Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 7/1 maq. 8-13
  • U Jela Tafoleng Efe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Jela Tafoleng Efe?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Qoba ‘Tafole ea Bademona’
  • “Mohlanka ea Khabane” o Beha Lijo Tafoleng ea Jehova
  • Hlokomela Lijo tse Chefu Tafoleng ea Bademona
  • Ke Tafole ea Jehova Feela e Tla Sala
  • Lihlooho Tse Makasineng Ena
    Tsoha!—2024
  • Jesu o Matla ho Feta Bademona
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Thuto ea Bomolimo Khahlanong le Lithuto tsa Bademona
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Re ka Hanyetsa Bademona Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 7/1 maq. 8-13

U Jela Tafoleng Efe?

“Le ke ke la jela ‘tafoleng ea Jehova’ le tafoleng ea bademona.”—1 BA-KORINTHE 10:21, NW.

1. Ke litafole life tse tekiloeng ka pel’a rōna, ’me ke temoso efe eo moapostola Pauluse a fanang ka eona mabapi le tsona?

MANTSOE ana a bululetsoeng a moapostola Pauluse a bontša hore litafole tse peli tsa tšoantšetso li tekiloe ka pel’a moloko oa batho. Tafole ka ’ngoe e khetholloa ka mofuta oa lijo tsa tšoantšetso tse behiloeng holim’a eona, ’me kaofela ha rōna re jela ho e ’ngoe ea tsona. Leha ho le joalo, haeba re batla ho thabisa Molimo, re ke ke ra jela tafoleng ea hae ’me ka nako e tšoanang ra ’na ra khoatha-khoatha lijo tafoleng ea bademona. Moapostola Pauluse o ile a lemosa: “Lintho tseo lichaba li etsang mahlabelo ka tsona li etsetsa bademona mahlabelo, eseng Molimo; ’me ha ke batle hore le be ba kopanelang le bademona. Le ke ke la noela senoelong sa Jehova le senoelong sa bademona; le ke ke la jela ‘tafoleng ea Jehova’ le tafoleng ea bademona.”—1 Ba-Korinthe 10:20, 21, NW.

2. (a) Ke tafole efe ea Jehova e neng e le teng mehleng ea Iseraele oa boholo-holo, ’me ke bo-mang ba neng ba kopanela mahlabelong a kopaneloang? (b) Kajeno ho jela tafoleng ea Jehova ho bolela’ng?

2 Mantsoe a Pauluse a re hopotsa ka mahlabelo a kopaneloang ao Baiseraele ba boholo-holo ba neng ba a nehela ka tlas’a Molao oa Jehova. Aletare ea Molimo e ne e bitsoa tafole, ’me ea tlisang phoofolo e lokelang ho etsoa sehlabelo ho ne ho thoe o kopanela le Jehova le baprista. Joang? Taba ea pele, Jehova o ne a kopanela sehlabelong hobane mali a ne a fafatsoa holim’a aletare ea hae ’me mafura a ne a chesoa ke malakabe ka tlaase. Ea bobeli, moprista o ne a kopanela ka hore eena (le lelapa la hae) ba ne ba e-ja sefuba se besitsoeng le serope sa letsoho le letona sa phoofolo ea sehlabelo. ’Me ea boraro, motho ea nehelang sehlabelo o ne a kopanela ka ho ja sohle se setseng. (Levitike 7:11-36) Kajeno, ho jela tafoleng ea Jehova ho bolela hore re mo fa mofuta oa borapeli oo a o batlang, joalokaha Jesu le baapostola ba hae ba behile mohlala. E le hore re ka etsa sena, re tlameha ho iphepa moeeng ka seo Jehova a fanang ka sona ka Lentsoe la hae le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Baiseraele, ba neng ba thabela ho kopanela ka mokhoa o khethehileng le Jehova tafoleng ea hae, ba ne ba haneloa ho nehela mahlabelo ho bademona tafoleng ea bona. Kajeno, Baiseraele ba moea le metsoalle ea bona ea “linku tse ling” ba tlas’a thibelo e tšoanang ea bomolimo.—Johanne 10:16.

3. Motho a ka ba molato oa ho jela tafoleng ea bademona joang mehleng ea rōna?

3 Motho a ka ba molato oa ho jela tafoleng ea bademona joang mehleng ea rōna? Ka ho ntšetsa pele lithahasello tsa ntho leha e le efe e hanyetsanang le Jehova. Tafole ea bademona e akareletsa mashano ’ohle a bodemona, a reretsoeng ho re khelosa le ho re furallisa Jehova. Ke mang ea ka ratang ho fepa pelo ea hae le kelello ka chefu e joalo? Bakreste ba ’nete ba hana ho kopanela mahlabelong ao batho ba bangata kajeno ba a nehelang ho melimo ea ntoa le maruo.—Mattheu 6:24.

Ho Qoba ‘Tafole ea Bademona’

4. Ke potso efe eo rōna kaofela re tobaneng le eona, ’me ke hobane’ng ha re ke ke ra rata ho jela tafoleng ea bademona ka boomo?

4 Potso eo kaofela ha rōna re tobaneng le eona ke hore, Ke jela tafoleng efe? Re ke ke ra qoba ’nete ea hore re tlameha ho jela tafoleng e ’ngoe ho tsena. (Bapisa le Mattheu 12:30.) Re ke ke ra rata ho jela tafoleng ea bademona ka boomo. Ho etsa seo ho ka etsa hore re lahleheloe ke kamohelo ea Molimo a le mong feela oa ’nete le ea phelang, Jehova. Ka lehlakoreng le leng, ho ja lijo tafoleng ea Jehova feela ho fella ka hore re phele ka ho sa feleng ka thabo! (Johanne 17:3) Ho na le polelo e reng motho o seo a se jang. Joale, motho ofe le ofe ea batlang ho ipoloka a phetse hantle ’meleng le kelellong o lokela ho hlokomela lijo tseo a li jang. Joalokaha lijo tse nang le mafura a mangata le tse se nang molemo ’meleng, le hoja li lokisitsoe ka mokhoa o hlabosang ka metsoako e natefisang, li sa kolekele bophelong bo botle ba ’mele ea rōna ka ho tsoelang pele, kahoo leshano la lefatše lena le tsoakiloeng le likhopolo tsa bodemona ke lijo tse mpe tsa tšoantšetso tse se nang molemo ’meleng tse tla senya likelello tsa rōna.

5. Re ka qoba ho amohela lithuto tsa bademona joang kajeno?

5 Moapostola Pauluse o boletse esale pele hore mehleng ea qetello, batho ba ne ba tla khelosoa ke “lithuto tsa batemona.” (1 Timothea 4:1) Hase hore lithuto tse joalo tsa bademona li fumaneha litumelong tsa bohata tsa bolumeli feela empa hape li phatlalatsoa hohle ka litsela tse ling. Ka mohlala, ho hlokahala hore re hlahlobe le ho seka-seka libuka le limakasine tseo rōna le bana ba rōna re li balang, mananeo a thelevishene ao re a shebellang, le lipapali le libaesekopo tseo re li shebellang. (Liproverbia 14:15) Haeba bakeng sa ho ikhatholla re bala libuka tsa litšōmo, na li bua ka pefo e se nang kelello, likamano tsa botona le botšehali tse sa lokelang, kapa tšebelisano le meea? Haeba re bala libuka tseo e seng tsa litšōmo e le hore re ka rutoa, na li qaqisa filosofi kapa tsela ea bophelo ‘e sa lateleng Kreste’? (Ba-Kolosse 2:8, NW) Na li hlahisa litebello tse sa reng letho, kapa na li buella ho itšunya-tšunya mekhatlong ea lefatše ea sechaba? Na li khothaletsa boikemisetso ba ho rua haholo? (1 Timothea 6:9) Na ke buka eo ka bolotsana e hlahisang lithuto tse arolang tse se nang litšoaneleho tsa Kreste? Haeba karabo ke e, ’me re tsoela pele ho bala kapa ho shebella lintho tse joalo, re ipeha kotsing ea ho jela tafoleng ea bademona. Kajeno, ho na le libuka tse makholo a likete tse ntšetsang lifilosofi tsa lefatše pele tse bonahalang li fana ka temohisiso ea moea li bile li le nakong. (Moeklesia 12:12) Empa ha ho le le leng la mashano ana le hlileng le leng lecha; leha e le hona hore le sebeletsa molemo le ntlafatso ea motho, ha a fete seo Satane ka mano a ileng a se bua ho Eva se sa kang sa sebeletsa ho mo ntlafatsa.—2 Ba-Korinthe 11:3.

6. Ha Satane a re memela ho latsoa lijo tsa hae tsa bodemona tse se nang molemo ’meleng, re lokela ho arabela joang?

6 Kahoo, ha Satane a re memela ho latsoa lijo tsa hae tsa bodemona tse se nang molemo ’meleng, re lokela ho arabela joang? Joalokaha Jesu a ile a etsa ha a ne a lekoa ke Satane hore a fetole majoe bohobe. Jesu o ile a araba: “Ho ngoliloe, ho thoe: Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke polelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo.” ’Me ha Diabolose a tšepisa hore o tla neha Jesu “mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona” haeba a ne a ka oela fatše a etsa ketso e itseng ea borapeli ho Satane, Jesu o ile a arabela: “Tloha, Satane, hobane ho ngoliloe, ho thoe: Khumamela Morena, Molimo oa hao, ’me u sebeletse eena feela.”—Mattheu 4:3, 4, 8-10.

7. Ke hobane’ng ha re ithetsa haeba re nahana hore re ka jela tafoleng ea Jehova le ea bademona ka katleho?

7 Tafole ea Jehova le tafole e tekiloeng ke lira tsa hae tsa bademona le ka mohla li ke ke tsa lumellana! E, ho ’nile ha lekoa pele ho mona. Hopola Baiseraele ba boholo-holo mehleng ea moprofeta Elia. Sechaba se ne se bolela hore se rapela Jehova, empa se ne se lumela hore melimo e meng, e kang Baale, e tšepisa katleho. Elia o ile a atamela sechaba ’me a re: “Le tla tenyetsehela ho le hokae ka ’nģa tse peli? Ha Jehova e le Molimo, mo lateleng; haeba ke Baale, mo lateleng.” Ka ho ke keng ha latoloa, Baiseraele ba ne ba qhiletsa ba “qala ka leotong le leng hamorao ka ho le leng.” (1 Marena 18:21; The Jerusalem Bible) Elia o ile a phephetsa baprista ba Baale hore ba pake bomolimo ba molingoana oa bona. Molimo ea neng a tla theolela mollo o tsoang leholimong holim’a sehlabelo o ne a tla ipaka ho ba Molimo oa ’nete. Ho sa tsotellehe boiteko bo bongata, baprista ba Baale ba ile ba hlōleha. Eaba Elia habonolo feela oa rapela: “Jehova, u nkutloe, hore sechaba sena se tle se tsebe hobane ke uena, Jehova, u leng Molimo.” Hang-hang mollo o tsoang ho Jehova oa theoha leholimong ’me oa chesa sehlabelo sa phoofolo e leng ka har’a metsi. Se susumelitsoe ke pontšo e kholisang ea bomolimo ba Jehova, sechaba sa utloa Elia ’me sa bolaea baprofeta bohle ba Baale ba 450. (1 Marena 18:24-40) Kahoo kajeno, re tlameha ho hlokomela Jehova e le Molimo oa ’nete ’me ka tieo re ikemisetse ho retelehela ho jeleng tafoleng ea hae feela haeba re e-so ho etse joalo.

“Mohlanka ea Khabane” o Beha Lijo Tafoleng ea Jehova

8. Ke mohlanka ofe eo Jesu a boletseng esale pele hore o ne a tla mo sebelisa ho fepa barutuoa ba hae moeeng nakong ea ho ba teng ha hae, ’me mohlanka eo o tsebahala joang?

8 Morena Jesu Kreste o boletse esale pele hore nakong ea ho ba teng ha hae “mohlanka ea khabane, ea bohlale” o ne a tla fa barutuoa ba hae lijo: “Ho lehlohonolo mohlanka eo morena oa hae, mohla a fihlang, a tla mo fumana a etsa joalo. Ka ’nete ke re ho lōna: o tla ’mea moalosi oa mesebetsi ea hae kaofela.” (Mattheu 24:45-47) Mohlanka enoa o ipakile hore hase motho a le mong, empa ke sehlopha sa Bakreste ba inehetseng, ba tlotsitsoeng. Sehlopha sena se behile lijo tsa moea tse molemohali tafoleng ea Jehova bakeng sa masala a tlotsitsoeng le “bongata bo boholo.” Hona joale bongata bo boholo bo ka holimo ho limilione tse ’nè, bo eme le masala a tlotsitsoeng bakeng sa bobusi ba bokahohleng ba Jehova Molimo le bakeng sa ’Muso oa hae oo ka oona a tla halaletsa lebitso la hae le halalelang.—Tšenolo 7:9-17.

9. Sehlopha sa lekhoba se ’nile sa sebelisa sesebelisoa sefe bakeng sa ho fa Lipaki tsa Jehova lijo tsa moea, ’me ho keteka ha bona ha moea ho hlalositsoe joang ka tsela ea boprofeta?

9 Sehlopha sena sa lekhoba le tšepahalang se ’nile sa sebelisa Watch Tower Bible and Tract Society bakeng sa ho fa Lipaki tsa Jehova kaofela lijo tsa moea. Ha Bokreste-’mōtoana le tsamaiso ena ea lintho eohle e lapa ka lebaka la ho hloka lijo tsa moea tse fanang ka bophelo, batho ba Jehova baa keteka. (Amose 8:11) Sena se phethahatsa boprofeta bo ho Esaia 25:6: “Thabeng ena, Jehova oa makhotla o tla etsetsa lichaba kaofela mokete oa lijo tse hlabosang, mokete oa liveine tse monate tse nkiloeng holim’a litšifa, mokete oa lijo tse hlabosang, tsa moko, oa liveine tse nkiloeng holim’a litšifa, tse hloekileng.” Joalokaha litemana tsa 7 le 8 li bontša, mokete ona o tla tsoela pele ka ho sa feleng. Ke tlhohonolofatso e kaakang bakeng sa bohle ba leng ka mokhatlong o hlophisitsoeng o bonahalang oa Jehova hona joale, ’me ke tlhohonolofatso e kaakang e tla tsoela pele ho ba teng nakong e tlang!

Hlokomela Lijo tse Chefu Tafoleng ea Bademona

10. (a) Sehlopha sa lekhoba le khopo se aba lijo tsa mofuta ofe, ’me sepheo sa bona ke sefe? (b) Sehlopha sa lekhoba le khopo se tšoara bao e bileng makhoba-’moho le bona joang?

10 Lijo tse leng tafoleng ea bademona li chefu. Ka mohlala, nahana ka lijo tse abjoang ke sehlopha sa lekhoba le khopo le bakoenehi. Ha li matlafatse leha e le hona ho haha; ha li molemo. Li ke ke tsa e-ba joalo, hobane bakoenehi ba khaolitse ho jela tafoleng ea Jehova. Phello ke hore, khōlo eo ba neng ba se ba e finyeletse ea botho bo bocha e felile. Se ba susumetsang hase moea o halalelang, empa ke boikutlo ba lehloeo le tebileng. Ka linako tsohle ba nahana ka morero o le mong feela—ho otla bao e kileng ea e-ba makhoba-’moho le bona, joalokaha Jesu a boletse esale pele.—Mattheu 24:48, 49.

11. C. T. Russell o ile a ngola eng mabapi le khetho ea motho ea lijo tsa moea, ’me o ile a hlalosa ba furallang tafole ea Jehova joang?

11 Ka mohlala, morao koana ka 1909, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, C. T. Russell, o ile a ngola ka ba ileng ba furalla tafole ea Jehova eaba ba qala ho tšoara bao e neng e le makhoba-’moho le bona hampe. The Watch Tower ea la 1 October, 1909, e itse: “Bohle ba ikarolang ho Mokhatlo le mosebetsi oa oona, ho e-na le ho ikatlehisa kapa ho haha ba bang tumelong le tlhahisong ea litholoana tsa moea, ho bonahala ba etsa se fapaneng—ba leka ho tšoaea phoso Mokhatlo oo ba kileng ba o sebeletsa, ’me, ka ho ikhulela tlhokomelo e itseng, butle-butle ba tetebela tahlehong, ba itematsa le ho lematsa ba bang ba nang le moea o tšoanang oa tlhōlisano. . . . Haeba ba bang ba nahana hore ba ka fumana phepo e ntle ka mokhoa o tšoanang kapa e molemonyana litafoleng tse ling, kapa hore ba ka hlahisa e ntle ka mokhoa o tšoanang kapa e molemonyana ka bobona—bana a ba ke ba tsamaee ka tsela ea bona. . . . Empa le hoja re tlohela ba bang hore ba ee kae kapa kae le hohle ho fumana lijo le leseli e le hore ba ka khotsofala, hoa makatsa hore ebe ba fetohang bahanyetsi ba rōna ba nka tsela e fapaneng haholo. Ho e-na le hore ka tsela ea botho ea lefatše ba re, ‘ke fumane seo ke se ratang, salang hantle!’ bana ba bonahatsa bohale, bokhopo, lehloeo, ntoa, ‘mesebetsi ea nama le ea diabolose’ eo re e-song ho bone batho ba lefatše ba e bonahatsa. Ho bonahala hore ba kenoe ke bohlanya, tšabo e matla [rabies] ea Bosatane. Ba bang ba bona baa re hlasela ebe ba bolela hore ke rōna ba hlaselang. Ba itokiselitse ho bua le ho ngola mashano a nyelisang le ho itšilafatsa boitšoarong hore ba etse mahlabisa-lihlong.”

12. (a) Bakoenehi ba otla makhoba-’moho le bona joang? (b) Ke hobane’ng ha ho le kotsi hore ka bohele-hele re iphepe ka lingoliloeng tsa bokoenehi?

12 E, bakoenehi ba hatisa lingoliloeng tse retelehelang lithutong tse khopameng, tse tsoakileng ’nete le leshano, le tseo e leng mashano a feletseng. Ba tsamaea joaloka balebeli likopanong tsa Lipaki, ba leka ho tšoasa ba sa falimehang. Kahoo, e ne e ka ba ntho e kotsi ho lumella bohele-hele ba rōna hore bo re khannele ho iphepa ka lingoliloeng tse joalo kapa ho mamela puo ea bona e hlapaolang! Le hoja re ka ’na ra se ho nahane ho le kotsi ho rōna ka borōna, bothata boa sala. Hobane’ng? Taba ea pele, lingoliloeng tse ling tsa bakoenehi li hlahisa mashano ka “lipolelo tse khahlehang” le “lipolelo tsa mano.” (Ba-Roma 16:17, 18; 2 Petrose 2:3) Na see hase seo u neng u ka se lebella tafoleng ea bademona? ’Me le hoja bakoenehi le bona ba ka hlahisa linnete tse itseng, ho fetoloa moelelo oa tsona ka morero oa ho furallisa ba bang tafole ea Jehova. Lingoliloeng tsohle tsa bona lia nyefola ebile lia arola! Ha ho letho le hahang.

13, 14. Litholoana tsa bakoenehi le mashano a bona ke life?

13 Jesu o itse: “Le tla ba tseba ka ho beha ha bona.” (Mattheu 7:16) Joale, litholoana tsa bakoenehi le lingoliloeng tsa bona ke life? Lintho tse ’nè li tšoaea mashano a bona. (1) Bokhoale-ntlhajana. Ba-Efese 4:14 e bolela hore ba ‘mano . . . ho kheloseng ka bohata.’ (2) Masene a tletseng boikhohomoso. (3) Ho hloka lerato. (4) Ho hloka botšepehi ka litsela tse sa tšoaneng. Ena ke eona metsoako ea lijo tse leng tafoleng ea bademona, eo kaofela ha eona e reretsoeng ho fokolisa tumelo ea batho ba Jehova.

14 ’Me ho na le karolo e ’ngoe. Bakoenehi ba khutletse ho eng? Maemong a mangata, ba khutletse lefifing la Bokreste-’mōtoana le lithutong tsa bona, tse kang tumelo ea hore Bakreste bohle ba ea leholimong. Ho feta moo, ba bangata ha ba sa nka boemo ba Mangolo bo tiileng mabapi le mali, ho se nke lehlakore, le tlhokahalo ea ho paka ka ’Muso oa Molimo. Leha ho le joalo, rōna re phemme lefifi la Babylona e Moholo, ’me le ka mohla ha re batle ho khutlela ho lona. (Tšenolo 18:2, 4) Joaloka bahlanka ba Jehova ba tšepahalang, ke ka lebaka la’ng re ka bang ra rata ho nyarela mashanong a boleloang ke baa ba furaletseng tafole ea Jehova bao hona joale ka lipuo ba otlang ba re thusang ho fumana “litaba tsa pholoho”?—2 Timothea 1:13.

15. Ke molao-motheo ofe oa Bibele o re thusang ho nka tsela e bohlale ha re utloa liqoso tseo bakoenehi ba li etsang?

15 Ba bang ba ka ’na ba ba bohele-hele mabapi le liqoso tseo bakoenehi ba li etsang. Empa re lokela ho nka ka ho teba molao-motheo o ho Deuteronoma 12:30, 31. Mona Jehova ka Moshe o ile a lemosa Baiseraele ka seo ba lokelang ho se qoba hang ha ba amohile baahi ba bahetene Naha e Tšepisitsoeng. “U iponele, e se re mohlomong ua tšoasoa lerabeng ka ho li etsisa, ha li se li felisitsoe pel’a hao, ua batla melimo ea tsona ka ho re: Na lichaba tseo li ne li sebeletsa melimo ea tsona joang? Le ’na ke rata ho etsa joalo. U se ke ua etsa Jehova, Molimo oa hao, joalo.” E, Jehova Molimo o tseba hore na bohele-hele ba batho bo sebetsa joang. Hopola Eva le mosali oa Lota! (Luka 17:32; 1 Timothea 2:14) A re keng re se hlole re mamela seo bakoenehi ba se buang kapa seo ba se etsang. Ho e-na le hoo, a re tšoareheng re hahe batho ’me ka botšepehi re jele tafoleng ea Jehova!

Ke Tafole ea Jehova Feela e Tla Sala

16. (a) Ke’ng se tla tloha se etsahalla Satane, bademona ba hae, le tafole ea tšoantšetso eo lichaba tsa lefatše li ’nileng tsa jela ho eona? (b) Ke’ng se tla etsahala ka batho bohle ba tsoelang pele ho jela tafoleng ea bademona?

16 Haufinyane, mahlomola a maholo a tla qhoma ka tšohanyetso, ka potlako a tla fihla tlhōrong ka “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle.” (Tšenolo 16:14, 16) A tla fihla sehlohlolong ha Jehova a felisa tsamaiso ena ea lintho le tafole ea tšoantšetso eo lichaba tsa lefatše li ’nileng tsa jela ho eona. Hape Jehova o tla timetsa mokhatlo oohle o sa bonahaleng oa Satane Diabolose ka boieane ba oona ba bademona. Ba ’nileng ba tsoela pele ho jela tafoleng ea moea ea Satane, tafole ea bademona, ba tla qobelloa ho ba lijong tsa sebele, che, ba sa je, empa e le bona sejo sa bohlokoa—timetsong ea bona!—Bona Ezekiele 39:4; Tšenolo 19:17, 18.

17. Ke litlhohonolofatso life tse tlelang ba jelang feela tafoleng ea Jehova?

17 Ke tafole ea Jehova feela e tla sala. Bao ka kananelo ba jelang ho eona ba tla bolokoa ’me ba tla ba le tokelo ea ho jela moo ka ho sa feleng. Ha ba sa tla hlola ba sokeloa ke khaello ea lijo ea mofuta ofe kapa ofe. (Pesaleme ea 67:6; 72:16) Ba tla sebeletsa Jehova Molimo ba phela hantle Paradeiseng! Qetellong mantsoe a susumetsang a Tšenolo 21:4 a tla phethahala ka mokhoa o hlollang: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” Kaha khanyetso e tla be e felile, bobusi ba bokahohle ba Jehova Molimo bo tla ba teng hohle ka ho sa feleng ha mohau o sa feleng oa bomolimo o tšolohela molokong oa batho o lopolotsoeng o ahileng lefatšeng la Paradeise. Hore re fumane moputso ona, kaofela a re ke re ikemisetseng hore re jele feela tafoleng ea Jehova, e tletseng lijo tsa moea tse molemohali!

U ne U Tla Araba Joang?

◻ Re ka qoba joang ho khelosoa ke lithuto tsa bademona?

◻ Ke hobane’ng ha re ke ke ra jela tafoleng ea Jehova le tafoleng ea bademona ka katleho?

◻ Bakoenehi ba aba lijo tsa mofuta ofe?

◻ Ke hobane’ng ha ho ba bohele-hele ka liqoso tsa bakoenehi ho le kotsi?

◻ Litholoana tsa bakoenehi ke life?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Tafole ea Jehova e tletse lijo tsa moea tse molemohali

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela