Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 11/15 maq. 3-4
  • Na Bafu ba ka Re Bona?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bafu ba ka Re Bona?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Baholo-holo ba Rōna ba Hokae?
    Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
  • Bafu ba Hokae?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Na U Lokela ho Tšaba Bafu?
    Tsoha!—1996
  • Morena o Hlahloba Bokamoso ba Hae
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 11/15 maq. 3-4

Na Bafu ba ka Re Bona?

MOSALI e mong o bolaea monna oa hae. Lilemo tse supileng hamorao o tšosoa ke toro eo a lumelang hore ke pontšo ea hore monna oa hae ea shoeleng o halefile. E le hore a ka thabisa “moea” oa hae, o roma morali oa hae ho ea tšela nyehelo ea seno se itseng lebitleng la hae.

Morali oa hae ha a tsebe hore na a re’ng ho moea oa ntate oa hae kaha nyehelo e tsoa ho ’mè oa hae ea bolaileng ntate oa hae. Ngoan’abo oa moshemane e monyenyane ho eena o mo shebeletse a le moo a ipatileng teng. Oa tla ’me eena le khaitseli ea hae ba etsa thapelo e eang ho ntat’a bona hore a ba thuse hore ba phetetse polao ea hae.

Ketsahalo ena e qotsitsoe ho The Libation Bearers, e leng tšoantšiso ea Segerike e hatisitsoeng lilemong tse ka holimo ho 2 400 tse fetileng. Likarolong tse ling tsa lefatše, haholo-holo Afrika, mahlabelo a nyeheloang ka thōko ho lebitla a tšoanang le sena a ntse a nyeheloa le kajeno.

Ka mohlala, nahana ka phihlelo ea Ibe, ea lulang Nigeria. A shoeletsoe ke bana ba bararo, Ibe o buisana le ngaka ea moetlo, e mo bolellang hore ho na le se bakileng mafu ao—ntate oa Ibe ea shoeleng o halefile hobane lepato la hae le sa ka la tsamaisoa ka tsela e loketseng.

Ibe o sebetsa tumellanong le keletso ea ngaka ea moetlo, o etsa sehlabelo sa pōli ’me o tšela nyehelo ea joala ba gin le veine lebitleng la ntate oa hae. O hoeletsa moea oa ntate oa hae, o kōpa tšoarelo, o mo tiisetsa hore oa mo rata, ’me o kōpa tlhohonolofatso.

Ibe ha a na pelaelo ea hore ntate oa hae oa mo bona le ho mo utloa. Ha a lumele hore ntate oa hae o shoele empa o lumela hore lefung o ile a tloha lefatšeng le bonahalang a “tšelela” lefatšeng le sa bonahaleng. Ibe o lumela hore ntate oa hae o tlohile lefatšeng la nama le mali a ea lefatšeng la meea, lefatšeng la balimo.

Ibe o nahana tjena: ‘Le hoja Ntate a se a le sieo lefatšeng lena, o ntse a nkhopola ’me o thahasella boiketlo ba ka. ’Me kaha hona joale ke moea o nang le matla a eketsehileng, o boemong bo molemo haholo ba ho nthusa ho feta boo a neng a le ho bona haesale motho lefatšeng. Ho feta moo, a ka mpuella ka ho toba ho Molimo, kaha Molimo le eena ke moea. E ka ’na eaba ntate o halefile hona joale, empa haeba ke mo bontša tlhompho e loketseng, o tla ntšoarela a be a ntlhohonolofatse.’

Afrika tumelo ea hore bafu ba bona batho ba leng lefatšeng ’me ba susumetsa bophelo ba bona e tloaelehile har’a ba sebelisang meetlo. Sena se totobetse le har’a ba ipolelang hore ke Bakreste. Ka mohlala, mosali ha a qeta ho chata kerekeng, ho tloaelehile hore a ee habo hore a e’o hlohonolofatsoa ho latela moetlo. Moo balimo ba rapeloa ka tieo, ’me ba tšolleloa nyehelo ea seno. Batho ba bangata ba lumela hore ho hlōleha ho etsa sena ho tlisa tlokotsi lenyalong.

Ho lumeloa hore balimo kapa meea ea balimo, ba tiisa hore litho tsa malapa a bona tse lefatšeng li tsoela pele ho phela le ho atleha. Ho latela pono ena, ke metsoalle e matla, e khonang ho tlisa chai, e ntšetsang pele boiketlo, le e sireletsang batho kotsing. Ba buella batho. Leha ho le joalo, haeba ba hlokomolohuoa kapa ba khopisoa, ba tlisa tlokotsi—ho kula, bofutsana, esita le lefu. Ka lebaka leo, batho ba leka ka matla ho boloka likamano tse molemo le bafu ka mahlabelo le mekete.

Na u lumela hore bafu ba na le karolo eo ba e phethang ka mafolo-folo bophelong ba batho ba phelang? Na u kile ua ema lebitleng la moratuoa ’me ua iphumana u bua mantsoe a seng makae, ebang mohlomong a ka u utloa? Ha e le hantle, taba ea hore na bafu baa re bona le ho re utloa kapa che e itšetlehile ka se etsahalang lefung. A re hlahlobeng seo Bibele e se bolelang ka taba ena ea bohlokoa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela