Molao Pele ho Kreste
“Molao oa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana tsatsi lohle.”—PESALEME EA 119:97.
1. Motsamao oa lihloliloeng tsa leholimo o laoloa ke’ng?
HO KA etsahala hore ebe ho tloha bongoaneng, Jobo o ne a ’nile a talimisisa linaleli ka ho makala. Mohlomong, batsoali ba hae ba ne ba ile ba mo ruta mabitso a lihlopha tse khōlō tsa linaleli le seo ba neng ba se tseba ka melao e neng e laola ho tsamaea ha lihlopha tsena tse khōlō tsa linaleli ho pholletsa le leholimo. Etsoe, batho ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba sebelisa motsamao o tsitsitseng oa lihlopha tsena tse khōlōhali, tse hlollang ho tšoaea linako tsa selemo tse fetohang. Empa linakong tsena tsohle tseo ka tsona a neng a li talimisisa ka ho hlolloa, Jobo o ne a sa tsebe hore na ke matla afe a maholo a khobokanyang lihlophahali tsena tsa linaleli. Kahoo, o ne a sa khone ho araba ha Jehova Molimo a ne a mo botsa: “Na u utloisisa melao ea leholimo?” (Jobo 38:31-33, The New Jerusalem Bible) E, linaleli li laoloa ke melao—melao e nepahetseng le e rarahaneng hoo bo-rasaense ba kajeno ba sa e utloisiseng ka ho feletseng.
2. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore pōpo eohle e laoloa ke molao?
2 Jehova ke Monehi-Molao ea Phahameng ka ho Fetisisa bokahohleng. Mesebetsi ea hae kaofela e laoloa ke molao. Mora oa hae ea ratoang, “letsibolo la pōpo eohle,” o ne a mamela molao oa Ntate oa hae ka botšepehi pele bokahohle bo bonahalang bo ka ba teng! (Bakolose 1:15) Mangeloi le ’ona a laoloa ke molao. (Pesaleme ea 103:20) Esita le liphoofolo li laoloa ke molao ha li mamela litaelo tsa tšekamelo ea tsona ea tlhaho tseo ’Mōpi oa tsona a li kentseng ka ho tsona.—Liproverbia 30:24-28, NW; Jeremia 8:7.
3. (a) Ke hobane’ng ha moloko oa batho o hloka melao? (b) Jehova o ne a sebelisa eng ho laola sechaba sa Iseraele?
3 Ho thoe’ng ka moloko oa batho? Le hoja re hlohonolofalitsoe ka litšoaneleho tse kang bohlale, boitšoaro le bomoea, re sa ntse re hloka molao oa bomolimo ka tekanyo e itseng ho re tataisa ha re sebelisa litšoaneleho tsena. Batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ba ne ba phethahetse, ka hona ke melao e seng mekae feela e neng e hlokahala ho ba tataisa. Lerato bakeng sa Ntate oa bona oa leholimo le ne le lokela hore ebe le ile la ba fa mabaka a mangata a ho mamela ka thabo. Empa ha baa ka ba mamela. (Genese 1:26-28; 2:15-17; 3:6-19) Ka lebaka leo, bana ba bona e ne e le baetsalibe ba neng ba hloka melao e eketsehileng ho ba tataisa. Ha nako e ntse e feta, Jehova ka lerato o ile a khotsofatsa tlhoko ena. O ile a fa Noe melao e tobileng eo a neng a lokela ho e fetisetsa ho lelapa la hae. (Genese 9:1-7) Makholo a lilemo hamorao, ka Moshe, Molimo o ile a fa sechaba se secha sa Iseraele Molao o ngotsoeng o feletseng. Lena e ne e le lekhetlo la pele leo ka lona Jehova a ileng a busa sechaba sohle ka molao oa bomolimo. Ho hlahloba Molao oo ho tla re thusa ho utloisisa karolo ea bohlokoa eo molao oa bomolimo o e phethang bophelong ba Bakreste kajeno.
Molao oa Moshe—Morero oa Oona
4. Ke hobane’ng ha ho hlahisa Peō e tšepisitsoeng e ne e tla ba phephetso ho litloholo tsa Abrahama tse khethiloeng?
4 Moapostola Pauluse, seithuti sa Molao se fatisisang, o ile a botsa: “Molao hobane’ng?” (Bagalata 3:19) Ho araba, ho hlokahala hore re hopole hore Jehova o ile a tšepisa motsoalle oa hae Abrahama hore leloko la hae le ne le tla hlahisa Peō e neng e tla tlisetsa lichaba tsohle litlhohonolofatso tse khōlō. (Genese 22:18) Empa tabeng ena ho na le phephetso: E ne e se litloholo tsohle tsa Abrahama tse khethiloeng, e leng Baiseraele, tse neng li rata Jehova. Ha nako e ntse e feta, bongata bo ile ba ipaka bo le melala e thata, e le marabele—ba bang ba ne ba sa laolehe! (Exoda 32:9; Deuteronoma 9:7) Ho ba joalo, ho ba har’a batho ba Molimo e ne e le feela taba ea tsoalo, e seng ea khetho.
5. (a) Jehova o ile a ruta Baiseraele eng ka Molao oa Moshe? (b) Molao o ne o etselitsoe ho ama boitšoaro ba ba o khomaretseng joang?
5 Batho ba joalo ba ne ba ka hlahisa Peō e tšepisitsoeng le ho fumana molemo ka eona joang? Ho e-na le ho ba laola joaloka liroboto, Jehova o ile a ba ruta ka molao. (Pesaleme ea 119:33-35; Esaia 48:17) Ha e le hantle, lentsoe la Seheberu bakeng sa “molao,” toh·rahʹ, le bolela “thuto.” O ne o ruta eng? Ka ho khetheha o ne o ruta Baiseraele hore ba hloka Mesia, ea neng a tla ba lopolla boemong ba bona ba boetsalibe. (Bagalata 3:24) Molao o ne o boetse o ruta ka tšabo ea bomolimo le ho mamela. Tumellanong le tšepiso ea Abrahama, Baiseraele ba ne ba lokela ho sebeletsa e le lipaki tsa Jehova lichabeng tse ling tsohle. Ka hona Molao o ne o lokela ho ba ruta tekanyetso e phahameng le ea bohlokoa ea boitšoaro e neng e tla hlahisa Jehova hantle; o ne o tla thusa Baiseraele ho ipoloka ba arohile mekhoeng e litšila ea lichaba tse ba potolohileng.—Levitike 18:24, 25; Esaia 43:10-12.
6. (a) Molao oa Moshe o na le melaoana e ka bang mekae, hona ke hobane’ng ha e sa lokela ho nkoa e le e fetang tekano? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (b) Re ka ba le temohisiso efe ka ho ithuta Molao oa Moshe?
6 Ha ho makatse he hore ebe Molao oa Moshe o na le melaoana e mengata—e ka holimo ho 600.a Molao ona o ngotsoeng o ne o laola karolo ea borapeli, puso, boitšoaro, toka esita le lijo le bohloeki. Leha ho le joalo, na seo se bolela hore Molao e ne e mpa e le letoto la melao ea tsamaiso e sa nahaneleng le litaelo tse tobileng? Le hanyenyane! Ho ithuta Molao ona ho fana ka temohisiso e ngata haholo bothong ba Jehova bo lerato. Nahana ka mehlala e itseng.
Molao o Neng o Totobatsa Mohau le Qenehelo
7, 8. (a) Molao o ile oa hatisa mohau le qenehelo joang? (b) Jehova o ile a sebelisa Molao ka mohau joang tabeng ea Davida?
7 Molao o ne o hatisa mohau le qenehelo, haholo-holo bakeng sa ba ikokobelitseng kapa ba tsielehileng. Bahlolohali le likhutsana ba ne ba qoolloa bakeng sa tšireletso. (Exoda 22:22-24) Liphoofolo tse sebelisoang li ne li sirelelitsoe bokhopong. Litokelo tsa motheo tsa thepa li ne li hlomphuoa. (Deuteronoma 24:10; 25:4) Le hoja Molao o ne o laela hore kotlo ea ho bolaea e be lefu, o ile oa etsa hore ho be le mohau tabeng ea polao e sa reroang. (Numere 35:11) Ho hlakile hore baahloli ba Baiseraele ba ne ba e-na le bolokolohi ba ho etsa qeto mabapi le kotlo e neng e behiloe bakeng sa litlōlo tse itseng, ho itšetlehile ka boitšoaro ba mofosi.—Bapisa Exoda 22:7 le Levitike 6:1-7.
8 Jehova o ile a behela baahloli mohlala ka ho sebelisa Molao ka tieo moo ho hlokahalang empa a o sebelisa ka mohau kae kapa kae moo ho khonehang. Morena Davida, ea neng a entse bofebe a ba a bolaea, o ile a bontšoa mohau. Hase hore ha aa ka a otloa, hobane Jehova ha aa ka a mo sireletsa liphellong tse bohloko tsa sebe sa hae. Empa, ka lebaka la selekane sa ’Muso le hobane Davida e ne e le motho ea mohau ka tlhaho ’me a e-na le boikutlo ba pelo ba ho baka ka ho teba, ha aa ka a bolaoa.—1 Samuele 24:4-7; 2 Samuele 7:16; Pesaleme ea 51:1-4; Jakobo 2:13.
9. Lerato le ne le phetha karolo efe Molaong oa Moshe?
9 Ho ekelletsa moo, Molao oa Moshe o ne o hatisa lerato. Nahana feela se seng sa lichaba tsa kajeno se se se e-na le molao oo ha e le hantle o neng o batla lerato! Kahoo, Molao oa Moshe o ne o sa hanele polao feela; o ile oa laela: “Rata oa heno joalo ka ha u ithata.” (Levitike 19:18) Ha oa ka oa hanela tšoaro e leeme ea bajaki feela; o ile oa laela: “Le mo rate joalo ka ha le ithata, hobane le ne le le [bajaki, NW] naheng ea Egepeta.” (Levitike 19:34) Hase feela hore o ile oa etsa hore bofebe bo be khahlanong le molao; o ile oa laela banna ho etsa hore basali ba bona ba thabe! (Deuteronoma 24:5) Bukeng ea Deuteronoma feela, mantsoe a Seheberu a bontšang boleng ba lerato a sebelisoa ka makhetlo a 20. Jehova o ile a kholisa Baiseraele ka lerato la hae—la nakong e fetileng, la nakong eo le la nakong e tlang. (Deuteronoma 4:37; 7:12-14) Ka sebele, taelo e khōlō ka ho fetisisa ea Molao oa Moshe e ne e le e reng: “Rata Jehova, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka matla a hao ’ohle.” (Deuteronoma 6:5) Jesu o ile a re Molao oohle o itšetlehile ka taelo ena, hammoho le taelo ea ho rata moahisani oa motho. (Levitike 19:18, NW; Matheu 22:37-40) Ha ho makatse hore ebe mopesaleme o ile a ngola: “Molao oa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana tsatsi lohle.”—Pesaleme ea 119:97.
Tšebeliso e Mpe ea Molao
10. Bajuda ba ne ba nka Molao oa Moshe joang boholo ba nako?
10 Ho bohloko hakaakang joale hore ebe Baiseraele ba ile ba haelloa haholo ke kananelo bakeng sa Molao oa Moshe! Sechaba ha sea ka sa mamela Molao, se ile sa o hlokomoloha kapa sa o lebala. Se ile sa silafatsa borapeli bo hloekileng ka mekhoa ea bolumeli e nyonyehang ea lichaba tse ling. (2 Marena 17:16, 17; Pesaleme ea 106:13, 35-38) ’Me se ile sa tsoa Molao tlaase ka litsela tse ling hape.
11, 12. (a) Lihlopha tsa baeta-pele ba bolumeli li ile tsa senya joang ka mor’a mehla ea Esdrase? (Bona lebokose.) (b) Ke hobane’ng ha bo-rabi ba boholo-holo ba ne ba ikutloa hore hoa hlokahala ho “hahela Molao lekhoakhoa”?
11 Tšenyo e ’ngoe ea Molao e mpe ka ho fetisisa e ile ea etsoa ke bona ba bolelang hore baa o ruta le ho o boloka. Sena se ile sa etsahala ka mor’a matsatsi a mongoli ea tšepahalang Esdrase oa lekholong la bohlano la lilemo B.C.E. Esdrase o ile a loana ka matla khahlanong le litšusumetso tse silafatsang tsa lichaba tse ling ’me a hatisa ho baloa le ho rutoa ha Molao. (Esdrase 7:10; Nehemia 8:5-8) Mesuoe e meng ea Molao e ile ea bolela hore e latela mohlala oa Esdrase ’me ea etsa se ileng sa bitsoa “Synagoge e Khōlō.” Har’a lipolelo tsa eona ho ne ho e-na le taelo ena: “Hahela Molao lekhoakhoa.” Mesuoe ena e ne e hlalosa hore Molao o ne o tšoana le serapa sa bohlokoa. E le hore ho se be le ea sitoang serapeng sena ka ho tlōla melao ea sona, ba ile ba etsa melao e eketsehileng, “Molao oa Molomo,” ho thibela batho ho ba haufi le ho etsa phoso e joalo.
12 Ba bang ba ka ’na ba pheha khang ka hore baeta-pele ba Bajuda ba ne ba e-na le mabaka a utloahalang a ho ikutloa ka tsela ena. Ka mor’a mehla ea Esdrase Bajuda ba ne ba busoa ke mebuso ea melata, haholo-holo Greece. Ho thibela tšusumetso ea filosofi ea Magerike le litloaelo tsa ’ona, lihlopha tsa baeta-pele ba bolumeli li ile tsa hlaha har’a Bajuda. (Bona lebokose, leqepheng la 10.) Ha nako e ntse e feta tse ling tsa lihlopha tsena li ile tsa hlōlisana esita le ho hlōla boprista ba Balevi e le mesuoe ea Molao. (Bapisa le Malakia 2:7.) Ka 200 B.C.E., molao oa molomo o ne o qala ho ba le tšusumetso bophelong ba Bajuda. Pele melao ena e ne e sa lokela ho ngoloa, esere ea nkoa e lekana le Molao o ngotsoeng. Empa butle-butle monahano oa motho o ile oa etelletsoa ka pele ho monahano oa bomolimo, kahoo qetellong “lekhoakhoa” lena ha e le hantle le ile la senya sona “serapa” seo le neng le lokela ho se sireletsa.
Tšilafalo ea Bofarisi
13. Baeta-pele ba bang ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba lokafatsa ho etsoa ha melao e mengata joang?
13 Bo-rabi ba ne ba re kaha Torah, kapa Molao oa Moshe, e ne e phethahetse, e tlameha ho ba le karabo ea potso e ’ngoe le e ’ngoe e ka hlahang. Khopolo ena e ne e hlile e sa hlomphehe. Bonneteng, e ne e fa bo-rabi bolokolohi ba ho sebelisa tlhaloso ea botho e masene, e etsa hore ho bonahale eka Lentsoe la Molimo e ne e le motheo oa melao e mabapi le litaba tsa mefuta eohle—e meng e le ea botho, e meng e se ea bohlokoa.
14. (a) Baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba atolosa joang ka ho feteletseng molao oa Mangolo oa ho ikarola lichabeng? (b) Ke’ng se bontšang hore melao ea bo-rabi e ile ea hlōleha ho sireletsa Bajuda litšusumetsong tsa bohetene?
14 Khafetsa baeta-pele ba bolumeli ba ile ba nka litaelo tsa Mangolo ’me ba li atolosa ka ho feteletseng. Ka mohlala, Molao oa Moshe o ne o buella ho ikarola lichabeng, empa bo-rabi ba ne ba ruta mokhoa o sa utloahaleng oa ho khesa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo e seng ea Bajuda. Ba ne ba ruta hore Mojuda ha aa lokela ho siea likhomo tsa hae ntlong ea baeti ea Balichaba, hobane Balichaba “ba belaelloa ka hore ba robala le liphoofolo.” Mosali oa Mojuda o ne a sa lumelloe ho thusa mosali oa Molichaba ha a beleha hobane ka tsela eo o ne a tla be “a thusa ho hlahisa ngoana oa borapeli ba litšoantšo.” Kaha ho ne ho loketse hore ba belaelle sebaka sa Magerike sa boikoetliso ba ’mele, bo-rabi ba ne ba hanela boikoetliso bohle ba liatlelete. Histori e paka hore sena sohle ha sea ka sa sireletsa Bajuda litumelong tsa Balichaba. Ha e le hantle, Bafarisi ka bobona ba ile ba ruta thuto ea bolumeli ea bohetene ea Magerike ea ho se shoe ha moea!—Ezekiele 18:4.
15. Baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ile ba khopamisa melao e mabapi le bohloeki le ho ba le likamano tsa botona le botšehali le mong ka motho ea haufi-ufi joang?
15 Bafarisi ba ile ba boela ba khopamisa melao ea bohloeki. Ho ne ho boleloa hore Bafarisi ba ne ba tla hloekisa letsatsi ka bolona haeba ba fuoa monyetla. Molao oa bona o ne o tiisa hore ho lieha ho “ea ntloaneng” ho ne ho tla silafatsa motho! Ho hlapa matsoho ho ile ha fetoha neano e rarahaneng, e nang le melao e mabapi le hore na ke letsoho lefe le lokelang ho hlaptjoa pele hona joang. Basali ba ne ba nkoa ba sa hloeka ka ho khethehileng. Motheong oa taelo ea Mangolo ea ho se ‘atamele’ mong ka motho (ha e le hantle ke molao o khahlanong le ho ba le likamano tsa botona le botšehali le mong ka motho ea haufi-ufi), bo-rabi ba ile ba etsa qeto ea hore monna ha aa lokela ho tsamaea ka mor’a mosali oa hae; kapa ho bua le eena phatlalatsa.—Levitike 18:6.
16, 17. Molao oa molomo o ile oa atolosa joang taelo ea ho boloka Sabatha sa beke le beke, hona ka phello efe?
16 Se tummeng hampe ka ho khethehileng ke boikaketsi ba moea boo molao oa molomo o neng o bo etsa mabapi le molao oa Sabatha. Molimo o ile a fa Baiseraele taelo e bonolo: U se ke ua etsa mosebetsi ofe kapa ofe ka letsatsi la bosupa la beke. (Exoda 20:8-11) Leha ho le joalo, molao oa molomo o ile oa tsoela pele ho kenyelletsa mefuta e sa tšoaneng e 39 ea mesebetsi e hanetsoeng, ho akarelletsa le ho fasa lefito le ho le fasolla, ho roka litichi tse peli, ho ngola litlhaku tse peli tsa Seheberu, le e meng e joalo. O mong le o mong mefuteng ena o ne o hloka melao e eketsehileng e sa feleng. Ke mafito afe a neng a haneloa ’me ke afe a neng a lumelloa? Molao oa molomo o ile oa araba ka litaelo tse hatellang. Ho phekola ho ne ho nkoa e le mosebetsi o hanetsoeng. Ka mohlala, ho tlamella setho se robehileng ka Sabatha ho ne ho haneloa. Motho ea opeloang ke leino o ne a ka tšela asene lijong tsa hae, empa o ne a sa tšoanela ho e fetisa lipakeng tsa meno. Hoo ho ne ho ka ’na ha folisa leino la hae!
17 Kahoo, o pupelitsoe ke melao e makholo e entsoeng ke motho, ho ea ka Bajuda ba bangata, molao oa Sabatha o ile oa lahleheloa ke moelelo oa oona oa moea. Ha Jesu Kreste, “Morena oa sabatha” a ne a etsa mehlolo e tsotehang, e thabisang ka Sabatha, bangoli le Bafarisi ha baa ka ba ameha. Ba ne ba tsotella feela hore ho bonahala eka o hlokomoloha litaelo tsa bona.—Matheu 12:8, 10-14.
Ho Ithuta Booatleng ba Bafarisi
18. Ho eketsa melao ea molomo le lineano Molaong oa Moshe ho bile le phello efe? Bontša.
18 Hakhutšoanyane feela, re ka re melao ena le lineano tse eketsehileng li ile tsa hlomathisoa Molaong oa Moshe hantle feela joalokaha li-barnacle li khomarela sekepeng. Mong’a sekepe o nka nako e ngata le ho leka ka matla ho karapa libōpuoa tsena tse khathatsang sekepeng sa hae hobane li theola lebelo la sekepe ’me li senya pente ea sona e thibelang mafome. Ka ho tšoanang, melao ea molomo le lineano li ne li sitisa Molao ’me li o pepesetsa tšebeliso e mpe e o fokolisang. Leha ho le joalo, ho e-na le ho karapa melao e joalo e sa hlokahaleng, bo-rabi ba ile ba tsoela pele ho eketsa e meng. Ka nako eo Mesia a ileng a tla phethahatsa Molao ka eona, “sekepe” se ne se se se koahetsoe ke “li-barnacle” hoo se neng se phaphamala haboima! (Bapisa le Liproverbia 16:25.) Ho e-na le ho sireletsa selekane sa Molao, baeta-pele bana ba bolumeli ba ile ba etsa booatla ba ho se tsoa tlaase. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha “lekhoakhoa” la bona la litaelo le ile la hlōleha?
19. (a) Ke hobane’ng ha ‘lekhoakhoa la Molao’ le ile la hlōleha? (b) Ke’ng se bontšang hore baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba haelloa ke tumelo ea sebele?
19 Baeta-pele ba Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda ba ile ba hlōleha ho utloisisa hore ntoa khahlanong le tšenyeho e loanoa ka pelong e seng libukeng tsa molao. (Jeremia 4:14) Senotlolo sa tlhōlo ke lerato—ho rata Jehova, molao oa hae le melao-motheo ea hae e lokileng. Lerato le joalo le hlahisa lehloeo le tšoanang bakeng sa seo Jehova a se hloileng. (Pesaleme ea 97:10; 119:104) Bao lipelo tsa bona li tletseng lerato ka tsela eo ba lula ba tšepahala melaong ea Jehova lefatšeng lena le senyehileng. Baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba e-na le tokelo e khōlō ea ho ruta batho e le hore ba ka buella le ho khothalletsa lerato le joalo. Ke hobane’ng ha ba ile ba hlōleha ho etsa joalo? Ho hlakile hore ba ne ba hloka tumelo. (Matheu 23:23, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Hoja ba ne ba ile ba e-ba le tumelo matleng a moea oa Jehova a ho sebetsa ka lipelong tsa batho ba tšepahalang, ba ka be ba sa ka ba utloa ho hlokahala hore ba buse bophelo ba batho ba bang ka thata. (Esaia 59:1; Ezekiele 34:4) Ka lebaka la ho hloka tumelo, ha baa ka ba abela ba bang tumelo; ba ile ba imetsa batho ka litaelo tse entsoeng ke batho.—Matheu 15:3, 9; 23:4.
20, 21. (a) Monahano o sekametseng lineanong o bile le phello efe e akaretsang Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda? (b) Re ithuta thuto efe ka se etsahaletseng Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda?
20 Baeta-pele ba Bajuda ha baa ka ba khothalletsa lerato. Lineano tsa bona li ile tsa hlahisa bolumeli bo amehileng haholo ka ponahalo ea kantle, ka ho mamela ho etsoang ka tloaelo feela ka morero oa ho etsa mponeng—tikoloho e enneng ea boikaketsi. (Matheu 23:25-28) Melao ea bona ea tsamaiso e ile ea hlahisa mabaka a mangata haholo a ho ahlola ba bang. Kahoo Bafarisi ba ikakasang, ba hatellang ba ile ba ikutloa hore ho nepahetse ha ba tšoaea Jesu Kreste ka boeena liphoso. Ba ile ba hlokomoloha morero o ka sehloohong oa Molao ’me ba hana Mesia a le mong oa ’nete. Ka lebaka leo, o ile a lokela ho bolella sechaba sa Bajuda: “Bonang! Ntlo ea lōna e tlohetsoe ho lōna.”—Matheu 23:38; Bagalata 3:23, 24.
21 Re ithuta eng? Ho hlakile hore monahano o sekametseng lineanong, o sa tenyetseheng ha o ntšetse borapeli bo hloekileng ba Jehova pele! Empa na see se bolela hore barapeli ba Jehova kajeno ha baa lokela ho ba le melao ho hang ntle leha e totobalitsoe ka Mangolong a Halalelang? Che. Bakeng sa karabo e feletseng, ka mor’a mona a re hlahlobeng kamoo Jesu Kreste a ileng a nkela Molao oa Moshe sebaka ka molao o mocha le o molemo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho hlakile hore eo ke palo e nyenyane haholo ha ho bapisoa le litsamaiso tsa molao tsa lichaba tsa kajeno. Ka mohlala, mathoasong a bo-1990, melao ea ’muso oa United States e ne e tletse maqephe a ka holimo ho 125 000, e e-na le melao e mecha e likete e ntseng e kenyelletsoa selemo ka seng.
Na U ka Hlalosa?
◻ Pōpo eohle e laoloa ke molao oa bomolimo joang?
◻ Morero o ka sehloohong oa Molao oa Moshe e ne e le ofe?
◻ Ke’ng se bontšang hore Molao oa Moshe o ne o hatisa mohau le qenehelo?
◻ Ke hobane’ng ha baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba eketsa litaelo tse ngata haholo Molaong oa Moshe, hona ka phello efe?
[Lebokose le leqepheng la 10]
Baeta-pele ba Bolumeli ba Bajuda
Bangoli: Ba ne ba ipona e le balateli ba Esdrase le ba hlalosang Molao. Ho latela buka ea A History of the Jews, “e ne e se bangoli kaofela bao e neng e le baikakasi, ’me boiteko ba bona ba ho fumana meelelo e patehileng molaong hangata bo ne bo fetoha lipolelo tse se nang moelelo le lithibelo tse se nang kelello. Tsena li ile tsa matlafatsoa ke meetlo, eo kapele e ileng ea fetoha mohatelli ea sa khaotseng.”
Bahasidi: Lebitso lena le bolela “ba chesehelang bolumeli” kapa “bahalaleli.” Ba boletsoe ka lekhetlo la pele e le sehlopha hoo e ka bang ka 200 B.C.E., ba ne ba le matla lipolotiking, e le basireletsi ba chesehang ka ho feteletseng ba bohloeki ba Molao o khahlanong le khatello ea tšusumetso ea Magerike. Bahasidi ba ile ba aroha lihlopha tse tharo: Bafarisi, Basaduse le Baesene.
Bafarisi: Litsebi tse ling li lumela hore lebitso lena le tsoa mantsoeng a emelang “Ba Arohileng,” kapa “Ba Buellang Karohano.” Ka sebele ba ne ba cheseha ka ho feteletseng boitekong ba bona ba ho aroha ho Balichaba, empa hape ba ile ba bona mokhatlo oa bona e le o arohileng ho—le o phahametseng—Bajuda feela ba tloaelehileng, ba neng ba se na tsebo ea marang-rang a molao oa molomo. Rahistori e mong o ile a re ka Bafarisi: “Ka kakaretso, ba ne ba tšoara batho joaloka bana, ba hlomamisa le ho hlalosa makolopetso a manyenyane ka ho fetisisa a mekete ea neano.” Setsebi se seng se itse: “Bofarisi bo ile ba etsa melao e mengata haholo e sebetsanang le maemo ’ohle, ka phello e ke keng ea qojoa ea ho hōlisa lintho tseo e seng tsa bohlokoa ’me ka ho etsa joalo ba hlokomoloha lintho tsa bohlokoa (Mat. 23:23).”
Basaduse: Sehlopha se neng se amana haufi le ba boemong bo phahameng pusong le baprista. Ba ne ba hanyetsa bangoli le Bafarisi ka matla, ba bolela hore molao oa molomo o ne o se na matla a lekanang le a Molao o ngotsoeng. Taba ea hore ba ile ba hlōloa ntoeng ena e bontšoa ke Mishnah ka boeona: “Bothata bo boholo ke ba ho [bolokoa ha] mantsoe a Bangoli ho feta ho [bolokoa ha] mantsoe a Molao o [ngotsoeng].” Talmud, e neng e akarelletsa tlhaloso e eketsehileng ea molao oa molomo, hamorao e ile ea ea bohōleng ba hore e re: “Mantsoe a bangoli a . . . bohlokoa haholoanyane ho feta mantsoe a Torah.”
Baesene: Sehlopha sa baitšotli ba ileng ba itšehla thajana libakeng tse arohaneng. Ho latela The Interpreter’s Dictionary of the Bible, Baesene ba ne ba bile ba khethehile haholoanyane ho feta Bafarisi ’me “ka linako tse ling e ne e ka ba baikaketsi ba fetang Bafarisi ka bobona.”
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Mohlomong batsoali ba Jobo ba ile ba mo ruta melao e laolang lihlopha tse khōlō tsa linaleli