Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 2/1 maq. 20-25
  • “Kaha re na le Tšebeletso Ena . . . , Ha re Tele”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Kaha re na le Tšebeletso Ena . . . , Ha re Tele”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Monyaluoa oa Mosepanishe le Kabelo ea Spain
  • Ho Lelekoa
  • Ho Loantša ho Tepella Maikutlo
  • Re Ile Ra Fuoa Perela ea Bohlokoahali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Bophelo ba Maemo a sa Lebelloang Tšebeletsong ea Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ho Fetola Kabelo ke le Lilemo li 80
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • ‘Ho Thabile Bohle ba Lulang ba Letetse Jehova’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 2/1 maq. 20-25

“Kaha re na le Tšebeletso Ena . . . , Ha re Tele”

JOALOKAHA HO BOLETSE RONALD TAYLOR

Lehlabuleng la 1963, ke ile ka iphumana ke loanela bophelo ba ka. Nakong eo ke neng ke ntse ke qaputsa ho sika le lebōpo, ke ile ka hata moo ho tetebelang ’me ka tšohanyetso ke ile ka oela bolibeng ba metsi. Kaha ha ke tsebe ho sesa, ke ne ke le makhatheng a ho khangoa ke metsi ke sa le bohōleng ba limithara tse seng kae feela ho tloha lebōpong. Ke ne ke se ke ile ka qoela ka makhetlo a mararo ke bile ke koentse metsi a leoatle a mangata ha motsoalle e mong a hlokomela mahlomola a ka ’me a nkhulela lebōpong. Ka thuso ea ho hema ha maiketsetso, ke ile ka pholoha.

LENA e ne e se lekhetlo la pele leo ka lona ke ileng ka ananela bohlokoa ba ho se tele le ka mohla—esita leha ho bonahala eka ha ho na tšepo. Ho tloha bonyenyaneng, ke ile ka lokela ho loanela bophelo ba ka ba moea.

E ne e le mehleng ea lefifi ea ntoa ea bobeli ea lefatše ha ke qala ho utloa ’nete ea Bokreste. Ke ne ke le e mong oa bana ba likete ba ileng ba tlosoa London ho pholoha likotsi tsa litlhaselo tsa liqhomane. Kaha ke ne ke le lilemo li 12, ntoa e ne e sa bolele letho le lekaalo ho ’na; e ne e batla e tšoana le phihlelo e hlollang.

Banyalani ba hōlileng ba Weston-super-Mare, Engelane boroa-bophirimela, ba ile ba ntlhokomela. Kapele ka mor’a hore ke fihle lehaeng la banyalani bana, basebeletsi ba bang ba bo-pula-maliboho ba ile ba qala ho re etela. E ne e le lelapa la ha Hargreaves; ka bone ba bona—Reg, Mabs, Pamela, le Valeri—e ne e le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Batsoali ba ka ba bahōlisi ba ile ba amohela ’nete, ’me ha ke qeta ho ithuta buka The Harp of God, le ’na ke ile ka etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova. Libeke tse tšeletseng feela hamorao, ke ile ka memeloa ho kopanela mosebetsing oa boboleli.

Ke sa ntse ke hopola letsatsi leo ke neng ke qala ho ea tšebeletsong ea tšimo ka lona. Ke sa lokisetsa, ke ile ka fuoa libukana ’me ka bolelloa: “U sebetse ka lehlakoreng lane la seterata.” Ke kamoo ke ileng ka kopanela boboleling ka letsatsi leo ke qalisitseng ka lona. Ka nako eo, re ne re atisa ho bolela ka ho sebelisa lirekoto tsa keramafono tse nang le lipolelo tse matla. Ke ile ka thaba haholo nakong eo ke neng ke khona ho nka keramafono ha ke e-ea ka ntlo le ntlo le ho letsa lithuto tse rekotiloeng. Ke ne ke nka ho sebelisoa ka tsela eo e le tokelo ea sebele.

Ke ne ke paka haholo sekolong, ’me ke hopola ha ke ne ke tsamaisetsa hlooho ea sekolo sete ea libuka tsa lihlooho tsa Bibele. Ha ke le lilemo li 13, ke ile ka kolobetsoa kopanong e haufi e neng e le Bath. Kopano e ’ngoe e ileng ea tšoaroa ka nako ea ntoa eo nke keng ka e lebala e bile e neng e tšoaretsoe Leicester ka 1941 Holong ea De Montfort. Ke ile ka nyolohela sethaleng ho fumana kopi ea ka ea buka Children, e neng e na le molaetsa oa botho o tsoang ho Moena Rutherford, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower. Puo e susumetsang eo mopresidente eo a ileng a e behela bacha e ile ea eketsa takatso ea ka ea ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng.

Kahoo ke ile ka qeta lilemo tse peli ke thabile ke hōlela ’neteng le batsoali ba ka ba bahōlisi. Empa ha ke le lilemo li 14, ke ile ka tšoanela ho khutlela London ’me ke qale ho sebeletsa ho iphelisa. Le hoja ke ile ka boela ka kopana le lelapa leso, joale ke ne ke tlameha ho ikemela moeeng, kaha ho ne ho se le ea mong lapeng ea neng a lumela seo ke se lumelang. Kapele Jehova o ile a fana ka thuso eo ke neng ke e hloka. Libeke tse tharo feela ka mor’a hore ke fihle London, moena e mong o ile a tla lapeng heso ’me a kōpa hore Ntate a mo lumelle ho ea le ’na Holong ea ’Muso ea sebakeng seo. Moena eo e ne e le John Barr, eo hona joale e leng setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova. E ile ea e-ba e mong oa “bo-ntate” ba ka ba moea linakong tseo tsa bocha tse mahlonoko.—Mattheu 19:29.

Ke ile ka qala ho kopanela Phuthehong ea Paddington, e neng e kopanela Craven Terrace e bapileng le Lehae la Bethele la London. Kaha ke ne ke le khutsana moeeng, moena oa motlotsuoa ea hōlileng, “Pop” Humphreys, o ile a abeloa hore a ntlhokomele ka tsela e khethehileng. Ka sebele e bile tlhohonolofatso e khōlō hore ebe ke ile ka khona ho kopanela le baena le bo-khaitseli ba bangata ba batlotsuoa ba neng ba sebeletsa phuthehong eo. Rōna ba neng ba na le tšepo ea lefatšeng—ba bitsoang Majonadabe—re ne re fokola ka palo. Ha e le hantle, e ne e le ’na feela “Mojonadabe” sehlopheng sa Thuto ea Buka ea Phutheho seo ke neng ke kopanela ho sona. Le hoja ke sa ka ka tloaelana haholo le lithaka tsa ka, botsoalle boo ba bohlokoa le baena ba hōlileng moeeng bo ile ba nthuta lithuto tse ngata tse molemo. Mohlomong ea bohlokoa ka ho fetisisa e ne e le ea ho se furalle tšebeletso ea Jehova le ka mohla.

Mehleng eo re ne re etsa mosebetsi oa ho bolela mafelo-beke kaofela. Ke ne ke abeloa ho hlokomela “koloi ea molumo,” eo ha e le hantle e neng e le baesekele e mabili a mararo e fetotsoeng hore e nke thepa ea molumo le beteri ea koloi. Moqebelo o mong le o mong ke ne ke tsamaea ka baesekele e mabili a mararo ’me ke e-ea likoung tsa literata tse sa tšoaneng, moo re neng re letsa ’mino ebe re letsa e ’ngoe ea lipuo tsa Moena Rutherford. Meqebelo le eona e ne e sebelisoa bakeng sa ho etsa mosebetsi oa seterateng re sebelisa mekotlana ea rōna ea limakasine. Ka Lisontaha re ne re etsa mosebetsi oa ntlo le ntlo, re tsamaisa libukana le libuka.

Botsoalle ba ka le baena ba hōlileng ba chesehang bo ile ba ntsosetsa takatso ea ho bula maliboho. Takatso ena e ile ea tota ha ke mamela lipuo tsa bo-pula-maliboho likopanong tsa setereke. Kopano e ’ngoe e ileng ea ba le phello e tebileng bophelong ba ka e bile e neng e tšoaretsoe Earl’s Court, London, ka 1947. Likhoeli tse peli hamorao, ke ile ka kenela tšebeletso ea bopula-maliboho, ’me ke ’nile ka leka ka matla ho boloka moea oa bopula-maliboho ho tloha ka nako eo. Thabo eo ke ileng ka e fumana ka ho khanna lithuto tsa Bibele tse tsoelang pele e ile ea boela ea tiisa hore ena e bile qeto e nepahetseng.

Monyaluoa oa Mosepanishe le Kabelo ea Spain

Ka selemo sa 1957, ha ke ntse ke bula maliboho Phuthehong ea Paddington, ke ile ka kopana le khaitseli e motle oa Mosepanishe ea bitsoang Rafaela. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, re ile ra nyalana. Pakane ea rōna e ne e le ho bula maliboho hammoho, empa pele re ile ra ea Madrid e le hore nka kopana le batsoali ba Rafaela. E bile ketelo e ileng ea fetola bophelo ba ka. Ha re le Madrid, Moena Ray Dusinberre, molebeli oa lekala la Spain, o ile a mpotsa hore na re ne re ka nahana ka ho sebeletsa Spain, moo ho neng ho na le tlhokahalo e khōlō ea baena ba nang le phihlelo.

Re ne re ka hana memo e joalo joang? Kahoo, ka 1958 re ile ra qalisa tšebeletso ea rōna ea nako e tletseng re le hammoho Spain. Ka nako eo naha eo e ne e le tlas’a puso ea Franco, ’me mosebetsi oa rōna o ne o sa lumelloa ka molao, e leng se ileng sa etsa hore mosebetsi oa boboleli o be thata haholo. Ho feta moo, ke ile ka tlameha ho leka ka matla ho ithuta Sepanishe lilemong tse seng kae tsa pele. Le mona, e bile taba ea ho se tele, le hoja ke ile ka lla ka makhetlo a fetang le le leng ka lebaka la ho tsieleha ka ho feteletseng ha ke sitoa ho buisana le baena ka phuthehong.

Tlhokahalo ea balebeli e ne e le khōlō hoo le hoja ke ne ke sitoa ho bua Sepanishe, ka mor’a khoeli ke ileng ka hlokomela sehlopha se senyenyane. Kaha mosebetsi oa rōna o ne o etsoa ka lekunutu, re ne re hlophisitsoe ka lihlopha tse nyenyane tsa bahoeletsi ba 15 ho ea ho 20, tse neng li batla li sebetsa joaloka liphutheho tse nyenyane. Qalong, ho tsamaisa liboka ho ne ho tsielehisa, kaha e ne e se ka linako tsohle ke neng ke utloisisa likarabo tsa bamameli. Leha ho le joalo, mosali oa ka o ne a lula ka morao-rao, ’me ha a elelloa hore ke ferekane, ka masene o ne a oma hlooho ho ntiisetsa hore karabo e nepahetse.

Ha ke na tšekamelo ea tlhaho ea ho tseba lipuo, ’me ka makhetlo a fetang le le leng ke ile ka ikutloa eka nka khutlela Engelane, moo ke neng nka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe habonolo haholoanyane. Leha ho le joalo, ho tloha qalong feela, lerato le botsoalle ba baena le bo-khaitseli ba rōna ba ratehang ba Masepanishe li ile tsa koahela tsieleho ea ka mabapi le puo eo. ’Me Jehova o ile a ntlhohonolofatsa ka litokelo tse khethehileng tse ileng tsa etsa hore ho bonahale sena sohle se loketse. Ka 1958 ke ile ka memeloa ho ba teng kopanong ea machaba New York ke le moemeli ea tsoang Spain. Joale ka 1962 ke ile ka fumana koetliso ea bohlokoa Sekolong sa Tšebeletso ea ’Muso seo re neng re se lokiselitsoe Tangier, Morocco.

Bothata bo bong boo ke neng ke talimane le bona, ntle le ba puo, e ne e le kameho e sa khaotseng mabapi le ho kenngoa litlamong ke mapolesa. Joaloka molata, ke ne ke tseba hore ho tšoaroa ho ne ho tla bolela ho lelekoa naheng eo. E le ho qoba ho ipeha kotsing, re ne re sebetsa ka bobeli. Ha e mong a ntse a paka, e mong o ne a mamela mokhoathatsa leha e le ofe oa kotsi. Ka mor’a ho kena ntlong e le ’ngoe kapa a mabeli, hangata mokatong o ka holimo-limo oa mohaho oa lifolete, re ne re tlōla mela e ’meli kapa e meraro ebe re kena malapeng a mang a mabeli kapa a mararo. Re ne re sebelisa Bibele haholo, ’me re ne re nka libukana tse seng kae re li pata ka lijaseng hore re li fe batho ba thahasellang.

Ka mor’a selemo re le Madrid, re ile ra abeloa Vigo, motse o moholo oa Spain leboea-bophirimela, moo ho neng ho se na Lipaki ho hang. Hoo e ka bang khoeling ea pele, Mokhatlo o ile oa eletsa hore boholo ba mosebetsi oa ho paka o etsoe ke mosali oa ka—e le ho fana ka maikutlo a hore re ne re etile re le bahahlaoli. Ho sa tsotellehe katamelo ea rōna ea ho se ikhulele tlhokomelo e ngata, boboleli ba rōna bo ile ba hapa tlhokomelo. Ka mor’a khoeli baprista ba K’hatholike ba ile ba qala ho re nyatsa seea-le-moeeng. Ba ile ba hlokomelisa litho tsa kereke ea bona hore ho na le banyalani ba eang ka ntlo le ntlo ba bua ka Bibele—buka e neng e batla e thibetsoe ka molao ka nako eo. “Banyalani ba ntseng ba batloa” ke monna oa molata le mosali oa hae oa Mosepanishe, e leng eena ea buang hoo e batlang e le ka linako tsohle!

Baprista ba ile ba laela hore ho bua feela le banyalani bana ba kotsi ke sebe se neng se tla tšoareloa hafeela motho a ka ipolela ho moprista kapele-pele. ’Me joalokaha motho a ne a ka lebella, ka mor’a puisano e thabisang eo re bileng le eona le mosali e mong, o ile a re bolella ka masoabi hore o tlameha ho ea ipolela. Ha re tloha ha hae, re ile ra mo bona a potlakela kerekeng.

Ho Lelekoa

Likhoeli tse peli feela ka mor’a hore re fihle Vigo, mapolesa a ile a re tsometsa. Lepolesa le ileng la re tšoara le ne le le mohau ’me la se ke la re fasa ka lihaneboi ha re ea ntlo-khōlō ea sepolesa. Ha re le sepoleseng re ile ra bona sefahleho seo re se tsebang, sa motho ea etsang mosebetsi oa ho thaepa eo re neng re kile ra mo pakela haufinyane. Ho ne ho hlakile hore o soabetse ho re bona re tšoaroa joaloka linokoane ’me a potlakela ho re kholisa hore hase eena ea re tlalehileng sepoleseng. Leha ho le joalo, re ne re qosetsoa ho beha “bonngoe ba moea ba Spain” kotsing, ’me libeke tse tšeletseng hamorao re ile ra lelekoa naheng eo.

E ne e le tšitiso tsoelo-peleng ea rōna, empa re ne re sa rera ho tela. Mosebetsi o neng o lokela ho etsoa o ne o sa ntse o le mongata Hlohloeng ea Iberia. Ka mor’a likhoeli tse tharo re le Tangier, re ile ra abeloa Gibraltar—tšimong e ’ngoe e neng e-s’o sebetsoe. Joalokaha moapostola Pauluse a bolela, haeba re nka tšebeletso ea rōna e le ea bohlokoa, re tla tsoela pele ho sebetsa ’me re tla putsoa. (2 Ba-Korinthe 4:1, 7, 8) Sena se ile sa ipaka e le ’nete tabeng ea rōna. Lelapa la pele feela leo re ileng ra le etela Gibraltar, re ile ra qalisa thuto ea Bibele le lelapa lohle. Kapele, e mong le e mong oa rōna o ne a khanna lithuto tse 17. Bongata ba batho bao re neng re ithuta le bona e ile ea ba Lipaki, ’me ka mor’a lilemo tse peli ho ne ho na le phutheho ea bahoeletsi ba 25.

Empa, joaloka Vigo, baruti ba ile ba qala ho re futuhela. Mobishopo oa Chache oa Gibraltar o ile a lemosa mookameli oa mapolesa ea ka sehloohong hore re “batho ba babe,” ’me mesebetsi ea hae ea ho susumetsa balaoli e ile ea qetella e hlahisitse liphello. Ka January 1962 re ile ra lelekoa Gibraltar. Re ne re tla ea kae ka mor’a moo? Tlhokahalo e ne e ntse e le khōlō Spain, kahoo re ile ra boela teng, re tšepile hore tlaleho ea rōna sepoleseng ka nako eo e ne e se e lebalehile.

Motse oa Seville o futhumetseng e ile ea e-ba lehae la rōna le lecha. Moo re bile le thabo ea ho sebetsa haufi-ufi le banyalani ba bang ba bo-pula-maliboho, Ray le Pat Kirkup. Le hoja Seville e ne e le motse oa baahi ba halofo ea milione, ho ne ho na le bahoeletsi ba 21 feela, kahoo ho ne ho na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa. Hona joale ho na le liphutheho tse 15 tse nang le bahoeletsi ba 1 500. Selemo hamorao ho bile le se thabisang seo re neng re sa se lebella; re ile ra memeloa ho sebeletsa mosebetsing oa ho tsamaea sebakeng sa Barcelona.

Mosebetsi oa potoloho naheng eo ho eona mosebetsi oa rōna o neng o sa lumelloa ka molao o ne o batla o fapane. Beke le beke re ne re etela lihlopha tse nyenyane, tseo bongata ba tsona li neng li na le baena ba seng bakae ba tšoanelehang. Baena bana ba sebetsang ka thata ba ne ba hloka ho koetlisoa le ho tšehetsoa kahohle kamoo re neng re ka khona. Re ne re rata kabelo ena! Ka mor’a ho qeta lilemo tse ngata libakeng tseo ho neng ho na le Lipaki tse seng kae haeba li ne li le teng, re ne re thabela ho etela baena le bo-khaitseli ba bangata haholo ba sa tšoaneng. Ho feta moo, mosebetsi oa ho bolela Barcelona o ne o le bonolo haholoanyane, ’me batho ba bangata ba ne ba batla ho ithuta Bibele.

Ho Loantša ho Tepella Maikutlo

Leha ho le joalo, likhoeli tse tšeletseng feela hamorao, bophelo ba ka bo ile ba fetoha haholo. Phomolo ea rōna ea pele leoatleng e batlile e e-ba koluoa ha ke ne ke hlaheloa ke kotsi e hlalositsoeng pejana. Ke ile ka hlaphoheloa kapele ’meleng tabeng ea ho tšosoa ke ho batla ke khangoa ke metsi, empa ketsahalo ena e ile ea siea letheba le sa hlakoheng tsamaisong ea methapo ea ka.

Ka likhoeli tse seng kae, ke ile ka leka ka matla hore ke tsoele pele mosebetsing oa potoloho, empa qetellong ke ile ka tlameha ho khutlela Engelane bakeng sa ho fumana phekolo ea meriana. Ka mor’a lilemo tse peli ke ile ka hlaphoheloa ka ho lekaneng hore re ka khutlela Spain, moo re ileng ra tsoela pele ka mosebetsi oa potoloho. Leha ho le joalo, e bile ka nako e khutšoanyane feela. Batsoali ba mosali oa ka ba ile ba kula haholo, ’me ka lesisitheho re ile ra tlohela tšebeletso ea nako e tletseng e le hore re ka ba hlokomela.

Bophelo bo ile ba thatafala haholoanyane ha ke ne ke ferekane kelello ka ho feletseng ka 1968. Ho bile le linako tseo ’na le Rafaela ka bobeli re neng re nahana hore nke ke ka hlola ke hlaphoheloa. Ho ne ho le joalokaha eka ke khangoa ke metsi hape, empa ka tsela e fapaneng! Ntle le hore ho tepella maikutlo ho etse hore ke hlaseloe ke maikutlo a fosahetseng, ho ile ha etsa hore ke felloe ke matla ka ho feletseng. Ke ile ka hlaseloa ke ho khathala ka tsela e feteletseng, e leng ho ileng ha nqobella hore ke phomole ka linako tsohle. Ka nako eo e ne e se baena bohle ba neng ba utloisisa bothata ba mofuta ona; ka sebele ke ne ke tseba hore Jehova oa bo utloisisa. Ho bala lihlooho tse babatsehang limakasineng tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse neng li nahanela le ho thusa haholo ba tepeletseng maikutlo, ho ile ha nkhotsofatsa haholo.

Ho pholletsa le nako ena e thata, mosali oa ka e bile mohloli oa khothatso oa kamehla. Ho sebetsana le mathata ka katleho hammoho ka sebele ho hlile ho matlafatsa tlamo ea lenyalo. Batsoali ba Rafaela ba ile ba e-shoa, ’me ka mor’a lilemo tse 12, bophelo ba ka bo ile ba ntlafala hoo re ileng ra ikutloa hore re ka khutlela tšebeletsong ea nako e tletseng. Ka 1981, re ile ra makala le ho thaba ha re boetse re memeloa ho sebeletsa mosebetsing oa potoloho.

Ho ne ho entsoe liphetoho tse khōlō tsa puso ea Molimo Spain ho tloha nakong e fetileng ha re ne re le tšebeletsong ea ho tsamaea. Joale boboleli bo ne bo etsoa ka bolokolohi, kahoo ke ile ka tšoanela ho ikamahanya le maemo a macha. Leha ho le joalo, ho sebeletsa ke le molebeli oa potoloho hape e bile tokelo e khōlō. Hore ebe re ile ra bula maliboho ho sa tsotellehe maemo a thata ho ile ha re nolofaletsa ho khothatsa bo-pula-maliboho ba neng ba na le mathata. ’Me nako le nako re ile ra khona ho thusa ba bang hore e be bo-pula-maliboho.

Ka mor’a lilemo tse 11 tsa ho ba mosebetsing oa ho tsamaea Madrid le Barcelona, ho haelloa ke bophelo ha rōna ho ile ha etsa hore ho hlokahale hore re fetole likabelo tsa rōna hape. Re ile ra abeloa ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng motseng oa Salamanca, moo ke neng nka thusa joaloka moholo. Hang-hang baena ba Salamanca ba ile ba etsa hore re ikutloe re amohelehile. Selemo hamorao maqakabetsi a mang a ne a ka ’na a leka mamello ea rōna.

Rafaela o ile a haelloa ke mali ka tsela e tšosang, ’me litlhahlobo li ile tsa senola hore o na le kankere ea mala a maholo. Joale ke ile ka tšoanela hore e be ’na ea matla ’me ke tšehetse mosali oa ka kahohle kamoo nka khonang. Karabelo ea rōna ea pele e bile ho se lumele, ho ileng ha lateloa ke tšabo. Na Rafaela o ne a tla pholoha see? Linakong tse kang tsena, ho tšepa Jehova ka ho feletseng ke hona ho re thusang hore re tsoele pele. Ke thabela ho bolela hore Rafaela o ile a buuoa ka katleho, ’me re tšepa hore kankere ena e ke ke ea hlaha hape.

Le hoja re bile monateng le mathateng lilemong tse 36 tseo re bileng Spain ka tsona, ho phela ho pholletsa le nako ena ea khōlo ea moea e bile ho futhumatsang pelo. Re bone ha sehlopha se senyenyane sa bahoeletsi ba ka bang 800 ka 1958 se eketseha ho ba lebotho la bahoeletsi ba ka holimo ho 100 000 kajeno. Mathata a rōna a koahetsoe ke liketsahalo tse ngata tse thabisang—ho thusa ba bang ho amohela ’nete le ho hōla moeeng, ho sebetsa hammoho re le monna le mosali, ’me re ikutloa hore re sebelisitse bophelo ba rōna ka tsela e molemohali.

Lengolong la hae la bobeli le eang ho Bakorinthe Pauluse o re: “Kaha re na le tšebeletso ena ho latela mohau oo re o bontšitsoeng, ha re tele.” (2 Ba-Korinthe 4:1, NW) Ha ke hetla morao, ke lumela hore ho bile le mabaka a mangata bophelong ba ka a ileng a nthibela ho tela. Mohlala oa baena ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ba neng ba ntlhokomela nakong ea khōlo ea ka e bile motheo o motle. Ho ba le molekane ea nang le lipakane tsa moea tse tšoanang le tseo ke nang le tsona ke thuso e hlollang; ha ke ne ke ikutloa ke tepeletse maikutlo, Rafaela o ne a nkhothatsa, ’me ke entse se tšoanang ho eena. Ho ba le boikutlo ba ho tšeha le hona ke letlotlo le leholo. Ho khona ho tšeha le baena—le ho itšeha—ka tsela e itseng ho etsa hore mathata a bonahale a le bobebe.

Empa ka holim’a tsohle, ho talimana le liteko ka mamello ho hloka matla a Jehova. Kamehla ke hopola mantsoe a Pauluse a reng: “Nka etsa tsohle ka . . . ea mphang matla.” Ha Jehova a ntse a re tšehelitse, ha ho hlokahale hore re tele le ka mohla.—Ba-Filippi 4:13.

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Ronald le Rafaela Taylor ka 1958

[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]

Ho bokana nakong ea thibelo Spain (1969)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela