Tšireletseho ea ’Nete—Pakane eo ho Leng Thata ho e Finyella
ARNOLD e ne e le ngoana ea ratang popi ea hae ea nkoe e entsoeng ka masela. Hohle moo a neng a e-ea teng, o ne a tsamaea le eona—ha a ea papaling, ha a ea lijong, ha a il’o robala. Ho eena, nkoe e ne e fana ka matšeliso, tšireletseho. Ka letsatsi le leng, litaba tsa e-ba mosenekeng. Nkoe e ne e nyametse!
Ha Arnold a ntse a lla, ’mè oa hae, ntate le baholoane ba hae ba bararo ba ile ba batlana le nkoe hohle ka tlung ea bona e khōlō. Qetellong e mong oa bona a e fumana ka laeng. Ka ho hlakileng, Arnold o ne a ile a e beha kamoo ’me kapele a lebala moo e leng teng. Nkoe e ile ea khutlisetsoa ho Arnold ’me o ile a iphumola meokho. O ile a boela a ikutloa a thabile ’me a sireletsehile.
Ho ne ho tla ba hotle hakaakang haeba mathata ’ohle a ne a ka rarolloa habonolo joalo—habonolo feela joaloka ho fumana nkoe ea masela ka laeng! Leha ho le joalo, ho batho ba bangata taba ea tšireletseho ke e tebileng le e rarahaneng ho feta moo. Hoo e ka bang kae le kae, batho baa ipotsa, ‘Na ke tla ba mohlaseluoa oa tlōlo ea molao kapa pefo? Na ke kotsing ea ho lahleheloa ke mosebetsi? Na lelapa leso le tla hle le be le lijo tse lekaneng? Na ba bang ba tla nkoekoetla ka lebaka la bolumeli ba ka kapa semelo sa morabe oa heso?’
Palo ea batho ba hlokang tšireletseho e khōlō haholo. Ho ea ka Machaba a Kopaneng, hoo e ka bang ba limilione tse likete tse tharo ha ba haelloe feela ke ho fumana phekolo mafung a tloaelehileng empa hape le ho fumana meriana e hlokahalang. Batho ba fetang limilione tse sekete ba phela bofutsaneng ba bo-ja-likata. Le hoja ba khona ho sebetsa, ba ka bang limilione tse sekete, ha ba na mesebetsi. Palo ea baphaphathehi ea eketseha. Qetellong ea 1994, hoo e ka bang motho a le mong ho ba bang le ba bang ba 115 lefatšeng o ne a ile a qobelloa ho phaphatheha a siea lelapa labo. Bophelo ba ba limilione boa senngoa ka lebaka la khoebo e etsang liranta tse libilione tse 1,8 ka selemo ea lithethefatsi tse bakang liketso tse se nang palo tsa tlōlo ea molao le pefo. Ntoa e senya bophelo ba ba limilione. Ka 1993 feela, linaha tse 42 li ile tsa kenella lintoeng tse khōlō, ha tse ling tse 37 li bile le pefo lipolotiking.
Ntoa, bofutsana, tlōlo ea molao le litšokelo tse ling tse sokelang tšireletseho ea motho lia amana, ’me lia eketseha ka palo. Ha ho na tharollo e bonolo bakeng sa mathata a joalo. Ha e le hantle, batho ba ke ke ba a rarolla ho hang.
Lentsoe la Molimo, Bibele, lea lemosa: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho.” Joale, ke mang eo re ka tšepelang ho eena? Lengolo lena le tsoela pele: “Ho lehlohonolo eo Molimo oa Jakobo e leng thuso ea hae, eo tšepo ea hae e beiloeng ho Jehova, Molimo oa hae! O entse maholimo le lefatše, leoatle le tse ho lona kaofela.”—Pesaleme ea 146:3-6.
Ke hobane’ng ha re ka tšepa Jehova bakeng sa ho tlisa tšireletseho lefatšeng lee? Na ho ka khoneha ho thabela bophelo bo sireletsehileng le bo thabileng hona joale? Molimo o tla tlosa lintho tse sitisang tšireletseho ea batho joang?