Lebaka Leo ka Lona ba Bang ba Fetolang Bolumeli ba Bona
Ho ba bangata, bolumeli ke lebitso feela. Bo ka ’na ba bontša moo motho a eang teng ka linako tse ling ka Sontaha, moo tšebeletso ea hae ea lenyalo le ea lepato li tla tšoareloa teng. Empa ha bo bolele hore na ke motho oa mofuta ofe kapa hore na o tseba eng le ho lumela eng. Ka mohlala, patlisiso e ’ngoe e ile ea senola hore karolo ea 50 lekholong ea ba bolelang hore ke Bakreste e ne e sa tsebe hore na ke mang ea ileng a fana ka Thuto ea Thabeng. Ka sebele, esita le moeta-pele oa India ea tummeng Mohandas Gandhi, oa Mohindu, o ne a tseba hore na ke mang!
NA HOA makatsa hore ebe batho ba suthela hōle le bolumeli ha bongata ba bona bo e-na le tsebo e fokolang hakana ka tumelo ea bona? Che, ha ho makatse. Leha ho le joalo, ho boetse ho ka qojoa. Ba amohetseng thuso ea ho ithuta Bibele hangata baa makala ha ba hlokomela kamoo e ba ruisang molemo kateng. Bibele ka boeona e re: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, Ea u rutang ho ithuisa molemo, Ea u tsamaisang ka tsela eo u tšoanetseng ho tsamaea ka eona.”—Esaia 48:17, NW.
Ba ntseng ba lapile moeeng ba lokela ho etsa eng? Ha baa lokela ho khaotsa ho sebeletsa Molimo! Ho e-na le hoo, ba lokela ho hlahloba Bibele ’me ba bone hore na Molimo o ba fumantša eng.
Likarabo Tsa Lipotso Tse Thata
Ha a le lilemo li supileng, Bernd o ile a bona ha ’mè oa hae a e-shoa.a Ho pholletsa le bongoana ba hae, o ile a ipotsa, ‘’Mè o hokae? Ke hobane’ng ha ke lokela ho hōla ke se na eena?’ Ha e le mocha, Bernd e ne e le setho sa kereke se mafolofolo. Kaha o ne a amehile ka mahlomola a moloko oa batho, o ile a ba le tšepo ea hore o tla sebetsa e le mothusi linaheng tse ling. Ho ntse ho le joalo, o ile a tšoenngoa ke lipotso tseo kereke ea hae e neng e sa li arabe ka tsela e khotsofatsang.
Eaba Bernd o bua le seithuti-’moho le eena seo ho ileng ha etsahala hore ebe ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Mocha enoa o ile a bontša Bernd ka Bibele hore ’mè oa hae ha a ikutloe, o robetse lefung. Bernd o ile a ithuta litemana tsa Bibele tse ngata tse hlalosang sena, tse kang Moeklesia 9:5: “Empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” Ka hona Bernd o ne a se na lebaka la ho tšoenyeha ka hore ’mè oa hae o utloa bohloko mofuteng o itseng oa pelekatori—kapa ho hong ho hobe ho feta moo. Le hoja thuto ea moea o sa shoeng e rutoa malumeling a mangata, ka Bibeleng Bernd o ile a bona hore moea oa motho ke motho. Ha motho a e-shoa, moea oa shoa. “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.”—Ezekiele 18:4.
Bernd o ile a boela a ithuta ka tebello e babatsehang bakeng sa bafu. O ile a ipalla sena bukeng ea Bibele ea Liketso: “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng hammoho le ba sa lokang.” (Liketso 24:15) O ne a thabile hakaakang ha a hlokomela hore tsoho ena e tla etsahala mona lefatšeng, leo Molimo a tla etsa hore e boele e be paradeise!—Pesaleme ea 37:29; Tšenolo 21:3, 4.
Litlhoko tsa Bernd tsa moea li ile tsa khotsofatsoa kapele ka tsebo ea sebele ea Bibele. Bernd ha aa ka a furalla bolumeli. Ho e-na le hoo, o ile a furalla kereke e neng e sa khone ho mo khorisa ’me a amohela mofuta oa borapeli o thehiloeng ka ho tiea Bibeleng. O re: “E bile lilemong tse 14 tse fetileng, ’me ha ho mohla nkileng ka ikoahlaela bohato boo. Hona joale kea tseba hore ’Mōpi ha a bake mahlomola. Satane ke molimo oa tsamaiso ena, ’me o molato bakeng sa maemo a re potolohileng. Empa haufinyane Molimo o tla lokisa tšenyo eohle e entsoeng ke lefatše la Satane. ’Mè le eena o tla khutla ka tsoho. E tla ba thabo e kaakang!”
Ntle le moo, Bernd o finyeletse pakane ea hae ea ho sebetsa linaheng tse ling a thusa ba bang. O sebetsa naheng e ’ngoe a thusa ba bang ho ithuta ka ’Muso oa Molimo, tharollo ea sebele mesarelong ea bona. Joaloka Bernd, ba limilione ba ithutile hore haufinyane Molimo o tla felisa mahlomola a batho. Ba thabetse ho hlokomela hore ho na le bolumeli bo khotsofatsang litlhoko tsa bona tsa moea.—Matheu 5:3.
Morero oa Bophelo ke Ofe?
Ha linaha tsa Bophirimela li ntse li e-ba bolefatše haholoanyane, ba bangata baa botsa, ‘Morero oa bophelo ke ofe?’ Karabo e ka fumanoa ka Bibeleng, joalokaha Michael a ile a hlokomela. Bohareng ba bo-1970, Michael o ne a batla ho kena sehlopheng sa likhukhuni. O ne a e-na le pakane e le ’ngoe feela bophelong—ho hlasela batho bao a neng a nahana hore baa ikarabella bakeng sa ho hloka toka ha tsamaiso ea bokapitale. O re: “Ha ho mohla ke neng ke tloha hae ke sa nka sethunya sa ka. Morero oa ka e ne e le ho bolaea bo-ralipolotiki le bakapitale ba ka sehloohong ba bangata kamoo ho ka khonehang. Nka be ke nehetse bophelo ba ka pakaneng eo.”
Michael o ne a kena kereke, empa ha ho le ea mong kerekeng ea hae ea neng a ka hlalosa morero oa sebele oa bophelo. Ka hona ha Lipaki tsa Jehova li etela ha hae ’me li mo bontša likarabo tsa Bibele lipotsong tsa hae, Michael o ile a mamela ka hloko. O ile a qala ho ea libokeng tsa borapeli Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova e sebakeng sa habo.
Metsoalle ea Michael e ne e labalabela ho tseba ho hong ka thahasello eo a neng a sa tsoa ba le eona Bibeleng. Michael o ile a ba phehella: “Tloong libokeng Sontaheng sena. Lulang ka nakoana. Haeba le sa rate seo le se utloang, joale le ka ea hae.” Ho ile ha hla ha e-ba joalo, ka mor’a puo ea metsotso e 45 e thehiloeng Bibeleng, bongata ba metsoalle ea hae bo ile ba tloha holong. Ho ile ha sala Susan feela. Moroetsana enoa o ne a hloletsoe ke seo a neng a se utloile. Hamorao Michael le Susan ba ile ba nyalana ’me ba kolobetsoa e le Lipaki tsa Jehova. Michael o re: “Joale kea tseba hore na ke hobane’ng ha re le mona lefatšeng. Re bōpiloe ke Jehova. Morero oa rōna oa sebele bophelong ke ho mo tseba le ho etsa thato ea hae. Seo ke sona se tlisang khotsofalo ea sebele!”
Ba limilione ba na le tumelo eo Michael a nang le eona. Ba nka ka botebo mantsoe ana a Bibele: “Bofello ba taba tseo kaofela ke jona: Tšaba Molimo, u boloke litaelo tsa oona, hobane, ke eona tšoanelo eohle ea motho.”—Moeklesia 12:13.
Ho Sebetsana ka Katleho le Mathata a Bophelo
Kaofela re latsoa phethahatso ea boprofeta bo fumanoang ho 2 Timothea 3:1: “Matsatsing a ho qetela linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona li tla ba teng.” Ha ho motho ea ka pholohang mathata a “linako [tsena] tse mahlonoko.” Empa Bibele e re thusa ho sebetsana le ’ona.
Nahana ka Steven le Olive, bao e leng banyalani. Ha ba ne ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, bona, joaloka ba bang ba bangata, ba ne ba e-na le mathata a lenyalo. Steven oa hlalosa: “E mong o ne a suthela hōle le e mong. Re ne re e-na le lipakane le lithahasello tse sa tšoaneng.” Ke’ng se ileng sa ba thusa ho lula ’moho? Steven o tsoela pele: “Lipaki tsa Jehova li ile tsa re bontša kamoo re ka sebelisang melao-motheo ea Bibele bophelong ba rōna kateng. Re ne re qala ho ithuta hore na ho se be moithati le ho tsotella ho bolela’ng. Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho ile ha re tlamahanya. Hona joale re thabela lenyalo le thabileng, le tsitsitseng.”
Kamano e Haufi le Molimo
Ho latela phuputso e sa tsoa etsoa ea Gallup, karolo ea 96 lekholong ea Maamerika e lumela ho Molimo, ’me bongata ba ’ona boa mo rapela. Empa, phuputso e ’ngoe e ile ea bontša hore hona joale palo ea ba bang teng kerekeng le synagogeng e tlaase ka ho fetisisa ka nako e etsang lilemo tse mashome a mahlano. Hoo e ka bang karolo ea 58 lekholong ea Maamerika e bolela hore e ea kerekeng hang ka khoeli kapa ka makhetlo a ka tlaase ho moo. Ho hlakile hore bolumeli ha boa a atametsa haufi le Molimo. ’Me bothata bona hase ba United States feela.
Linda o hōletse Bavaria. E ne e le Mok’hatholike ea mafolofolo ’me a rapela kamehla. Ka nako e tšoanang, o ne a tšohile bokamoso. O ne a sa tsebe letho ka morero oa Molimo bakeng sa batho. A sa ntse a le lilemo li 14 feela, Linda o ile a kopana le Lipaki tsa Jehova, ’me oa tlaleha: “Seo li neng li se bua se ne se thahasellisa, ka hona ke ile ka amohela lithuso tse peli tsa ho ithuta Bibele ’me ka li bala hang-hang.” Lilemo tse peli hamorao, Linda o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. O re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke ileng ka ithuta eona ka Molimo Bibeleng e ne e utloahala.” Linda o ile a itokolla kerekeng ea hae ’me a kolobetsoa e le Paki ea Jehova ha a le lilemo li 18.
Linda o ne a susumetsoa ke eng hore a fetole bolumeli ba hae? Oa hlalosa: “Kereke ea ka e ile ea nthusa ho bona hore Molimo o teng, ’me ke ile ka ithuta ho lumela ho eena. Empa o ne a se na kamano ea botho le ’na a bile a le hōle. Thuto ea ka ea Bibele ha ea ka ea tiisa tumelo ea ka ho Molimo feela empa e ile ea boela ea nthusa ho mo tseba le ho mo rata. Hona joale ke na le kamano ea botho ea bohlokoa le Molimo, e leng ntho ea bohlokoa ho feta ntho efe kapa efe e ’ngoe.”
Bolumeli ba ’Nete bo Molemo!
Na bolumeli ba hao boa u tataisa moeeng le ho u bontša kamoo Bibele e ka u thusang kateng ho sebetsana le mathata a bophelo? Na bo ruta ka tšepo ea Bibele ea bokamoso? Na bo etsa hore u be le kamano e haufi, ea botho le ’Mōpi, e thehiloeng tsebong e nepahetseng ea Bibele? Haeba ha ho joalo, u se ke ua tela. Ho e-na le ho tlohela bolumeli, batla mofuta oa borapeli bo thehiloeng Bibeleng ka ho tiea. Joale u tla ba joaloka bao ho profetiloeng ka bona bukeng ea Bibele ea Esaia: “Ho itsoe ke Morena Jehova: Bonang, bahlanka ba ka ba tla ja . . . bahlanka ba ka ba tla noa . . . bahlanka ba ka ba tla thaba . . . Bahlanka ba ka ba tla bina, ka baka la thabo ea lipelo tsa bona.”—Esaia 65:13, 14.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Bibele e re thusa ho tseba Molimo le ho mo rata