Kereke e Arohaneng—Na e ka Pholoha?
“BOHLE ba bolelang ’nete e pholosang ea Kreste ke ba Kereke e bonahalang. Likarohano tsa Bokreste-’mōtoana—pakeng tsa Bochabela le Bophirimela, le pakeng tsa Roma le likereke tsa Phetoho—ke likarohano tse ka har’a Kereke e le ’ngoe.” (Christians in Communion) Eo ke tsela eo mongoli e mong a talimang Bokreste ka eona—joaloka lelapa le qalikaneng ka ho pharaletseng la malumeli, ao kaofela a bolelang hore a na le tumelo ea mofuta o itseng ho Jesu Kreste.
Leha ho le joalo, ke lelapa le arohaneng, le nang le litumelo le litekanyetso tsa boitšoaro tse hanyetsanang. Moshebelli e mong o re: “Bokreste ba kajeno . . . bo na le litekanyetso tsa ho ba setho se tlaasana ho tsa ho palama bese.” Joale, re ka hlalosa boemo ba bona ba moea joang? Mobishopo oa K’hatholike Basil Butler o etsa qeto: “Bokreste bo arohaneng bo kula haholo ka sebele.” (The Church and Unity) Bokuli boo bo qalile joang? Na ho na le tšepo ea hore bo tla fela?
“Motho ea Hlokang Molao”
Moapostola Pauluse o ile a lemosa hore karohano e ne e tla bonahala. Ho Bakreste ba Thessalonika ba neng ba nahana hore ho ba teng ha Kreste ho ne ho le haufi, o ile a ngola: “Ho se be le ea le khelosang ka mokhoa leha e le ofe, hobane le [letsatsi la Jehova] ke ke la tla ntle le hore bokoenehi bo tle pele le motho ea hlokang molao a senolehe, mor’a timelo.”—2 Ba-Thessalonika 2:3, NW.
‘Motho enoa ea hlokang molao’ o ile a kenya bokoenehi le bofetoheli ka phuthehong ea Bokreste. Ke mang? Hase motho leha e le ofe a le mong empa, ho e-na le hoo, ke sehlopha sa baruti ba Bokreste-’mōtoana. Sehlopha sena se ipehile boemong bo phahameng phuthehong ea bokoenehi hoo e ka bang kapele ka mor’a lefu la baapostola ba Jesu, ’me qetellong sa ruta lifilosofi tsa bohetene, tse kang Boraro-bo-bong le ho se shoe ha sephefumolohi sa motho. (Liketso 20:29, 30; 2 Petrose 2:1-3) Joaloka kokoana-hloko e bolaeang, se ile sa tšoaetsa phutheho e ipolelang hore ke ea Bokreste likhopolo tse bululetsoeng ke bademona tse neng li tla fella ka karohano e ke keng ea qojoa.—Ba-Galata 5:7-10.
Tšoaetso ena e ne e se e qalile mehleng ea moapostola Pauluse. O ile a ngola: “Ruri, sephiri sa ho hloka molao hona se se se ntse se sebetsa; empa ke feela ho fihlela eena eo hona joale a sebeletsang e le tšitiso a sutha.” (2 Ba-Thessalonika 2:7, NW) Baapostola ba ile ba sebeletsa e le tšitiso khahlanong le chefu ea bokoenehi. Ha tšusumetso ea bona e kopanyang e tlosoa, bokoenehi bo sa sitisoeng ke letho bo ile ba ata joaloka mofetše.—1 Timothea 4:1-3; 2 Timothea 2:16-18.
Liketso tsa ‘motho enoa ea hlokang molao’ li tsoela pele li sa fokotsehe. Tlalehong e sa tsoa etsoa mabapi le “kereke tlhokofatsong ea likamano tsa botona le botšehali le ea thuto ea bolumeli,” moruti e mong oa Kereke ea Chache eo e leng motlatsi oa mobishopo litabeng tsa tsamaiso o ile a qotsoa a belaela: “Boipiletso bo kōpang baruti hore ba se ke ba inehela takatsong ea likamano tsa botona le botšehali ka ntle ho lenyalo boa hanoa. Ba lemaletseng bosodoma ba khethoa hore e be baruti. Ba fetotse se molemo bobe le bobe se molemo.”—The Sunday Times Magazine, London, ea la 22 November, 1992.
Koro le Mofoka
Jesu Kreste ka boeena o ile a ruta hore ka nakoana Bokreste ba ’nete bo ne bo sa tl’o bonahala. O ile a bolela hore ho thehoa ha phutheho ea Bokreste ho ne ho tšoana le motho ea jalang peō e ntle tšimong ea hae. Empa, Jesu a re, “ea mo hloileng a tla, ’me a jala mofoka har’a koro.” Ha bahlanka ba hae ba botsa hore na ba lokela ho leka ho fothola mofoka, mong’a tšimo o ile a re: “Che, mohlomong ha le e-kha mofoka, le ka tšoha le fothola le eona koro.” Ho tsoakana hoo ha koro le mofoka ho ne ho tla tsoela pele halelele hakae? Mong’a tšimo o ile a re: “Li leseng tse peli, li hole hammoho, ho be ho fihle kotulo.”—Mattheu 13:25, 29, 30.
Ho fihlela ‘kotulong,’ kapa nako ea ho arola nakong ea ho fela ha “tsamaiso ea lintho,” Bakreste ka lebitso ba ile ba hōla ba bapile le Bakreste ba ’nete. (Mattheu 28:20) Satane Diabolose o ile a sebelisa bakoenehi ho haha phutheho ea Bokreste ka lebitso e senyehileng le e arohaneng. (Mattheu 13:36-39, NW) Ba ile ba hlahisa Bokreste-’mōtoana bo hlabisang lihlong. (2 Ba-Korinthe 11:3, 13-15; Ba-Kolosse 2:8) Ha kereke e ntse e e-ba litsekana ho theosa le makholo a lilemo, ho ile ha ba thata ka ho eketsehileng ho khetholla Bakreste ba ’nete.
Likarolo tse Ncha
The Testing of the Churches—1932-1982 e re linakong tse tsoetseng pele haholoanyane, “likarolo tse ncha li hlahile, haholo-holo sehlopha se phekolang ka mehlolo, ka khatiso ea sona tabeng ea tumelo ea botho le phihlelo.” Hoa thahasellisa hore ebe ba bang ba talima lihlopha tsa ba phekolang ka mehlolo, ba tsoetsoeng hape e le lipontšo tsa ho tsosolosoa moeeng eseng likarolo tse ncha. Ka mohlala, Ireland e ka Leboea ho ile ha ba le tsosoloso e joalo ka bo-1850. Ho ile ha lebelloa lintho tse khōlō. Tlaleho e ’ngoe e ile ea bua ka “kopano ea botsoalle . . . har’a baruti ba Presbiteri, ba Wesele, le ba Ikemetseng” ’me ea bolela hore “letsatsi le leng le le leng le ile la tlisa litlaleho tse ncha tsa ho hapeha ha kelello ponong, ho ea le maili-ili, lipono, litoro le mehlolo.”—Religious Revivals.
Ba bangata ba bone liponahatso tsena tse hapang tlhokomelo e le bopaki ba ho sebetsa ha moea oa Molimo bakeng sa ho tsosolosa kereke ea hae. Moshebelli e mong o itse: “Kereke ea Molimo, ka kutloisiso ea eona e phahameng ka ho fetisisa e tsosolositsoe likarolong tsena.” Leha ho le joalo, le hoja tsosoloso ena e khethehileng e ile ea tsebahatsoa e le “ketsahalo e khanyang le eo ho seng mohla e kileng ea etsahala historing ea bolumeli ea Ulster,” eona le litsosoloso tse ling tse tšoanang le eona ha lia hlahisa kopano ea bolumeli ka har’a ba ipolelang hore ba tsoetsoe hape moeeng.
Ba joalo ba tla beha mabaka ka hore ba kopane litabeng tsa motheo. Empa lena ke lona lebaka le sebelisoang ke Bokreste-’mōtoana kaofela, bo ikemelang ka ho re “se kopanyang Bakreste e se e ntse e le sa bohlokoa haholoanyane ho feta lintho tse sa ntseng li ba arohanya.” (The Church and Unity) Bokreste-’mōtoana boa bolela: “Kopano ea rōna ea motheo le Bakreste-’moho le rōna kaofela e metse ka metso kolobetsong ea rōna ho Kreste.” (Christians in Communion) Leha ho le joalo, ho bolela hore likarolo hase tsa bohlokoa ka lebaka la tumelo e tšoanang ho Jesu, ho tšoana le ho bolela hore kankere hase lefu le tebileng hafeela pelo ea hao e le matla.
Seo e leng ’nete ke hore lihlopha tseo tsa bolumeli tsa morao-rao li ekelitse pherekano ’me li hlahisitse ho hloka taolo ha bolumeli ha baruti ba nang le tšusumetso ba ipokellela balateli. Jim Jones le David Koresh ke mehlala ea haufinyane ea baeta-pele ba bolumeli ba ileng ba khelosa ba likete. (Mattheu 15:14) Moruti e mong oa Baptiste ke setho se ka pele-pele sa Ku Klux Klan (Mokhatlo o Tšehetsang Tumelo ea hore Batho ba Basoeu ba Phahametse ba Bang). O amahanya letšolo la hae la ho phahama ha batho ba basoeu le tsosoloso ea bolumeli ’me o bolela hore ba kopanelang ho lona ba tla “fuoa matla a tataiso ea bomolimo, ba fuoe sebete sa Ea shoetseng Golgotha [Jesu Kreste].”
Ho thoe’ng ka seo ho hakanngoang hore ke mehlolo, mesebetsi e matla, le lipontšo tse etsoang ka lebitso la Jesu? Hopola temoso ea Jesu Kreste e matla ea hore, hase ba reng feela “Morena, Morena” ba fumanang kamohelo ea hae, empa, ho e-na le hoo, ‘ba etsang thato ea Ntate oa hae.’ Kajeno ba bangata ha ba tsebe le lebitso la Ntate oa hae, Jehova. Jesu o ile a lemosa ka ba neng ba tla ‘leleka bademona ka lebitso la hae, le ho etsa mesebetsi e matla ka lebitso lena’ empa e ne e tla ba “basebetsi ba hlokang molao.”—Mattheu 7:21-23, NW.
“Tlohang ho Eena, Lōna Sechaba sa Ka”
Ho na le tšepo efe ea hore Bokreste-’mōtoana bo kulang bo tla fola? Ea fokola. Joale, na re lokela ho amohela keletso ea mobishopo Butler oa K’hatholike, ea ho “potlakela ho ba setho [sa kereke] re sa itšoenye ka lintho tse ngata ’me re thuse ‘tlhoekisong’ ea eona e tsoelang pele ka har’a litho tsa eona”? Che! Bokreste-’mōtoana bo arohaneng le bo bakang karohano bo ke ke ba pholoha. (Mareka 3:24, 25) Ke karolo ea ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o bitsoang Babylona e Moholo. (Tšenolo 18:2, 3) Tsamaiso ena ea bolumeli e molato oa mali e tobane le timetso e atamelang letsohong la Molimo.
Bibele ha e bolele hore Bakreste ba ’nete ba lule ka har’a mokhatlo ona oa bolumeli o senyehileng ’me ba leke ho o fetola ba le ka hare. Ho e-na le hoo, e khothatsa ka matla: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae. Hobane libe tsa hae li se li kolohane ho ea fihla leholimong, ’me Molimo o hopotse makhopo a hae.”—Tšenolo 18:4, 5.
Ba ‘tlohe’ ba ee hokae? Hopola, Jesu o tšepisitse hore nakong ea kotulo, Bakreste ba ’nete ba ne ba tla bokelloa hammoho hape kopanong ea lefatše lohle. Moprofeta Mikea le eena o ile a bolela ho bokana ho joalo esale pele ka mantsoe ana: “Ke tla ba bea hammoho joalo ka linku tse har’a lesaka.” (Mikea 2:12) Na see se etsahetse?
E! hona joale Bakreste ba ’nete ba bokelleloa boeneng bo kopaneng lefatšeng lohle. Ke bo-mang? Ke phutheho ea Bokreste ea Lipaki tsa Jehova, tse bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li kopane linaheng tse 231. Li hanne lithuto tse arolang tsa Bokreste-’mōtoana ’me li batla ho rapela Molimo ho ea ka ’nete ea Lentsoe la hae.—Johanne 8:31, 32; 17:17.
U mengoa ka mofuthu ho buisana le tsona. Haeba u rata ho tseba se eketsehileng ka Lipaki tsa Jehova, ka kōpo kopana le tsona sebakeng sa heno kapa u li ngolle atereseng e loketseng leqepheng la 2 la makasine ona.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
“Molimo o hopotse makhopo a hae”