tseo eseng tsa bolumeli ka ho feletseng.
Ha a bua ka karolo ea likereke tse ipitsang hore ke tsa Bokreste nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, rahistori Paul Johnson o ile a ngola: “Baruti ba ile ba hlōleha, ’me maemong a mangata ba ne ba sa ikemisetsa, ho beha tumelo ea Bokreste ka pele ho bochaba. Ba bangata ba ile ba ikhethela tsela e bonolo ’me ba beha Bokreste le lerato la naha sehlopheng se le seng. Masole a Bakreste a malumeli ’ohle a ile a khothaletsoa ho bolaeana ka lebitso la ’Moloki oa ’ona.”
Bolumeli bo hotelitse ntoa ho feta ho hlaolela khotso. Ha e le hantle, Bibele e hlalosa bolumeli ba bohata e le “seotsoa” se khotsofatsang baeta-pele ba lefatše. (Tšenolo 17:1, 2) Molimo o ’mitsa senokoane se ka sehloohong se ikarabellang bakeng sa ho tšolla mali a batho bohle ba bolailoeng lefatšeng. (Tšenolo 18:24) Ka lebaka leo, Jehova Molimo o tla felisa tšitiso ena ka ho feletseng.—Tšenolo 18:4, 5, 8.
Esita leha ho felisitsoe lintho tse bakang karohano tse kang lipolotiki le bolumeli ba bohata, ha ho mohla khotso e ka bang teng ntle le hore ho felisoe mohlohleletsi e moholo ka ho fetisisa oa ntoa—Satane Diabolose. Oo ke mosebetsi oa ho qetela oo ’Muso oa Molimo o tla o phetha lenaneong la oona la ho tlisa khotso e feletseng lefatšeng. Buka ea Bibele ea Tšenolo e hlalosa hore Satane o tla “tšoaroa” ebe oa “holehoa” ’me a ‘akheloe . . . sekoting’ e le hore “a se hlole a thetsa lichaba.” Ka mor’a moo o tla felisoa ka ho feletseng.—Tšenolo 20:2, 3, 10.
Tšepiso ea Bibele ea ho felisa ntoa hase toro feela. Tokisetso ea Jehova Molimo bakeng sa khotso e se e kentsoe tšebetsong. ’Muso oa hae o hlonngoe maholimong ’me o loketse ho kenya tšebetsong mehato e eketsehileng bakeng sa ho tiisa hore ho ba le khotso ea lefatše lohle. Khabareng, Lipaki tsa Jehova tse limilione, tse tšehetsang puso ena ea leholimo, li ithutile ho phela ka khotso.
Joale, ka ho hlakileng, re na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore lintoa li ka qojoa. Ho molemo le ho feta moo, re ka lebella letsatsi le haufi ha Jehova a tla etsa hore ntoa e fele ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 46:9) O tla hlokomela hore haufinyane ho tla ba le lefatše le se nang ntoa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka linako tse ling baeta-pele ba bolumeli ka bobona ba ne ba fetoha bahlabani. Ntoeng ea Hastings (1066), mobishopo oa Mok’hatholike Odo o ile a lokafatsa ho kenella ha hae ka mafolo-folo ka ho tsoka molamu ho e-na le sabole. O ile a bolela hore haeba ho sa tšolloe mali, monna oa Molimo o ne a ka bolaea tumellanong le molao. Makholo a mahlano a lilemo hamorao, Mok’hadinale Ximenes o ile a etella pele ha Spain e hlasela Afrika Leboea.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
U ka phela lefatšeng le lecha le se nang ntoa