Hlokomela Basomi!
Kajeno ho bolela lintho esale pele ho atile, ’me thuto e sebetsanang le bokamoso e ata ka potlako. The Daily Telegraph ea London ea hlokomela: “Ha selemo sa 2000 se ntse se atamela, ho etsahala ntho e ’ngoe e sa tloaelehang empa e se e hlahileng ka tšohanyetso. Batho ba likete ho pota lefatše ba ba le lipono tse sa tloaelehang ’me hangata e le tse tšosang mabapi le bokamoso.” Ho litsebi tse ngata ho thahasella bokamoso hona ho matla ke feela ho phetoa ha liphetoho tseo ho ’nileng ha tšeptjoa hore li tla ba teng tse sa kang tsa phethahala.
HA LIKOLOI tse huloang ke lipere li ntse li eketseha lekholong la bo19 la lilemo, monna e mong o ile a bolela esale pele hore metse ea Europe e ne e tla qetella e tletse bokuluba. Ha e le hantle seo se ile sa ipaka ho ba bohata. Kahoo, ha e hatisa kamoo lintho tse boleloang esale pele li atisang ho hlōleha kateng, The Times ea London e ile ea re: “Bokamoso ke feela thoto ea bokuluba.”
Ba bang ba soma ba bonelang kotsi pele. Ka mohlala, moprofesa e mong oa khoebo univesithing e ’ngoe ea United States o ile a phephetsa ba lemosang ka ho senyeha ha tikoloho hore ba beche hore na boemo bo ne bo tla mpefala kapa che. Joalokaha ho tlalehiloe makasineng ea New Scientist, o bolela hore “boleng ba bophelo ba rōna boa ntlafala ’me bo tla tsoela pele ho ntlafala bo sa khaotse.”
Har’a moferefere oa lipolelo le lipolelo tse hanyetsang, ba bangata ba lumela hore ha e le hantle ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla lula e sa fetoha. Ba soma monahano ofe kapa ofe oa ho kenella ha Molimo litabeng tsa batho, ba bontša maikutlo a kang a basomi ba lekholong la pele la lilemo C.E.
Na Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe e Ntse e le Joalo?
Lengolo la bobeli le bululetsoeng la moapostola oa Mokreste Petrose, le ngotsoeng hoo e ka bang ka 64 C.E., le ile la lemosa: “Matsatsing a ho qetela ho tla tla basomi ka ho soma ha bona, ba tsoela pele ho ea ka litakatso tsa bona.”—2 Petrose 3:3.
Basomi ba batla ho etsa hore ntho eo ba e somang e bonahale e qabola. Motho ea inehelang ho someng e ka ’na eaba o oela lerabeng la boithati hobane hangata mosomi o batla hore ba mo mamelang ba amohele pono ea hae. Mohlomong basomi ba bang bao Petrose a ileng a lemosa ka bona ba ne ba le tjena, “ba tsoela pele ho ea ka litakatso tsa bona.” Ha a lemosa babali ba hae, moapostola enoa o ile a sebelisa polelo e hatisang. O ile a lemosa ka ho fihla ha “basomi ka ho soma ha bona.”
Basomi bao ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba belaella bonnete ba ‘ho ba teng ho tšepisitsoeng’ ha Kreste, ba re: “Ho kae ho ba teng hoo ho tšepisitsoeng ha hae? Ka sebele, ho tloha letsatsing la ha baholo-holo ba rōna ba robala lefung, lintho tsohle li tsoela pele hantle feela joaloka ho tloha tšimolohong ea pōpo.” (2 Petrose 3:4) Ho bona ho ne ho bonahala ho le ka tsela eo. Empa, morao koana selemong sa 33 C.E., Jesu o ne a boletse esale pele koluoa e neng e tla tlela motse oa Jerusalema. O ile a re: “Matsatsi a tla u tlela a ha lira tsa hao li tla haha thibello e nang le lithupa tse nchocho ho u likoloha ’me li tla u pota-pota ’me li u bakele mahlomola ka mahlakoreng ’ohle, ’me li tla u tabanya fatše le bana ba hao ba ka hare ho uena, ’me ha li na ho tlohela lejoe holim’a lejoe ho uena.” Ba ileng ba soma temoso eo ba ne ba fositse hakaakang! Ka 70 C.E., mabotho a ntoa a Baroma a ile a lika-liketsa Jerusalema ’me a timetsa motse oo, ’me baahi ba oona ba bangata ba e-shoa. Ke hobane’ng ha boholo ba baahi ba motse oo bo ne bo sa itokisetsa tlokotsi ee? Hobane ba ne ba sa lemoha hore Molimo o ne a ba hlahlobile ka Mora oa hae, Jesu.—Luka 19:43, 44.
Moapostola Petrose o bua ka ho kenella ha ka moso ha Molimo ea Matla ’Ohle. Petrose oa lemosa: “Letsatsi la Jehova le tla tla joaloka lesholu.” (2 Petrose 3:10) Ka nako eo Molimo o tla felisa ba sa mo tšabeng lefatšeng lohle ’me a sireletse ba fumanoang ba lokile. Joalokaha koranta ena e ’nile ea hlalosa khafetsa, “ho ba teng” ha Kreste Jesu ho ile ha qala ka 1914. Empa ho nka bohato ha hae e le Mophethahatsi oa Kahlolo oa Molimo ea tla tlosa bokhopo ho sa ntse ho tla etsahala. Ka lebaka leo, temoso ea moapostola enoa ea ho hlokomela basomi, hona joale e potlakile haholoanyane.
E ka ’na eaba e se e le nako e telele u letetse hore Molimo a kenelle litabeng tsa batho. Ke’ng se tla u thusa hore u tsoele pele u letile ka ho se fele pelo u sa fetohe phofu ea basomi? Ka kōpo bala ho ea pele.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
“Matsatsi a tla u tlela a ha lira tsa hao li tla . . . u pota-pota ’me li u bakele mahlomola ka mahlakoreng ’ohle, . . . ’me ha li na ho tlohela lejoe holim’a lejoe ho uena.” Eo e ne e se temoso e lokelang ho songoa. Mabotho a ntoa a Baroma a ile a timetsa Jerusalema, ’me ho ile ha e-shoa batho ba bangata.