Nkoe ea Siberia—Na e Tla Pholoha?
KA MONGOLI OA TSOHA! RUSSIA
Ke mariha ’me ho elile bochabela bo hōle Russia, ’me nkoe ea tonanahali e matha lehloeng le phatsimang, e baleha helikopthara. Ha motho ea nkileng sethunya ea tsebang ho korola a hlahella le helikopthareng, nkoe eo e qhomela sefateng ’me ea rora ho bontša hore ea loana. Motho eo oa thunya. Helikopthara e lula fatše, ’me batho ba ka ho eona ba hata butle ho ea phoofolong eo e thuntsoeng.
NA BATHO baa ke masholu a liphoofolo? Che, ke bafuputsi ba sebelisang metsu e thethefatsang phoofolo. Ba tl’o etsa phuputso ka e ’ngoe ea liphoofolo tse kotsing ea ho fela lefatšeng, e leng nkoe ea Siberia eo ho leng thata ho e fumana.a
Phoofolo e Hlollang ka Botle
Linkoe tsa Siberia li kile tsa itsamaela ka bolokolohi Korea, karolong e ka leboea ea Chaena, Mongolia le Letšeng la Baikal le bophirimela bo hōle, Russia. Empa lilemong lekholo tse fetileng, palo ea tsona e ’nile ea fokotseha. Hona joale sebaka feela seo e seng e le setšabelo sa tsona ke lithaba tse ka leboea ho Vladivostok, Russia, tse haufi le Leoatle la Japane.
Linkoe li khethollana ka monko, ’me sena se thusa tse tona hore li fumane tse tšehali ha e le nako ea ho tlolela. Nkoe e ba le malinyane a mabeli kapa a mararo ka nako e le ’ngoe, ’me a hlaha a sa bone a bile a meneka joaloka sebōkō. Empa malinyane a nkoe ea Siberia a fapane le a katse ka hore ’ona ha a ithute ho hona. A llela tlaase, ’me a anya lebese la ’m’a ’ona ka likhoeli tse hlano kapa tse tšeletseng ’me ka mor’a moo a qala ho ja nama. Qalong a tsamaea le bo-’m’a ’ona ha ba il’o tsoma ho fihlela ha a le likhoeli li 18 moo a ka khonang ho itsomela. Malinyane a nkoe a qeta lilemo tse ka bang peli a ntse a tsamaea le bo-’m’a ’ona. Ka mor’a moo aa tloha ’me a ipatlela sebaka.
Tse ling tsa linkoe tsena ha li le naheng li ba khōlō haholo. Tse tona li ka ba boima ba lik’hilograma tse ka bang 270 le bolelele ba limithara tse fetang tse tharo ho ea fihla mohatleng. Linkoe tsena li hlomeletsoe hantle bakeng sa serame sa lehloa mariha. Linkoe tsena li na le boea bo bongata ’meleng ’me maoto a tsona a maholo a koahetsoe ke boea bo li sireletsang ha li tsamaea lehloeng.
Linkoe tsa Siberia li na le metsero e metšo boeeng bo ’mala oa lamunu. Nkoe ka ’ngoe e na le metsero e ikhethang, e leng ho e khethollang ho tse ling feela joalokaha mela ea menoana e khetholla batho. Hangata metsero le mebala ea nkoe ha e le ka morung e sa tsamaee e etsa hore e se ke ea bonahala. Empa haeba nkoe e se ka morung mariha, e bonahala ka ho hlaka lehloeng. Ho totobala ha eona mariha ho etsa hore batho ba e bone, e leng bona feela ba e bolaeang.
Bophelo ba Eona bo Kotsing
E le hore e lule e phela, nkoe ea Siberia e lokela ho bolaea liphoofolo tse khōlō, ho akarelletsa le likhama le likolobe-moru. Empa liphoofolo tseo li se li fokola ka palo karolong e ka bochabela ea Siberia. Moru o boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 1 000 o ka ’na oa ba le liphoofolo tse lekaneng ho fepa linkoe tse ’nè kapa tse hlano feela. Kahoo e le hore linkoe tsa Siberia li tsoele pele li phela, li lokela ho ba le sebaka se lekaneng.
Ka lilemo tse ngata, meru e teteaneng ea Siberia eo ho neng ho le thata ho e fohla e ne e le sebaka se loketseng linkoe tsena tsa litonanahali. Batho, e leng bona feela ba behang liphoofolo tsena kotsing haholo, ba ne ba sa atise ho ea ho moo. Empa morao tjena, lik’hamphani tse etsang mapolanka tsa linaheng tse ling li ’nile tsa rema karolo e khōlō ea moru.
Ha lifate li ntse li nyamela, likhama le likolobe-moru le tsona lia nyamela, ’me seo se bolela hore linkoe tsa Siberia le tsona lia fela. E le ho etsa hore li se ke tsa fokotseha, ’muso oa Russia o sirelelitse libaka tse khōlō tse nang le liphoofolo tse hlaha, tse kang sa Sikhote Alin Nature Reserve. Empa ha linkoe li tsoela ka ntle ho libaka tsena, li ipeha kotsing ea masholu a rekisang lintho tse entsoeng ka thepa e sa tloaelehang. Meno a nkoe, manala a eona, masapo le matlalo a eona, ho akarelletsa le a malinyane a eona kaofela a rekisoa ka chelete e ngata haholo.
Ho Sireletsa Nkoe
Ho etsoa boiteko bo matla ho sireletsa nkoe ea Siberia, ’me baahi ba moo ba leka ka matla ho li sireletsa. Ka lebaka leo, palo ea linkoe tsa Siberia e batla e eketsehile. Phuputso e entsoeng ka 2005 e ile ea fumana hore ho na le linkoe tse pakeng tsa 430 le 540 Siberia.
Ka lehlakoreng le leng, linkoe tsa Siberia tse libakeng tse koaletsoeng lia eketseha ka palo ’me li hlokometsoe hantle. Lefatšeng ka bophara, ho na le linkoe tsa Siberia tse fetang 500 libakeng tsa polokelo ea liphoofolo. Joale ke hobane’ng ha tse ling tsa tsona li sa lokolloe e le hore li eketse lenane la tse naheng? Bo-rasaense ba leqe ho li lokolla. Mofuputsi e mong o re: “Ha ho thuse hakaalo ho lokolla liphoofolo tsena hore li ee naheng, ntle le haeba ho e-na le tiiso ea hore li tla sireletseha.”
Lintho tsohle tse phelang, ho akarelletsa linkoe tsena tsa litonanahali, ke bopaki ba hore Molimo o bohlale ebile o matla le hore oa li tsotella ’me oa li hlokomela. (Pesaleme ea 104:10, 11, 21, 22) Batho ba bangata ba ananelang lintho tseo ’Mōpi a li entseng ba kholisehile hore ho tla ba le nako eo ka eona nkoe ea Siberia e ke keng ea hlola e e-ba kotsing ea ho fela.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka linako tse ling nkoe ea Siberia e bitsoa nkoe ea Amur, kaha hona joale liphoofolo tsena li fumanoa ka bongata Nōkeng ea Amur e bochabela bo hōle Russia.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
MOFUTA OA NKOE O MOHOLO KA HO FETISISA
Nkoe ea Siberia e fetoa ke liger ka boholo, e leng phoofolo e bileng teng ka ho nyalanya tau e tona le nkoe e tšehali. Li-liger li ka ’na tsa hōla ho ba bolelele ba limithara tse fetang tse tharo ’me tsa e-ba boima bo fetang lik’hilograma tse 500. Li-liger li hlahisoa ke ho nyalanya litau le linkoe tse libakeng tsa polokelo ea liphoofolo, ’me li fumaneha ka seoelo naheng haeba le hona li teng.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 16]
Top: © photodisc/age fotostock; bottom: Hobbs, courtesy Sierra Safari Zoo, Reno, NV