Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 8/8 maq. 20-22
  • Lebaka Leo ka Lona Mefuta e Itseng e Leng Kotsing

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo ka Lona Mefuta e Itseng e Leng Kotsing
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Senngoa ha Tikoloho
  • Tlhaselo e Tobileng
  • Bophelo bo Rarahaneng
    Tsoha!—2001
  • Mefuta e Kotsing Boholo ba Bothata Bona
    Tsoha!—1996
  • Paballo ea Lintho Tsa Tlhaho Khahlanong le ho Fela ha Tsona
    Tsoha!—1996
  • Melemo ea Meru e Lulang e le Metala
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 8/8 maq. 20-22

Lebaka Leo ka Lona Mefuta e Itseng e Leng Kotsing

MEFUTA e itseng e fela ka mabaka a sa tšoaneng. Nahana ka lisosa tse khōlō tse tharo. Batho ba ikarabella ka mokhoa o sa tobang ho tse peli tsa tsona ’me ba ikarabella ka ho toba ho se seng.

Ho Senngoa ha Tikoloho

Ho senngoa ha tikoloho ho tlatsetsa haholo phokotsehong ea mefuta. The Atlas of Endangered Species e ho bitsa “tšokelo e khōlō ka ho fetisisa,” empa hape le eo “ho leng thata ka ho fetisisa ho e thibela.” Khōlo e eketsehang ka potlako ea baahi ba lefatše e qobella batho ho kenella ka hare haholoanyane naheng eo pele e neng e le lehae la limela le liphoofolo tse hlaha. Mohlala o tšosang oa sena o merung ea lefatše ea lipuleng tse nang haholo.

‘Nakong ea lilemo tse 40 ho tla be ho se na meru e setseng ea lipuleng tse nang haholo’ ke khakanyo e tšosang e lebisang tlhokomelo ho seo ba bangata ba se talimang e le tahlehelo e nyahamisang ea matlotlo a bohlokoa. Ha e le hantle, hoo e ka bang kotara ea meriana eohle e tsejoang lefatšeng la Bophirimela e tsoa limeleng tsa meru ea lipuleng tse nang haholo libakeng tse chesang. Le hoja meru ea lipuleng tse nang haholo e akaretsa se hakanyetsoang ho karolo ea 7 lekholong ea sebaka se mobu sa polanete, ke hona moo ho fumanehang likarolo tse ’ne ho tse hlano tsa limela tsa lefatše tse melang naheng.

Mesebetsi ea ho rema meru le mekhoa e fetohang ea temo li amoha meru ea lipuleng tse nang haholo ea Afrika Bophirimela lefa la eona le enneng la lifate. Ho rema meru naheng e khōlōhali ea India ho fetotse le boemo ba teng ba leholimo, ’me ho fokolitse tekanyo eo pula e nang ka eona libakeng tse ling empa ho baka meroallo ho tse ling.

Ha motho a rema lifate ho hloekisa naha bakeng sa temo, ho shoa limela, liphoofolo, linonyana, lihahabi le likokoanyana. Moprofesa oa Harvard, Edward Wilson o hakanya hore tahlehelo ea meru e etsa karolo ea 1 lekholong ka selemo, ’me sena se tla qetella ka ho bolaea mefuta e likete-kete ea limela le liphoofolo. Ho tšajoa hore mefuta e mengata e tla nyamela esita le pele e rehoa mabitso a saense.

Boemo boa tšoana le linaheng tsa lefatše tse mokhoabo, e leng tikoloho e ’ngoe e sokeloang. Batho ba ntšetso-pelo ba omisa libaka tsena e le hore ba ka haha matlo, kapa lihoai li fetola libaka tsena naha e loketseng temo eo li ka lemang ho eona. Lilemong tse 100 tse fetileng, boholo ba sebaka sa makhulo sa Europe se etsang karolo ea 90 lekholong se ile sa sebelisetsoa temo. Tahlehelo ea lekhulo Brithani lilemong tse fetileng tse 20 e bakile ho fokotseha ha palo ea linonyana tse bitsoang lithume tse binang ka karolo ea 64 lekholong.

Le hoja makasine ea Time e bitsa sehleke-hleke sa Madagascar “areka ea Noe ea jioloji,” mefuta ea teng e sa tšoaneng ea limela le liphoofolo e kotsing. Ha baahi ba teng ba ntse ba eketseha le ho batla ha eona ho khahlisa linaha tsa machaba ho hōla, khatello ea hore baahi ba sehleke-hleke seo ba fetole meru masimo a reise ea eketseha. Kaha likarolo tse tharo ho tse ’ne tsa tikoloho e nang le lehlaka le phatsimang ea tšoene e bitsoang lemur e nyametse lilemong tse 20 tse fetileng, ho setse tse 400 feela tsa liphoofolo tsena.

Phetoho e feteletseng e bakoang ke ha motho a sebelisa naha, ka sebele e felisa limela le liphoofolo tse hlaha tikolohong ka ’ngoe. Ho etsa mohlala o mong, nahana ka Mapolynesia, a ileng a fihla Hawaii lilemong tse 1600 tse fetileng. Ka lebaka la mosebetsi oa ’ona moo, mefuta e 35 ea linonyana e ile ea fela.

Baahi ba pele ba ileng ba tla Australia le New Zealand ba ile ba tlisa likatse tse thapisitsoeng li tsoa linaheng tse ling, ’me tse ling tsa tsona li ile tsa e-ba hlaha. Ho ea ka makasine ea New Scientist, hona joale likatse tsena tse hlaha li iphepa ka mefuta e 64 ea liphoofolo tse anyesang tseo e leng matsoalloa a Australia. Tsona hammoho le liphokojoe tse khubelu tse tsoang Europe, li hlasela mefuta e setseng e leng kotsing.

Tlhaselo e Tobileng

Ho tsoma hase taba e ncha e hlokomelehang. Tlaleho ea Bibele ho Genese e hlalosa Nimrode oa lerabele, setsomi se phetseng lilemong tse fetang 4000 tse fetileng. Le hoja ho sa boleloe ka ho felisa ha hae mefuta e itseng ka ho feletseng, leha ho le joalo e ne e le motšehetsi ea matla oa ho tsoma.—Genese 10:9.

Ho theosa le makholo a lilemo litsomi li ’nile tsa felisa litau ka ho feletseng Greece le Mesopotamia, likubu tsa Nubia, litlou tsa Afrika Leboea, libere le likhoto tse khōlō tsa Brithani le lipholo tse hlaha tsa Europe Bochabela. Radio Times, makasine e tlalehang litaba tsa BBC ea tlaleha: “Lilemong tsa bo-1870 le bo-1880, litsomi li ile tsa bolaea litlou tse etsang kotara ea milione Afrika Bochabela feela. Ka lilemo tse mashome a mahlano, Afrika e ne e tletse ka molumo oa lithunya oa batho ba tummeng haholo, ba nang le lintho tse bonahalang le ba hlomphehang, ba neng ba thunya litlou, litšukulu, lithuhlo, likatse tse khōlō le ntho leha e le efe eo ba neng ba e bona. . . . Se bonahalang se tšosa haholo kajeno e ne e le boitšoaro bo amohelehang ka ho feletseng nakong eo.”

Nahana hape ka nkoe e ntle haholo. Lipalo tsa liphoofolo lilemong tsa bo-1980 li ile tsa bontša hore boiteko ba paballo ea lintho tsa tlhaho bo ne bo atlehile. “Leha ho le joalo, lintho li ne li se joalokaha li ne li bonahala. Lipalo tse entsoeng ka hloko haholoanyane li ile tsa senola hore lipalo tsa liphoofolo tse neng li entsoe pelenyana li ne li ekelitsoe ke bahlanka ba ’muso bao mohlomong ba neng ba sebetsana ka sekhukhu le batho ba bolaeang liphoofolo ntle ho tumello ea molao kapa ba neng ba mpa ba chesehela ho khahlisa baokameli ba bona. . . . Khoebo ea sekhukhu ka litho tsa nkoe e ile ea hōla haholo ha phepelo e ntseng e fokotseha ea tsona e etsa hore litheko li ’ne li phahame ho ea pele,” ho tlaleha 1995 Britannica Book of the Year. Ka hona, ka 1995, likhakanyo tsa theko ea nkoe ea Siberia li ne li fapana ho tloha ho R36 300 ho ea ho R92 600—e seng feela bakeng sa letlalo la eona la bohlokoahali empa hape bakeng sa masapo a eona, mahlo, matšoala, meno, likahare, le litho tsa botona kapa botšehali, tseo kaofela li talingoang e le tsa bohlokoa merianeng ea moetlo ea Bochabela.

Time e bolela hore hona joale khoebo ea manaka a tlou, manaka a tšukulu, matlalo a nkoe le litho tsa liphoofolo tse ling ke khoebo eo e seng ea molao e etsang lidolara tse limilione tse likete tse ngata, ke eona e hlahlamang ho mokola lithethefatsi. ’Me ha e etsoe ka liphoofolo tse khōlō tse anyesang feela. Ka 1994 meriana ea Chaena ea moetlo, ka ho makatsang e ile ea qeta litlhapi tse limilione tse 20 tseo lihlooho tsa tsona e kang tsa lipere, e leng ho ileng ha etsa hore ho tšoasoa ha litlhapi tseo ho theohe ka karolo ea 60 lekholong ka lilemo tse peli libakeng tse ling tsa Asia Boroa-bochabela.

Ha ho thata ho tseba hore na ke mang ea lokelang ho jara molato ha mefuta ea liphoofolo e tsongoa ho fihlela e fela. Joale, ho thoe’ng ka babokelli? Ho tlalehoa hore papakhaie e kotsing, e bitsoang conure e ’mala oa khauta, e tlisetsa mohoebi oa Brazil oa sekhukhu R1900. Empa ha a e rekisa linaheng tse ling, o fumana chelete e fetang eo ka makhetlo a mararo le halofo.

Lintoa le liphello tsa tsona tse sa reroang, matšoele a eketsehang a baphaphathehi, hammoho le palo e phahameng ea bana ba hlahang, tšilafalo e eketsehileng esita le bohahlauli, li sokela mefuta e kotsing. Batho ba tsamaeang ba bona lintho ba palame liketsoana tse tsamaeang ka enjine ba lematsa li-dolphin tseo ba phallelang ho ea li bona, ’me lerata le bang teng ka tlas’a metsi le ka kena-kenana le mokhoa oa tlhaho oa li-dolphin oa ho lemoha moo molumo o hlahang teng.

Ka mor’a tlhaloso ena e soabisang ea tšenyo e bakoang ke motho, u ka ’na ua ipotsa ka ho loketseng, ‘Ba paballo ea lintho tsa tlhaho ba etsa’ng ho sireletsa mefuta e sokeloang, hona ba atlehile hakae?’

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Limela, liphoofolo, linonyana, lihahabi le likokoanyana lia shoa ha motho a rema lifate

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela