Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 12/1 maq. 2-5
  • Metso ea ho Latola Boteng ba Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Metso ea ho Latola Boteng ba Molimo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Elelloa Metso
  • Ho Jaloa Lipeō
  • Boikutlo ba ho Belaela Boa Hlaha
  • Ho Latola Boteng ba Molimo ho Fihla Sehlohlolong
  • Ho Latola Molimo Lekholong la bo20 la Lilemo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho se Lumele ha Kajeno Na ho Batla ho Lokela ho Tsoela Pele?
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Karolo 19: lekholong la bo17 la lilemo ho ea ho la bo19—Bokreste-’mōtoana bo Loana le Phetoho ea Lefatše
    Tsoha!—1989
  • Na ha ho se na Bolumeli—Lefatše e ka ba Sebaka se Molemo?
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 12/1 maq. 2-5

Metso ea ho Latola Boteng ba Molimo

RE PHELA lefatšeng le aparetsoeng ke maqakabetsi a mefuta eohle; ho habanya lihlooho tsa litaba likoranteng ho tiisa ’nete eo letsatsi ka leng. Boemo ba ho felloa ke tšepo ba lefatše la rōna bo entse hore batho ba bangata ba ipotse hore na Molimo o teng. Ba bang, ba bolelang hore ha ba na Molimo, ba bile ba latola boteng ba hae. Na hoo ke ’nete ka uena?

Ho lumela kapa ho se lumele ho Molimo ho ka ama ka botebo boikutlo ba hao ka bokamoso. Ka ntle ho Molimo, ho matsohong a motho ka ho feletseng hore moloko oa motho o tsoele pele o le teng—e leng khopolo e lahlisang tšepo, kahobane motho o na le matla a maholo haholo a tšenyo. Haeba ka sebele u lumela hore Molimo o teng, mohlomong ua lumela hore ka sebele bophelo lefatšeng lena bo na le morero—morero oo e leng hona o tla finyelloa.

Le hoja ka linako tse fapa-fapaneng ho pholletsa le histori batho ba ’nile ba latola boteng ba Molimo, ke makholong a morao tjena a lilemo moo ho ileng ha tloaeleha haholo hore ho latoloe boteng ba Molimo. Na u tseba lebaka la hona?

Ho Elelloa Metso

Sefate se selelele se khahla mahlo. Empa, mahlo a elelloa feela makhasi, makala, le kutu. Metso—eo e leng oona mohloli oa bophelo ba sefate seo—e patehile ka tlaase mobung.

Ho joalo hantle ka ho latola boteng ba Molimo. Ho tšoana le sefate se phahameng ka mokhoa o tsotehang, ho latola boteng ba Molimo ho ile ha hōla hore ho fihle boemong bo tsotehang pele ho lekholo la bo19 la lilemo le ka mor’a lona. Na bophelo le bokahohle li ne li ka ba teng ntle ho Moqapi oa Tsohle? Na ho rapela ’Mōpi ea joalo ke tšenyo ea nako? Likarabo tsa bo-rafilosofi ba ka sehloohong ba mehleng eo li ne li hapa tlhokomelo hape li hlakile. Friedrich Nietzsche o ile a bolela hore: “Hantle feela joalokaha re se re sa hloke melao ea boitšoaro, le bolumeli ha re sa bo hloka.” Ludwig Feuerbach o ile a tiisa: “Bolumeli ke ho lora ha mohopolo oa motho.” ’Me Karl Marx, eo libuka tsa hae li neng li tla ba le tšusumetso e tebileng lilemong tse mashome ka mor’a mehla eo a neng a phela ho eona, o ile a bolela ka sebete: “Ke batla ho eketsa tokoloho ea mohopolo mahlaahleleng a bolumeli.”

Matšoele a ile a khahloa. Leha ho le joalo, seo ba ileng ba se elelloa e ne e le feela makhasi, makala, le kutu tsa ho latola boteng ba Molimo. Metso e ne e ile ea mela ea ba ea hōla khale pele ho qaleha lekholo la bo19 la lilemo. Ho makatsang ke hore malumeli a Bokreste-’mōtoana ke ’ona a ileng a khothalletsa keketseho ea kajeno ea ho latola boteng ba Molimo! See ke ’nete joang? Ka lebaka la ho bola ha ’ona, litsamaiso tsena tsa bolumeli li ile tsa susumetsa ho felloa ke tšepo le boipelaetso.

Ho Jaloa Lipeō

Mehleng e Bohareng, Kereke e K’hatholike e ne e e-na le tšusumetso e thibelang bafo ba eona ho bua. The Encyclopedia Americana e bontša hore: “Sehlopha se phahameng se busang sa bolumeli se ile sa bonahala se sa itlhomella bakeng sa ho hlokomela litlhoko tsa moea tsa batho. Baruti ba baholo, haholo-holo babishopo, ba ne ba thaothoa har’a batho ba maemo a phahameng ’me ba ile ba talima boemo ba boikarabelo boo ba neng ba le ho bona e le mohloli oa tšusumetso le matla.”

Ba bang, ba kang John Calvin le Martin Luther, ba ile ba leka ho fetola kereke. Leha ho le joalo, hase kamehla mekhoa ea bona e neng e tšoana le ea Kreste; Phetoho e ile ea tšoauoa ka ho hloka mamello le tšollo ea mali. (Bapisa le Mattheu 26:52.) Litlhaselo tse ling li ne li le sehlōhō hoo makholo a mararo a lilemo hamorao Thomas Jefferson, mopresidente oa boraro oa United States a ileng a ngola: “Tšoarelo e ne e ka ba khōloanyane bakeng sa ho se lumele ho molimo ho hang, ho e-na le ho mo nyefola ka liketso tse khopo ka ho fetisisa tsa Calvin.”a

Ho hlakile hore Phetoho ha ea ka ea tsosolosa borapeli bo hloekileng. Leha ho le joalo, e ile ea fokotsa matla a Kereke e K’hatholike. Vatican ha ea ka ea hlola e e-ba eona feela e laolang seo tumelo e leng sona. Ba bangata ba ile ba kopanela le lihlopha tsa bolumeli tsa Maprostanta tse qapiloeng bocha. Ba bang, ka lebaka la ho se tšepe bolumeli, ba ile ba etsa mohopolo oa motho pakane ea bona ea borapeli. Ho ile ha latela boikutlo ba ho amohela likhopolo tse ncha, bo lumellang maikutlo a sa tšoaneng ka Molimo.

Boikutlo ba ho Belaela Boa Hlaha

Lekholong la bo18 la lilemo, ho ne ho tloaelehile hore ho nahana ka mabaka ho tlotlisoe ka hore ke pheko ea mathata ’ohle a lefatše. Rafilosofi oa Mojeremane Immanuel Kant o ile a tiisa hore tsoelo-pele ea motho e ne e sitisoa ka hore a itšetlehe ka lipolotiki le bolumeli bakeng sa tataiso. O ile a phehella: “E-ba le sebete se lekaneng hore u rue tsebo! E-ba sebete hore u sebelise bohlale ba hao!”

Boikutlo bona bo ile ba khetholla Mehla ea ho Hlahuoa Leseling, eo hape e tsejoang e le Mehla ea Mabaka. Nako ena e ileng ea tšoarella ho fihlela lekholong la bo18 la lilemo, e ile ea tšoauoa ka lenyora le feteletseng la tsebo. Buka e bitsoang Milestones of History e re: “Boikutlo ba ho belaela bo ile ba nka sebaka sa ho lumela ntle ho mabaka. Ho ile ha ba le lipelaelo ka litumelo le litloaelo tsohle tsa neano tsa boholo-holo.”

‘Tumelo le tloaelo e ’ngoe ea neano ea boholo-holo’ e ileng ea phenya-phenngoa, ke bolumeli. Buka e bitsoang The Universal History of the World e re: “Batho ba ile ba fetola boikutlo ba bona ka bolumeli. Ba ne ba se ba sa khotsofalla tšepiso ea meputso leholimong; ba ne ba batla bophelo bo molemo lefatšeng. Ba ile ba qala ho felloa ke tumelo linthong tse phahametseng tlhaho.” Ka sebele, bo-rafilosofi ba bangata ba Mehleng ea ho Hlahuoa Leseling ba ile ba nyelisa bolumeli. Haholo-holo ba ile ba beha molato ho baeta-pele ba hakaletseng puso ba Kereke e K’hatholike ka hore ba boloke batho ba hloka tsebo.

Ka lebaka la ho se khotsofalle bolumeli, ba bangata ho bo-rafilosofi bana ba ile ba fetoha ba lumelang hore ’Mōpi ha a sa kena-kenana le melao ea bokahohle; ba ne ba lumela ho Molimo empa ba tiisa hore ha a thahaselle motho.b Ba seng bakae, ba kang rafilosofi Paul Henri Thiry Holbach, ea ileng a bolela hore bolumeli e ne e le “mohloli oa likarohano, bohlanya, le litlōlo tsa molao,” ba ile ba fetoha ba latolang boteng ba Molimo ka sebete. Ha lilemo li ntse li feta, ba bang ba bangata ba ile ba khathala ke Bokreste-’mōtoana ’me ba lumellana le maikutlo a Holbach.

Ke ho ikhanyetsa ho hokaakang hore ebe Bokreste-’mōtoana ke bona bo ileng ba susumeletsa keketseho ea ho latola boteng ba Molimo! Moprofesa oa thuto ea bolumeli Michael J. Buckley oa ngola: “Likereke e bile mobu oo ho oona ho ileng ha mela tumelo ea ho latola boteng ba Molimo. Matsoalo a batho ba Bophirimela a ile a etsoa hore a nyarohe a be a nyonye malumeli a nang le thuto ea motheo e tšoanang. Likereke le lihlopha tsa bolumeli li ne li ripitlile Europe, li lohile mano a lipolao tse sehlōhō, li batlile lithibelo kapa liphetohelo tsa puso tse etsoang ke malumeli, li lekile ho khaola kapa ho theola marena boemong bo phahameng.”

Ho Latola Boteng ba Molimo ho Fihla Sehlohlolong

Lekholong la bo19 la lilemo, ho latola boteng ba Molimo ho ne ho boleloa phatlalatsa ’me ho anafala. Bo-rafilosofi le bo-rasaense ba ne ba sa tsila-tsile ha ba phatlalatsa maikutlo a bona. E mong ea latolang boteng ba Molimo ea neng a bua ka sebete o ile a bolela: “Sera sa rōna ke Molimo. Ho hloea Molimo ke qalo ea bohlale. E le hore batho ba tsoele pele kannete, ba tlameha ho ho etsa motheong oa ho latola boteng ba Molimo.”

Leha ho le joalo, phetoho e potelletseng e ile ea etsahala lekholong la bo20 la lilemo. Ho latola boteng ba Molimo ha hoa ka ha hlola ho etsoa ka mafolo-folo ka mokhoa o mabifi haholo; ho ile ha qala ho ata mofuta o mocha oa ho latola boteng ba Molimo, o ileng oa ama le bona ba ipolelang hore ba lumela ho Molimo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lihlopha tsa bolumeli tsa Maprostanta tse ileng tsa hlaha ka lebaka la Phetoho li ile tsa boloka lithuto tse ngata tseo eseng tsa mangolo. Bona tokollo ea Tsoha! ea September 8, 1989, maqepheng a 21-9.

b Ba lumelang hore ’Mōpi ha a sa kena-kenana le melao ea bokahohle, ba ile ba bolela hore ka tsela e batlang e tšoana le ea moetsi oa lioache, Molimo o ile a qalisa pōpo ea hae eaba joale o e furalla kaofela ha eona, o iphapanyetsa eona. Ho ea ka buka e bitsoang The Modern Heritage, ba lumelang hore ’Mōpi ha a sa kena-kenana le melao ea bokahohle “ba ne ba lumela hore ho latola boteng ba Molimo ke phoso e bakiloeng ke batho ba neng ba feletsoe ke tšepo le hore tsamaiso ea ho ikokobeletsa bolaoli bo se nang mabaka ea Kereke e K’hatholike le lithuto tsa eona tse sa tenyetseheng le tse hanelang bolokolohi ba puo li ne li le mpe ka ho fetisisa.”

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Karl Marx

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Ludwig Feuerbach

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Friedrich Nietzsche

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 2]

COVER: Earth: By permission of the British Library; Nietzsche: Copyright British Museum (see also page 3); Calvin: Musée Historique de la Réformation, Genève (Photo F. Martin); Marx: U.S. National Archives photo (see also page 3); Planets, instruments, crusaders, locomotive: The Complete Encyclopedia of Illustration/J. G. Heck; Feuerbach: The Bettmann Archive (see also page 3)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela