Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 3/15 maq. 24-27
  • Kamoo Balisa ba Bakreste ba U Sebeletsang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo Balisa ba Bakreste ba U Sebeletsang
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšireletso Khahlanong le Eng?
  • Ketelo ea Bolisa ke Eng?
  • Ke Hobane’ng ha Molisa a U Etela?
  • Linku Tse Matla li Hloka Tlhokomelo
  • Ho Lokisetsa Nako ea Liketelo Tsa Bolisa
  • Litlhohonolofatso Tsa Liketelo Tsa Bolisa
  • Balisa ba Bakreste, ‘Bulang Lipelo Tsa Lōna Haholo’!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Baholo, Nkang Boikarabelo ba Lōna ba ho Alosa ka Botebo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Balisa, Etsisang Balisa ba ka Sehloohong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Alosang Mohlape oa Molimo ka ho Rata
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 3/15 maq. 24-27

Kamoo Balisa ba Bakreste ba U Sebeletsang

LIBAKENG tse ngata hoa khoneha hore motho a bone kamoo balisa ba hlokomelang mohlape kateng. Ba alosa linku, baa li sireletsa le ho li fepa. Sena sea thahasellisa ho baholo ba Bakreste, kaha mosebetsi oa bona o akarelletsa mesebetsi ea bolisa. Ruri, ke boikarabelo ba bona “ho lisa phutheho ea Molimo” le ‘ho ela mohlape oohle hloko.’—Liketso 20:28.

Haeba u setho sa phutheho ea Bokreste, baholo ba moea ba ka u sebeletsa joang? ’Me u lokela ho itšoara joang mabapi le boiteko boo ba bo etsang molemong oa hao? Ke hobane’ng ha phutheho e hloka thuso ea bona?

Tšireletso Khahlanong le Eng?

Mehleng ea boholo-holo litau le liphoofolo tse ling tse hlaha li ne li beha mehlape kotsing li bile li harola linku ka bomong. Balisa ba ne ba tlameha ho li sireletsa. (1 Samuele 17:34, 35) Ha e le hantle, Satane Diabolose o “tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” (1 Petrose 5:8) Ha a loantše feela ka bohale mokhatlo oohle o hlophisitsoeng oa Jehova oa lefatšeng empa hape o loantša bahlanka ba Molimo ka bomong. Sepheo sa Satane ke sefe? O batla ho nyahamisa batho ba Jehova esita le ho ba thibela ho ‘boloka litaelo tsa Molimo’ le ho etsa “mosebetsi oa ho paka ka Jesu.”—Tšenolo 12:17.

Jehova o ile a qosa balisa ba neng ba busa Baiseraele ba boholo-holo ka hore ha ba tsotelle hobane linku tsa hae li ne li fetohile “lijo tsa libatana tsohle tsa naha.” (Ezekiele 34:8) Leha ho le joalo, baholo ba Bakreste ba na le takatso e tiileng ea ho sireletsa ba ka phuthehong e le hore ho se be le ea lahlehang ka lebaka la ho se tsotelle kapa ka lebaka la tšusumetso ea Satane, lefatše kapa “liphiri” tsa bakoenehi. (Liketso 20:29, 30) Balisa ba thusa litho tsohle tsa mohlape joang hore li lule li hlaphohetsoe likelellong le ho falimeha? Mokhoa o mong ke oa ho fana ka lipuo tsa Mangolo tse lokiselitsoeng hantle sethaleng sa Holo ea ’Muso. O mong ke oa lipuisano tse molemo, tse khothatsang pele le ka mor’a liboka. Mokhoa o mong hape o atlehang ke oa ho etela “linku” ka seqo lapeng. (Bapisa le Pesaleme ea 95:7, NW.) Empa ketelo ea bolisa ke eng? Ketelo e joalo e lokela ho etsoa joang? ’Me ke bo-mang ba lokelang ho eteloa?

Ketelo ea Bolisa ke Eng?

Ketelo ea bolisa hase ho chaka bakeng sa ho qoqa ka lintho tseo e seng tsa bohlokoa. Moholo e mong o ile a hlokomela: “Bahoeletsi ba bangata ba thabela haholo ho bala lengolo kapa ho buisana ka motho ea itseng ka Bibeleng. Ho hlakile hore moholo hase eena feela ea buang. Ka tloaelo mohoeletsi oa ’Muso ea etetsoeng o thabela ho ntša maikutlo a hae ka Bibele, ’me ho etsa sena ho matlafatsa tumelo ea hae. Moholo a ka ’na a nka makasine ea Molula-Qhooa kapa Tsoha! e le hore a bue ka lintlha tse leng sehloohong se seng se hahang. Mohlomong puisano ena ea moea ke eona e khethollang ketelo ea bolisa ho ho chaka.”

Moholo e mong ea nang le phihlelo o ile a re: “Pele ho ketelo ena, moholo o qeta nako e itseng a nahana ka mohoeletsi eo a lokelang ho mo etela. Mohoeletsi eo a ka matlafatsoa ke eng? Pabatso e hlokang boikaketsi ke karolo ea bohlokoa ea liketelo tsa bolisa, hobane e matlafaletsa motho ho mamella.” E, ketelo ea bolisa e feta ho chaka ho ka ’nang ha etsoa ke mang kapa mang ka phuthehong.

Ke Hobane’ng ha Molisa a U Etela?

Ha moholo a etela lapeng le itseng, o itokiselitse ho khothatsa balumeli-’moho le eena le ho ba thusa ho tiea tumelong. (Baroma 1:11) Ka hona ha moholo a le mong kapa ba babeli ba batla ho u etela, u itšoara joang? Molebeli e mong ea tsamaeang o itse: “Haeba liketelo tsa bolisa li etsoa feela ha lintho li sa tsamaee hantle, karabelo ea pele ketelong e lokisetsoang e ka ’na ea e-ba, ‘Ke entse’ng e phoso?’” Balisa ba moea ba lerato ba etsisa Jehova, ea ileng a hlokomela mopesaleme ’me kamehla o ne a ‘hlabolla moea oa [“soule ea,” NW] hae,’ haholo-holo linakong tsa tsieleho le tsa litlhoko tse khethehileng.—Pesaleme ea 23:1-4.

Morero oa ketelo ea bolisa ke “ho haha eseng ho heletsa.” (2 Bakorinthe 13:10) Mantsoe a kananelo bakeng sa mamello, cheseho le mosebetsi o khabane oa ea etetsoeng aa khothatsa ruri. Moholo e mong o ile a hlokomela: “Ketelong ea bolisa, ha ho molemo ho fana ka maikutlo a hore motho o tlile ka sepheo sa ho fumana mathata le ho bua ka ’ona. Ha e le hantle, mohoeletsi ka boeena a ka ’na a batla ho bua ka bothata bo itseng. ’Me haeba nku e hlotsa kapa e ikarola mohlapeng, ho hlokahala hore moholo a etse ho hong ho thusa.”

Ntle ho pelaelo balisa ba Bakreste ba tla hlokomela ka tsela e khethehileng mang kapa mang ea tšoanang le ba hlalositsoeng ka mantsoe ana: “Ke [Jehova] tla batla e lahlehileng, ke late e khelohileng, ke tlamelle e leqeba, ke natlafatse e kulang.” (Ezekiele 34:16) E, ho ka ’na ha hlokahala hore linku li batloe, li busetsoe tseleng, li tlamisoe kapa li matlafatsoe. Balisa ba Iseraele ba ne ba hlokomoloha boikarabelo bona. Ho etsa mosebetsi o joalo ho hloka hore molisa a atamele haufi le nku e itseng ’me a hlokomele litlhoko tsa eona. Ha e le hantle, ena e lokela ho ba tšobotsi e ikhethang ea ketelo e ’ngoe le e ’ngoe ea bolisa kajeno.

Linku Tse Matla li Hloka Tlhokomelo

Na re lokela ho etsa qeto ea hore ha ho hlokahale hore balisa ba moea ba kajeno ba hlokomele linku tse matla ka tsela e khethehileng? Ha e le hantle, ha nku ea sebele e kena khathatsong, e ka thusoa habonolo haholoanyane haeba e tšepa molisa. Buka e ’ngoe ea litaba tsa bohlokoa e hlokomela hore “ka tlhaho linku li koekoetla batho, ’me hase kamehla ho leng bonolo hore li u tšepe.” Har’a lintho tse ling, buka eona eo e bontša tataiso ena ea bohlokoa bakeng sa ho etsa hore linku li u tšepe: “Bua le liphoofolo tsena kamehla. Li tloaela lentsoe, e leng se li kholisang. Etela linku khafetsa makhulong.”—Alles für das Schaf. Handbuch für die artgerechte Haltung (Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe Bakeng sa Linku. Buka ea Lintho tsa Bohlokoa ea Kamoo li ka Hlokomeloang ka Nepo).

Ka hona ho hlokahala hore molisa ka boeena a be le tsona e le hore ho ka ba le kamano e bontšang ho tšepana pakeng tsa molisa le linku. Ho joalo le ka phuthehong ea Bokreste. Moholo e mong o ile a hlokomela: “Ho tsebahala u le moholo ea etelang linku kamehla ka phuthehong ho u nolofaletsa ho etela ea nang le mathata.” Ka hona, balisa ba moea ha baa lokela ho leka ho fepa le ho hlokomela linku Holong ea ’Muso feela. Ho isa moo maemo a ho lumellang, baholo ba lokela ho tseba linku ka ho etsa liketelo tsa bolisa malapeng a tsona. Mokreste e mong o hopola hore ha a ne a sa tsoa khethoa e le moholo, molebeli ea okamelang o ile a mo letsetsa ’me a mo kōpa hore a etele le ho tšelisa mor’abo rōna ea neng a sa tsoa lahleheloa ke morali kotsing ea ’mileng e tšabehang. Moholo enoa oa lumela: “Ke ile ka ikutloa ke soabile haholo, kaha ke ne ke e-s’o etele enoa mor’eso le ka mohla ke bile ke sa tsebe hore na o lula hokae! Ke ile ka imoloha ha moholo ea hōlileng tsebong a ithaopela ho tsamaea le ’na.” E, baholo baa thusana liketelong tsa bolisa.

Moholo ha a lokisetsa le ho etsa liketelo tsa bolisa tse itseng, a ka ’na a tsamaea le mohlanka ea sebeletsang ea hahamallang “mosebetsi o motle” oa ho ba molebeli. (1 Timothea 3:1, 13) Mohlanka ea sebeletsang o ananela hakaakang ha a bona kamoo moholo a sebeletsang linku kateng liketelong tsa bolisa! Kahoo baholo le bahlanka ba sebeletsang ba atamela haufi ho bohle ka phuthehong, ba matlafatsa litlamo tsa lerato la Bokreste le bonngoe.—Bakolose 3:14.

Ho Lokisetsa Nako ea Liketelo Tsa Bolisa

Ha sehlopha se seng sa baholo se ne se tlohella boikarabelo ba liketelo tsa bolisa ho bakhanni ba Lithuto tsa Buka tsa Phutheho, bahoeletsi bohle lihlopheng tse ling ba ne ba eteloa hang ka likhoeli tse tšeletseng, athe lihlopheng tse ling ho ne ho se ba ileng ba eteloa. Sena se ile sa susumetsa moholo e mong ho re: “Ho bonahala hore baholo ba bang ba etsa boiteko ’me ba etsa mosebetsi oa bolisa o mongata, empa ba bang ba hloka khothatso ea baholo ba habo bona ho etsa seo.” Ka hona lihlopha tse ling tsa baholo li etsa litokisetso bakeng sa hore bahoeletsi bohle ba eteloe ke balisa pele ho nako e itseng.

Ka sebele, moholo kapa mohoeletsi leha e le ofe e mong a ka etela e mong ka phuthehong ntle le hore a emele hore ho etsoe litokisetso tse khethehileng. Moholo e mong pele a etsa ketelo ea bolisa, oa letsa ebe o re, “Ke etela lelapa le le leng khoeli ka ’ngoe. Na nka u etela ka nako e etsang hora kapa ho feta nakong e itseng khoeling e tlang? Nako e loketseng e tla ba efe ho uena?”

Litlhohonolofatso Tsa Liketelo Tsa Bolisa

Ha likhatello tsa tsamaiso e khopo li ntse li eketseha, liketelo tse khothatsang tse etsoang ke balisa ba nang le kutloelo-bohloko e ba tse molemo haholoanyane. Ha litho tsohle tsa mohlape li khothatsoa le ho thusoa ka liketelo tsa bolisa, nku ka ’ngoe e ikutloa e sireletsehile.

Mabapi le phutheho eo ho eona bahoeletsi ba ’Muso ba neng ba eteloa ke balisa kamehla, ho ile ha tlalehoa: “Bahoeletsi ba ile ba ba le maikutlo a nepahetseng haholo ka liketelo tsa bolisa. Ho ne ho hlile ho tloaelehile hore mohoeletsi a atamele e mong oa baholo ho mo botsa hore na o tla mo etela neng hape, kaha mohoeletsi enoa o ne a ile a thabela puisano e hahang ketelong e fetileng. Liketelo tsa bolisa e ne e le e ’ngoe ea litšobotsi tse thusang ho ntlafatsa moea oa phutheho.” Litlaleho tse ling li bontša hore ha balisa ba sebeletsa ka tsela e joalo ka lerato, phutheho e ka hōla leratong, bonngoeng le mofuthung. Ke tlhohonolofatso e kaakang!

Balisa ba Bakreste ba eta bakeng sa ho tlatsetsa boiketlong ba moea ba linku. Baholo ba batla ho khothatsa le ho matlafatsa balumeli ba habo bona. Haeba ho hlaha bothata bo tebileng bo hlokang keletso nakong ea ketelo, ho ka ’na ha e-ba molemo ka ho fetisisa ho etsa litokisetso tsa ho buisana ka bona ka nako e ’ngoe, haholo-holo haeba moholo a tsamaea le mohlanka ea sebeletsang. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ho hlokahala hore ketelo ea bolisa e phethoe ka thapelo.

Na molisa oa moea o batla ho etela ha hao haufinyane? Haeba ho joalo, lebella ka thabo khothatso e u letetseng. O tlela ho u sebeletsa le ho u matlafatsa boikemisetsong ba hao ba ho lula tseleng e isang bophelong bo sa feleng.—Matheu 7:13, 14.

[Lebokose le leqepheng la 26]

LITLHAHISO Bakeng Sa Liketelo Tsa Bolisa

◻ Beha nako: Hangata ho molemo ho beha nako. Haeba moholo a rera ho sebetsana le bothata bo tebileng, e ne e tla ba ho loketseng ho tsebisa mohoeletsi ka sena esale pele.

◻ Tokisetso: Nahana ka botho ba motho eo le boemo. Babatsa ho tsoa pelong. Ho etse sepheo sa hao ho fana ka ‘mpho ea moea’ e khothatsang, e matlafatsang tumelo.—Baroma 1:11, 12.

◻ Eo u lokelang ho ea le eena: Moholo e mong kapa mohlanka ea sebeletsang ea tšoanelehang.

◻ Nakong ea ketelo: Moholo o lokela ho phutholoha, a be lerato, a be le maikutlo a nepahetseng a be a tenyetsehe. Botsa ka litaba tse amang lelapa lena, hore na ho pheloa joang, le tse ling tse joalo. Mamela ka hloko. Haeba ho hlaha bothata bo tebileng, ho ka ’na ha e-ba molemo ho lokisetsa ketelo ea bolisa e khethehileng.

◻ Nako ea ketelo: Khomarela nakong e behiloeng, ’me u tsamaee u sa ntsane u thabetsoe.

◻ Ho phetha ketelo: Thapelo e loketse ’me ruri ea ananeloa.—Bafilippi 4:6, 7.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Balisa ba Bakreste ba fana ka tšireletso ea moea

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Liketelo tsa bolisa li fana ka menyetla e metle bakeng sa khothatso ea moea

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela