Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 2/1 maq. 20-25
  • Re Ile ra Batla ’Muso Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Ile ra Batla ’Muso Pele
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kananelo Bakeng sa ’Nete ea Bibele
  • Ho Kena Tšebeletsong ea Bopula-maliboho
  • Tšebeletso ea Rōna Nakong ea Lilemo tsa Ntoa
  • Mosebetsi ka Mor’a Ntoa—Le ho ea Gileade
  • Tšebeletso ea Rōna Brazil
  • Bophelo bo Enneng, le bo Putsang
  • Na Chelete e Hlile e Etsa Hore Motho a Thabe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ke Khethile Mosebetsi o Nepahetseng
    Tsoha!—2007
  • Jehova O Re Lebetse
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Jehova o Ntlhohonolofalitse Haholo ka Takatso ea ka ea ho ba Moromuoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 2/1 maq. 20-25

Re Ile ra Batla ’Muso Pele

JOALOKAHA HO BOLETSE OLIVE SPRINGATE

’Mè o ne a sa tsoa tima kerese ’me a se a tsoile ka phaposing ka mor’a ho utloa lithapelo tsa rōna. Hang-hang mor’eso e monyenyane ho ’na o ile a mpotsa: “Olive, Molimo a ka re bona le ho re utloa joang re le ka har’a mabota a setene?”

KE ILE ka mo araba: “’Mè o re a ka bona ho phunyeletsa ntho leha e le efe, esita le ka har’a lipelo tsa rōna.” ’Mè e ne e le mosali ea tšabang Molimo ebile e le ’mali ea khothetseng oa Bibele, ’me o ile a kenya ka ho rōna bana tlhompho e tebileng ho Molimo le melao-motheo ea Bibele.

Batsoali ba rōna e ne e le litho tsa Kereke ea Chache torotsoaneng ea Chatham, Seterekeng sa Kent, Engelane. Le hoja ’Mè a ne a e-ea kerekeng ka mehla, o ne a lumela hore ho ba Mokreste ho ne ho bolela ho fetang feela ho ea futhumatsa litulo kerekeng hang ka beke. O ne a boetse a tiisehile hore Molimo o tlameha ho ba le kereke e le ’ngoe feela ea ’nete.

Kananelo Bakeng sa ’Nete ea Bibele

Ka 1918, ha ke ne ke e-na le lilemo tse ka bang hlano, ’Mè o ile a fumana meqolo e bitsoang Studies in the Scriptures, e ngotsoeng ke Charles T. Russell, mopresidente oa pele oa Watch Tower Bible and Tract Society. Lilemo tse seng kae hamorao, ha re ne re phela tulong e nyenyane e bitsoang Wigmore, ’Mè o ile a kopana le e mong oa Liithuti tsa Bibele, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa ka teng ka nako eo. O ile a amohela thuso ea ho ithuta Bibele The Harp of God, ’me o ile a qala ho fumana likarabo lipotsong tsa hae tse ngata tsa Bibele ho eona. Beke e ’ngoe le e ’ngoe karete e pinki e nang le lipotso tse hatisitsoeng bakeng sa khaolo ka ’ngoe e ne e e-tla ka poso. Karete eo e ne e boetse e bontša hore na ke hokae bukeng moo likarabo li neng li ka fumanoa.

Ka 1926 batsoali ba ka, moralie’so Beryl, le ’na re ile ra khaotsa ho ea Kerekeng ea Chache hobane re ne re tennoe ke ho itšunya-tšunya ha kereke lipolotiking, hammoho le lithuto tsa eona tse sa utloahaleng. Thuto e neng e le ka sehloohong e ne e le ea hore Molimo o ne a tla hlokofatsa batho ka ho sa feleng mollong oa lihele. ’Mè oa ka, ea neng a batla ’nete ea Bibele ka tieo o ne a kholisehile hore Kereke ea Chache e ne e se ea ’nete.

Nako e khutšoaane ka mor’a moo, e le karabelo ea lithapelo tse entsoeng ka tieo tsa ’Mè, Mofumahali Jackson, eo e leng Seithuti sa Bibele, o ile a re etela. Ka hoo e ka bang lihora tse peli, o ile a buisana le ’Mè le ’na, a araba lipotso tsa rōna ka Bibele. Har’a tse ling, re ile ra thabela ho ithuta hore lithapelo tsa rōna li lokela ho tobisoa ho Jehova Molimo, Ntate oa Jesu Kreste, eseng ho Boraro-bo-bong ba mohlolo. (Pesaleme ea 83:18; Johanne 20:17) Empa ho ’na potso e sa lebaleheng eo ’Mè a ileng a e botsa ke ena: “Ho bolela eng ho batla ’Muso pele?”—Mattheu 6:33.

Karabo e thehiloeng Bibeleng e ile ea ama bophelo ba rōna ka ho tebileng. Ho tloha bekeng eona eo, re ile ra qala ho ba teng libokeng tsa Liithuti tsa Bibele le ho arolelana lintho tseo re ithutileng tsona le ba bang. Re ne re kholisehile hore re fumane ’nete. Likhoeli tse seng kae hamorao, ka 1927, ’Mè o ile a kolobetsoa e le tšoantšetso ea boinehelo ba hae ba ho sebeletsa Jehova, ’me ka 1930, le ’na ke ile ka kolobetsoa.

Ho Kena Tšebeletsong ea Bopula-maliboho

Lelapa leso le ne le kopanela Phuthehong ea Gillingham, e neng e na le batho ba ka bang 25. Ba ’maloa ba bona e ne e le basebeletsi ba nako e tletseng, ba bitsoang bo-pula-maliboho, ’me kaofela ba ne ba e-na le tšepo ea leholimo. (Ba-Filippi 3:14, 20) Cheseho ea bona ea Bokreste e ne e le e tšoaetsang. Ha ke sa ntse ke le mocha ea lilemo tse ka tlaase ho 20, ke ile ka ba pula-maliboho ka nako e khutšoaane Belgium qalong ea bo-1930. Sena se ile sa phelisa takatso ea ka bakeng sa tšebeletso ea ’Muso e eketsehileng. Ka nako eo re ile ra kopanela ho abeleng moruti e mong le e mong kopi ea bukana The Kingdom, the Hope of the World.

Qetellong ntate o ile a hanyetsa mosebetsi oa rōna oa Bokreste ka matla, ’me ka lebaka lena le a mang, ke ile ka fallela London ka 1932 ho ea kena kolecheng. Hamorao ke ile ka ba tichere ka lilemo tse ’nè ’me nakong eo ke ne ke kopanela le Phutheho ea Blackheath, e ’ngoe ea liphutheho tseo e neng e le tsona feela tse ’nè London ka nako eo. Joale ke moo re ileng ra qala ho utloa litlaleho tsa ho kenngoa teronkong le mahlomola a baena ba rōna ba Bakreste le bo-khaitseli Jeremane ea Hitler ka lebaka la ho hana ho tšehetsa boiteko ba Hitler ba ntoa.

Ka 1938, khoeling eo ke ileng ka qeta ho lefa molato oa libuka oo ke neng ke e-na le oona, ke ile ka tlohela mosebetsi oa ka e le ho ea phethahatsa takatso ea ka ea ho ba pula-maliboho. Morali’eso Beryl o ile a qala ho ba pula-maliboho London ka nako e tšoanang, empa o ne a lula lehaeng la bo-pula-maliboho le fapaneng. Mosebetsi-’moho le ’na oa pele oa pula-maliboho e ne le Mildred Willett, eo hamorao a ileng a nyalana le John Barr, eo hona joale e leng setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova. Hammoho le ba bang sehlopheng sa rōna, re ne re palama libaesekele ho ea tšimong ’me re ne re nka letsatsi lohle teng, hangata ho sa tsotellehe pula.

Maru a ntoa a ne a se a ntse a phethesela holim’a Europe. Ho ne ho tšoareloa baahi lithupelo tsa ho sebelisa lintho tse roalloang ho itšireletsa khahlanong le moea o chefu, le ho etsa litokisetso tsa ho balehisetsa bana metseng ea mahae kapa ho ba isa litoropong tse nyenyane tsa Manyesemane haeba ntoa e ka qhoma. Ke ne ke e-na le chelete eo ke e bolokileng e lekaneng feela hore ke reke para ea lieta, ’me ho ne ho se na mokhoa oa ho fumana thuso ea lichelete ho batsoali ba ka. Empa na Jesu o ne a sa ka a re, ‘Lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa haeba le batla ’Muso pele’? (Mattheu 6:33) Ke ne ke e-na le tumelo e feletseng ea hore Jehova o ne a tla mpha tsohle tseo ke li hlokang, ’me o ’nile a etsa joalo ka seatla se bulehileng ka lilemo tsena tsohle. Nakong ea ntoa ka linako tse ling ke ne ke ekeletsa lijo tse fokolang tseo ke nang le tsona ka moroho oo ke o thonakileng ha o oela o e-tsoa literakeng. ’Me hangata ke ne ke fumana lijo ka ho fapanyetsana lingoliloeng tsa Bibele ka litholoana le meroho.

Morali’eso Sonia o ile a hlaha ka 1928. O ne a le lilemo li supileng feela ha a nehela bophelo ba hae ho Jehova. Sonia o re esita le lilemong tseo tsa bonyenyane, bopula-maliboho e ile ea e-ba pakane ea hae. Ka 1941, hang ka mor’a hore a bontše boinehelo ba hae ka kolobetso ea metsing, o ile a phethahatsa pakane eo ha eena le ’Mè ba abeloa ho ea Caerphilly, South Wales.

Tšebeletso ea Rōna Nakong ea Lilemo tsa Ntoa

Ka September 1939, ho ile ha qhoma Ntoa ea II ea Lefatše, ’me baena le bo-khaitseli ba rōna ba Bakreste Brithani ba ile ba kenngoa teronkong ka lebaka le tšoanang le la balumeli-’moho le bona Jeremane ea Bonazi—ho se nke lehlakore ha bona mabapi le ho ba le karolo ntoeng. Ho ruthuthoa ha Engelane ka libomo ho ile ha qala bohareng ba 1940. Bosiu bo bong le bo bong, lerata la ntoa e mabifi le e sekhahla e ne e le le tabolang moropa oa tsebe, empa ka thuso ea Jehova re ne re khona ho bo hlōtha ’me re khatholoha hape bakeng sa mosebetsi oa boboleli letsatsing le latelang.

Ka linako tse ling re ne re ee re ee tšimong ea rōna ea boboleli ’me re fumane hore boholo ba matlo ke lithako feela. Ka November bomo e ile ea lihuoa limithara li se kae feela ho tloha lehaeng leo boholo ba rōna re neng re lula ho lona, ea pshatla lifensetere hore e be litsekana tse likete. Lemati le boima la monyako o ka pele le ile la soahlamana, le chomela e ile ea heleha. Ka mor’a ho qeta bosiu bohle re ipatetse tlhaselo ea lifofane tse hlometseng, re ile ra arohana ’me ra ea lula malapeng a Lipaki tse fapa-fapaneng.

Nakoana ka mor’a moo ke ile ka amohela kabelo ea ho ea Croydon, Greater London. Mosebetsi-’moho le ’na oa pula-maliboho e ne e le Ann Parkin, eo mor’abo Ron Parkin hamorao e ileng ea e-ba mohokahanyi oa Komiti ea Lekala Puerto Rico. Ka mor’a moo ke ile ka fallela Bridgend, South Wales, moo ke ileng ka tsoela pele ho bula maliboho, ke lula ka har’a kariki ka likhoeli tse tšeletseng. Ho tloha moo re ne re ee re palame libaesekele sebaka sa lik’hilomithara tse tšeletseng ho ea phuthehong e khōlō e haufinyane, Port Talbot.

Ka nako ena sechaba se ne se qala ho bontša lehloeo ho rōna, se re bitsa li-conchies (ba hanang ho ea bosoleng ka baka la letsoalo). Sena se ile sa re thatafaletsa ho fumana bolulo, empa Jehova o ile a re hlokomela joalokaha a ne a tšepisitse.

Hamorao, ka borobeli ba rōna re ile ra abeloa Swansea, toropong e koung ea South Wales re le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Ha ntoa e ntse e ipha matla, le leeme khahlanong le rōna le ile la ipha matla. Mantsoe “litali” le “makoala” a ile a ngoloa leboteng la lehae la rōna la bo-pula-maliboho. Lehloeo lena le ile la roteletsoa haholo ke litlaleho tsa koranta tse neng li re nyatsa ka lebaka la ho se nke lehlakore ha rōna. Qetellong, ka bosupa ba rōna, re ile ra kenngoa teronkong ka bonngoe. Ke ile ka qeta khoeli teronkong Cardiff ka 1942, ’me hamorao morali’eso Beryl le eena o ile a qeta nako moo. Le hoja re ne re e-na le ho fokolang linthong tse bonahalang, ’me re hlokofatsoa ka litšomo le thohako, re ne re le barui moeeng.

Ka nako e tšoanang, ’Mè le Sonia e ne e le bo-pula-maliboho Caerphilly ’me ba ne ba feta liphihlelong tse tšoanang. Thuto ea Bibele ea pele feela eo Sonia a ileng a e khanna e ne e le ea mosali eo a neng a entse litokisetso tsa ho mo etela mantsiboeeng a Labohlano. Sonia o ne a tšepile hore ’Mè o tla tsamaea le eena, empa ’Mè o ile a hlalosa: “Ke na le taetsano e ’ngoe. U entse tokisetso, kahoo u tla lokela ho tsamaea u le mong.” Esita le hoja Sonia a ne a le lilemo li 13 feela, o ile a tsamaea a le mong, ’me mosali eo a etsa tsoelo-pele e ntle ea moea ’me hamorao ea e-ba Paki e inehetseng.

Mosebetsi ka Mor’a Ntoa—Le ho ea Gileade

Ha Ntoa ea II ea Lefatše e lala ka 1945, ke ne ke sebetsa tšimong e ka thōko Whaley Bridge, Derbyshire. Hoseng hoo peho ea lihlomo fatše e neng e phatlalalitsoe ka hona, re ile ra etela le ho tšelisa batho bao ka nako eo ba neng ba tennoe ke ntoa le liphello tsa eona—likhutsana tseo e li bakileng, bahlolohali, le likholofalo tseo e li tlisitseng ’meleng.

Likhoeli tse seng kae hamorao, Mokhatlo o ile oa kōpa baithaopi ba ka eang Ireland, Sehleke-hlekeng sa Emerald ho ea bolela. Ka nako eo ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse ka bang 140 feela sehleke-hlekeng seo, kahoo se ile sa nkoa e le tšimo ea baromuoa. Ka nako ea likhoeli tse seng kae, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ka bang 40 ba ile ba abeloa ho ea moo, ’me ke ne ke le har’a bona.

Ka mor’a ho sebetsa ka nako e itseng Coleraine le Cookstown ka leboea, ’na hammoho le ba bang ba bararo re ile ra abeloa ho ea Drogheda lebōpong la leoatle le ka bochabela. Le hoja ka tlhaho batho ba Ireland e le ba mofuthu haholo le ba ratang ho amohela baeti, leeme la bolumeli le ne le le leholo. Kahoo, nakong ea selemo sohle, re ile ra khona ho tsamaisetsa batho lithuso tsa ho ithuta Bibele tse fokolang haholo (ha e le hantle e bile buka e le ’ngoe feela le libukana tse seng kae).

Ha re ntse re lula Drogheda, ke ne ke palame baesekele ho tloha polasing e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe ha ka tšohanyetso mosebetsi e monyenyane oa polasing a fohla lekhoakhoa ho kena ka ’mileng. O ile a sheba holimo le tlaase eaba o botsa a hoeshetsa: “Na u e mong oa Lipaki tsa Jehova?” Ha ke arabela hore ke eena, o ile a tsoela pele: “Phirimaneng e fetileng re bile le khang e tšabehang le kharebe ea ka ka lōna banana, ’me re ile ra ba ra khaohana. O ne a tsitlallela hore le Makomonisi, joalokaha baprista ba K’hatholike le likoranta ba bolela, empa ke ile ka hana ka hore ha ho mokhoa oa hore e kaba seo ke ’nete, kaha le tsamaea pontšeng ka ntlo le ntlo.”

Ke ile ka mo fa bukana eo a ka e balang, eo a ileng a e pata ka pokothong ea hae, ’me re ile ra lokisetsa ho kopana le ho bua haholoanyane ka mor’a shoalane, kaha o ile a re: “Haeba nka bonoa ke bua le uena, ke tla lahleheloa ke mosebetsi.” Phirimaneng eo ba babeli ba rōna re ile ra kopana le eena ’me ra araba lipotso tsa hae tse ngata. O ne a bonahala a kholisehile hore sena e ne e le ’nete, ’me o ile a tšepisa hore o tla tla ntlong ea rōna ka phirimana e ’ngoe ho tla ithuta ka ho eketsehileng. Ha ho mohla a kileng a tla, kahoo re ile ra ikutloa hore e tlameha ebe o ile a hlokomeloa bosiung boo ba pele ke bapalami ba bang ba libaesekele ba ileng ba feta moo ’me mohlomong o ile a lahleheloa ke mosebetsi. Re ipotsa hangata hore na ebe o ile a qetella e le Paki na.

Ka mor’a ho ba teng kopanong ea setereke Brighton lebōpong la leoatle le ka boroa ho Engelane ka 1949, ba ’maloa ho rōna re ile ra amohela limemo tsa ho ea Sekolong sa Bibele sa Watchtower sa Gileade New York State. Ba etsang kakaretso ea ba 26 ba tsoang Brithani ba ile ba e-ba teng sehlopheng sa bo15, se ileng sa fumana mangolo ka July 30, 1950, nakong ea kopano ea machaba Yankee Stadium.

Tšebeletso ea Rōna Brazil

Selemong se latelang ke ile ka abeloa ho ea São Paulo, Brazil, o mong oa metse e hōlang kapele ka ho fetisisa lefatšeng. Ka nako eo e ne e e-na le liphutheho tse hlano feela tsa Lipaki tsa Jehova, empa hona joale ke tse ka bang 600! Ke phapang e kaakang ha ho bapisoa le ho sebetsa Ireland! Malapa a mangata tšimong ea rōna ea São Paulo e ne e le matlo a maholo a bolulo a pota-potiloeng ke terata e phahameng ka liheke tse entsoeng ka botsebi tse thata tsa tšepe. Re ne re bitsa mong’a ntlo kapa mosebeletsi oa teng e motšehali ka ho opa liatla tsa rōna.

Ha lilemo li ntse li feta, ho ne ho e-na le likabelo tse ncha. Ke ile ka fuoa tokelo ea ho theha liphutheho tse ncha libakeng tse fapa-fapaneng bohareng ba setereke sa São Paulo, ho akareletsa e le ’ngoe Jundiaí ka 1955 le e ’ngoe Piracicaba ka 1958. Hamorao, ka 1960, morali’eso Sonia e ile ea e-ba mosebetsi-’moho le ’na oa moromuoa, ’me re ile ra abeloa ho ea Pôrto Alegre, motse-moholo oa setereke sa Rio Grande do Sul. U ka ’na ua ipotsa, o ile a tla Brazil joang?

Sonia le ’Mè ba ile ba tsoela pele ho bula maliboho Engelane ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše. Empa mathoasong a bo-1950, ’Mè o ile a buuoa ka lebaka la kankere e ileng ea mo siea a fokola haholo hore a ka ea ka ntlo le ntlo, le hoja a ne a khona ho khanna lithuto tsa Bibele le ho ngola mangolo. Sonia o ile a tsoela pele ka mosebetsi oa bopula-maliboho, ’me ka nako e tšoanang o ile a thusa ka ho hlokomela ’Mè. Ka 1959, Sonia o bile le tokelo ea ho ba sehlopheng sa bo33 sa Gileade ’me a abeloa ho ea Brazil. Ka nako e tšoanang, Beryl o ile a hlokomela ’Mè ho fihlela lefung la hae ka 1962. Ka nako eo Beryl o ne a se a nyetsoe, ’me eena le lelapa la hae ba sebeletsa Jehova ka botšepehi.

Brazil, ’na le Sonia re ile ra thusa batho ba ’maloa ho ea boinehelong le kolobetsong. Leha ho le joalo, bo bong ba mathata ao batho ba bangata ba Brazil ba neng ba e-na le bona e ne e le ba ho ngolisa lenyalo la bona ka molao. Ka lebaka la bothata ba ho fumana tlhalo Brazil, e ne e le ho tloaelehileng ho balekane hore ba iphelele hammoho ka ntle ho lenyalo. Ho ne ho le joalo ka ho khethehileng tabeng ea ha e mong oa balekane a ne a arohane le molekane oa hae oa pele oa lenyalo la molao.

Mosali e mong, ea bitsoang Eva, o ne a le boemong bo joalo ha ke ne ke kopana le eena. Monna oa hae oa molao o ne a nyametse, kahoo e le hore re ka mo fumana, re ile ra etsa tsebiso seea-le-moeeng. Ha monna oa hae a se a fumanoe, ke ile ka tsamaea le eena ho ea motseng o mong e le ho ea fumana motekeno oa hae tokomaneng e neng e tla lokolla mosali e le hore a ka ngolisa ka molao kopano ea hae le monna ea sa nyalang eo a neng a lula le eena. Ka khotla moahloli o ile a kōpa hore ’na le Eva re hlalose hore na ke hobane’ng ha Eva a ne a batla ho lokisa boemo ba hae ba lenyalo. Moahloli o ile a bontša ho makala hammoho le ho khotsofala ha a hlalosetsoa sena.

Ka lekhetlo le leng, ke ile ka tsamaea le e mong oa liithuti tsa ka tsa Bibele bakeng sa ho ea lokisa le ’muelli oa molao hore a sebetse taba ea hae. Hape bopaki bo botle bo ile ba fanoa mabapi le lenyalo le litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro. Tabeng ena litefello tsa tlhalo li ne li phahame haholo hoo balekane ka bobeli ba neng ba lokela ho sebetsa bakeng sa ho lefa. Empa ho liithuti tsena tse ncha tsa Bibele e ne e le se lokelang boiteko. ’Na le Sonia re ile ra ba le tokelo ea ho ba lipaki lenyalong la bona, ’me ka mor’a moo, re ile ra mamela puo e khutšoane ea Bibele lehaeng la bona, hammoho le bana ba bona ba bararo bao e neng e le bacha ba lilemong tse ka tlaase ho 20.

Bophelo bo Enneng, le bo Putsang

Ha ’na le Sonia re ne re nehela bophelo ba rōna ho Jehova ’me re e-ba bo-pula-maliboho, re ne re ikemiselitse hore, haeba ho khoneha, tšebeletso ea nako e tletseng e ne e tla ba mosebetsi oa rōna oa bophelo bohle. Ha rea ka ra ngongoreha haholo ka se neng se tla etsahala lilemong tsa rōna tsa botsofali kapa tabeng ea ho kula kapa mathata a lichelete. Empa, feela joalokaha Jehova a tšepisitse, ha ho mohla re kileng ra lahloa kherehloa.—Ba-Heberu 13:6.

E, ka linako tse ling ho hloka chelete e ’nile ea e-ba bothata. Ka nako e ’ngoe ’na le mosebetsi-’moho le ’na re ile ra ja bohobe bo kentsoeng parsley lipakeng bakeng sa lijo tsa motšehare selemo sohle, empa ha ho mohla re kileng ra bolaoa ke tlala, kapa hona ho haelloa ke litlhoko tsa motheo.

Ha lilemo li ntse li feta, matla a rōna le ’ona a ile a ’na a fokotseha. Bohareng ba bo-1980, ka bobeli re ile ra etsoa tšebetso tse khōlō tsa ho buuoa tse ileng tsa fella ka teko e boima ho rōna, kaha mosebetsi oa rōna oa boboleli o ile oa fokotseha haholo. Ka January 1987, re ile ra memeloa ho ba litho tsa basebetsi ba ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova Brazil.

Lelapa la rōna le leholo la basebeletsi ba fetang sekete le lula hoo e ka bang lik’hilomithara tse 140 ka ntle ho São Paulo ka har’a marang-rang a mehaho e metle, moo re hatisang lingoliloeng tsa Bibele bakeng sa Brazil le likarolo tse ling tsa Amerika Boroa. Mona re fumana tlhokomelo e lerato ea bahlanka ba inehetseng ba Molimo. Ha ke ne ke qala ho tla Brazil ka 1951, ho ne ho e-na le baboleli ba ka bang 4 000 ba molaetsa oa ’Muso, empa hona joale ba ka holimo ho 366 000! Ka sebele Ntate oa rōna oa leholimo ea nang le kutloelo-bohloko o re ekelelitse ka ‘lintho tse ling tsohle’ hobane re ile ra batla ’Muso oa hae pele.—Mattheu 6:33.

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Olive le Mildred Willett pel’a kariki ea boitsebiso, 1939

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Olive le Sonia Springate

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela