Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Mamello e Tlisa Tlhohonolofatso ea Molimo Malawi
JOSEFA e ne e le mohlanka oa Jehova ea tšepahalang. (Baheberu 11:22) E ne e boetse e le monna ea nang le mamello e ikhethileng. Le hoja a ile a ekoa ke barab’abo, a rekisetsoa ho ba lekhoba ka makhetlo a mabeli, ’me hamorao a kenngoa teronkong tlas’a qoso ea bohata, Josefa ha aa ka a fela matla. Ho e-na le hoo, o ile a mamella lilemo tsa matšoenyeho, a letetse tlhohonolofatso ea Jehova ka boikokobetso.—Genese 37:23-28, 36; 39:11-20.
Ka tsela e tšoanang, le kajeno Lipaki tsa Jehova tsa Malawi li ile tsa letela tlhohonolofatso ea Molimo ka mamello. Ka lilemo tse 26, Lipaki tsena tsa Bakreste li ile tsa mamella lithibelo tse tsoang ’musong, ho hanyetsoa ka matla le lihlōhō tse ngata. Empa mamello ea tsona e hlahisitse moputso!
Ha mahloriso a qhoma Malawi mafelong a 1967, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba ka bang 18-000. Nahana thabo eo Lipaki li ileng tsa ba le eona ha li tseba hore selemo sa tšebeletso sa 1997 se qalile ka palo e ncha ea bahoeletsi ba 38 393—palo e fetang habeli ea ha thibelo e ne e qala! Ho feta moo, palo ea ba bileng teng Likopanong tse 13 tsa Setereke tsa “Manģosa a Khotso ea Bomolimo,” tse neng li tšoaretsoe Malawi e ile ea nyolohela ho ba ka holimo ho 117 000. Ka sebele, Jehova o hlohonolofalitse tumelo le mamello ea tsona.
Mohlala oa tlhohonolofatso ena o bonahala phihlelong ea mocha e mong ea bitsoang Machaka. Ha Machaka a amohela ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, batsoali ba hae ba ile ba khoboheloa haholo. Ba ile ba re: “Haeba u batla ho ba Paki, u re tsoele ka ntlo.” Leha ho le joalo, tšoso eo ha ea ka ea mo nyahamisa ho tsoeleng pele a ithuta. Ka lebaka la seo, batsoali ba Machaka ba ile ba mo amoha liaparo tsohle tsa hae. Barab’abo rōna ba ile ba nka khato ea ho mo rekela tse ling. Ha batsoali ba Machaka ba tseba ka sena, ba ile ba mo bolella: “Haeba Lipaki li tla u phelisa, tsamaea u e’o lula le tsona.” Ka mor’a hore Machaka a nahanisise taba eo ka hloko, o ile a tloha lapeng, ’me lelapa la Lipaki la phuthehong ea moo le ile la lula le eena.
Batsoali ba Machaka ba ne ba tenehile hoo ba ileng ba etsa qeto ea ho tloha sebakeng seo e le hore ba ka qoba ka hohle ho kopana le Lipaki. Ho hlakile hore Machaka o ne a tšoentsoe ke taba ena, empa o ile a tšelisoa haholo ke ha barab’abo rōna ba buisana le eena ka Pesaleme ea 27:10, e reng: “Leha ntate le ’mè ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.”
Ka mor’a nako, batsoali ba Machaka ba ile ba kokobela, ’me o ile a etsa qeto ea ho khutlela lapeng. Ho bonahala boikemisetso ba mora eo oa bona ba ho sebeletsa Jehova bo ba khahlile haholo hobane le bona ba ile ba batla ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova! Ba ile ba boela ba e-ba teng ka matsatsi ’ohle a mararo a Kopano ea Setereke ea “Manģosa a Khotso ea Bomolimo,” eo ka mor’a eona ba ileng ba susumelletseha ho re: “Ka sebele, ona ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo.”
E, khanyetso e ka ’na ea beha motho tekong, empa manģosa a tšepahalang a Molimo ha a tele. A tsoela pele ka sebete, a tseba hore “matšoenyeho a hlahisa mamello; mamello, eona, boemo bo amohelehang.” (Baroma 5:3, 4) Ka nepo, Lipaki tsa Jehova tsa Malawi li ka fana ka bopaki ba hore mamello e tsoala tlhohonolofatso ea Molimo.