Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Lentsoe la Molimo ke Lentsoe le Matla
“LENTSOE la Molimo ke lentsoe le phelang, le matla.” (Ba-Heberu 4:12) Ka makhetlo a mangata mantsoe ana a ipakile e le ’nete ha batho ba neng ba thetsitsoe ke bolumeli ba bohata ba pepesehela linneteng tsa Bibele. Joalokaha phihlelo e latelang e tsoang Dominican Republic e bontša, matla a Bibele a ka fetola bophelo ba batho ’me a fana ka tšepo.
Lipaki tsa Jehova li ile tsa etela mosali oa Mok’hatholike ea hlahelletseng ea neng a sa tsoa shoeloa ke bana ba babeli ba banyenyane. O ne a imetsoe ke mesarelo ’me a siame ka baka la tlokotsi ea hae letsatsi le leng le le leng. Lipaki li ile tsa mo bontša seo Bibele e se buang ho Johanne 5:28, 29 mabapi le tšepo ea tsoho. Ka mor’a lipuisano tse tsoelang pele le Lipaki, haa ka a fumana matšeliso tšepong ea tsoho feela empa o ile a hlokomela hore baeta-pele ba hae ba bolumeli ba K’hatholike ba ne ba ntse ba mo thetsa.
Kapele o ile a itokolla Kerekeng ea K’hatholike, ’me a amohela thuto ea kamehla ea Bibele le Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, monna oa hae haa ka a lumellana le pono ea hae. Kaha le eena e ne e le Mok’hatholike ea hlahelletseng o ile a lokisetsa hore metsoalle ea hae e tsebahalang haholo ea lipolotiki le bolumeli e etele mosali oa hae ka boiteko ba ho tlohelisa mosali oa hae tsela ea hae le ho mo busetsa Bok’hatholikeng. Hamorao o ile a mo sokela ka tlhalo, haesita le hore boemong bo bong o ile a tsebisa beng ka eena le litho-’moho le eena kerekeng hore ba ne ba hlalana.
Empa maqheka a hae ha aa ka a sebetsa. Ho fapana le hoo, o ile a ikemisetsa ka ho eketsehileng ho tsoela pele ka thuto ea hae ea Bibele. Ka lebaka la khōlo ea hae ea moea le ho hōlisa litšoaneleho tse ntle tsa Bokreste, monna oa hae o ile a etsa qeto ea ho lula le eena ho e-na le ho batla ho mo hlala. Ka tsatsi le leng monna o ile a ba a lumela ho hlahloba lingoliloeng tsa Bibele tseo mosali a neng a ithuta tsona—empa le teng e le tlas’a boemo bo le bong. O ne a batla ho sebelisa phetolelo ea hae ea Bibele ea K’hatholike.
Ho makaleng ha hae, ka thuso ea lingoliloeng tse tsoang ho Lipaki tsa Jehova o ile a qala ho ithuta lintho tse ncha ho tsoa Bibeleng ea hae ka ho toba. O ile a hlokomela hore mosali oa hae o ne a khethile tsela e nepahetseng, ’me kapele o ne a se a loketse ho latela mohlala oa hae. Ka sebele, o ile a bona tlhokahalo ea ho etsa liphetoho bophelong ba hae. Phephetso e thata e ne e le ho tlohela tloaelo ea hae ea ho tsuba. Ka mor’a ho bala tokollo ea makasine oa Tsoha! ea July 8, 1989, eo sekoahelong sa eona e neng e e-na le sehlooho se reng “Lefu le a Rekisoa—Litsela tse Leshome tsa ho Khaotsa ho Tsuba,” o ne a ikemiselitse ho khaotsa tloaelo ena eo eseng ea mangolo. Ho e-na le pakana ea sakarete eo hangata ho neng ho tloaelehile hore e fumanoe ka pokothong ea hae, o ile a qala ho tsamaea a nkile tokollo eo ea Tsoha! Nako le nako ha a ikutloa a qobelleha hore a tsube o ne a bala lihlooho tse buang ka ho tsuba. Mokhoa oo o ile oa sebetsa! Ka mor’a ho bala lihlooho tseo ka makhetlo a ’maloa, o ile a khona ho khaotsa ho tsuba.
Kajeno monna le mosali ba sebeletsa Jehova ka bobeli e le basebeletsi ba hae ba kolobelitsoeng. Ha maemo a mo lumella o sebeletsa e le mosebeletsi oa nako e tletseng, ea nehelanang ka nako ea hae e ngata ho boleleng litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, hape o sebeletsa e le mohlanka ea sebeletsang phuthehong ea sebakeng seo ea Lipaki tsa Jehova. Eena le mosali oa hae ba lebeletse tsoho ka tšepo moo ba tlang ho amohela bana ba bona hape bophelong lefatšeng le lecha. E, Lentsoe la Molimo, Bibele, lea phela ’me le na le matla!