Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 7/1 maq. 3-4
  • Kereke e Arohaneng—E Mpe Hakae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kereke e Arohaneng—E Mpe Hakae?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kereke e Arohane Hakae?
  • Litekanyetso tse sa Tšoaneng
  • “Likhaohano li se ke tsa E-ba Teng Har’a Lōna”
  • Ke Hobane’ng ha ho na le Likarohano?
    Tsoha!—1990
  • Kereke e Arohaneng—Na e ka Pholoha?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 7/1 maq. 3-4

Kereke e Arohaneng—E Mpe Hakae?

“JOALOKA lelapa le leholo le le tšohileng, le phelang ntlong ea khale ea serutha eo lebota la eona le ka pele le helehileng ka tšohanyetso, ho bonahala ho e-na le khang e tsoelang pele hoo e ka bang phaposing e ’ngoe le e ’ngoe—ha meropa e ntse e tilinngoa bana ba Jesu ba tlatsitse lerata ba le tlatselitse basodoma ba sehlopha sa Anglo-Catholic ba hlomphehang ba apereng lisutu tse ntšo tsa silika.”—The Sunday Times, London, ea la 11 April, 1993.

Lelapa lena ke Kereke ea Chache. Khang e mabapi le taba ea ho amohela basali bopristeng. Tlhaloso ena ea karohano e tebileng e etsoang ka lipapiso e sebetsa hantle esita le ho Bokreste-’mōtoana bohle. Ha bapatriareka ba Kereke ea Orthodox le mopapa ba nyatsa qeto ea ho lumella basali ho ba baprista, tlaleho e ’ngoe e phetha ka ho re, phello e akaretsang ke hore “toro ea ho tsosolosa poelano ea Bokreste-’mōtoana bohle e hōle haholoanyane ho feta leha e le neng pele.”

Kereke e Arohane Hakae?

Ha re bala Mattheu 7:21, Jesu Kreste o itse ba bangata ba ne ba tla bolela hore ba na le tumelo ho eena e le Morena empa ba ’ne ba hlōlehe ho ‘etsa thato ea Ntat’ae.’ Makasine oa Maclean’s oa hlokomela: “Babali ba Mattheu ba batlang poloko ba ka tšoareloa bakeng sa pherekano ka seo e hlileng e leng thato ea Molimo, ha Bakreste, le likereke tsa bona, ba fapana ka mokhoa o matla hakana tabeng ena.” Ka mor’a phuputso e entsoeng har’a Macanada, o ile a etsa qeto ea hore ho na le “phapang e khōlō litumelong le liketsong tsa Bakreste ba Canada—ha e le hantle, phapang e kholoanyane har’a litho tsa sehlopha leha e le sefe, ho feta lipakeng tsa lihlopha ka botsona.”

Ho latela patlisiso ea eona, karolo ea 91 lekholong ea Mak’hatholike e lumellana le tšebeliso ea mekhoa ea maiketsetso ea ho thibela kemolo le hoja kereke ea bona e e nyatsa; karolo ea 78 lekholong e nahana hore basali ba lokela ho lumelloa ho ba baprista; ’me karolo ea 41 lekholong e amohela ho ntšoa ha limpa “maemong a itseng.” Maclean’s e re ho se lumellane ka har’a lihlopha tse fapaneng mabapi le “litaba tse ngata tsa thuto ea bolumeli ho totobatsa likarohano tse senyang kopano ea likereke tse ka sehloohong.”

Litekanyetso tse sa Tšoaneng

Litekanyetso tse sa tšoaneng esita le tse hanyetsanang li teng mabapi le boitšoaro. Ba bang ba bolela hore ba khomarela melao-motheo ea Bibele, empa ba bang baa e nyelisa. Ka mohlala, na mokete oa “lenyalo” o ileng oa etsetsoa Basali ba babeli ba Basodoma Kerekeng ea Metropolitan ea Toronto, o ne o le tumellanong le thato ea Molimo? Ho hlakile hore batho ba neng ba nkile karolo ba ne ba nahana joalo. Ba itse: “Re batla ho keteka lerato la rōna phatlalatsa le ka pel’a Molimo.”

Mongoli e mong oa koranta o ile a botsa hore na ho tlile joang hore ebe “moarekabishopo oa K’hatholike eo ho ’nileng ha tlisoa lipelaelo ho eena hangata, o ile a isa baprista ba ratang ho kopanela likobo le bana kerekeng e ’ngoe moo ba tla kopana le bashemane ba aletare ba eketsehileng.” Moprista Andrew Greeley o etsa tlhahiso ea hore ho ka etsahala hore baprista ba 2 000 ho isa ho ba 4 000 ba hlekefelitse bahlaseluoa ba tlaase lilemong ba 100 000, hangata ho sa etsoe letho ka hona.

Kereke e arohaneng e hlahisa batho ba arohaneng. Linaheng tsa Balkan, “Bakreste” ba Maserbia le Macroate ba ikutloa hore Kreste o na le bona ntoeng ea bona ea “toka.” Ba bangata ha ba le ntoeng ba roala litšoantšo tsa Jesu sefapanong; ho tlalehoa hore e mong, “ka linako tsohle o ne a kenya setšoantšo sa Jesu sefapanong ka hanong ha ntoa e befile haholo.”

“Likhaohano li se ke tsa E-ba Teng Har’a Lōna”

Ke ’nete hore Bibele e siea litaba tse ling letsoalong la motho, empa sena ha sea lokela ho bula monyetla oa karohano e joalo. Ka ho hlakileng moapostola Pauluse o re: “Kaofela le lokela ho bua [le ho etsa] ka tumellano, le hore ha hoa lokela ho ba le likarohano har’a lōna.”—1 Ba-Korinthe 1:10, NW; Ba-Efese 4:15, 16.

Ho talima “Bokreste” ka botšepehi lilemong tse fetileng tse likete tse peli ka mor’a hore moapostola Pauluse a ngole mantsoe ao, ho phahamisa tse ling tsa lipotso tse tebileng haholo. Ke hobane’ng ha “Bakreste” ba arohane hakaale? Na kereke e arohaneng hakaale e ka pholoha? Na ho sa tla hlola ho e-ba le Bokreste-’mōtoana bo kopaneng? Sehlooho se latelang se tla tšohla lipotso tsena.

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Mekoloko ea boipelaetso ea baprista khahlanong le ho ntšoa ha limpa

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Cover and above: Eleftherios/Sipa Press

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela