Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 7/1 maq. 14-17
  • Ho Etsahetse’ng ka Bolaoli?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etsahetse’ng ka Bolaoli?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bolaoli bo Maqakabetsing
  • Ho Batla ha Motho Bolaoli bo Lumeletsoeng ka Molao
  • “Mebuso e ’Meli,” “Lisabole tse Peli”
  • Tumelo ea ’Muso o Ratoang
  • Tumelo ea ’Muso oa Sechaba
  • Boiteko ba Batho bo Hlōlehile
  • Maikutlo a Bokreste ka Bolaoli
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Hlompha ba Nang le Matla a ho Laela—Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Bobusi ba Jehova le ’Muso oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Kamoo Bakreste ba Lokelang ho Ikutloa Kateng ka Tokoloho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 7/1 maq. 14-17

Ho Etsahetse’ng ka Bolaoli?

BATHO ba nahanang ba bona hore hoa hlokahala hore bolaoli bo be teng. Haeba ho se na tsamaiso e itseng ea bolaoli, kapele mokhatlo oa batho o ne o tla ferekana ka ho feletseng. Ka hona, buka ea ho ithuta ea Sefora e nkoang e le ea bohlokoa litabeng tsa melao ea motheo e re: “Sehlopheng leha e le sefe sa batho, ho fumaneha lihlopha tse peli tsa batho: ba laolang le ba mamelang, ba fanang ka litaelo le ba li bolokang, baeta-pele le litho, babusi le ba busoang. . . . Boteng ba bolaoli bo ka bonoa mokhatlong leha e le ofe oa batho.”a

Leha ho le joalo, ho tloha Ntoeng ea II ea Lefatše ’me haholo-holo ho tloha ka bo-1960, boikutlo mabapi le bolaoli bo fetohile. Encyclopædia Universalis ea Sefora ha e hlalosa ka nako eo e bua ka “maqakabetsi a ho hanana le sehlopha se phahameng se busang sa bolumeli le ho hanana le bolaoli.” Maqakabetsi a joalo hase ntho e makatsang ho liithuti tsa Bibele. Moapostola Pauluse o ile a bolela esale pele: “Hopola, mehla ea ho qetela ea lefatše lena e tla ba nako ea mefere-fere! Ha ho letho leo batho ba tla le rata haese ho ithata le ho rata chelete; e tla ba baithorisi, baikakasi, le bahlekefetsi; ba sa mameleng batsoali . . . ; ba sa kokobetsoeng mahloeong a bona, . . . ba sa laoloeng le ba mabifi, . . . ba hohomositsoeng ke ho inka e le ba bohlokoa. Ba tla rata menate ea bona ho feta Molimo oa bona.”—2 Timothea 3:1-4, The Revised English Bible.

Bolaoli bo Maqakabetsing

Boprofeta bona bo hlalosa hantle nako ea rōna le mehla. Bolaoli bo qholotsoa maemong ’ohle—malapeng, likolong tsa sechaba, liunivesithing, mekhatlong ea khoebo, pusong ea libaka le ea naha. Phetoho likamanong tsa botona le botšehali, ’mino o pepesang likamano tsa botona le botšehali oa rap, lipontšo tsa boipelaetso tsa liithuti, literaeke tsa basebetsi tse etsoang ntle ho tumello ea mekhatlo ea basebetsi, ho hana litaelo tsa ’muso, le liketso tsa botšosi, kaofela ke lipontšo tsa ho hlōleha ho hlompha bolaoli ka mokhoa o tsoelang pele.

Sebokeng sa litsebi se neng se hlophisitsoe Paris ke Mokhatlo oa Mafora oa Saense ea Lipolotiki le Le Monde ea Paris e tsoang ka letsatsi le letsatsi, Moprofesa Yves Mény o ile a re: “Bolaoli bo ka ba teng feela haeba bo tšehelitsoe ka tumello ea molao.” Lebaka le leng la maqakabetsi a kajeno a bolaoli ke hore ba bangata ba belaela hore babusi hase ba lumeletsoeng ka molao. Ke hore, ba belaella tokelo ea bona ea ho ba bolaoling. Phuputso e ’ngoe e ile ea senola hore mathoasong a bo-1980 karolo ea 9 lekholong ea baahi ba United States, ea 10 lekholong Australia, ea 24 lekholong Brithani, ea 26 lekholong Fora, le ea 41 lekholong India e ne e nka mebuso ea eona e se e lumeletsoeng ka molao.

Ho Batla ha Motho Bolaoli bo Lumeletsoeng ka Molao

Ho ea ka Bibele, tšimolohong motho o ne a le tlas’a bolaoli bo tobileng ba Molimo. (Genese 1:27, 28; 2:16, 17) Leha ho le joalo, esale qalong haholo, batho ba ile ba ipolela hore boitšoarong, ba lokolohile ho ’Mōpi oa bona. (Genese 3:1-6) Ha ba se ba hanne puso ea bomolimo, kapa puso ea Molimo, ba ile ba tlameha ho fumana litsamaiso tse ling tsa bolaoli. (Moeklesia 8:9) Ba bang ba ile ba tiisa bolaoli ba bona ka likhoka. Ho bona, boqhobane bo ne bo nepahetse. Ho ne ho lekane hore ebe ba ne ba le matla ho lekana hore ba qobelle thato ea bona. Leha ho le joalo, ba bangata ba ile ba ikutloa hore hoa hlokahala hore ba etse hore tokelo ea bona ea ho busa e lumelloe ka molao.

Ho tloha linakong tsa boholo-holo babusi ba bangata ba ’nile ba etsa sena ka ho bolela hore e ne e le melimo kapa hore ba ne ba filoe matla ke melimo. Ana ke maikutlo a tumelo ea hore ho na le “borena bo halalelang,” boo babusi ba pele ba Mesopotamia le bo-Faro ba Egepeta ea boholo-holo ba neng ba bolela hore ba na le bona.

Alexander e Moholo, eo marena a Magerike a ileng a mo hlahlama, le baemphera ba bangata ba Roma le bona ba ne ba bolela hore ke melimo ’me ba bile ba laela hore ba rapeloe. Litsamaiso tlas’a babusi ba joalo li ne li tsejoa e le “lihlotšoana tsa borapeli ba babusi,” ’me morero oa tsona e ne e le ho matlafatsa bolaoli ba ’musi holim’a mefuta-futa ea batho ba hapiloeng. Ho hana ho rapela ’musi ho ne ho nyatsoa ka hore ke khato khahlanong le ’Muso. Ho The Legacy of Rome, Moprofesa Ernest Barker o ile a ngola: “Ho etsoa molimo ha moemphera [oa Roma], le botšepehi boo a bo fumanang ka lebaka la bomolimo ba hae, ho totobetse hore ke motheo, kapa ka mantsoe a mang samente, ea ’muso oa moemphera.”

Sena e bile ’nete le ka mor’a hore “Bokreste” bo lumelloe ka molao ke Moemphera Constantine (ea busitseng ka 306-337 C.E.) le hore hamorao Moemphera Theodosius I (ea busitseng ka 379-395 C.E.) a bo amohele e le bolumeli ba ’Muso ba ’Muso oa Roma. Ho fihlela lekholong la lilemo la bohlano C.E., ba bang ba baemphera ba “Bakreste” ba ne ba rapeloa e le melimo.

“Mebuso e ’Meli,” “Lisabole tse Peli”

Ha puso ea bo-mopapa e ntse e e-ba matla haholoanyane, mathata pakeng tsa Kereke le ’Muso a ile a hloka tlhokomelo e potlakileng. Ka hona, qetellong ea lekholo la lilemo la bohlano C.E., Mopapa Gelasius I o ile a beha molao-motheo oa “mebuso e ’meli”: bolaoli bo halalelang ba bo-mopapa bo le teng ka nako e le ’ngoe le ’muso oa borena ba tsoalo oa marena—marena a le tlas’a bo-mopapa. Molao-motheo ona hamorao o ile oa fetoha thuto ea “lisabole tse peli”: “Sabole ea moea e ne e sebelisoa ke bo-mopapa ka bobona, ba fana ka matla a sabole ea lefatše ho babusi ba lefatše, empa leha ho le joalo babusi ba tlameha ho sebelisa sabole ea lefatše ho latela litaelo tsa bo-mopapa.” (The New Encyclopædia Britannica) Motheong oa thuto ena, nakong ea Mehla e Bohareng, Kereke e K’hatholike e ile ea bolela hore e na le matla a ho beha baemphera le marena e le hore bolaoli ba bona e be bo lumeletsoeng ka molao, ka hona e ntšetsa pele tumelo ea boholo-holo ea “borena bo halalelang.”

Leha ho le joalo, sena ha sea lokela ho nkoa e le ntho e le ’ngoe le seo ho thoeng ke tokelo ea bomolimo ea marena, phetoho ea morao e neng e reretsoe ho lokolla babusi ba lipolotiki hore ba se ke ba ikokobeletsa puso ea bo-mopapa. Maikutlo a khopolo ena ea tokelo ea bomolimo ke hore ka ho toba marena a fumana matla a ’ona a ho busa ho Molimo, eseng ka mopapa oa Roma. New Catholic Encyclopedia e re: “Nakong eo ka eona mopapa a neng a sebelisa bobusi bo akaretsang ba moea haesita le ba lefatše holim’a lihlooho tsa mebuso, khopolo ea tokelo ea bomolimo e ile ea beha marena a mebuso ea lichaba boemong ba hore a lokafatse bolaoli ba ’ona hore ke ba bomolimo ho lekana le ba mopapa.”b

Tumelo ea ’Muso o Ratoang

Ka mor’a nako, batho ba ile ba khothaletsa mehloli e meng ea bolaoli. O mong e bile ’muso oa batho. Ba bangata ba lumela hore khopolo ena e simolohile Greece. Leha ho le joalo, puso ea boholo-holo ea Magerike ea sechaba ka sechaba, e ne e sebelisoa feela mebusong e ’maloa ea metse, esita le ho eona ena ho ne ho vouta baahi ba motse ba banna feela. Basali, makhoba, le bajaki—bao ho neng ho hakanngoa hore palo ea bona e ne e le halofo ho isa ho likarolo tse ’nè ho tse hlano tsa baahi—ba ne ba sa kopanyeletsoe. Ho hang e ne e se ’muso o ratoang!

Ke mang ea ileng a hlaha ka khopolo ea ’muso oa batho? Ho makatsang, e ile ea kenngoa Mehleng e Bohareng ke baruti ba thuto ea bolumeli ba Roma e K’hatholike. Lekholong la lilemo la bo13, Thomas Aquinas o bile le maikutlo a hore le hoja ’muso o simolotsoe ke Molimo, matla a oona a ho batho. Khopolo ena e ile ea rateha. New Catholic Encyclopedia e re: “Khopolo ena ea hore batho ke bona mohloli oa bolaoli e ile ea tšehetsoa ke baruti ba bangata haholo ba thuto ea bolumeli ba K’hatholike ba lekholong la bo17 la lilemo.”

Ebe ke hobane’ng ha baruti ba thuto ea bolumeli ba kereke eo batho ba neng ba se na lentsoe ho hang khethong ea mopapa, mobishopo, kapa moprista ba ne ba ka hlaha ka khopolo ea ’muso oa batho? Hobane ho se khotsofale ha marena a mang a Europe ho ne ho ntse ho hōla tlas’a bolaoli ba bo-mopapa. Khopolo ea ’muso o ratoang e ile ea neha mopapa matla a ho theola moemphera kapa morena haeba ho ne ho bonahala ho hlokahala. Bo-rahistori Will le Ariel Durant ba ile ba ngola: “Basireletsi ba ’muso o ratoang ba ne ba akarelletsa Majesuite a mangata ao khopolong ena a ileng a bona mokhoa oa ho fokolisa borena ba tsoalo ka bolaoli ba bo-mopapa. Mok’hadinale Bellarmine o ile a beha lebaka la hore haeba bolaoli ba marena bo tsoa ho batho, ’me ka lebaka leo bo le tlas’a bona, ho totobetse hore bo tlas’a bolaoli ba bo-mopapa . . . Luis Molina, Mojesuite oa Mospanishe, o ile a fihlela qeto ea hore batho, e le mohloli oa bolaoli ba litaba tsa lefatše, ka toka—empa e le ka mokhoa o laolehileng—ba ka theola morena ea se nang toka.”

Ho hlakile hore “mokhoa o laolehileng” ona o ne o tla hlophisoa ke mopapa. E le ho tiisa sena, Histoire Universelle de l’Eglise Catholique ea Mak’hatholike a Fora e qotsa Biographie universelle, e reng: “Bellarmine . . . o ruta thuto e tloaelehileng ea K’hatholike ea hore mahosana a fumana matla a ’ona ka khetho e etsoang ke batho, le hore batho ba ka sebelisa tokelo ena feela tlas’a tšusumetso ea mopapa.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ka hona ’muso o ratoang o ile oa fetoha kofuto eo mopapa a neng a ka e sebelisa ho susumetsa khetho ea babusi ’me, haeba ho hlokahala, a etse hore ba theoloe. Morao tjena o lumeletse sehlopha se phahameng se busang sa bolumeli sa K’hatholike hore se susumetse bavouti ba Mak’hatholike mebusong ea sechaba ka sechaba moo bakhethoa e leng ba sechaba.

Mebusong ea sechaba ka sechaba ea kajeno ho lumelloa ka molao ha mebuso ho thehiloe ho se bitsoang “tumello ea ba busoang.” Leha ho le joalo, sena boholo ke “tumello ea bongata,” ’me ka lebaka la ho hloka thahasello ha bavouti le bomene-mene ba lipolotiki, “bongata” bona hangata ke baahi ba seng bakae feela. Kajeno, “tumello ea ba busoang” hangata e bolela ho feta-fetang “ho inehela ntle ho khang, kapa ho ikokobetsa ntle ho puo, ha ba busoang.”

Tumelo ea ’Muso oa Sechaba

Tumelo ea borena bo halalelang e ileng ea ntšetsoa pele ke bo-mopapa ba pele e ile ea hlanohela puso ea bo-mopapa ha e fetoha tokelo ea bomolimo ea marena. Ka ho tšoanang, ho Kereke e K’hatholike, khopolo ea ’muso o ratoang e bile bohlale bo jang mong’a bona. Lekholong la lilemo la bo17 le la bo18, bo-rafilosofi ba lefatše, ba kang monna oa Lenyesemane Thomas Hobbes le John Locke le monna oa Mofora Jean-Jacques Rousseau, ba ile ba retelehela khopolong ea ’muso o ratoang. Ba ile ba ntšetsa pele liphetoho tsa khopolo ea “tumellano ea kahisano” pakeng tsa babusi le ba busoang. Melao-motheo ea bona e ne e thehiloe “molaong oa tlhaho” eseng thutong ea bolumeli, ’me maikutlo ana a ile a fihla sehlohlolong ka likhopolo tseo ka botebo li ileng tsa lematsa Kereke e K’hatholike le puso ea bo-mopapa.

Nakoana ka mor’a lefu la Rousseau, ho ile ha qhoma Phetohelo ea Puso ea Mafora. Phetohelo ena ea puso e ile ea senya likhopolo tse itseng tsa ho lumelloa ha puso ka molao, empa ea qapa e ncha, khopolo ea ’muso oa sechaba. The New Encyclopædia Britannica ea hlalosa: “Mafora a ile a hana tokelo ea bomolimo ea marena, ho behoa ha batho ba maemo a phahameng, litokelo tse khethehileng tsa Kereke ea Roma e K’hatholike.” Empa Britannica e re, “Phetohelo ea Puso e ne e fihlisitse kofuto ena e ncha, ’muso oa sechaba, sehlohlolong.” Bafetoheli ba ne ba hloka “kofuto” ena e ncha. Hobane’ng?

Hobane tlas’a tsamaiso eo Rousseau a neng a e bueletse, baahi bohle ba ne ba tla lekana ka lentsoe khethong ea babusi. Sena se ne se tla fella ka puso ea sechaba ka sechaba e thehiloeng tokelong e akaretsang ea ho vouta—ho hong hoo baeta-pele ba Phetohelo ea Puso ea Mafora ba neng ba sa ho amohele. Moprofesa Duverger oa hlalosa: “Hantle-ntle e ne e le hore ho qojoe phello ena, eo ho neng ho nkoa hore ha e ratehe, hore e be ho tloha ka 1789 ho ea ho 1791 litho tsa sehlopha se nang le tšusumetso tsa sehlopha sa baahi ba bohareng tseo e neng e le litho tsa Lekhotla la Sechaba la Ketso ea Melao ea Motheo li ile tsa qapa khopolo ea ’muso oa sechaba. Li ile tsa bolela hore ha ho phapang pakeng tsa batho le ‘Sechaba,’ bao li neng li ba nka e le ntho e le ’ngoe e momahaneng, e khethollehileng likarolong tse ngata tseo e entsoeng ka tsona. Sechaba e le sona feela, ka baemeli ba sona, se na le tokelo ea ho sebelisa ’muso . . . Thuto ea ’muso oa sechaba, ka ponahalo e le puso ea sechaba ka sechaba, ha e le hantle hase puso ea sechaba ka sechaba ho hang kahobane e ka sebelisoa ho lokafatsa hoo e ka bang mofuta o mong le o mong oa puso, haholo-holo puso ea bompoli.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa hae.)

Boiteko ba Batho bo Hlōlehile

Ho amoheloa ha ’Muso oa Sechaba e le mohloli oa bolaoli bo lumeletsoeng ka molao ho ile ha tsoala bochaba. The New Encyclopædia Britannica e re: “Hangata ho nahanoa hore bochaba ke ntho ea khale haholo; ka linako tse ling bo nkoa ka phoso e le tšobotsi e sa fetoheng boitšoarong ba lipolotiki. Ha e le hantle, liphetohelo tsa puso tsa Maamerika le Mafora li ka nkoa e le pontšo ea bona ea pele e matla.” Ho tloha nakong ea liphetohelo tseo tsa puso, bochaba bo haotse le Linaha tsa Amerika, Europe, Afrika, le Asia. Lintoa tse mabifi li ’nile tsa lumelloa ka molao lebitsong la bochaba.

Rahistori oa Lebrithani Arnold Toynbee o ile a ngola: “Moea oa Bochaba ke tomoso e bolila ea veine e ncha ea Puso ea Sechaba ka Sechaba ka libotlolong tsa khale tsa Bomorabe. . . . Ho sekisetsa hona ho sa tloaelehang pakeng tsa Puso ea Sechaba ka Sechaba le Bomorabe ho bile matla haholo lipolotiking tse sebelisoang tsa Lefatše la Bophirimela la rōna la kajeno ho feta Puso ea Sechaba ka Sechaba ka boeona.” Bochaba ha boa hlahisa lefatše le nang le khotso. Toynbee o itse: “Lintoa tsa Bolumeli li ’nile tsa lateloa, ka mor’a khefu e khutšoanyane ka ho fetisisa, ke Lintoa tsa Bochaba; ’me Lefatšeng la Bophirimela la rōna la kajeno moea oa ho chesehela bolumeli ka mokhoa o feteletseng le moea oa ho chesehela bochaba ka mokhoa o feteletseng o bonahala e le tšusumetso e tšoanang ea bobe.”

Ka tumelo ea “borena bo halalelang,” “tokelo ea bomolimo ea marena,” “’muso o ratoang,” le “’muso oa sechaba,” babusi ba lekile ho etsa hore bolaoli ba bona holim’a batho ba bang bo lumelloe ka molao. Leha ho le joalo, ka mor’a ho hlahloba tlaleho ea babusi ba batho, Mokreste o tlameha ho kopanela khopolong e boletsoeng ke Salomone: ‘Motho o rena holim’a e mong ho mo etsa hampe.’—Moeklesia 8:9.

Ho e-na le ho rapela ’Muso oa lipolotiki, Bakreste ba rapela Molimo ’me ba mo hlokomela e le eena mohloli o lumeletsoeng ka molao oa bolaoli bohle. Ba lumellana le mopesaleme Davida ea ileng a re: “Jehova, boholo, le matla, le letlōtlo, le hlōlo, le khanya, ke tsa hao! Hobane tsohle tse maholimong le lefatšeng ke tsa hao. Borena le bona ke ba hao, Jehova, ’me u phahametse tsohle u le Morena.” (1 Likronike 29:11) Leha ho le joalo, ka lebaka la ho hlompha Molimo, ba bontša bolaoli tlhompho e loketseng mafapheng a litaba tsa lefatše le tsa moea. Hore na ke joang le ka lebaka lefe ba ka etsang sena ka nyakallo, ho tla hlahlobjoa lihloohong tse peli tse latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Droit constitutionnel et institutions politiques, ea Maurice Duverger.

b The Catholic Encyclopedia e re: “‘Tokelo ena ea bomolimo ea marena’ (e fapaneng haholo le thuto ea hore bolaoli bohle, ebang ke ba morena kapa ba rephabliki, bo tsoa ho Molimo), ha ho mohla e kileng ea etsoa molao-taelo ke Kereke e K’hatholike. Nakong ea Phetoho e ile ea befa ka mokhoa o feteletseng khahlanong le Bok’hatholike, marena a Engelane a kang Henry VIII le James I, a bolela hore ka ho feletseng a na le bolaoli litabeng tsa moea le tsa sechaba.”

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Kereke e K’hatholike e ile ea bolela hore e na le matla a ho beha baemphera le marena

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Consecration of Charlemagne: Bibliothèque Nationale, Paris

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela