Na ho na le Tumellano Pakeng Tsa “Tempele ea Molimo” le Litšoantšo Tse Rapeloang Greece?
LETSATSING lena le chesang haholo la lehlabula, letsatsi le bataola majoe a benyang. Leha ho le joalo, ha ho bonahale eka mocheso o fetisisang o fokotsa cheseho le boikemisetso ba letšoele la baeti ba Greek Orthodox ba etelang ntlong ea thapelo e ka holim’a leralla.
U bona mosali ea hōlileng ea khathetseng, ea tsamaileng ho tloha karolong e hōle ea naha, a leka ka matla hore a ’ne a tsamaee le hoja a khathetse. Holimonyana leralleng, monna ea chesehang o rotha mofufutso ha a leka ka matla ho fohla bongata bo petetsaneng. ’Me ngoanana e monyenyane, eo ho totobetseng hore o utloa bohloko eo sefahleho sa hae se bileng se bontšang ho lahleheloa ke tšepo, o khasa ka mangole a tsoang mali haholo. Pakane ea bona ke efe? Ho fihla ka nako, ho rapela ka pel’a setšoantšo sa “mohalaleli” ea hlomphuoang ’me, haeba ho khoneha, ho se ama le ho se aka.
Liketsahalo tse kang ena li etsoa ka makhetlo lefatšeng lohle libakeng tse nehetsoeng borapeling ba “bahalaleli.” Kamoo ho bonahalang kateng, baeti bana kaofela ba kholisehile hore ka tsela ena ba atamela Molimo ka tsela e amohelehang ho eena, ka tsela ena ba bontša boinehelo ba bona le tumelo. Buka ea Our Orthodox Christian Faith e re: “Re ikhopotsa [“bahalaleli”], ’me re isa tlotla le tlhompho bothong ba bona bo halalelang . . . , ’me re kōpa hore ba re rapelle ho Molimo le ho re etsetsa likōpo tse tiileng le ho re thusa litlhokong tse ngata tsa bophelo ba rōna. . . . Re retelehela ho Bahalaleli ba etsang mehlolo . . . bakeng sa litlhoko tsa rōna tsa moea le tsa nama.” Hape, ho latela lithuto tsa sinoto ea Kereke ea Roma e K’hatholike, “bahalaleli” ba lokela ho kōpuoa thuso e le ba buellang batho ho Molimo, ’me ka bobeli lireliki le litšoantšo tsa “bahalaleli” li lokela ho hlomphuoa ka borapeli.
Kameho e ka sehloohong ea Bakreste ba ’nete e lokela ho ba ho rapela Molimo “ka moea le ’nete.” (Johanne 4:24) Ka lebaka lena a re hlahlobeng linnete tse ling mabapi le tsela eo ka eona borapeli ba “bahalaleli” bo ileng ba kenngoa tšebetsong e le karolo ea mekhoa ea bolumeli ba Bokreste-’mōtoana. Tlhahlobo e joalo e lokela hore e be e behang leseling ho e mong le e mong ea lakatsang ho atamela Molimo ka tsela e amohelehang ho Eena.
Kamoo “Bahalaleli” ba Ileng ba Amoheloa
Bakreste bao ba pele kaofela ba neng ba hloekisitsoe ka mali a Kreste le ba neng ba beheletsoe ka thōko bakeng sa tšebeletso ea Molimo e le majalefa hammoho le Kreste a nako e tlang, Mangolo a Segerike a Bokreste a ba bitsa “bahalaleli.” (Liketso 9:32; 2 Bakorinthe 1:1; 13:13) Banna le basali, ba tummeng le ba boemong bo tlaase ka phuthehong, kaofela ba ne ba hlalosoa e le “bahalaleli” ha ba ne ba sa ntse ba phela lefatšeng. Ho hlokomeloa ha bona e le bahalaleli ho ea ka Mangolo ka sebele ha hoa ka ha chechisetsoa ka mor’a lefu la bona.
Leha ho le joalo, ka mor’a lekholo la bobeli la lilemo C.E., ha Bokreste ba bokoenehi bo ne bo hōla, tšekamelo e ne e le ho leka ho etsa hore Bokreste bo tsebahale hohle, e be bolumeli bo neng bo tla ipiletsa ho batho ba bahetene ’me bo amohelehe habonolo ho bona. Bahetene bana ba ne ba rapela sehlopha sa melimo, ’me bolumeli bo bocha ka tieo bo ne bo lumela ho molimo a le mong feela. Ka hona ho sekisetsa ho ne ho tla khoneha ka ho amohela “bahalaleli,” ba neng ba tla nka sebaka sa melimo ea boholo-holo, melingoana le bahale ba tšōmong. Ha e bua ka sena, buka ea Ekklisiastiki Istoria (Histori ea Kereke) e re: “Ho ba sokolohelang Bokresteng ba tloha boheteneng, ho ne ho le bonolo ho amahanya mesebetsi ea bahale ba bona ba furaletsoeng le ea bashoela-tumelo le ho qala ho ba neha tlhompho eo pele ba neng ba e neha bahale ba tšōmong. . . . Leha ho le joalo, hangata ho fana ka tlhompho e joalo ho bahalaleli e ile ea e-ba borapeli ba litšoantšo ka ho feletseng.”
Buka e ’ngoe ea litšupiso e hlalosa kamoo “bahalaleli” ba ileng ba kenyelletsoa Bokreste-’mōtoaneng: “Tabeng ea ho fana ka tlotla ho bahalaleli ho etsoang ke Kereke ea Greek Orthodox, re fumana bopaki bo totobetseng ba tšusumetso e matla eo bolumeli ba bohetene bo bileng le eona. Litšoaneleho tseo ho neng ho nkoa hore ke tsa melimo ea Olympus pele [batho] ba sokolohela Bokresteng joale ho ne ho boleloa hore ke tsa bahalaleli. . . . Ho tloha lilemong tsa pele tsa bolumeli bo bocha, re bona batšehetsi ba bona ba nkela molimo oa letsatsi (Phoebus Apollo) sebaka ka Moprofeta Elija, ba haha likereke holim’a lithako tsa litempele kapa litempelana tsa boholo-holo tsa molimo ona kapa pel’a tsona, haholo-holo holim’a maralla le lithaba, sebakeng se seng le se seng moo Bagerike ba boholo-holo ba neng ba hlompha Phoebus Apollo ea fanang ka leseli. . . . Ba ne ba bile ba amahanya molimotsana oa Moroetsana Athena le Moroetsana Maria ka boeena. Kahoo, sekheo se ileng sa buloa ha setšoantšo se rapeloang sa Athena se ne se tsekolloa se ile sa koaleha moeeng oa morapeli oa litšoantšo ea sokolohileng.”—Neoteron Enkyklopaidikon Lexikon (New Encyclopedic Dictionary), Moqolong oa 1, maqepheng a 270-1.
Ka mohlala, hlahloba boemo bo neng bo le Athene ho tla fihlela qetellong ea lekholo la bone la lilemo C.E. Bongata ba baahi ba motse oo e ne e ntse e le bahetene. E ’ngoe ea lineano tsa bona tse halalelang ka ho fetisisa e ne e le litšebeletso tsa sephiri tsa Eleusis, ketsahalo e likarolo li peli,a e tšoaroang selemo le selemo ka February motseng oa Eleusis, o bohōle ba lik’hilomithara tse 23 ka leboea-bophirimela ho Athene. E le hore ba ka ba teng litšebeletsong tsena tsa sephiri, Baathene ba bahetene ba ne ba tlameha ho latela Tsela e Halalelang (Hi·e·raʹ Ho·dosʹ). Ha ba leka ho lokisetsa sebaka se seng sa borapeli, baeta-pele ba motse oo ba ile ba ipaka ba le bohlale haholo. Tseleng eona eo, hoo e ka bang lik’hilomithara tse leshome ho tloha Athene, ho ile ha hahuoa ntlo ea baitlami ea Daphni ho hohela bahetene le ho ba thibela ho ea litšebeletsong tsa sephiri. Kereke e ntlong ea baitlami e ne e hahiloe holim’a motheo oa tempele ea boholo-holo e nehetsoeng ho molimo oa Bagerike Daphnaios, kapa Pythios Apollo.
Bopaki ba ho kenyelletsoa ha melimotsana ea bahetene borapeling ba “bahalaleli” bo ka fumanoa le sehlekehlekeng sa Kithira, Greece. Ho e ’ngoe ea litlhōrō tsa sehlekehleke sena, ho na le matlo a mabeli a thapelo a Byzantium—e ’ngoe ea ’ona e ne e nehetsoe ho “Mohalaleli” George, e ’ngoe ho Moroetsana Maria. Ha ho chekoa ho ile ha totobala hore sena e ne e le setša sa tempelana e tlhōrōng ea nakong ea Minos e neng e sebeletsa e le sebaka sa borapeli hoo e ka bang lilemong tse 3500 tse fetileng. Lekholong la botšelela kapa la bosupa la lilemo C.E., “Bakreste” ba ile ba hahela “Mohalaleli” George ntlo ea bona ea thapelo setšeng sona seo sa tempelana e tlhōrōng. Ketso ena e ne e le e tšoantšetsang ka ho fetisisa; setsi seo se tsoetseng pele sa bolumeli ba Minos se ile sa e-ba le taolo litseleng tsa leoatle tse Leoatleng la Aegean. Likereke tseo ka bobeli li ne li hahiloe moo ho sireletsa kamohelo ea Mofumahali oa Rōna le “Mohalaleli” George, enoa oa bobeli o ketekeloa ka letsatsi le le leng le “mosireletsi oa basesisi ba likepe,” “Mohalaleli” Nicholas. Koranta e neng e tlaleha ka tšibollo ena e itse: “Kajeno moprista [oa Greek Orthodox] o tla hloa thaba, hantle feela joalokaha moprista oa Minos a ne a tla etsa mehleng ea boholo-holo,” e le hore a ka etsa litšebeletso tsa bolumeli!
Ho akaretsa tekanyo eo ka eona Bokreste ba bokoenehi bo neng bo susumetsoa ke bolumeli ba Bagerike ba bohetene, ’matlisisi oa histori o re: “Motheo oa bohetene oa bolumeli ba Bokreste hangata o sala o sa fetoha litumelong tse tloaelehileng, e leng ho pakang hore neano eo ke ea mofuta o tšoarellang.”
‘Ho Rapela Seo re se Tsebang’
Jesu o itse ho mosali oa Mosamaria: “Re rapela seo re se tsebang. . . . Barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ’nete, etsoe, ka sebele, Ntate o batla ba joaloka bona hore ba mo rapele.” (Johanne 4:22, 23) Hlokomela hore ho rapela ka ’nete ke tlamo! Ka lebaka leo, ho ke ke ha etsahala hore Molimo a rapeloe ka ho amohelehang kantle ho tsebo e nepahetseng ea ’nete le lerato le tebileng la eona. Bolumeli ba ’nete ba Bokreste bo tlameha ho thehoa ’neteng, eseng lineanong le mekhoeng e alimiloeng boheteneng. Re tseba kamoo Jehova a ikutloang kateng ha batho ba leka ho mo rapela ka tsela e fosahetseng. Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste motseng oa Bagerike oa boholo-holo oa Korinthe: “Ke tumellano efe e teng pakeng tsa Kreste le Beliale? . . . Tempele ea Molimo e na le tumellano efe le litšoantšo tse rapeloang?” (2 Bakorinthe 6:15, 16) Boiteko leha e le bofe ba ho lumellanya tempele ea Molimo le litšoantšo tse rapeloang boa nyonyeha ho eena.
Ho feta moo, ka tsela e hlakileng haholo, Mangolo ha a lumelle khopolo ea ho rapela “bahalaleli” e le hore ba sebeletse e le babuelli ho Molimo. Thapelong ea hae ea mohlala, Jesu o rutile hore lithapelo li lokela ho lebisoa ho Ntate feela, kaha o ile a laela barutuoa ba hae: “Joale, le lokela ho rapela ka tsela ena: ‘Ntate oa rōna ea maholimong, lebitso la hao a le halaletsoe.’” (Matheu 6:9) Jesu o ile a phaella: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho le ea mong ea tlang ho Ntate haese ka ’na. Haeba le kōpa ntho leha e le efe ka lebitso la ka, ka sebele ke tla e etsa.” ’Me moapostola Pauluse o itse: “Ho na le Molimo a le mong, le mokena-lipakeng a le mong pakeng tsa Molimo le batho, motho, Kreste Jesu.”—Johanne 14:6, 14; 1 Timothea 2:5.
Haeba ka sebele re batla hore Molimo a utloe lithapelo tsa rōna, ho hlokahala hore re mo atamele ka tsela eo Lentsoe la hae la laelang ka eona. Ha a hatisa tsela eo e leng eona feela e loketseng ea ho atamela Jehova, Pauluse o ile a boela a ngola: “Kreste Jesu ke eena ea ileng a shoa, e, ha e le hantle ke eena ea ileng a tsosoa bafung, ea ka letsohong le letona la Molimo, eo hape a re kōpelang ka tieo.” “O khona le ho pholosa ka ho feletseng ba atamelang Molimo ka eena, hobane o phela ka mehla ho ba kōpela ka tieo.”—Baroma 8:34; Baheberu 7:25.
‘Ho Rapela ka Moea le ’Nete’
Bokreste ba bokoenehi bo ne bo se matla moeeng bo bile bo sa tšehetsoe ke moea o halalelang oa Molimo bakeng sa ho susumetsa bahetene hore ba tlohele borapeli ba bona ba bohata le ho latela lithuto tsa ’nete tsa Jesu Kreste. Bo ile ba amohela litumelo le mekhoa ea bohetene ha bo batla basokolohi, matla le botumo. Ka lebaka lena ha boa hlahisa Bakreste ba tsitsitseng, ba amohelehang ho Molimo le Kreste, empa bo hlahisitse balumeli ba ikhakantseng, “mofoka,” ba sa tšoaneleheng bakeng sa ’Muso.—Matheu 13:24-30.
Leha ho le joalo, nakong ena ea bofelo, tlas’a tataiso ea Jehova ho na le letoto la mehato ea bohlokoa ea ho tsosolosa borapeli ba ’nete. Batho ba Jehova lefatšeng ka bophara, ho sa tsotellehe semelo sa bona mabapi le mekhoa ea bophelo, maemo a bophelo kapa bolumeli, ba leka ho lumellanya bophelo ba bona le litumelo tsa bona le litekanyetso tsa Bibele. Haeba u batla ho ithuta ho eketsehileng ka tsela ea ho rapela Molimo “ka moea le ’nete,” ka kōpo kopana le Lipaki tsa Jehova moo u lulang teng. Li tla thaba haholo ho u thusa ho nehelana ka tšebeletso e halalelang e amohelehang ho Molimo, e thehiloeng matleng a hao a ho nahana le tsebong e nepahetseng ea Lentsoe la hae. Pauluse o ile a ngola: “Ke le kōpa ka tieo ka qenehelo ea Molimo, barab’eso, hore le hlahise ’mele ea lōna e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo, e le tšebeletso e halalelang ka matla a lōna a ho nahana. ’Me le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho nchafatsa likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” ’Me ho Bakolose o itse: “Rōna, ho tloha letsatsing leo ka lona re ileng ra utloa ka hona, re sa khaotsang ho le rapella le ho kōpa hore le ka tlala tsebo e nepahetseng ea thato ea hae ka bohlale bohle le kutloisiso ea moea, e le hore le tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore le mo khahlise ka botlalo ha le ntse le tsoela pele ho beha litholoana mosebetsing o mong le o mong o molemo le ho hōla tsebong e nepahetseng ea Molimo.”—Baroma 12:1, 2; Bakolose 1:9, 10.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tšebeletso ea Sephiri e Khōloanyane e ne e tšoaroa selemo le selemo ka September Athene le Eleusis.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28]
Tšebeliso E Belaetsang Ea Parthenon
Moemphera Theodosius II oa “Mokreste,” ka litaelo tse mabapi le motse oa Athene (438 C.E.), o ile a felisa mekete ea bahetene le litšebeletso tsa sephiri, a koala litempele tsa bahetene. Ka mor’a moo li ne li ka fetoloa likereke tsa Bokreste. Ntho feela e neng e hlokahala bakeng sa ho atleha ho fetola tempele e ne e le ho e hloekisa ka ho kenya sefapano ka har’a eona!
E ’ngoe ea litempele tsa pele e ileng ea fetoloa e ne e le Parthenon. E ile ea nchafatsoa haholo e le hore ho ka etsoa hore Parthenon e tšoanelehe hantle bakeng sa ho sebelisoa e le tempele ea “Bokreste.” Ho tloha ka 869 C.E., e ile ea sebeletsa e le cathedral ea Athene. Qalong e ne e hlomphuoa e le kereke ea “Bohlale bo Halalelang.” Sena e ka be e bile khopotso e nang le morero ea ’nete ea hore eo pele e neng e le “mong’a” tempele ena, Athena, e ne e le molimotsana oa bohlale. Hamorao e ile ea neheloa ho “Mofumahali oa Rōna Moathena.” Ka mor’a lilemo tse makholo a robeli tsa ho sebelisoa ke Maorthodox, tempele ena e ile ea fetoloa kereke ea K’hatholike ea St. Mary oa Athene. “Phetoho” e joalo ea bolumeli ea Parthenon e ile ea tsoela pele ha, lekholong la bo15 la lilemo, Maturkey a Ottoman a e fetola mohaho oa borapeli ba Mamosleme.
Kajeno Parthenon, tempele ea Doris ea boholo-holo ea Athena Parthenos (“Moroetsana”), molimotsana oa Bagerike oa bohlale, e eteloa ke bahahlauli ba likete e le feela mosebetsi o tsoileng matsoho oa tsebo ea ho haha ea Bagerike.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ntlo ea baitlami ea Daphni—sebaka se seng sa borapeli ba bahetene ba Athene ea boholo-holo