Ho Latola Molimo Lekholong la bo20 la Lilemo
“Batho ba inehelletse khopolong ea hore Molimo ha a eo ’me, ho sa tsotellehe liphello, ba hlophisa bophelo ba bona ka bolokolohi ba sa re letho ka Molimo.”—One Hundred Years of Debate Over God—The Sources of Modern Atheism.
LE HOJA se khahla qalong, sefate se selelele qetellong se nkoa e le ntho e tloaelehileng. Boteng ba sona boa tloaeleha; bolelele ba sona ha bo sa susumetsa boikutlo ba ho hlolloa ka mokhoa o nang le tlhompho.
Hoa tšoana le tabeng ea ho latola boteng ba Molimo. Le hoja ho ile ha susumeletsa liphehisano tse matla lekholong la bo19 la lilemo, ho latola boteng ba Molimo ha e sa le taba e nyarosang kapa e tšoenyang kajeno. Mehla ea ho hlompha maikutlo a ba bang e lumelletse hore ho latola boteng ba Molimo le ho lumela ho Molimo li be teng hammoho ka khotso.
Sena ha se bolele hore batho ba bangata ba latola boteng ba Molimo ka ho feletseng; ho fapana le moo, liphello tsa liphuputso tse entsoeng linaheng tse 11 ho pholletsa Amerika Leboea le Amerika Boroa, Europe, le Asia li senola hore, ka karolelano, ke palo e ka holimo hanyenyane ho karolo ea 2 lekholong ea ba ipolelang hore ke ba latolang boteng ba Molimo. Leha ho le joalo, moea oa ho latola boteng ba Molimo o atile—esita le har’a ba bangata ba lumelang hore Molimo o teng. Ho ka ba joalo joang?
Ho Hana Bolaoli ba Molimo
The Encyclopedia Americana e bontša hore: “Ka linako tse ling ho latola boteng ba Molimo ho bolela feela ho khesa kapa ho hlokomoloha Molimo ka liketso.” Ka lebaka lena, The New Shorter Oxford English Dictionary e fana ka tlhaloso e latelang ea bobeli ea “motho ea latolang boteng ba Molimo”: “Motho ea latolang Molimo ka boitšoaro; motho ea se nang molimo.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
E, ho latola boteng ba Molimo ho ka ’na ha akarelletsa ho hana boteng ba Molimo kapa bolaoli ba hae kapa ho li hana ka bobeli. Ho Tite 1:16 Bibele e bua ka mokhoa o sa tobang ka moea ona oa ho latola boteng ba Molimo: “Ba bolela hore ba tseba Molimo, empa ba o latola ka liketso tsa bona.”—Bapisa le Pesaleme ea 14:1.
Ho khesa bolaoli ba Molimo ka tsela e joalo ho ka saloa morao ho fihla ho batho ba babeli ba pele. Eva o ne a lumela boteng ba Molimo; empa, o ne a batla ‘ho tšoana le Molimo a tsebe botle le bobe.’ Tlhahiso e ne e le hore o ne a tla ipusa, ’me a iketsetse melao ea hae ea boitšoaro. Hamorao Adama o ile a kopanela le Eva tabeng ena ea ho hana bolaoli ba Molimo.—Genese 3:5, 6, NW.
Na boikutlo boo bo atile kajeno? E. Ho latola boteng ba Molimo ka mokhoa o potelletseng ho bonahala ka ho nyoreloa boipuso. Buka e bitsoang One Hundred Years of Debate Over God—The Sources of Modern Atheism e bontša hore: “Kajeno batho ba khathetse ke ho phela tlas’a kaloso ea Molimo. Ba . . . khetha ho phela ba lokolohile.” Ba latola molao oa boitšoaro oa Bibele ka hore ha o sebetse, ha o utloahale. Ba bangata ba nahana ka mokhoa o tšoanang haholo le oa Faro oa Egepeta eo ka tello a ileng a re: “Jehova ke mang hore ke utloe lentsoe la hae . . . ? Jehova ha ke mo tsebe.” O ile a khesa bolaoli ba Jehova.—Exoda 5:2.
Bokreste-’mōtoana bo Latola Molimo
Ho latola bolaoli ba Molimo ho sisimosang ka ho fetisisa ke ho etsoang ke baruti ba Bokreste-’mōtoana, ba entseng hore lineano tse entsoeng ke batho li nke sebaka sa linnete tse hloekileng tsa Bibele. (Bapisa le Mattheu 15:9.) Ho phaella moo, ba tšehelitse lintoa tse sehlōhō ka ho fetisisa tsa lekholo la bo20 la lilemo, ka hona ba khesa taelo ea Bibele ea hore ba bontše lerato la ’nete.—Johanne 13:35.
Baruti ba boetse ba latotse Molimo ka ho furalla litekanyetso tsa hae tsa boitšoaro—joalokaha ka mohlala ho bonahatsoa ka letoto la liqoso tse etsoang makhotleng a molao khahlanong le baprista ba qosetsoang ho kopanela liphate le bana. Boemo ba Bokreste-’mōtoana bo tšoana le ba Iseraele le Juda tsa boholo-holo. Moprofeta Ezekiele o ile a bolelloa: “Lefatše le tletse mali a tšolotsoeng, ’me motse o tletse lonya, hobane ba re: Jehova o furaletse lefatše lena, Jehova ha a bone.” (Ezekiele 9:9; bapisa le Esaia 29:15.) Ha ho makatse hore ebe ba bangata ba tlohetse likereke tsa Bokreste-’mōtoana ka ho feletseng! Empa na ba tlameha ho tlohela ho lumela ho Molimo?
Na ke Mabaka a Utloahalang a ho Latola Boteng ba Molimo?
Ebang ba hlokometse boikaketsi ba bolumeli kapa che, ba bangata ba latolang boteng ba Molimo ho hang feela ba sitoa ho amahanya mahlomola a teng lefatšeng le ho lumela ho Molimo. Simone de Beauvoir o kile a re: “Ho ile ha e-ba bonolo ho ’na ho nahana ka lefatše le se nang ’mōpi ho e-na le ho nahana ka ’mōpi ea jarisoang boikarabelo mabapi le lintho tsohle tse ikhanyetsang tsa lefatše lena.”
Na ho hloka toka ha lefatše—ho akarelletsa ho hlohlelletsoang ke balumeli ba baikaketsi—ho paka hore Molimo ha a eo? Nahana: Haeba thipa e sebelisetsoa ho sokela, ho lematsa, esita le ho fenetha motho ea se nang molato, na see se paka hore thipa eo e ne e se na moetsi? Na ho e-na le hoo ha ho bontše hore ntho eo e ile ea sebelisoa hampe? Ka ho tšoanang, mesarelo e mengata ea batho e fana ka bopaki ba hore batho ba sebelisa hampe tsebo eo Molimo a ba fileng eona le lefatše ka bolona.
Leha ho le joalo, ba bang ba ikutloa hore ha ho utloahale ho lumela ho Molimo, hobane re ke ke ra mo bona. Empa ho thoe’ng ka moea, maqhubu a molumo, le menko? Ha ho le e le ’ngoe ea lintho tsena eo re ka e bonang, empa rea tseba hore li teng. Matšoafo a rōna, litsebe, le linko lia re bolella hore li teng. Ka sebele, re lumela seo re ke keng ra se bona haeba re e-na le bopaki.
Hoba a nahane ka bopaki bo bonahalang—bo akarelletsang lielektrone, liprothone, liathomo, li-amino acid, le boko bo rarahaneng—setsebi sa saense ea lintho tsa tlhaho Irving William Knobloch o ile a susumeletseha hore a re: “Ke lumela ho Molimo hobane ho latela maikutlo a ka ke ka boteng ba Hae bo Halalelang feela ho ka hlalosoang tsela eo lintho li leng ka eona.” (Bapisa le Pesaleme ea 104:24.) Ka ho tšoanang, setsebi sa tšebetso ea litho tsa ’mele Marlin Books Kreider o re: “Ke le motho feela ea tloaelehileng, ’me hape ke le motho ea nehetseng bophelo ba hae thutong le lipatlisisong tsa saense, ho hang ha ke na pelaelo ea hore Molimo o teng.”
Hase banna bana feela ba nang le tumelo eo. Ho ea ka moprofesa oa physics Henry Margenau, “ha u nahana ka bo-rasaense ba hloahloa, har’a bona u fumana ba latolang boteng ba Molimo ba fokola haholo ka palo.” Tsoelo-pele ho tsa saense kapa ho hlōleha ha bolumeli ha lia lokela ho ba lebaka la ho tlohela ho lumela ho ’Mōpi. A re hlahlobeng lebaka.
Bolumeli ba ’Nete bo Fapane
Ka 1803, mopresidente oa United States Thomas Jefferson o ile a ngola: “Ka sebele ke hanana le ho bola ha Bokreste; empa ha ke hanane le litaelo tsa ’nete tsa Jesu ka boeena.” E, ho na le phapang pakeng tsa Bokreste-’mōtoana le Bokreste. Litekanyetso tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana li thehiloe lineanong tsa batho. Ha ho bapisoa, Bokreste ba ’nete bo thehile litumelo tsa bona Bibeleng feela. Ke ka hona Pauluse a ileng a ngolla Bakolosse ba lekholong la pele la lilemo hore ba lokela ho ipatlela “tsebo e nepahetseng,” “bohlale,” le “kutloisiso ea moea.”—Ba-Kolosse 1:9, 10, NW.
Sena ke seo re ka se lebellang ho Bakreste ba ’nete, hobane Jesu o ile a laela balateli ba hae: “Le rute lichaba tsohle; Le ba kolobetse, . . . ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Mattheu 28:19, 20.
Kajeno, Lipaki tsa Jehova li phetha taelo ena linaheng tse 231 ho pota lefatše. Li fetoletse Bibele ka lipuo tse 12 ’me li hatisitse likopi tse ka holimo ho 74 000 000. Ho feta moo, ka lenaneo la thuto ea lehae ea Bibele, hona joale li thusa batho ba fetang 4 500 000 ho ‘boloka tsohle tseo Jesu a li laetseng.’
Lenaneo lena la thuto le na le liphello tse sabaletseng haholo. Le tlisa tlhahiso-leseling ea ’nete, hobane ha lea thehoa likhopolong tsa batho, empa le thehiloe bohlaleng ba Molimo. (Liproverbia 4:18) Ho feta moo, le thusa batho ba lichaba tsohle le merabe ho etsa ho hong hoo “Mehla ea ho Hlahuoa Leseling” ea motho e neng e ke ke ea ho finyella le ka mohla—e leng ho apara “motho e mocha” ea ba nolofaletsang ho tsoela pele ba ratana ka ’nete.—Ba-Kolosse 3:9, 10.
Bolumeli ba ’nete bo atleha ka mokhoa o hlokomelehang lekholong la rōna la bo20 la lilemo. Ha bo latole Molimo—kapa boteng ba hae le bona bolaoli ba hae. Re u mema hore u iponele sena ka ho etela Lipaki tsa Jehova ho e ’ngoe ea Liholo tsa tsona tsa ’Muso.
[Lebokose le leqepheng la 6]
HO MATLAFATSA METSO EA HO LATOLA BOTENG BA MOLIMO
Bohareng ba lekholo la bo18 la lilemo, rafilosofi Denis Diderot o ile a fuoa taelo ea hore a fetolele encyclopedia ea buka e le ’ngoe e ngotsoeng ka Senyesemane a e ngole ka Sefora. Leha ho le joalo, o ile a finyella ho hoholo ho feta hoo mohiri oa hae a neng a ho lebeletse. Diderot o ile a qeta hoo e ka bang lilemo tse mashome a mararo a ntse a hlophisa Encyclopédie ea hae, eo e leng libuka tse 28 tse ileng tsa hapa maikutlo a batho ba mehleng ea hae.
Le hoja Encyclopédie ena e ne e e-na le boitsebiso bo bongata bo molemo, e ne e lebisitse tlhokomelo bohlaleng ba motho. Ho ea ka sete e bitsoang Great Ages of Man, “e bile sebete ho buella thuto ea motheo e feteletseng ea bolumeli [ea bo-rafilosofi] ea hore motho a ka ntlafatsa tsela eo a phelang ka eona haeba a nkela tumelo sebaka ka ho tataisoa ke molao-motheo oa mabaka.” Ho ne ho totobetse hore ha ho moo ho buuoang ka Molimo. Buka e bitsoang The Modern Heritage e re: “Ka boikhethelo ba bona ba litaba tseo ho buuoang ka tsona, bahlophisi ba ile ba hlakisa hore bolumeli hase e ’ngoe ea lintho tseo ho neng ho hlokahala hore batho ba li tsebe.” Ha ho makatse hore ebe kereke e ile ea leka ho hatella Encyclopédie ena. Moeletsi e moholo oa ’muso litabeng tsa molao o ile a e nyatsa ka hore e senya lipolotiki, boitšoaro, le bolumeli.
Ho sa tsotellehe lira tsa eona, Encyclopédie ea Diderot e ile ea batloa ke batho ba ka bang 4 000—palo e tsotehang, ha ho nahanoa ka theko ea eona e neng e phahame haholo. Ho ne ho sa tl’o nka nako pele maikutlo ana a neng a kubutiloe a ho latola boteng ba Molimo a hōla hore e be ho latola Molimo ka ho feletseng.