Lipaki tsa Jehova Lefatšeng Lohle—Bahamas
LIBAKA tsa Bahamas—sehlopha sa lihleke-hleke le lihleke-hleke tse nyenyane tse 3 000—tse lutseng joaloka sekhama sa mopopotlo oa mahōhōli a leoatle lik’hilomithara tse ka bang 900 tsa leoatle le botala ba leholimo pakeng tsa Florida le Cuba. Har’a baahi ba teng ba 267 000 ho na le sehlopha se hōlang sa libini sa baboleli ba ’Muso. Pina ea sona ea thoriso e re hopotsa Esaia 42:10-12: “Binelang Jehova sefela se secha, le tumise lithoko tsa hae lipheletsong tsa lefatše, lōna ba tsamaeang holim’a leoatle, le lōna libōpuoa tsohle tse ho lona, lōna lihleke-hleke le ba ahileng ho tsona. . . . Litlatse li lume liqhooeng tsa lithaba. Khanya e isoe ho Jehova, lithoko tsa hae li boleloe lihleke-hlekeng.”
Tumelo e Ncha e Behoa Tekong
Ka July 1992, pula-maliboho ea ka mehla (’moleli oa nako e tletseng oa ’Muso) o ile a tsamaisetsa mosebetsi-’moho le eena thuso ea ho ithuta Bibele U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Ka mor’a hore monna eo a bale buka, o ile a ipolella, ‘Ke tlameha ho batlisisa ka bolumeli bona.’ Ka Lisontaha tse peli tse latelang, o ile a ba teng libokeng Liholong tse peli tse fapaneng tsa ’Muso tsa Lipaki tsa Jehova. Ka morao ho moo, ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le eena. Leha ho le joalo, libeke tse tšeletseng feela ka mor’a hore a ’ne a ithute Bibele, ho ile ha hlaha phephetso e neng e tla leka tumelo ea hae e ntseng e le ncha—mekete ea matsatsi a tsoalo.
Lelapa la rakhoebo enoa le ne le keneletse haholo meketeng e joalo, empa lerato la hae bakeng sa Lentsoe la Molimo le ile la mo susumeletsa hore a tsoele pele a ithuta Bibele. Ha tsebo ea hae ea ’nete ea Mangolo e ntse e eketseha, le kutloisiso ea hae ka mekete ea tsoalo le matsatsi a lefatše a phomolo le pono ea Jehova ka ’ona e ile ea eketseha.
Ha mosali oa monna enoa a lokisetsa ’moka oa boithabiso bakeng sa Father’s Day, ka boikokobetso o ile a hana ho ba teng. Leha ho le joalo, o ile a nahana hore ha a sa mo rata ’me o se a eteletsa bolumeli ba hae ka pele ho eena le lelapa la bona. Ka mosa o ile a hlalosa hore ho sebelisa seo a neng a ithuta sona Bibeleng ho ne ho mo thusa ho mo fetola monna le ntate ea molemonyana. Qetellong, mosali o ile a ba le kananelo e khōlō bakeng sa lerato la hae la ’nete ea Mangolo ’me a lumela ho ithuta Bibele. Hona joale o khanna thuto ea Bibele le lelapa la hae. ’Me o ile a thaba hakaakang Kopanong ea Setereke ea “Thuto ea Bomolimo” selemong se fetileng! Mosali oa hae le morali oa bona ba ne ba le teng ’me ba mo bona ha a kolobetsoa.
Bajaki ba Utloa Pina e Ncha
Bajaki ba likete ba Haiti ba itsoakanya le sechaba sa Bahamia. Le bona ho hlokahala hore ba utloe pina e ncha ea ’nete ea ’Muso. Lipaki tse lulang Bahamas li thabela hore ebe ho fihlile lihlopha tse peli tsa banyalani ba Mahaiti a Amerika. Batho bana ba fane ka thuso mabapi le ho matlafatsa lihlopha tse sa tsoa thehoa tsa Haiti lihleke-hlekeng tsa Grand Bahama le Abaco.
E le thuso e tsoelang pele ho batho ba Haiti ba thahasellang molaetsa oa ’Muso, kopano ea pele ea setereke ea Secreole e kileng ea tšoaroa Bahamas e bile ho tloha ka July 31 ho ea ho August 1, 1993. Palo ea ba bileng teng e ile ea fihla ho 214, ’me ba bararo ba sa tsoa inehela ba ile ba kolobetsoa. Batho ba bangata ba Haiti ba ileng ba ithuta ’nete Bahamas ba se ba khutletse lihleke-hlekeng tsa habo bona kapa ba ahile libakeng tse ling bakeng sa ho kenyeletsa mantsoe a bona ho a Lipaki tsa sebaka seo ho binela Jehova thoriso.
[Lebokose le leqepheng la 8]
BOITSEBISO BO AMANG NAHA
Selemo sa Tšebeletso sa 1993a
TLHŌRŌ EA BA FANANG KA BOPAKI: 1 294
KAROLELANO: Paki e le 1 ho 197
BA BILENG TENG SEHOPOTSONG: 3 794
KAROLELANO EA BAHOELETSI BA BO-PULA-MALIBOHO: 186
KAROLELANO EA LITHUTO TSA BIBELE: 1 715
PALO EA BA KOLOBELITSOENG: 79
PALO EA LIPHUTHEHO: 22
OFISI EA LEKALA: NASSAU
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona Almanaka ea Lipaki tsa Jehova ea 1994.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Holo ea pele ea ’Muso, le ofisi ea lekala le lehae la baromuoa
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ka cheseho Lipaki li phatlalatsa litaba tse molemo
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Milton G. Henschel le Nathan H. Knorr le baromuoa Nassau lilemong tse ka bang 45 tse fetileng
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ofisi e ncha ea lekala, e nehetsoeng ka February 8, 1992