Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 10/15 maq. 18-23
  • Mahlohonolo a Tšebeletso ea Bopula-maliboho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mahlohonolo a Tšebeletso ea Bopula-maliboho
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boikutlo bo Tebileng ba Khotsofalo le Thabo
  • Bopaki ba Tlhokomelo ea Jehova
  • “Tsela e Molemohali ea ho Atamela Haufi le Jehova”
  • Na Pelo ea Hao e Labalabela ho Etsa se Eketsehileng?
  • Bohle ba ka Bontša Moea oa Bopula-maliboho
  • Meputso ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Bo-pula-maliboho Ba Fana ka Mahlohonolo Ebile Baa Amohela
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Bopula-maliboho bo Matlafatsa Kamano ea Rōna le Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Ho Bontša Hore re Tšehetsa Bo-pula-maliboho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 10/15 maq. 18-23

Mahlohonolo a Tšebeletso ea Bopula-maliboho

“Tlhohonolofatso ea Jehova—ke eona e entšang ’me ha a eketse bohloko ho eona.”—LIPROVERBIA 10:22, NW.

1, 2. (a) Pula-maliboho e mong o ile a bontša maikutlo a hae joang ka tšebeletso ea nako e tletseng? (b) Ke hobane’ng ha bo-pula-maliboho ba le boemong ba ho ba le thabo e feletseng haholoanyane ea ho etsa barutuoa?

“NA HO ka ba le thabo e fetang ea ho bona motho eo u ithutang le eena e e-ba mororisi oa Jehova ea mafolofolo? Ke ho thabisang le ho matlafatsang tumelo ho bona kamoo Lentsoe la Molimo le leng matla kateng ha le susumelletsa batho ho etsa liphetoho bophelong ba bona e le hore ba thabise Jehova.” Ke se ngotsoeng ke pula-maliboho e mong oa Canada ea bileng tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse ka holimo ho 32. Mabapi le tšebeletso ea hae ea bopula-maliboho, o re: “Ke sitoa ho nahana ke se ke etsa ntho e ’ngoe esele. Ka sebele ke sitoa ho nahana ka eng kapa eng e neng e ka tlisa thabo e tšoanang.”

2 Na u lumela hore ho na le thabo e khōlō ho beng le karolo ho thuseng e mong ho ba tseleng e eang bophelong? Ka sebele, hase bo-pula-maliboho feela ba bang le thabo e joalo. Bahlanka ba Jehova kaofela ba tlas’a thōmo ea ho ‘etsa batho barutuoa,’ ’me ba leka ka matla ho etsa joalo. (Matheu 28:19) Leha ho le joalo, kaha bo-pula-maliboho ba khona ho qeta lihora tse ngata ba le tšebeletsong ea tšimo, hangata ba boemong ba ho ba le thabo e feletseng haholoanyane ea ho etsa barutuoa. Empa ho bula maliboho ho na le meputso e meng hape. Bua le bo-pula-maliboho, ’me ba tla u bolella hore bopula-maliboho ke tsela e tsotehang ea ho fumana ‘tlhohonolofatso ea Jehova e entšang motho.’—Liproverbia 10:22, NW.

3. Ke’ng se ka re susumetsang ha re ntse re sebeletsa Jehova?

3 Haufinyane, bo-pula-maliboho likarolong tsa lefatše tse sa tšoaneng ba ile ba kōptjoa hore ba hlalose mahlohonolo ao ba bileng le ’ona tšebeletsong ea nako e tletseng. A re tšohleng seo ba ileng ba se bua. Leha ho le joalo, u se ke ua nyahama haeba tšebeletso ea hao e lekanyelitsoe ka lebaka la ho kula, ho hōla kapa maemo a mang. Hopola, ntho ea bohlokoa ke ho sebeletsa Jehova ka moea oohle, boemong bofe kapa bofe. Leha ho le joalo, ho utloa litlhaloso tsa bo-pula-maliboho ba bang ho ka ’na ha eketsa thahasello ea hao ea ho etsa mosebetsi ona o putsang haeba ho khoneha.

Boikutlo bo Tebileng ba Khotsofalo le Thabo

4, 5. (a) Ke hobane’ng ha ho abela ba bang litaba tse molemo e le phihlelo e putsang hakaale? (b) Bo-pula-maliboho ba ikutloa joang ka ho kopanela tšebeletsong ea nako e tletseng?

4 Jesu o itse: “Ho na le thabo e eketsehileng ho faneng ho feta e teng ho amoheleng.” (Liketso 20:35) E, ho fana ntle ho boithati ho na le meputso ea hona. (Liproverbia 11:25) Sena ke ’nete ka ho khethehileng ha ho tluoa tabeng ea ho abela ba bang litaba tse molemo. Ka sebele, re ka fa motho e mong mpho efe e fetang ho mo thusa ho fumana tsebo ea Molimo, e isang bophelong bo sa feleng?—Johanne 17:3.

5 Ha ho makatse hore ebe ba kopanelang tšebeletsong ea nako e tletseng hangata ba bua ka thabo le boikutlo bo tebileng ba khotsofalo boo ba bo fumanang tšebeletsong ea bona. Pula-maliboho e mong ea lilemo li 64 oa Brithani o re: “Kea tseba hore ha ho na mosebetsi o mong o ka beng o ntliselitse khotsofalo e tlisitsoeng ke ho abela ba bang ’nete.” Mohlolohali e mong oa Zaire o ile a hlalosa seo bopula-maliboho bo se boletseng ho eena: “Tšebeletso ea bopula-maliboho e bile matšeliso a sebele ho ’na ka mor’a hore monna oa ka ea ratoang a shoe. Ha ke ntse ke tsoela tšebeletsong ka ho eketsehileng ho ea thusa ba bang, boikutlo ba tahlehelo e bohloko bo ntse bo fokotseha ka ho eketsehileng. Ke beha tumelo ea ka litšepisong tsa Jehova ’me ke nahana haholo-holo ka tsela eo ka eona nka thusang bao ke ithutang le bona ho etsa liphetoho bophelong ba bona. Boroko ba ka bo ba monate qetellong ea letsatsi le leng le le leng, le pelo ea ka e tlala thabo.”

6. Bo-pula-maliboho ba bang ba bile le thabo efe e khethehileng?

6 Ba bang ba ’nileng ba bula maliboho ka lilemo tse mashome a mangata ba bile le thabo e khethehileng ea ho sebeletsa libakeng tse ka thōko, ba theha liphutheho, tseo qetellong li ileng tsa hōla ea e-ba lipotoloho. Ka mohlala, Abashiri, Hokkaido (sehlekehleke sa Japane se hōle ka ho fetisisa ka leboea), ho na le morali’abo rōna eo e bileng pula-maliboho ka lilemo tse 33. O hopola hore kopanong ea potoloho ea pele eo a bileng ho eona—ea Hokkaido kaofela—ho bile teng ba 70 feela. Hona joale teng? Ho na le lipotoloho tse 12 sehlekehlekeng seo, tse nang le bahoeletsi ba fetang 12 000. Inahanele kamoo pelo ea hae e tlalang thabo kateng ha a le likopanong tse nyenyane le tse khōlō a e-na le bongata bo boholo ba baboleli ba ’Muso sehlekehlekeng seo!

7, 8. Boholo ba bo-pula-maliboho ba nako e telele bo bile le thabo efe?

7 Bo-pula-maliboho ba bang ba nako e telele ba bile le thabo ea ho bona liithuti tsa bona tsa Bibele li kolobetsoa li bile li hahamalla litokelo tse khōloanyane tsa tšebeletso. Japane morali’abo rōna e mong ea bileng likabelong tsa bopula-maliboho tse sa tšoaneng tse fetang robong ho tloha ka 1957 o hopola ha a tsamaisetsa moroetsana e mong ea sebetsang bankeng makasine ea Tsoha! Nakong ea likhoeli tse robong moroetsana enoa o ne a se a kolobelitsoe. Hamorao o ile a nyaloa, ’me eena le monna oa hae ea e-ba bo-pula-maliboho ba khethehileng. Morali’abo rōna oa pula-maliboho o ile a thaba hakaakang ha, kabelong ea hae ea boraro, phutheho ea habo e eteloa ke molebeli oa potoloho e mocha le mosali oa hae—eo e neng e le seithuti sa hae sa Bibele!

8 Ha ho makatse hore ebe ba entseng bopula-maliboho mosebetsi oa bophelo bohle ba bo talima e le “tokelo ea bohlokoahali e lokelang ho baballoa,” joalokaha pula-maliboho e mong ea lilemo li 22 a ile a hlalosa!

Bopaki ba Tlhokomelo ea Jehova

9. Joaloka Mohlokomeli e Moholo, Jehova o tšepisa bahlanka ba hae eng, ’me see se bolela’ng ho rōna?

9 Jehova, Mohlokomeli e Moholo, o tšepisa ho tšehetsa bahlanka ba hae, ho ba hlokomela moeeng le ka lintho tse bonahalang. Ke hantle hore ebe Morena Davida oa boholo-holo o ne a ka re: “Nkile ka ba mocha, ’me joale ke tsofetse; empa ha ke e-so ho bone ea lokileng a tloheloa, leha e le litloholo tsa hae li sikila bohobe.” (Pesaleme ea 37:25) Ka sebele, tiisetso ena ea bomolimo ha e re lokolle boikarabelong ba ho hlokomela malapa a rōna ka lintho tse bonahalang, leha e le hona ho re fa tumello ea ho nka monyetla ka ho fana ha barab’abo rōna ba Bakreste ka seatla se bulehileng. (1 Bathesalonika 4:11, 12; 1 Timothea 5:8) Empa, ha re ithaopela ho itela bophelong ba rōna e le hore re ka sebeletsa Jehova ka botlalo, a ke ke a re furalla le ka mohla.—Matheu 6:33.

10, 11. Ka phihlelo, bo-pula-maliboho ba bangata ba tseba eng ka matla a Jehova a ho hlokomela?

10 Bo-pula-maliboho lefatšeng lohle ba tseba ho tsoa phihlelong hore Jehova o hlokomela ba ipehang tlhokomelong ea hae. Nahana ka taba ea banyalani ba bo-pula-maliboho ba ileng ba fallela motsaneng o mong moo ho neng ho e-na le tlhokahalo e eketsehileng ea baboleli ba ’Muso. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, ho ile ha e-ba thata ho fumana mosebetsi oa boipheliso, ’me chelete eo ba neng ba e bolokile e ile ea fela. Eaba ba fumana lengolo la molato oa inshorense ea koloi oa R359. Mor’abo rōna oa hlalosa: “Re ne re se na mokhoa oa ho o lefa. Re ile ra rapela ka matla bosiung boo.” Letsatsing le latelang, ba ile ba fumana karete e tsoang lelapeng le leng le neng le hula ka thata licheleteng. Kareteng ena ba ne ba hlalositse hore lelapa la bona le ne le buselelitsoe chelete ea lekhetho, joale, kaha e ne e le ngata ho feta eo ba neng ba e lebeletse, ba batla ho fa banyalani bana ba bo-pula-maliboho e ’ngoe. Ho ne ho kenyelelitsoe cheke ea R359! Mor’abo rōna oa pula-maliboho o re: “Ha ke sa tla hlola ke lebala letsatsi leo—ke ile ka kopana hlooho ke thabo! Re ile ra ananela ho fana ka seatla se bulehileng ha lelapa lena.” Jehova le eena o ananela mosa o joalo, e leng o tšoanang hantle le moea oa ho fana ka seatla se bulehileng oo a o khothalletsang bahlanka ba hae.—Liproverbia 19:17; Baheberu 13:16.

11 Bo-pula-maliboho ba bangata ba ka pheta liphihlelo tse tšoanang. Ba botse, ’me ba tla u bolella hore le ka mohla ha ba e-s’o ‘tloheloe.’ Ha a hetla morao lilemong tse ka holimo ho 55 a le tšebeletsong ea nako e tletseng, pula-maliboho e mong ea lilemo li 72 o re, “Le ka mohla Jehova ha a e-s’o ntšoetse.”—Baheberu 13:5, 6.

“Tsela e Molemohali ea ho Atamela Haufi le Jehova”

12. Ke hobane’ng ha mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo e le tokelo e ikhethang hakaale?

12 Hore ebe Jehova o bile o re kōpa hore re bolele litaba tse molemo tsa ’Muso oa hae ke tokelo eo re e filoeng. O re talima—le hoja re le batho ba sa phethahalang—re le “basebetsi-’moho” le eena mosebetsing ona o pholosang bophelo. (1 Bakorinthe 3:9; 1 Timothea 4:16) Ha re ntse re bolella ba bang ka ’Muso oa Molimo, ha re ntse re phatlalatsa bofelo ba bokhopo, ha re ntse re hlalosetsa batho ka lerato la hae le babatsehang ka ho lokisetsa thekollo, ha re ntse re phetla Lentsoe la hae le phelang le ho ruta batho ba lipelo li tšepahalang lintho tsa bohlokoa tseo le li fupereng, ha ho pelaelo hore re atametsoa haufi le ’Mōpi oa rōna, Jehova.—Pesaleme ea 145:11; Johanne 3:16; Baheberu 4:12.

13. Ba bang ba re’ng ka phello ea tšebeletso ea bona ea bopula-maliboho kamanong ea bona le Jehova?

13 Bo-pula-maliboho ba khona ho qeta nako e ngata khoeli le khoeli ba ithuta le ho ruta ka Jehova. Ba ikutloa hore sena se ama kamano ea bona le Molimo joang? Moholo e mong naheng ea Fora eo e bileng pula-maliboho ka lilemo tse fetang leshome oa araba: “Ho bula maliboho ke tsela e molemohali ea ho atamela haufi le Jehova.” Pula-maliboho e mong naheng eo, ea qetileng lilemo tse 18 tšebeletsong ea nako e tletseng, o re: “Tšebeletso ea bopula-maliboho e re lumella ho ‘latsoa le ho bona hoba Jehova o molemo,’ letsatsi le letsatsi re haha kamano e matla haholoanyane le ’Mōpi oa rōna.” (Pesaleme ea 34:8) Morali e mong oabo rōna oa Brithani eo e bileng pula-maliboho ka lilemo tse 30 o ikutloa ka tsela e tšoanang. O re: “Kaha ke tlameha ho fumana moea oa Jehova bakeng sa tataiso tšebeletsong ea ka, ke atamela haufinyane le eena. Ka sebele ke ’nile ka ikutloa hore moea oa Jehova maemong a mangata o ile oa ntataisetsa lelapeng le itseng ka nako e nepahetseng.”—Bapisa le Liketso 16:6-10.

14. Bo-pula-maliboho ba fumana molemo joang ka ho sebelisa Bibele le lingoliloeng tsa Bibele letsatsi le letsatsi ho ruta ba bang?

14 Bo-pula-maliboho ba bangata ba hlokomela hore ho sebelisa Bibele le lingoliloeng tsa Bibele letsatsi le letsatsi bakeng sa ho hlalosa le ho ruta linnete tsa Mangolo ho ba thusa ho hōla tsebong ea Lentsoe la Molimo. Mor’abo rōna oa Spain ea lilemo li 85 eo e bileng pula-maliboho ka lilemo tse 31 oa hlalosa: “Ho bula maliboho ho nthusitse ho fumana tsebo e tebileng ea Bibele, tsebo eo ke e sebelisitseng ho thusa batho ba bangata ho tseba Jehova le merero ea hae.” Morali e mong oabo rōna oa Brithani ea ’nileng a bula maliboho ka lilemo tse 23 o re: “Tšebeletso ea nako e tletseng e nthusitse ho hlaolela takatso e matla ea lijo tsa moea.” Ho hlalosetsa ba bang “lebaka bakeng sa tšepo e ho [uena]” ho ka matlafatsa kholiseho ea hao mabapi le litumelo tseo u li nkang e le tsa bohlokoa. (1 Petrose 3:15) Pula-maliboho e mong oa Australia o re: “Ho bula maliboho ho ntlafatsa tumelo ea ka ha ke ntse ke itlhalosa ho ba bang.”

15. Ba bangata ba ’nile ba ikemisetsa ho etsa eng e le hore ba ka kenela tšebeletso ea bopula-maliboho le ho lula ho eona, hona hobane’ng?

15 Ho hlakile hore basebeletsi bana ba bo-pula-maliboho ba kholisehile hore ba khethile mofuta oa tšebeletso o tlisang mahlohonolo a se nang palo a tsoang ho Jehova. Ha ho makatse hore ebe ba bangata ba ’nile ba ikemisetsa ho etsa liphetoho bophelong ba bona, esita le ho tela mosebetsi oa boipheliso le matlotlo a bonahalang, e le hore ba kenele tšebeletso ea bopula-maliboho le ho lula ho eona!—Liproverbia 28:20.

Na Pelo ea Hao e Labalabela ho Etsa se Eketsehileng?

16, 17. (a) Haeba u ipotsa hore na u ka khona ho bula maliboho, u ka etsa’ng? (b) Ba bang ba ikutloa joang ha ba sa khone ho bula maliboho?

16 Ka mor’a ho hlahloba seo bo-pula-maliboho ba se buang ka mahlohonolo a tšebeletso ea bopula-maliboho, mohlomong u ipotsa hore na ho bula maliboho ho molemo bakeng sa hao. Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha u sa bue le pula-maliboho ea atlehileng tšebeletsong ea nako e tletseng? Mohlomong u ka boela ua fumana ho le molemo ho bua le e mong oa baholo ka phuthehong, ea u tsebang—bophelo ba hao, mefokolo ea hao le boikarabelo ba hao ba lelapa. (Liproverbia 15:22) Litlhaloso tsa ba bang tse bontšang ho talima lintho ka tsela ea sebele li ka ’na tsa u thusa ho lekanyetsa ka hloko hore na u ka khona ho bula maliboho. (Bapisa le Luka 14:28.) Haeba u khona ho bula maliboho, ka sebele mahlohonolo a hao a tla ba maholo.—Malakia 3:10.

17 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka bahoeletsi ba ’Muso ba bangata ba tšepahalang ba seng boemong ba ho bula maliboho, le hoja ba ka lakatsa ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong? Ka mohlala, nahana ka boikutlo ba morali e mong oabo rōna oa Mokreste ea sōkōlang hore a hōlise bana ba hae ba bane. O re: “Kea soaba, hobane nkile ka ba pula-maliboho oa kamehla, empa hona joale, ka lebaka la maemo a ka, ha ke khone ho ea tšimong hangata kamoo ke neng ke tloaetse.” Morali enoa oabo rōna o rata bana ba hae haholo ’me o batla ho ba hlokomela. Ka nako e tšoanang, o labalabela ho etsa se eketsehileng mosebetsing oa ho bolela. Oa hlalosa: “Ke rata tšebeletso.” Bakreste ba bang ba inehetseng bao lerato la bona ho Molimo le ba susumelletsang ho batla ho sebeletsa Jehova ‘ka lipelo tsa bona tsohle’ ba na le boikutlo bo tšoanang.—Pesaleme ea 86:12.

18. (a) Jehova o lebeletse eng ho rōna? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho nyahama haeba maemo a lekanyetsa seo re khonang ho se etsa?

18 Hopola hore seo Jehova a se lebeletseng ho rōna ke tšebeletso ea moea oohle. Hore na sena se sekae ho ka ’na ha fapana haholo ho motho ka mong. Ba bang ba khona ho fetola maemo a bona e le hore ba ka sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla. Ba bang ba bangata ba ngolisetsa bopula-maliboho bo thusang ebang ke ka linako tse ling kapa kamehla, ba qeta lihora tse 60 khoeli ka ’ngoe tšebeletsong. Leha ho le joalo, batho ba Jehova ba bangata, ba inehela ka moea oohle mosebetsing oa ho bolela le ho ruta e le bahoeletsi ba phutheho. Ka hona haeba ka sebele u thibeloa ke ho kula, ho hōla, boikarabelo ba lelapa kapa maemo a mang, u se ke ua nyahama. Hafeela u etsa sohle seo u ka se khonang, tšebeletso ea hao ke ea bohlokoa mahlong a Molimo, joaloka ba leng tšebeletsong ea nako e tletseng!

Bohle ba ka Bontša Moea oa Bopula-maliboho

19. Moea oa bopula-maliboho ke eng?

19 Le hoja u ka ’na ua se khone ho ngolisetsa bopula-maliboho, u ka bontša moea oa bopula-maliboho. Moea oa bopula-maliboho ke eng? Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea July 1988 e itse: “O ka ’na oa hlalosoa e le ho ba le maikutlo a nepahetseng ka taelo ea ho bolela le ho etsa barutuoa, ho tšoareha ka ho feletseng ho bontšeng lerato le kameho bakeng sa batho, ho itela, ho fumana thabo ea ho latela Monghali haufi-ufi, le ho thabela lintho tsa moea, eseng tsa nama.” U ka bontša moea oa bopula-maliboho joang?

20. Batsoali ba ka bontša moea oa bopula-maliboho joang?

20 Haeba u motsoali ea nang le bana ba banyenyane, ka pelo eohle u ka ba eletsa hore ba etse mosebetsi oa bopula-maliboho. Maikutlo a hao a nepahetseng mabapi le tšebeletso a ka ’na a hatisa ka ho bona tlhokahalo ea ho etsa tšebeletso ea Jehova ntho ea bohlokoahali bophelong ba bona. U ka ’na ua memela bo-pula-maliboho le balebeli ba tsamaeang le basali ba bona lelapeng la hao e le hore bana ba hao ba ka rua molemo mehlaleng ea ba fumaneng thabo tšebeletsong ea nako e tletseng. (Bapisa le Baheberu 13:7.) Esita le malapeng a arohaneng bolumeling, batsoali ba lumelang, ka lipolelo le ka mohlala, ba ka thusa bana ba bona ho etsa tšebeletso ea nako e tletseng pakane ea bona bophelong.—2 Timothea 1:5; 3:15.

21. (a) Kaofela re ka tšehetsa ba bulang maliboho joang? (b) Baholo ba ka etsa’ng ho khothatsa bo-pula-maliboho?

21 Ka phuthehong, kaofela ha rōna ka pelo eohle re ka tšehetsa ba khonang ho bula maliboho. Ka mohlala, na u ka etsa boiteko bo khethehileng ba ho sebetsa le pula-maliboho tšebeletsong, haholo-holo linakong tseo a ka beng a sebetsa a le mong? Ha e le hantle u ka fumana hore ho tla ba le “phapanyetsano ea khothatso.” (Baroma 1:11, 12) Haeba u moholo, u ka ba ua etsa se eketsehileng ho khothatsa bo-pula-maliboho. Ha sehlopha sa baholo se kopana, se lokela hore kamehla se hlahlobe litlhoko tsa bo-pula-maliboho. Ha pula-maliboho a nyahame kapa a thulana le mathata a itseng, u se ke ua potlakela ho buella hore a tlohele bopula-maliboho. Le hoja ho etsa puello e joalo ho ka hlokahala maemong a mang, u se ke ua lebala hore ho bula maliboho ke tokelo ea bohlokoa eo mohlanka oa nako e tletseng a ka e ananelang ka ho teba. Khothatso e nyenyane le keletso e utloahalang kapa thuso e ka ’na ea e-ba sona feela se hlokahalang. Ofisi ea lekala ea Mokhatlo Spain ea ngola: “Ha baholo ba khothalletsa bopula-maliboho, ba tšehetsa bo-pula-maliboho tšebeletsong ea tšimo, ’me ba ba lisa kamehla, bo-pula-maliboho ba ba le thabo e eketsehileng, ba ikutloa ba le molemo, ’me ba batla ho tsoela pele ho sa tsotellehe litšitiso tse ka ’nang tsa hlaha.”

22. Nakong ena e mahlonoko historing ea batho, re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

22 Re phela nakong e mahlonoko historing ea batho. Jehova o re file mosebetsi o pholosang bophelo hore re o finyelle. (Baroma 10:13, 14) Ebang re ka kopanela mosebetsing ona ka nako e tletseng re le bo-pula-maliboho kapa che, a re bontšeng moea oa bopula-maliboho. A re beng le boikutlo ba ho potlaka le moea oa ho itela. A re ikemisetseng ho fa Jehova seo a se kōpang ho rōna—tšebeletso ea moea oohle. ’Me a re hopoleng hore ha re etsa sohle seo re ka se khonang, ebang se tšoana le licheletana tsa tšepe tsa mohlolohali kapa oli ea Maria e theko e boima, tšebeletso ea rōna ke ea moea oohle, ’me Jehova o ananela tšebeletso ea rōna ea moea oohle!

Na U sa Hopola?

◻ Ke hobane’ng ha tšebeletso ea nako e tletseng e tlisa boikutlo ba khotsofalo le thabo?

◻ Ka phihlelo, bo-pula-maliboho ba bangata ba tseba eng ka matla a Jehova a ho hlokomela bahlanka ba hae?

◻ Bo-pula-maliboho ba ikutloa hore tšebeletso ea bona e na le liphello life kamanong ea bona le Jehova?

◻ U ka bontša moea oa bopula-maliboho joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Bo-pula-maliboho ba fumana thabo e khōlō ha ba etsa barutuoa

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Bana ba hao ba ka fumana molemo ka ho tloaelana le baboleli ba ’Muso ba nako e tletseng

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Baholo ba ka khothatsa bo-pula- maliboho tšebeletsong ea tšimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela