Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 5/1 maq. 5-7
  • Jehova ke Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova ke Mang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bohlokoa ba Lebitso la Hae
  • Litšobotsi Tse ka Sehloohong Tsa Jehova
  • Molimo oa Lichaba Tsohle
  • Melemo ea ho Tseba Jehova
  • Jehova—Ke Mang?
    Jehova—Ke Mang?
  • Molimo oa ’Nete ke Mang?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Tlotlisa Jehova e le Eena Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Lebitso la Molimo ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 5/1 maq. 5-7

Jehova ke Mang?

JEHOVA o ile a bolella e mong oa barapeli ba hae ba tšepahalang: “Ha ho motho ea ka mponang, ’me a phela.” (Exoda 33:20) “Molimo ke Moea,” ’me batho ba ke ke ba mo bona ka mahlo a bona a nama. (Johanne 4:24) Joalokaha ho sheba letsatsi ka ho toba motšehare oa lengeta ho ka re senya mahlo, ka ho tšoanang, re ka timetsoa ke ho bona Mohloli o hlollang oa matla, o sa bōpang letsatsi la rōna le phatsimang feela, empa o boetseng o bōpileng le linaleli tse se nang palo tse bokahohleng.

Ho thabisang ke hore ha ho hlokahale hore re bone Molimo e le hore re mo tsebe. Bibele e re tsebisa ka Ea re lokiselitseng sephutheloana sena se tsotehang, lefatše, ’me e senola botho ba hae. Ka hona, ke habohlokoa hore re hlahlobe Bibele e le hore re tsebe ka Ntate ea re fileng bophelo le ho re fa lehae le letle leo re ka thabelang bophelo boo ho lona.

Bohlokoa ba Lebitso la Hae

Mabitso ’ohle a na le seo a se bolelang, le hoja ba bangata ba ka ’na ba se ke ba hlokomela sena kajeno. Ka mohlala, lebitso le tloaelehileng la Sesotho, Davida, le tsoa lentsoeng la Seheberu le bolelang “Ea Ratoang.” Lebitso la ’Mōpi, Jehova, le lona le na le seo le se bolelang. Le bolela’ng? Puong ea Seheberu eo Bibele e simolotseng ho ngoloa ka eona, lebitso la Molimo le ngotsoe ka litlhaku tse ’nè, YHWH, ’me le hlaha ka makhetlo a ka bang 7000 karolong ea Seheberu ea Bibele. Ho utloisisoa hore lebitso la Molimo le bolela “O Etsa Hore ho be Teng.” Le fana ka maikutlo a hore ka bohlale, Jehova o iketsa ntho leha e le efe eo a e batlang e le hore a finyelle merero ea hae. Ke ’Mōpi, Moahloli, Mopholosi le ’Moloki oa Bophelo, kahoo a ka phethahatsa litšepiso tsa hae. Ho phaella moo, Seheberung lebitso Jehova le boemong ba puo bo hlalosang ketso e ntseng e phethahatsoa. E, Jehova o ntse a tsoela pele ho iketsa mophethahatsi oa merero ea hae. Ke Molimo ea phelang!

Litšobotsi Tse ka Sehloohong Tsa Jehova

Bibele e hlalosa ’Mōpi e le “Molimo ea mohau le ea lereko‚ ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete‚ ea bolokelang ba likete mosa o lerato‚ ea tšoarelang phoso le tšito le sebe.” (Exoda 34:6, 7, NW) Polelo “mosa o lerato” e fetisa moelelo oa bohlokoa oa lentsoe la Seheberu. E bolela mosa oo ka lerato o khomarelang ntho e itseng ho fihlela morero oa oona bakeng sa ntho eo o finyeletsoe. E ka boela ea fetoleloa e le “lerato le tšepahalang.” Ka lerato, mosa oa Jehova o khomarela libōpuoa tsa hae ’me o finyella morero oa hae o babatsehang. Na u ke ke ua nka lerato le joalo le tsoang ho Ea u fileng bophelo e le la bohlokoahali?

Jehova o lieha ho halefa ’me o potlakela ho tšoarela liphoso tsa rōna. Hoa thabisa ho ba haufi le motho ea joalo. Leha ho le joalo, seo ha se bolele hore o lumella liphoso. O boletse: “’Na Jehova, ke rata toka, ke hloile tlatlapo hammoho le ho se loke.” (Esaia 61:8, NW) E le Molimo oa toka, a ke ke a mamella ka ho sa feleng baetsalibe ba tellang, ba phehellang bokhopo ba bona. Ka hona, re ka kholiseha hore ka nako ea hae e tšoanetseng, Jehova o tla lokisa ho hloka toka ho teng lefatšeng. A ke ke a hlokomoloha ba mahlomoleng.

Ha ho bonolo ho boloka teka-tekano lipakeng tsa lerato le toka. Haeba u motsoali, na u ho fumana ho le thata ho etsa qeto ea hore na ke neng, joang hona ho isa bohōleng bofe u ka khalemelang bana ba hao ha ba itšoara ka tsela e sa lokelang? Ho leka-lekanya toka le kutloelo-bohloko e lerato ho hloka bohlale bo boholo. Jehova o bonahatsa tšobotsi eo haholo ha a sebelisana le batho. (Baroma 11:33-36) Ka sebele, bohlale ba ’Mōpi bo ka bonoa hohle, mohlala e ka ba limakatsong tsa pōpo tse re potileng.—Pesaleme ea 104:24; Liproverbia 3:19.

Leha ho le joalo, ho ba le bohlale ha hoa lekana. E le hore a phethe thato ea hae, ’Mōpi o boetse o lokela ho ba le matla, ’me Bibele e senola hore o na le matla a maholo: “Lelalang holimo, le talime! Ea entseng ntho tseo ke mang? O tsamaisa makhotla a tsona ka lenaneo, o li thonya kaofela ka mabitso a tsona ka matla a hae a maholo, matla a hae a sa sitoeng ke letho; ha ho le e ’ngoe ho tsona e hlokahalang.” (Esaia 40:26) Jehova o etsa lintho ka ‘matla a maholo.’ Na tšobotsi e joalo e ke ke ea u hulela ho eena?

Molimo oa Lichaba Tsohle

U ka ’na ua ipotsa, ‘Empa na Jehova hase Molimo oa “Testamente ea Khale,” Molimo oa Iseraele ea boholo-holo?’ Ke ’nete hore Jehova o ile a itšenola ho Baiseraele. Leha ho le joalo, ka lebaka la hore o ile a bōpa batho ba babeli ba pele, Jehova ke Molimo “eo lelapa le leng le le leng . . . lefatšeng le nang le lebitso ka lebaka la hae.” (Baefese 3:15) Haeba u lumela hore ho nepahetse ho hlompha baholo-holo ba hao, na e ke ke ea e-ba ho loketseng haholoanyane ho khumamela Ea fileng motho oa pele bophelo, moholo-holo oa rōna bohle eo e leng motso oa meloko eohle e teng kajeno lefatšeng?

’Mōpi oa batho o na le mohopolo o seng leeme. Ke ’nete hore o kile a ba le kamano e khethehileng le sechaba sa Iseraele. Empa le ka nako eo, o ile a amohela bohle ba neng ba ipiletsa lebitsong la hae. Morena ea bohlale oa Iseraele o ile a re ha a rapela Jehova: “Molichaba, eo e seng oa sechaba sa hao sa Iseraele, ea tsoang lefatšeng le hole ka baka la lebitso la hao . . . , u mamele, u le maholimong, . . . ’me u etse ka tsohle tsee motho eo oa molichaba a tla li kopa ho uena, hore lichaba tsohle tsa lefatše li tle li tsebe lebitso la hao.” (1 Marena 8:41-43) Ho fihlela kajeno, batho ba lichaba tsohle ba ka tseba Jehova ’me ba ba le kamano ea bohlokoa le eena. Empa seo se u ama joang?

Melemo ea ho Tseba Jehova

Ha re khutlela papisong e fanoeng sehloohong se fetileng, haeba u ile ua fumana sephutheloana se phuthetsoeng hantle, ka tlhaho u ne u tla rata ho tseba lebaka la ho fuoa mpho eo. E lokela ho sebelisoa le ho hlokomeloa joang? Ka mokhoa o tšoanang, re batla ho tseba hore na Molimo o ne a nahanne eng ha a re etsetsa lefatše. Bibele e re ‘ha aa le bōpela lefeela’ empa o ‘le bōpetse hore le ahuoe’ ke batho.—Esaia 45:18.

Leha ho le joalo, batho ba bangata ha baa tšoara mpho ena ea ’Mōpi hantle. Ba ntse ba senya lefatše, e leng ho sa thabiseng Jehova ho hang. Empa tumellanong le seo lebitso la hae le se bolelang, Jehova o ikemiselitse ho finyella morero oa hae oa tšimolohong bakeng sa motho le lefatše. (Pesaleme ea 115:16; Tšenolo 11:18) O tla lokisa lefatše ’me a fane ka lona e le lefa la ba ikemiselitseng ho phela e le bana ba hae ba mo mamelang.—Matheu 5:5.

Buka ea ho qetela ea Bibele e hlalosa hore na lintho li tla ba joang ha seo se etsahala: “Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, ’me o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. . . . ’Me o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:3, 4) Ha ho ea tla ntša meokho ea ho sareloa kapa ea tla siama ka lebaka la ho lahleheloa ke motho eo a mo ratang. Ha ho ea tla kōpa thuso ka ho felloa ke tšepo kapa ea tla hlokofatsoa ke boloetse bo bolaeang. Esita le “lefu le tla etsoa lefeela.” (1 Bakorinthe 15:26; Esaia 25:8; 33:24) Sena se hlalosa mofuta oa bophelo oo tšimolohong Jehova a neng a batlile hore re o thabele ha a bōpa baholo-holo ba rōna ba pele.

Ka sebele, u ka latsoa esale pele maemo ao a kang a paradeise hona joale ka hare ho barapeli ba Jehova. Oa ba bolella: “’Na Jehova, Molimo oa hao, ke u ruta se u tšoanelang, ke u tsamaisa ka tsela eo u tšoanetseng ho tsamaea ka eona.” (Esaia 48:17) Jehova ke Ntate ea mosa ea rutang rōna bana ba hae tsela e molemohali eo re ka phelang ka eona. Melao ea hae e tataisang batho e fana ka tšireletso e lerato, eseng thibelo e sa hlokahaleng. Ho e latela ho tla fella ka tokoloho ea ’nete le thabo, joalokaha ho ngotsoe: “Joale Jehova ke Moea; ’me moo moea oa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho.” (2 Bakorinthe 3:17) Ka ho latela melao e tataisang e boletsoeng ka Bibeleng, ba amohelang bobusi ba hae ba se ba ntse ba latsoa khotso ea kelello eo ka letsatsi le leng e tla tlala lefatšeng lohle la moloko oa motho.—Bafilippi 4:7.

Jehova ke Ntate ea mosa hakaakang! Na u rata ho tseba ho eketsehileng ka Eo ea entseng limakatso tsohle tsa pōpo? Bakeng sa ba ratang, melemo ea hona ke e ke keng ea lekanngoa esita le hona joale. ’Me litlhohonolofatso e tla ba tsa ka ho sa feleng nakong e tlang.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Lebitso la Molimo le ngotsoeng ka litlhaku tse ’nè tsa Seheberu le ka bonoa maboteng a likereke tse ngata tsa khale

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela