Bafu ba Hokae?
MAYORUBA a Afrika Bophirimela a re: “Lefatše ke ’maraka; leholimo ke lehae la rōna.” Khopolo ena ea phetoa malumeling a mangata. E fana ka maikutlo a hore lefatše le tšoana le ’maraka oo re fapohelang ho oona ka nakoana ebe rea tsamaea. Ho latela tumelo ena, ha re e-shoa re ea leholimong, e leng lehaeng la rōna la sebele.
Ka sebele Bibele e ruta hore ba bang ba ea leholimong. Jesu Kreste o ile a bolella baapostola ba hae ba tšepahalang: “Meaho e mengata ka tlung ea Ntate: . . . ke ea ho le lokisetsa bolulo. ’Me etlare ha ke se ke ile, ke le lokiselitse bolulo, ke tla boela ke boee, ke le nkele ho ’na, hore moo ’na ke leng teng, le lōna le be teng.”—Johanne 14:2, 3.
Mantsoe a Jesu ha a bolele hore batho bohle ba molemo ba ea leholimong kapa hore leholimo ke lehae la moloko oa batho. Ba bang ba nkeloa leholimong bakeng sa ho busa holim’a lefatše. Jehova Molimo o tsebile hore ha ho mohla mebuso ea batho e tla sebetsana le litaba tsa lefatše ka katleho. Kahoo, o ile a lokisetsa puso ea leholimo, kapa ’Muso, oo qetellong o tla laola lefatše le ho le fetola Paradeise eo tšimolohong a neng a rerile hore le tla ba eona. (Mattheu 6:9, 10) Jesu e tla ba Morena oa ’Muso oa Molimo. (Daniele 7:13, 14) Ba bang ba tla khethoa har’a moloko oa batho hore ba buse le eena. Bibele e boletse esale pele hore ba nkeloang leholimong e tla ba “marena le baprista ho Molimo oa rōna, ’me ba tla busa holim’a lefatše.”—Tšenolo 5:10.
Ke Bo-mang ba Eang Leholimong?
Ha re nahana ka boikarabelo bo boholo boo babusi bana ba leholimo ba tla ba le bona, ha ho makatse hore ebe ba tlameha ho khahlametsa litlhokahalo tse phahameng. Ba eang leholimong ba tlameha ho ba le tsebo e nepahetseng ka Jehova ’me ba tlameha ho mo mamela. (Johanne 17:3; Ba-Roma 6:17, 18) Ho lebeletsoe hore ba sebelise tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu Kreste. (Johanne 3:16) Empa ho ameha ho eketsehileng. Ba tlameha ho bitsoa le ho khethoa ke Molimo ka Mora oa hae. (2 Timothea 1:9, 10; 1 Petrose 2:9) Ho feta moo, ba tlameha hore e be Bakreste ba kolobelitsoeng ba ‘tsoetsoeng hape’ ka moea o halalelang oa Molimo. (Johanne 1:12, 13; 3:3-6, NW) Hape ho hlokahala hore ba boloke botšepehi ho Molimo ho fihlela ba e-shoa.—2 Timothea 2:11-13; Tšenolo 2:10.
Batho ba limilione tse ngata haholo ba kileng ba phela ba ba ba e-shoa ha baa ka ba khahlametsa litlhokahalo tsena. Ba bangata ba bile le monyetla o monyenyane oa ho ithuta ka Molimo oa ’nete. Ba bang ha ho mohla ba kileng ba bala Bibele ’me ba tseba hanyenyane ka Jesu Kreste kapa ha ba tsebe letho ka eena. Esita le har’a Bakreste ba ’nete lefatšeng kajeno, ke ba seng bakae feela ba khethiloeng ke Molimo bakeng sa bophelo ba leholimo.
Ka lebaka leo, palo ea ba eang leholimong e nyenyane ha ho bapisoa. Jesu o ile a bitsa ba joalo “mohlatsoana.” (Luka 12:32) Hamorao, moapostola Johanne o ile a senoleloa hore ba “lopolotsoeng lefatšeng” ho ea busa le Kreste leholimong ba 144 000 feela. (Tšenolo 14:1, 3; 20:6) Ha ba bapisoa le batho ba limilione tse likete ba kileng ba phela lefatšeng, ka sebele palo ea bona e nyenyane haholo.
Ba sa Eeng Leholimong
Ho etsahala eng ka ba sa eeng leholimong? Na ba utloa bohloko sebakeng sa tlhokofatso ea ka ho sa feleng, joalokaha malumeli a mang a ruta? Ho hlakile hore ha ho joalo, hobane Jehova ke Molimo ea lerato. Batsoali ba lerato ha ba akhele bana ba bona mollong, ’me Jehova ha a hlokofatse batho ka tsela eo.—1 Johanne 4:8.
Tebello ea bongata bo boholo bo shoeleng ke ho tsohela lefatšeng la paradeise. Bibele e bolela hore Jehova o bōpetse lefatše hore “le ahuoe.” (Esaia 45:18) Mopesaleme o itse: “Ha e le maholimo, ke maholimo a Jehova, ’me lefatše o le neile bana ba batho.” (Pesaleme ea 115:16) Ke lefatše, eseng leholimo, leo e tla ba lehae le tsitsitseng la moloko oa batho.
Jesu o boletse esale pele: “Nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae [la Jesu, “Mor’a motho”]; ’me ba tla tsoa ho ’ona.” (Johanne 5:27-29) Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a tiisa sena: “Ke na le tšepo ho Molimo . . . ea hore tsoho ea bafu e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang.” (Liketso 24:15) Ha a le thupeng ea tlhokofatso, Jesu o ile a tšepisa sesenyi se bakileng hore se tla fumana bophelo ka ho tsohela lefatšeng la paradeise.—Luka 23:43.
Leha ho le joalo, bafu ba tla tsohela bophelo lefatšeng ba boemong bofe hona joale? Ketsahalo e ’ngoe e ileng ea etsahala tšebeletsong ea Jesu e re thusa ho araba potso ena. Motsoalle oa hae Lazaro o ne a shoele. Pele Jesu a il’o mo tsosa, O ile a bolella barutuoa ba Hae: “Lasaro, motsoalle oa rōna, o robetse; empa ke ea mo tsosa borokong.” (Johanne 11:11) Kahoo Jesu o ne a tšoantša lefu le boroko, boroko bo tebileng bo se nang litoro.
Ho Robala Lefung
Mangolo a mang a lumellana le mohopolo ona oa ho robala lefung. Ha a rute hore batho ba na le moea o sa shoeng o fetelang sebakeng sa moea lefung. Ho e-na le hoo, Bibele e re: “Bafu ha ba tsebe letho leha le le leng . . . Lerato la bona, le hloeo ea bona, le mohono oa bona, li se li timetse . . . Nģalong ea bafu moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero kapa tsebo, kapa bohlale.” (Moeklesia 9:5, 6, 10) Ho feta moo, mopesaleme o ile a bolela hore motho o ‘khutlela lerōleng la hae; ka tsatsi lona leo, merero ea hae ea fela.’—Pesaleme ea 146:4.
Mangolo ana a hlakisa hore ba robetseng lefung ba ke ke ba re bona kapa ba re utloa. Ha ba khone ho tlisa tlhohonolofatso kapa tlokotsi. Ha ba leholimong, leha e le hona hore ba lula tulong ea balimo. Ha ba phele, ha ba eo.
Ka nako ea Molimo e loketseng, ba robetseng lefung hona joale le ba leng mohopolong oa hae ba tla tsosetsoa bophelong lefatšeng la paradeise. E tla ba lefatše leo ho lona ho felisitsoeng tšilafatso, matšoenyeho, le mathata tseo moloko oa batho o fetang ho tsona hona joale. Eo e tla ba nako e thabisang hakaakang! Paradeiseng eo ba tla ba le tebello ea ho phela ka ho sa feleng, hobane Pesaleme ea 37:29 ea re tiisetsa: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”
[Lebokose le leqepheng la 6, 7]
KE ILE KA KHAOTSA HO RAPELA BAFU
“Ha ke ne ke sa le moshanyana, ke ne ke thusa ntate nakong ea mahlabelo a hae a kamehla ao a neng a a etsetsa ntate oa hae ea shoeleng. Ka nako e ’ngoe ha ntate a hlaphoheloa bokuling bo matla, monna oa senohe o ile a mo bolella hore e le ho bontša kananelo bakeng sa ho hlaphoheloa ha hae o lokela ho etsetsa ntate oa hae ea shoeleng sehlabelo sa pōli, li-yam, li-kola nut le joala. Hape ntate o ile a eletsoa hore a ipiletse ho balimo ba hae hore ba thibele ho kula ho ka boelang ha e-ba teng le tlokotsi.
“’Mè o ile a reka lintho tse neng li hlokahala bakeng sa sehlabelo seo, se neng se lokela ho etsetsoa lebitleng la ntate-moholo. Lebitla leo le ne le le hantle feela ka thōko ho ntlo eso, ho latela moetlo oa mona.
“Metsoalle, beng ka rōna, le baahelani ba ne ba menngoe hore ba tl’o keteka sehlabelo sena. Ntate, a apere ka mokhoa o khethehileng ka tsela e lumellanang le ketsahalo ena, o ne a lutse setulong a shebile tempelana eo ho eona ho neng ho kolokisitsoe mahata a mangata a lipōli tse neng li ile tsa sebelisoa bakeng sa mahlabelo a nako e fetileng. Mosebetsi oa ka e ne e le ho tšela veine e leng ka botlolong ka senoelong, seo ke neng ke se neha ntate. ’Me eena, o ne a e tšela fatše a e etsa pha-balimo. Ntate o ile a bitsa lebitso la ntate oa hae ka lentsoe le phahameng ka makhetlo a mararo ’me a mo rapela hore a mo lokolle tlokotsing e ka mo hlahelang nakong e tlang.
“Li-kola nut li ile tsa nyeheloa, ’me ho ile ha hlajoa pheleu, ea phehoa, ’me ea jeoa ke bohle ba neng ba le teng. Le ’na ke ile ka ja lijo tsena ’me ka qoqopela ha ho binoa ’me ho tilinngoa meropa. Ntate oa ka o ne a qoqopela ka bokhabane le ka matla le hoja ho ne ho bonahala hore o se a hōlile. Ka mor’a nako e itseng o ne a rapela balimo ba hae hore ba hlohonolofatse bohle ba leng teng, ha batho ba bang, ho akarelletsa le ’na, ba ne ba araba ka ho re Ise, e bolelang ‘Ha ho be joalo.’ Ke ile ka sheba ntate ka thahasello e khōlō le ka khahleho ’me ka laba-labela nako eo ka eona ke tla beng ke hōlile ho lekana hore nka hlabela balimo.
“Ho sa tsotellehe mahlabelo a mangata a ileng a nyeheloa, khotso ea ’na ea fela ka lapeng. Le hoja bara ba ’mè ba phelang ba ne ba le bararo, ha ho le ea mong ho barali ba hae ba bararo ea ileng a phela nako e telele haholo; kaofela ba ile ba e-shoa bonyenyaneng. Ha ’mè a ima hape, ntate o ile a etsa mahlabelo a maholo bakeng sa hore ngoana a hlahe a phela hantle.
“’Mè o ile a beleha ngoana e mong oa ngoanana. Lilemo tse peli hamorao ngoana eo o ile a kula a ba a shoa. Ntate o ile a ea ho senohe, se ileng sa bolela hore sera se itseng sea ikarabella bakeng sa lefu leo. Senohe se ile sa bolela hore e le hore ‘moea’ oa ngoana o ka iphetetsa, ho hlokahala sekotoana sa lehong le tukang, botlolo ea joala, le ntjanyana bakeng sa sehlabelo. Lehong le tukang le ne le lokela ho behoa holim’a lebitla, joala bo ne bo lokela ho fafatsoa holim’a lebitla, ’me ntjanyana e ne e lokela ho epeloa e ntse e phela pel’a lebitla. Ho ne ho nahanoa hore e tla tsosa moea oa ngoanana ea shoeleng e le hore o ka iphetetsa bakeng sa lefu la hae.
“Ke ile ka nka botlolo ea joala le lehong le tukang ho ea lebitleng, ’me ntate o ile a nka ntjanyana, eo a ileng a e epela ho latela litaelo tsa senohe. Kaofela ha rōna re ne re lumela hore pele ho feta matsatsi a supileng moea oa ngoanana ea shoeleng o tla felisa motho ea mo bolaileng pele nako ea hae ea ho shoa e fihla. Ho ile ha feta likhoeli tse peli, ’me ha hoa ka ha e-ba le pehi ea lefu libakeng tse haufi. Ke ile ka felloa ke tšepo.
“Ke ne ke le lilemo li 18 ka nako eo. Kapele ka mor’a moo ke ile ka kopana le Lipaki tsa Jehova, tse ileng tsa mpontša ka Mangolo hore bafu ba ke ke ba tlisetsa ba phelang molemo kapa bomalimabe. Ha tsebo ea Lentsoe la Molimo e ntse e mela ka pelong ea ka, ke ile ka bolella ntate hore nke ke ka hlola ke mo felehetsa ha a il’o etsetsa bafu mahlabelo. Qalong o ile a nkhalefela a re kea mo lahla, kamoo a ileng a bolela kateng. Empa ha a hlokomela hore ke ne ke sa ikemisetsa ho latola tumelo eo ke sa tsoa e fumana, ha a ka ba a hanyetsa borapeli ba ka ho Jehova.
“Ka la 18 April, 1948, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ka kolobetso ea metsing. Ho tloha ka nako eo, ke tsoetse pele ho sebeletsa Jehova ka thabo e khōlō le khotsofalo, ke thusa ba bang ho lokoloha borapeling ba balimo, ba ke keng ba re thusa leha e le hona ho re ntša kotsi.”—Se nehetsoe ke J. B. Omiegbe, Motseng oa Benin, Nigeria.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho tla ba le thabo e khōlō ha bafu ba tsosetsoa lefatšeng la paradeise