Litokelo Tsa Bakuli Lia Hlomphuoa
‘Ha ho kamoo nka etsang tšebetso ena ea ho buoa ntle ho mali. Haeba u batla ho buuoa, u tla tlameha ho lumellana le mokhoa oa ka oa phekolo. Ho seng joalo, u tla tlameha ho fumana ngaka e ’ngoe.’
MANTSOE ao a ngaka ha aa ka a sisinya tumelo ea Cheng Sae Joo, e mong oa Lipaki tsa Jehova ea lulang Thailand. Ho hlokometsoe hore o na le meningioma, mofuta o mong oa hlahala ea boko, Cheng o ne a hloka ho buuoa ka potlako. Empa o ne a ikemiselitse ho mamela taelo ea Bibele: “Le ’ne le ile . . . mali.”—Liketso 15:28, 29.
Cheng o ile a etela lipetlele tse ling tse peli, a batla haholo ho phekoleloa naheng ea habo haeba ho khoneha. Ka masoabi, lingaka tsa moo le tsona li ile tsa hana ho buoa ntle ho mali. Qetellong, komiti ea Boitsebiso bo mabapi le Litšebeletso tsa Sepetlele (HIS [Hospital Information Services]) ea Thailand e ile ea kopanya Cheng le Neurological Institute of the Tokyo Women’s Medical College. Sepetlele seo se ne se ile sa phekola bakuli ba fetang 200 ba nang le hlahala bokong se sebelisa mahlaseli a gamma, e ’ngoe ea lintšetso-pele tsa morao-rao ho phekoleng ka mahlaseli.
Litokisetso li ile tsa etsoa bakeng sa hore Cheng a lule le Lipaki tsa Japane tse lulang haufi le sepetlele. Sehlopha se ile sa mo khahlametsa boema-fofane, ho kopanyelletsa le Lipaki tsa Jehova tse peli tse buang Sethai le moemeli oa HIS. Ka mor’a hoo e ka bang beke a ntse a hlahlojoa, Cheng o ile a amoheloa sepetlele moo a ileng a phekoloa ka mahlaseli a gamma. Tšebetso eo e ile ea nka hoo e ka bang hora feela. Cheng o ile a tsoa sepetlele letsatsi le latelang, a kena tseleng ho boela Thailand letsatsi ka mor’a leo.
Cheng o ile a re: “Ha ho mohla nkileng ka nahana hore tokisetso ena e ka fana ka thuso e khōlō hakaalo. Ka sebele ke ile ka khahloa ke lerato le ileng la bontšoa hammoho le tšebelisano-’moho pakeng tsa mahlakore a neng a ameha.”
Ha e tlaleha ntlha ena litabeng, koranta ea Japane Mainichi Shimbun e ile ea hlalosa: “Ho fihlela hona joale, mabaka a bolumeli a ho hana tšelo ea mali a ’nile a totobatsoa. Leha ho le joalo, tšelo ea mali e ba le liphello tse mpe hamorao tse kang AIDS, kotsi ea livaerase tse tšoaetsanoang tse kang hepatitis C [lefu la sebete] le ho kulisoa ke lintho tse itseng. Ka lebaka lena ho na le bakuli ba sa batleng tšelo ea mali ho sa tsotellehe tumelo ea bona ea bolumeli.”
Koranta e ile ea tsoela pele ho bolela: “Bakuli ba bangata ba ileng ba hana tšelo ea mali ba ’nile ba qobelleha ho chencha lipetlele, empa ho hlokahala hore litsi tsa bongaka li chenche tabeng ea ho hlompha thato ea bakuli. Ho lumela ka tsebo (hore mokuli a fumane tlhaloso e feletseng ea se amehang e le hore a lumellane le phekolo) hoa hlokahala ’me le boemo ba tšelo ea mali hase mokhelo. Ho tlameha ho elelloe hore ena hase taba e amang bolumeli bo itseng feela.”
Joaloka Cheng Sae Joo, ba bangata ba batlang phekolo ntle le mali ba tlameha ho fetela lipetleleng tse ling. Leha ho le joalo, ba ananela boiteko ba lingaka tse ikemiselitseng ho hlompha litokelo tsa bona e le bakuli.
Komiti ea Boitsebiso bo mabapi le Litšebeletso tsa Sepetlele e ile ea thehoa ke Lipaki tsa Jehova makaleng a Mokhatlo oa Watch Tower ho leka ho fumana tšebelisano-’moho le lingaka tse hlomphang litumelo tsa tsona. Lefatšeng lohle, HIS e sebetsana le ho haha likamano tse ntle le lipetlele, lingaka, basebetsi ba tlhokomelo ea bophelo, babuelli ba molao le baahloli.