Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 2/1 leq. 19
  • “Lebitso la Jehova ke Qhobosheane e Thata”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Lebitso la Jehova ke Qhobosheane e Thata”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Ntse ba Phela!
  • Matla a Thapelo
  • Ho Ngoliloe Hore ke Tla mo Bona
    Tsoha!—2005
  • Itšetlehe ka Moea oa Molimo ha U Sebetsana le Maemo a Bophelo a Ntseng a Fetoha
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • “Nthute ho Etsa Thato ea Hao”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Jehova—“Mopholosi” Mehleng ea ha ho ne ho Ngoloa Bibele
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 2/1 leq. 19

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

“Lebitso la Jehova ke Qhobosheane e Thata”

RE PHELA linakong tse sa tsitsang. Bophelo ba rōna bo bonahalang bo tsitsitse bo ka fetoha ka ho panya ha leihlo feela, le hona e le ka ntle ho temoso, ba bang ba iphumane ba le maqakabetsing pele ba ho hlokomela. Kotsi e ka ’na ea hlaha merusung ea lipolotiki, tlhaselong e mabifi, koluoeng ea tlhaho, kapa ho kuleng ho tebileng. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ke hokae moo Mokreste a lokelang ho retelehela teng ha bophelo ba hae bo le kotsing?

David, moromuoa e mong ea phelang ho le leng la makala a Mokhatlo oa Watch Tower o ile a ithuta karabo ea potso eo phihlelong e tšosang. A abetsoe ho sebetsa e le mokhanni, o ile a tloha lekaleng esale ka matjeke hoseng ho hong bakeng sa ho ea lata basebetsi ba bang ba Bethele ba eang ba bile ba khutla (baithaopi ba lulang kantle ho lekala). Ho ne ho sa le lefifi. O ne a se a nkile Rosalía ’me e ne e le ha a feta seteisheneng sa mapolesa ha a utloa molumo oa pele oa sethunya.

Joale lintho li ile tsa etsahala kapele. O ile a utloa lerata le kang la seqhomane sa ho bapala se seholo ’me o ile a hlokomela hore moea o ne o e-tsoa ho le leng la mabili. Ka tšohanyetso o ile a bona lesole le eme bohareng ba ’mila le mo korotse ka sethunya. Ho ile ha etsahala lintho tse tharo hoo e batlang e le ka nako e le ’ngoe: Lethala la likulo le ile la phunya koloi masoba lehlakoreng, le pshatla lifensetere; David le Rosalía ba nyamela faatše; lesole le ile la thunya khalase e thibelang moea.

Ha koloi e ntse e fafatsoa ka likulo David o ile a leka ho e khina ka hohle kamoo a neng a ka khona a ntse a kokobetse. Ka bobeli David le Rosalía ba ne ba nahana hore ba il’o shoa. Ba ile ba rapela Jehova ka mantsoe a phahameng, ba kōpa hore a ba hlokomele. Hamorao Rosalía o ile a re motsotsong oo o ne a ipotsa hore na ba lelapa labo ba ne ba tla itšoara joang ha ba utloa ka lefu la hae!

Ba Ntse ba Phela!

Qetellong lerata la likulo le la ho pshatleha ha lifensetere le ile la khaotsa, ’me David o ile a habanya Rosalía. Ha a bona letheba la mali, mokokotlong oa hae, o ile a haroha letsoalo. Empa phatsa ea khalase e qhomang, eseng kulo, e ne e itsetetse moo. Mangole a hae a ne a lutla mali ka lebaka la ho sehoa ke likhalase tse oeleng, empa ntle le moo o ne a bonahala a ntse a phetse hantle.

Banna ba neng ba apere liaparo tsa sesole ba itlammeng ka mabanta a masoeu liphakeng ba ile ba atamela koloing ’me ba ba laela hore ba tsoe ba phahamisitse matsoho. E mong, eo ho neng ho bonahala a le boemong bo phahameng, o ile a retelehela ho lesole le leng ’me a re: “U boleletsoe hore u se ke oa thunya basebeletsi ba sechaba.” Lesole leo le ile la leka ho itšireletsa, ka ho bolela hore le ile la utloa molumo oa lithunya ’me la nahana hore o tsoa koloing eo.

Ha David a tsebahatsa Rosalía hammoho le eena hore ke Lipaki tsa Jehova boikutlo ba batho bao bo ile ba e-ba molemo. O ile a hlalosa seo a neng a ntse a se etsa, empa masole a ne a ntse a batla ho ba tšoara. Kamoo ho bonahalang kateng, lihoreng tsa hoseng hoo, lequloana la sesole le ile la nka bohato ba ho ketola ’muso, ’me masole ana a ne a le mothating oa ho hapa seteishene sa sepolesa ha David le Rosalía ba feta moo ka koloi.

Rosalía o ne a tsielehile ka ho fetisisa empa ka sebete a ipoloka a khutsitse ha David a etsa thapeli ea hore ba lokolloe. Qetellong ba ile ba lumelloa ho tsamaea—ka ntle ho koloi. Ba ile ba tlameha ho tsamaea ka maoto ho leba ’mileng o haufi ho ea tšoara bese ’me ba ee lekaleng, moo lefapha la kokelo le lenyenyane le ileng la thusa Rosalía.

Matla a Thapelo

David o ile a ithuta ho hong phihlelong eo—le ka mohla u se ke ua nyenyefatsa matla a thapelo e etsoang ka tieo, ’me le ka mohla u se lebale hore ho itsebahatsa ha motho ka sebete e le e mong oa Lipaki tsa Jehova hangata ke tšireletso. E ka ’na ea e-ba ’nete ka mokhoa oa sebele hore “lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ea lokileng o balehela ho eona, ’me o lula phahameng.”—Liproverbia 15:29; 18:10; Ba-Filippi 4:6.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 19]

Fotografía de Publicaciones Capriles, Caracas, Venezuela

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela