Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 3/15 maq. 21-23
  • “Fepa Molomo, Eseng Maoto”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Fepa Molomo, Eseng Maoto”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litloaelo tsa Meetlo ea Lepato
  • Litumelo tsa Meetlo tsa Afrika
  • Se Boleloang ke Bibele
  • Ke Hobane’ng ha ba Bang ba Etsa se Fapaneng?
  • Na Bafu ba Lokela ho Fuoa Tlhompho?
    Tsoha!—1999
  • Pono ea Bokreste ka Meetlo ea Lepato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Baholo-holo ba Rōna ba Hokae?
    Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
  • Hlokomelang Meetlo e sa Thabiseng Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 3/15 maq. 21-23

“Fepa Molomo, Eseng Maoto”

Ho Sheba Litloaelo tsa Meetlo ea Lepato Afrika

“HA LI pate bafu ba tsona!” Ena ke polelo e tloaetsoeng ho boleloa ka Lipaki tsa Jehova Afrika Bophirimela. Leha ho le joalo, hoa tsebahala hore Lipaki, ha e le hantle, li pata bafu ba tsona.

Ke hobane’ng ha batho ba bolela hore Lipaki tsa Jehova ha li pate bafu ba tsona? Ba etsa joalo hobane Lipaki ha li boloke bongata ba litloaelo tsa lepato tse tloaelehileng sebakeng seo li phelang ho sona.

Litloaelo tsa Meetlo ea Lepato

Aliu o lula motsaneng oa Nigeria Bohareng. Ha ’mè oa hae a e-shoa, o ile a tsebisa beng ka eena ka lefu la hae eaba o lokisetsa hore ho be le puo ea Mangolo e tla fanoa lehaeng la hae. Puo ena e neng e fanoa ke moholo oa phutheho ea hona moo ea Lipaki tsa Jehova, e ile ea lebisa tlhokomelo ka boemo ba bafu le tšepo e khothatsang eo ho buuoang ka eona ka Bibeleng. Ka mor’a puo, ’mè oa Aliu o ile a patoa.

Beng ka eena ba ile ba halefa haholo. Ho bona tšebeletso ea lepato ha ea fella haeba ho sa etsoa tebelo, eo hangata e etsoang bosiung ba ka mor’a hore motho a shoe. Motseng oa habo Aliu tebelo ke nako ea ho keteka, eseng ea ho hlomoha. Setopo sea hlatsuoa, se apesoa liaparo tse tšoeu, ’me se behoa holim’a bethe. Ba shoetsoeng ba batla libini, ba reka biri le veine, ’me ba lokisetsa hore ho etsoe sehlabelo sa khomo kapa pōli. Joale beng ka mofu le metsoalle baa fihla ho tla bina, ho tantša, ho ja, le ho noa ho fihlela mesong ea letsatsi le hlahlamang.

Nakong ea mokete ona, lijo li behoa maotong a setopo. Likarolo tsa moriri oa mofu, manala a matsoho le a maoto lia kutoa ’me li behelloa ka thōko bakeng sa “lepato la bobeli.” Le etsoa matsatsi, libeke, esita le lilemo tse ngata hamorao.

Letsatsing le hlahlamang la tebelo, setopo sea patoa, le hoja litšebeletso tsa lepato li tsoela pele ka nako e etsang beke kapa ho feta. Hamorao, ho etsoa lepato la bobeli. Likarolo tsa moriri, manala a matsoho le a maoto li phutheloa ka lesela le lesoeu, le tlamelloang lepolankeng la bolelele ba limithara tse 1,5 kapa 1,8. Ha ho ntse ho binoa ’me ho tantšoa, lepolanka le isoa mabitleng ’me le patoa haufi le motho eo le mo emelang. Hape ho ba le ’mino, lino, le lijo ka bongata. Ho ea qetellong ea litšebeletso tsa lepato, ho thunngoa hanngoe sebakeng.

Kaha Aliu ha a ka a lumella leha e le ’ngoe ea lintho tsena, o ile a qosoa ka hore ha a hlomphe bafu kapa meetlo e ba hlomphang. Empa ke hobane’ng ha Aliu, Paki ea Jehova, a ile a hana ho boloka moetlo? Hobane ka lebaka la letsoalo o ne a ke ke a amohela likhopolo tsa bolumeli tseo meetlo ena e thehiloeng ho tsona.

Litumelo tsa Meetlo tsa Afrika

Afrika eohle, batho ba lumela hore batho bohle ba tsoa sebakeng sa moea ’me ba tla khutlela teng. Mayoruba a Nigeria a re: “Lefatšeng ke ’marakeng, ha leholimong e le lapeng.” ’Me Maigbo a re: “E mong le e mong ea tlang lefatšeng lena o tla tlameha ho khutlela hae, ho sa tsotellehe hore na o nka nako e telele hakae lefatšeng.”

Nahana ka litloaelo tse boletsoeng pejana. Morero oa tebelo ke ho felehetsa moea hantle. Seaparo se sesoeu se nkoa e le se loketseng sebaka sa leholimo. Ho beha lijo maotong ho amahanngoa le khopolo ea hore setopo se ja ka maoto ’me se tlameha ho feptjoa e le hore se se ke sa lapa leetong la sona ha se ea lefatšeng la baholo-holo ba shoeleng.

Ho feta moo, batho ka kakaretso ba lumela hore ha moea o siea ’mele, o raba-raba pel’a ba phelang ’me ha u khutlele ho baholo-holo ba shoeleng ho fihlela ha qetellong o lokolloa ke lepato la bobeli. Ntle leha ho entsoe lepato la bobeli, batho ba tšaba hore moea o tla halefa ’me o otle ba phelang ka boloetse kapa lefu. Ho thunya ka sethunya ke ho “isa moea” leholimong.

Le hoja litloaelo tsa lepato li fapana haholo ka libaka Afrika, khopolo ea sehlooho hangata ke hore moea oa pholoha ha ’mele o e-shoa. Morero oa sehlooho oa lineano ke ho thusa moea ho arabela “pitsong ea ho ea lapeng.”

Litumelo le litloaelo tsena li khothalelitsoe ke thuto ea Bokreste-’mōtoana ea ho se shoe ha sephefumolohi sa motho le ho hlompha ha bona “bahalaleli” ka mokhoa oa borapeli. Se tloaelehileng ke tlhaloso ea moruti oa masole a Swaziland ea ileng a bolela hore Jesu, haa tlela ho felisa litumelo tsa meetlo, empa ho li phethahatsa kapa ho li tiisa. Kaha hangata baruti ba etella pele litšebeletsong tsa lepato, batho ba bangata ba ikutloa hore Bibele e tšehetsa litumelo tsa meetlo le litloaelo tse tsoang ho tsona.

Se Boleloang ke Bibele

Na Bibele e tšehetsa litumelo tsee? Mabapi le boemo ba bafu, Moeklesia 3:20 e re: “Tsohle [batho le liphoofolo] li ikela nģalong e le ’ngoe; tsohle li tsoa lerōleng, ’me tsohle li khutlela lerōleng.” Mangolo a tsoela pele ho re: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng . . . Lerato la bona, le hloeo ea bona, le mohono oa bona, li se li timetse . . . Nģalong ea bafu moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero kapa tsebo, kapa bohlale.”—Moeklesia 9:5, 6, 10.

Mangolo ana le a mang a hlakisa hore bafu ba ke ke ba re bona kapa ba re utloa kapa ba re thusa kapa ba re utloisa bohloko. Na see ha se tumellanong le seo u se hlokometseng? Mohlomong u tseba monna ea ruileng le ea nang le tšusumetso e matla ea ileng a shoa ’me lelapa la hae ka morao ho moo la sotleha, le hoja le ile la etsa litšebeletso tsohle tsa litloaelo tsa lepato. Haeba monna eo a ntse a phela sebakeng sa moea, ke hobane’ng ha a sa thuse lelapa la hae? A ke ke a etsa joalo hobane se boleloang ke Bibele ke ’nete—bafu ka sebele ha ba phele, “ha ba na matla lefung,” ka lebaka leo ha ba khone ho thusa mang kapa mang.—Esaia 26:14, NW.

Mora oa Molimo, Jesu Kreste, o ne a tseba hore sena ke ’nete. Nahana ka se ileng sa etsahala ka mor’a lefu la Lazaro. Bibele e re: “[Jesu] a re ho bona [barutuoa ba hae]: Lasaro, motsoalle oa rōna, o robetse; empa ke ea mo tsosa borokong. Barutuoa ba hae ba re ho eena: Morena, ha a robetse, o tla fola. Athe Jesu o na a bolela ho shoa ha hae.”—Johanne 11:11-13.

Hlokomela hore Jesu o ile a tšoantša lefu le boroko, phomolo. Ha a fihla Bethania, o ile a tšelisa likhaitseli tsa Lazaro e leng Maria le Maretha. A susumetsoa ke kutloelo-bohloko, Jesu o ile a lla. Leha ho le joalo, ka tsela leha e le efe ha a ka a etsa leha e le eng e bontšang hore Lazaro o ne a e-na le moea o ntseng o phela le o batlang thuso hore o fihle naheng ea baholo-holo ba hae ba shoeleng. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a etsa seo a neng a boletse hore o tla se etsa. O ile a tsosa Lazaro borokong ba lefu ka tsoho. Sena se ile sa fana ka bopaki ba hore qetellong Molimo o tla sebelisa Jesu ho tsosa bohle ba leng mabitleng a khopotso.—Johanne 11:17-44; 5:28, 29.

Ke Hobane’ng ha ba Bang ba Etsa se Fapaneng?

Na ho na le phoso ho etsa lintho ho latela litloaelo tsa lepato tse thehiloeng litumelong tseo e seng tsa mangolo? Aliu le Lipaki tse ling tsa Jehova tse limilione li lumela hore ho phoso. Lia tseba hore e tla ba phoso—esita le ho bontša boikaketsi—hore li tšehetse mokhoa leha e le ofe oo ka ho hlakileng o thehiloeng lithutong tsa bohata le tse khelosang. Ha ba batle ho tšoana le bangoli le Bafarisi, bao Jesu a ileng a ba nyatsa ka lebaka la boikaketsi ba bolumeli.—Mattheu 23:1-36.

Moapostola Pauluse o ile a lemosa mosebetsi-’moho le eena Timothea: “Moea o ometse hore, mehleng ea morao, ba bang ba tla koenehela tumelo, ba khomarele meea e thetsang le lithuto tsa batemona; ka ho ea ka boikaketsi ba baruti ba bohata.” (1 Timothea 4:1, 2) Na khopolo ea hore bafu ba moloko oa batho ba phela sebakeng sa moea ke thuto ea bademona?

E, ke eona. Satane Diabolose, “ntate oa ea leshano,” o ile a bolella Eva hore o ne a ke ke a shoa, a bontša hore o ne a tla tsoela pele a phela nameng. (Johanne 8:44; Genese 3:3, 4) Sena se ne se sa tšoane le ho bolela hore sephefumolohi se shoeleng se tsoela pele se phela ka mor’a lefu la ’mele. Leha ho le joalo, Satane le bademona ba hae ba loanela ho khelosa batho ’neteng ea Lentsoe la Molimo ka ho buella khopolo ea hore bophelo bo tsoela pele ka mor’a lefu. Ka lebaka la hore li lumela se boleloang ke Molimo ka Bibeleng, Lipaki tsa Jehova ha li kopanele ponong le liketsong tse tšehetsang mashano a Satane.—2 Ba-Korinthe 6:14-18.

Ka ho qoba mekhoa ea lepato eo eseng ea mangolo, bahlanka ba Jehova ba ipaketse ho se ratoe ke batho ba sa lumellaneng le maikutlo a bona. Lipaki tse ling li amohiloe lefa. Tse ling li behelloa ka thōko ke malapa a tsona. Leha ho le joalo, joaloka Bakreste ba ’nete, li hlokomela hore ho ikokobeletsa Molimo ka botšepehi ho baka ho se ratoe ke lefatše. Joaloka baapostola ba tšepahalang ba Jesu Kreste, li ikemiselitse ho ‘utloa Molimo ho e-na le batho.’—Liketso 5:29; Johanne 17:14.

Le hoja ba hopola baratuoa ba tsona ba robetseng lefung, Bakreste ba ’nete ba loanela ho bonahatsa lerato la bona ho ba phelang. Ka mohlala, Aliu o ne a ile a lula le ’mè oa hae ka mor’a lefu la ntate oa hae ’me a mo fepa a ba a mo hlokomela bophelo bohle ba hae. Ha ba bang ba bolela hore Aliu o ne a sa rate ’mè oa hae hobane a sa mo pata ho latela tloaelo ea sebaka seo, o ba bolella mantsoe ana a tloaelehileng har’a sechaba sa habo: “Fepa molomo oa ka pele u ka fepa maoto a ka.” Ho fepa molomo kapa ho hlokomela motho ha a sa phela, ho bohlokoa haholo ho feta ho fepa maoto, e leng ketso e hlalositsoeng pejana le e amanang le tebelo e etsoang ka mor’a hore motho a shoe. Ha e le hantle, ho fepa maoto, ha ho tsoele mofu molemo ho hang.

Aliu o botsa batho ba mo nyatsang, ‘U ka khetha eng—hore lelapa la hao le u hlokomele ha u tsofetse kapa hore le u etsetse mokete oa semetletsa ha u se u shoele?’ Ba bangata ba khetha ho hlokomeloa ha ba sa phela. Ba boetse ba ananela ho tseba hore ha ba e-shoa ba tla etsetsoa tšebeletso e hlomphehang ea sehopotso e thehiloeng Bibeleng le lepato le hlomphehang.

Ke sona seo Lipaki tsa Jehova li lekang ho se etsetsa baratuoa ba tsona. Li fepa molomo, eseng maoto.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela