Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 10/15 maq. 24-27
  • Litaba Tse Molemo Tsa Paradeise Tahiti

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litaba Tse Molemo Tsa Paradeise Tahiti
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Qaleho e Nyenyane
  • Mosebetsi o Ile oa Tsoela Pele
  • Tahiti e ba Lekala
  • Ho sa na le ho Hongata ho Lokelang ho Etsoa
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 10/15 maq. 24-27

Litaba Tse Molemo Tsa Paradeise Tahiti

TAHITI! Lebitso lena le utloahala le e-na le khoheli e itseng e sa tloaelehang. Le ile la tumisoa ke batšoantšisi le bangoli ba kang Paul Gauguin, Robert Louis Stevenson le Herman Melville, bao litšoantšo le lintho tseo ba li ngotseng ka botle ba sebaka seo se chesang se mongobo, le khutso ea Lihlekehleke tsa Leoatle le ka Boroa, li ileng tsa hapa thahasello ea ba bangata.

Tahiti ke sehlekehleke se seholo ho feta tse ling tse ka holimo ho 120 tse French Polynesia e Pacific Boroa. Le hoja batho ba bangata ba nahana hore sehlekehleke sena sa Leoatle le ka Boroa se batla se tšoana le paradeise, batho ba Tahiti ba ntse ba hloka ho utloa ka paradeise e ’ngoe e leng haufi le ho tla. (Luka 23:43) Kajeno, Lipaki tsa Jehova tse 1918 Tahiti li phathahane ka ho bolella batho ba 220 000 ka litaba tse molemo tsa hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla tlisa maemo a sebele a paradeise, eseng feela Tahiti empa le lefatšeng kaofela.—Matheu 24:14; Tšenolo 21:3, 4.

Ka lilemo tse ngata, mosebetsi oa ho bolela Tahiti o ne o tsamaisoa ke ofisi ea lekala la Mokhatlo oa Watch Tower e Fiji, e neng e le bohōle ba lik’hilomithara tse 3500. Bohōle boo ba sebaka bo ile ba thatafatsa lintho, ’me tsoelo-pele e ile ea lieha. Kahoo, ka la 1 April, 1975, ofisi ea lekala e ile ea thehoa Tahiti, ’me eo e ile ea e-ba phetoho e khōlō mosebetsing oa Bakreste ba ’nete ba tšimong ena. Ke eng e ileng ea lebisa phetohong ee, hona mosebetsi oa boboleli o ile oa qala joang Tahiti?

Qaleho e Nyenyane

Ka lekhetlo la pele, litaba tse molemo tsa ’Muso li ile tsa tsejoa Tahiti ka bo-1930, ’me baahi ba bangata ba sehlekehlekeng seo ba hlomphang Bibele haholo, ba ile ba arabela ka thahasello e khōlō. Leha ho le joalo, ka lebaka la thibelo e ileng ea etsoa ke ’muso hammoho le lithibelo tse ling, ho ella qetellong ea bo-1950, Lipaki li ne li ntse li le sieo sehlekehlekeng seo. Nakong eo, Agnès Schenck eo e neng e le letsoalloa la Tahiti empa a lula United States, o ile a etsa qeto ea ho khutlela Tahiti le monna oa hae le mora oa bona. O hlalosa hore na tsohle li ile tsa etsahala joang.

“Kopanong ea setereke e neng e tšoaretsoe Los Angeles ka 1957, Mor’abo rōna Knorr [eo ka nako eo e neng e le mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower] o ile a hlalosa hore ho ne ho e-na le tlhokahalo e khōlō ea bahoeletsi ba ’Muso Tahiti. Ka nako eo ke ne ke se ke e-na le selemo ke kolobelitsoe, ka hona ke ile ka buela holimo, ‘Kahoo, a re eeng Tahiti!’ Malapa a mabeli ao e leng metsoalle ea rōna e meholo, ba ha Neill le ba ha Carano, ba ile ba nkutloa. Ba ile ba re bolella hore ba tla rata ho tsamaea le rōna, empa re ne re se na chelete e ngata. Monna oa ka o ne a kutse ka nako e telele, ’me mora oa ka o ne a sa le monyenyane haholo. Kahoo, re ile ra thatafalloa ke ho tsamaea. Metsoalle e liphuthehong tse haufi e ile ea utloela ka sepheo seo sa rōna, ’me e ile ea re romella chelete le thepa ea ka tlung. Joale, ka May 1958 re ile ra tsamaea ka sekepe ho ea Tahiti, ’me har’a lintho tseo re neng re e-na le tsona, e ne e le lilakane tse 36!

“Ha re fihla Tahiti, ke ile ka ikutloa ke lahlehile ka ho feletseng hobane ke ne ke bile sieo sehlekehlekeng moo ka lilemo tse 20. Re ile ra qala ho bolela, empa re ne re lokela ho ba hlokolosi hobane mosebetsi oa rōna oa Bokreste o ne o thibetsoe. Re ile ra tlameha ho pata limakasine, ’me re ne re sebelisa Bibele feela. Pele, re ile ra pakela feela batho ba neng ba se ba ntse ba e-na le peeletso ea limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!

“Ka mor’a kopano ea machaba e neng e tšoaretsoe New York City ka 1958, Clyde Neill le David Carano, hammoho le malapa a bona, ba ile ba tla re tlatsa. Re ile ra etsa mosebetsi oa boboleli kaofela ’me ra mema batho hore ba tl’o mamela lipuo tse neng li fanoa malapeng a barab’abo rōna. Lintho li ile tsa hlophiseha hanyane ka hanyane, ’me re ile ra qalisa sehlopha sa thuto ea Bibele sa batho ba 15. Ka mor’a likhoeli tse tharo, ba ha Neill le ba ha Carano ba ile ba tlameha ho tsamaea hobane mangolo a bona a bohahlauli a ne a feletsoe ke nako. Kahoo, pele ba tsamaea, bara bao babo rōna ba ile ba lokisetsa hore ba kolobetse bohle ba neng ba thahasella ’me ba tšoaneleha. Ke ile ka ba le tokelo ea ho toloka puo ea kolobetso e neng e fanoa ka lekhetlo la pele. Ketsahalong ena, matsoalloa a robeli a moo sehlekehlekeng a ile a tšoantšetsa boinehelo ba ’ona ho Jehova ka kolobetso. Ka mor’a moo, ba ha Neill le ba ha Carano ba ile ba khutlela United States.

“Mosebetsi oa boboleli o ile oa tsoela pele. Re ile ra itlhophisa ka lihlopha tse nyenyane ’me ra etela batho linakong tsa mantsiboea. Hangata, puisano le batho ba thahasellang e ne e tšoarella ho fihlela ka khitla. Esita le basebeletsi ba Maprostanta ka linako tse ling ba ne ba e-ba teng lipuisanong. Phutheho ea pele e ile ea thehoa ka 1959. Joale, se ileng sa re thabisa haholo ke ha ’muso o amohela ka molao mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova ka 1960. Lilemo tseo tsa pele li ne li tletse ka thabo le lintlha tsa bohlokoa tsa moea. Ka sebele, Jehova o ile a hlohonolofatsa qeto ea rōna ea ho fallela moo tlhokahalo e leng khōloanyane.” Morali’abo rōna Schenck hona joale o lilemo li 87 ’me o ntse a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi phuthehong ea habo.

Mosebetsi o Ile oa Tsoela Pele

Ka 1969, ho ile ha abeloa Jacques le Paulette Inaudi, Lipaki tse peli tse tsoang Fora, hore e be bo-pula-maliboho ba khethehileng Tahiti. Jacques oa hopola: “Ha re fihla Tahiti, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 124 feela, ho e-na le phutheho e le ’ngoe Papeete, le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba babeli hloahloeng ea Vairao.” Hloahloa eo e na le mochophoro o e kopanyang le Tahiti. Ho ne ho tla tloha ho tšoaroa Kopano ea Machaba ea “Khotso Lefatšeng.” Jacques o tsoela pele: “Eo e bile phihlelo ea ka ea pele ea ho lokisetsa kopano. Re ne re lokela ho lokisetsa lenaneo la Senyesemane bakeng sa baeti, re hlophise ’mino oa liletsa bakeng sa lipina tsa ’Muso, ’me re itlhakisetse litšoantšiso tse peli. Mosebetsi ona oohle o ile oa phethoa ke bahoeletsi ba 126 feela. Ke kholisehile hore Jehova o ile a etsa karolo e khōlō ea oona.” Baahi ba sehlekehlekeng seo ba ile ba thabisoa ke ho ba teng ha ba 488. Ba bangata ba bona ba ne ba qala ho kopana le Lipaki-’moho le bona tse tsoang linaheng tse ling.

Kapele ka mor’a moo, Jacques Inaudi o ile a abeloa ho ba molebeli ea tsamaeang. Ha a ntse a etela lihlekehleke tse fapaneng, o ile a hlokomela hore ho ne ho e-na le thahasello e khōlō empa bahoeletsi ba ’Muso ba ne ba fokola bakeng sa ho e hōlisa. Jacques oa hlalosa: “Ke lona lebaka le ileng la etsa hore ke khothalletse malapa a mangata hore a fallele lihlekehlekeng tsena e le hore a ka sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane. Kahoo hanyane ka hanyane, litaba tse molemo li ile tsa phatlalatsoa sehlopheng seo sa lihlekehleke.” Mor’abo rōna Inaudi o ile a sebeletsa e le molebeli ea tsamaeang ho tloha ka 1969 ho fihlela ka 1974, ’me kajeno ke moholo phuthehong e ’ngoe Tahiti.

Auguste Temanaha, e mong oa batho ba robeli ba ileng ba kolobetsoa ka 1958, o bile har’a ba ileng ba arabela khothatsong ea Mor’abo rōna Inaudi. O pheta se ileng sa etsahala. “Ka 1972, molebeli oa potoloho, Jacques Inaudi, o ile a re khothalletsa ho nahana ka ho fallela Huahine, se seng sa Lihlekehleke tsa Leeward tse Pacific Boroa. Ke ne ke qeaqea hobane ke ne ke fane ka ’malo oa Bibele feela ka phuthehong ’me ke ne ke ikutloa ke sa tšoanelehe ho tšepeloa boikarabelo bo joalo. Leha ho le joalo, Mor’abo rōna Inaudi o ile a lula a mpolella, ‘U se ke ua tšoenyeha, u ka ho etsa!’ Ka mor’a nako, re ile ra etsa qeto. Kahoo, ka 1973, re ile ra rekisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me ra fallela Huahine le bana ba rōna ba bararo.

“Ha re fihla moo, ke ile ka fumana hore ke tlameha ho qala ntho e ’ngoe le e ’ngoe fatše—Thuto ea Molula-Qhooa, Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le tse ling. Ho ne ho se bonolo, empa Jehova o ile a re sireletsa le ho re thusa. Maemong a mangatanyana, o ile a re thusa hore re fumane bolulo. Joale, ha sehlopha sa bahanyetsi se ne se leka ho leleka Lipaki sehlekehlekeng seo, ralipolotiki e mong oa moo o ile a ema ka maoto ho re sireletsa. Ka sebele, Jehova o ile a re lebela ka nako eo eohle.” Hona joale ho na le liphutheho tse peli Huahine—phutheho ea Sefora e nang le bahoeletsi ba 23 le ea Setahiti e nang le bahoeletsi ba 55.

Ka 1969, Hélène Mapu o ile a abeloa ho ea sebeletsa hloahloeng eo e le pula-maliboho ea khethehileng. Hélène o re: “Batho ba moo hloahloeng ba ne ba e-na le thahasello e khōlō, ’me ke ile ka qalisa lithuto tse ngata tsa Bibele ka nako e seng kae feela.” Ka potlako ho ile ha thehoa phutheho e nyenyane Vairao, empa ho ne ho hlokahala baholo. Ka nako e loketseng, Colson Deane ea neng a lula Papara e bohōle ba lik’hilomithara tse 35, o ile a khona ho thusa. Mor’abo rōna Deane oa hopola: “Re ne re lokela ho hlophiseha hantle e le hore re sebeletse Vairao. Ke ne ke sebetsa Faaa, lehlakoreng le leng la sehlekehleke le bohōle ba lik’hilomithara tse 70 ho ea Vairao. Ka mor’a mosebetsi ke ne ke lokela ho potlakela hae, ke nke lelapa la ka ’me re ee Vairao. Hamorao, re ile ra tlameha ho fallela Faaa ka lebaka la mosebetsi oa ka. Na re ne re tla ’ne re khone ho tšehetsa Phutheho eo ea Vairao? Ka sebele re ne re batla ho thusa bara bao babo rōna, ka hona, re ile ra etsa qeto ea ho tsoela pele. Matsatsing a liboka, e ne e le seoelo re fihlang hae pele ho khitla hobane re ne re lokela ho isa lihlopha tsa ba se nang likoloi malapeng a tsona. Re ile ra etsa sena ka lilemo tse hlano. Hona joale ke thabo e khōlō ho bona liphutheho tse ’nè karolong ena ea sehlekehleke, ’me re hopola mehla eo ka thabo.”

Tahiti e ba Lekala

Ka 1974, palo ea bahoeletsi ba ’Muso e ne e nyolohetse ho 199 Tahiti. Selemong se hlahlamang ha mookameli le motlatsi oa mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower nakong eo, N. H. Knorr le F. W. Franz, ba ne ba etetse French Polynesia, ba ile ba hlokomela hore ho ne ho tla ba molemo haholoanyane hore mosebetsi oa boboleli French Polynesia o tsamaisoe Tahiti, eseng Fiji e bohōle ba lik’hilomithara tse 3500. Kahoo, ka la 1 April, 1975, lekala la Tahiti le ile la thehoa ’me ha khethoa molebeli ea tsamaeang, Alain Jamet, hore e be molebeli oa lekala.

Lilemo tse seng kae tse fetileng, Mor’abo rōna Jamet o ile a khona ho pheta litlhohonolofatso tse tsotehang tse tsoang ho Jehova. “Ho tloha ka 1975, ho ’nile ha etsoa boiteko bo matla ba ho isa litaba tse molemo lihlekehlekeng tsohle tse tšimong ea rōna, e leng tse koahelang sebaka se boholo ba ho lekana le Europe Bophirimela. Liphello e bile tse thabisang. Ka 1983, palo ea bahoeletsi e ne e nyolohetse ho 538. Selemong seo, ho ile ha hahoa ofisi ea lekala le Lehae la Bethele Paea. Hona joale, ho na le bahoeletsi ba 1900 ba qhalakaneng liphuthehong tse 30 tse teng Lihlekehlekeng tsa Pacific Boroa, phutheho e le ’ngoe le sehlopha se ka thōko Lihlekehlekeng tsa Tubuaï, phutheho e le ’ngoe le lihlopha tse peli tse ka thōko Marquesas, le lihlopha tse ’maloa tse ka thōko Tuamotu le Lihlekehlekeng tsa Gambier. Ho hahuoa Liholo tse ncha tsa ’Muso tse ngata—tse tharo Marquesas le tse supileng Tahiti—bakeng sa ho hlokomela palo e ntseng e tsoela pele ho eketseha ea batho ba bacha ba tlang libokeng. Ka sebele, lilemong tsena tse 20 tse fetileng, Jehova o hlohonolofalitse boiteko ba rōna ba ho hlaolela tšimo ea Tahiti.”

Ho sa na le ho Hongata ho Lokelang ho Etsoa

Ho na le menyetla e babatsehang ea hore keketseho e be teng French Polynesia. Ka la 23 March, 1997, batho ba 5376 ba ile ba kopana le Lipaki tsa Jehova ho pholletsa le French Polynesia eohle bakeng sa Sehopotso sa lefu la Jesu Kreste. E le ho khahlametsa litlhoko tsa moea tsa batho bana ba thahasellang, ho etsoa hore lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele li fumanehe ka lipuo tse ’maloa tsa moo. Ho phaella ho Setahiti, ho ’nile ha hatisoa lingoliloeng ka Sepaumotu, puo e buuoang Sehlopheng sa Lihlekehleke tsa Tuamotu, le Marquesas Leboea le Boroa.

Keketseho e sa khaotseng le liphihlelo tse thabisang li thusitse bahoeletsi ba ’Muso ba Tahiti hore ba ananele ka ho feletseng lerato le mamello ea Jehova, “eo thato ea hae e leng hore mefuta eohle ea batho e pholohe ’me e fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete,” esita le lihlekehlekeng tse hōle-hōle tsa Leoatle le ka Boroa. (1 Timothea 2:4) Lipaki tsa Jehova tse Tahiti le tse lihlekehlekeng tse ling tsa French Polynesia li na le tumelo e feletseng tšepisong ea Jehova: ‘Lihlekehleke li tla ntšepa, li tla ’ne li tšepe letsoho la ka.’—Esaia 51:5.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ho tloha ho le letšehali ho ea ho le letona: Alain Jamet, Mary-Ann Jamet, Agnès Schenck, Paulette Inaudi le Jacques Inaudi

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Lekala la Tahiti le hlokomela litlhoko tsa French Polynesia

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

AUSTRALIA

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Ofisi ea lekala ea Tahiti

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela