Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 7/15 maq. 9-14
  • Hlokomelang ho Hloka Tumelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hlokomelang ho Hloka Tumelo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha ho Fanoe ka Keletso e Matla Hakaale?
  • Ea Moholoanyane ho Moshe
  • “Le se ke la Thatafatsa Lipelo Tsa Lōna”
  • Seo re ka Ithutang Sona
  • U se ke Ua Tela Peisong ea Bophelo!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Buka ea Bibele ea 58—Ba-Heberu
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lengolo le Tla re Thusa ho Mamella ka Botšepehi ho Fihlela Qetellong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • A re Beng Mofuta o Nang le Tumelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 7/15 maq. 9-14

Hlokomelang ho Hloka Tumelo

“Hlokomelang, barab’eso, esere le ka mohla ho ka hōla ho mang kapa mang oa lōna pelo e khopo e hlokang tumelo ka ho suthela hōle le Molimo ea phelang.”—BAHEBERU 3:12.

1. Mantsoe a Pauluse ho Bakreste ba Baheberu a re hlokomelisa ka ’nete efe e tšosang?

KE KHOPOLO e tšosang hakaakang—hore ebe batho ba kileng ba e-ba le kamano ea botho le Jehova ba ka hlaolela “pelo e khopo” ’me ‘ba suthela hōle le Molimo ea phelang’! ’Me see ke temoso e kaakang! Mantsoe ana a moapostola Pauluse a ne a sa ngolloa batho ba sa lumelang, empa a ne a ngoletsoe batho ba neng ba nehetse bophelo ba bona ho Jehova motheong oa tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu Kreste.

2. Ke lipotso life tseo re lokelang ho li hlahloba?

2 Ke joang motho ea boemong bo hlohonolofalitsoeng joalo ba moea a ka hlaolelang “pelo e khopo e hlokang tumelo”? Ka sebele, ke joang motho ea kileng a latsoa lerato la Molimo le mosa oa hae o sa tšoanelang a ka suthelang hōle le eena ka boomo? ’Me na see se ka etsahalla leha e le ofe oa rōna? Mehopolo ena e tebile, ’me e re tlama ho hlahloba lebaka le entseng hore ho fanoe ka temoso ena.—1 Bakorinthe 10:11.

Ke Hobane’ng ha ho Fanoe ka Keletso e Matla Hakaale?

3. Hlalosa maemo a neng a ama Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba le Jerusalema le mathokong a eona.

3 Ho bonahala eka Pauluse o ile a ngola lengolo la hae le eang ho Bakreste ba Baheberu ba neng ba le Judea ka 61 C.E. Rahistori e mong o ile a hlokomela hore e ne e le nako eo ka eona “ho neng ho se na khotso kapa tšireletseho bakeng sa batho leha e le bafe ba hlaphohetsoeng le ba tšepahalang, ebang e ne e le motseng oa Jerusalema kapa leha e le kae ho pholletsa le profinse eo eohle.” E ne e le mehla ea ho hloka molao le pefo, e neng e bakoa ke motsoebere oa boteng ba mabotho a hatellang a Rōma, ho iketsa sebete ha Mazelote a Bajuda a neng a hanyetsa Baroma le liketso tsa bonokoane tsa masholu a neng a nka monyetla linakong tsa meferefere. Kaofela ha tsona li ile tsa thatafatsa lintho haholo bakeng sa Bakreste ba neng ba leka ka matla hore ba se tšoasehe litabeng tse kang tseo. (1 Timothea 2:1, 2) Ha e le hantle, ka lebaka la ho se jele paate ha bona, ba bang ba ile ba ba nka ba sa tšoanelehe sechabeng, ebile e le ba hlohlelletsang bofetoheli khahlanong le ba nang le matla a ho laela. Hangata Bakreste ba ne ba tšoaroa hampe, ’me ba ne ba lahleheloa ke lintho tsa bona.—Baheberu 10:32-34.

4. Bakreste ba Baheberu ba ne ba le tlas’a khatello efe ea bolumeli?

4 Bakreste ba Baheberu ba ne ba boetse ba le tlas’a khatello e matla ea bolumeli. Cheseho ea barutuoa ba tšepahalang ba Jesu le phello ea eona ea keketseho e potlakileng ea phutheho ea Bokreste e ile ea tsosa mōna le khalefo ho Bajuda—haholo-holo baeta-pele ba bona ba bolumeli. Ba ne ba etsa ntho leha e le efe ho tšoenya le ho hlorisa balateli ba Jesu Kreste.a (Liketso 6:8-14; 21:27-30; 23:12,13; 24:1-9) Le haeba Bakreste ba bang ba ne ba sa hlorisoe ka ho toba, ba ne ba ntse ba khesoa le ho songoa ke Bajuda. Bokreste bo ne bo nyelisoa ka hore ke bolumeli bo sa tsoa thehoa bo hlokang bokhabane ba Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda, bo se nang tempele, boprista, mekete, mahlabelo a tloaelehileng le tse joalo. Esita le moeta-pele oa bona, Jesu, o ne a bolailoe joaloka senokoane se ahlotsoeng. Bakreste ba ne ba tlameha ho ba le tumelo, sebete le mamello hore ba sebelise bolumeli ba bona.

5. Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba neng ba le Judea ba lule ba falimehile moeeng?

5 Ka holim’a tsohle, Bakreste ba Baheberu ba neng ba le Judea ba ne ba phela nakong ea bohlokoa ka ho fetisisa historing ea sechaba seo. Ho ne ho se ho etsahetse lintho tse ngata tseo Morena oa bona Jesu Kreste a neng a itse li ne li tla tšoaea bofelo ba tsamaiso ea Sejuda. E tlameha ebe bofelo bo ne bo atametse. Hore Bakreste ba pholohe, ba ne ba tlameha ho lula ba falimehile moeeng ’me ba itokiselitse ho ‘balehela lithabeng.’ (Matheu 24:6, 15, 16) Na ba ne ba tla ba le tumelo le matla a moea a hlokahalang bakeng sa ho nka khato hang-hang joalokaha Jesu a ne a laetse? Ho ne ho bonahala ho e-na le pelaelo e itseng.

6. Bakreste ba neng ba le Judea ba ne ba hloka eng ka potlako?

6 Ka ho hlakileng, lilemong tsa ho qetela tse leshome pele ho tšenyeho ea tsamaiso eohle ea Sejuda ea lintho, Bakreste ba Baheberu ba ne ba le tlas’a khatello e matla e hlahang ka hare ho phutheho le ka ntle ho eona. Ba ne ba hloka khothatso. Empa ba ne ba boetse ba hloka ho eletsoa le ho tataisoa e le ho thusoa ho bona hore tsela eo ba neng ba e khethile e ne e le e nepahetseng le hore ba ne ba sa utloa bohloko le ho mamellela lefeela. Ho thabisang, Pauluse o ile a ikemisetsa ho sebetsana le boemo boo ’me a ba thusa.

7. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella seo Pauluse a ileng a se ngolla Bakreste ba Baheberu?

7 Re lokela ho thahasella haholo seo Pauluse a ileng a se ngolla Bakreste ba Baheberu. Hobane’ng? Hobane re phela nakong e tšoanang le ea bona. Re utloa khatello ea lefatše lena le tlas’a taolo ea Satane letsatsi le leng le le leng. (1 Johanne 5:19) Mehleng ena ea rōna re bona ho phethahala ha boprofeta ba Jesu le baapostola ba hae mabapi le matsatsi a ho qetela le “qetello ea tsamaiso ea lintho.” (Matheu 24:3-14; 2 Timothea 3:1-5; 2 Petrose 3:3, 4; Tšenolo 6:1-8) Ka holim’a tsohle, ho hlokahala hore re lule re falimehile moeeng e le hore re tle re ‘atlehe ho phonyoha lintho tsena tsohle tse reretsoeng hore li etsahale.’—Luka 21:36.

Ea Moholoanyane ho Moshe

8. Ka ho bua mantsoe a tlalehiloeng ho Baheberu 3:1, Pauluse o ne a khothalletsa Bakreste-’moho le eena hore ba etse eng?

8 A bolela ntlha ea bohlokoa, Pauluse o ile a ngola: “Le nahane ka moapostola le moprista ea phahameng eo re bolelang hore re na le tumelo ho eena—Jesu.” (Baheberu 3:1) Ho ‘nahana’ ho bolela “ho lemoha ka ho hlaka . . . , ho utloisisa ka ho feletseng, ho nahana ka hloko.” (Vine’s Expository Dictionary of Old and New Testament Words) Kahoo, Pauluse o ne a khothalletsa balumeli-’moho le eena hore ba etse boiteko bo matla ba ho ananela karolo eo Jesu a ileng a e phetha tumelong le polokong ea bona. Ho etsa sena ho ne ho tla matlafatsa qeto eo ba e entseng ea ho ema ba tiile tumelong. Joale, karolo ea Jesu e bile efe, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho ‘nahana’ ka eena?

9. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a bua ka Jesu e le “moapostola” le “moprista ea phahameng”?

9 Pauluse o ile a sebelisa mantsoe “moapostola” le “moprista ea phahameng” ha a bua ka Jesu. “Moapostola” ke motho ea romiloeng ’me mona ho buuoa ka mokhoa oo Molimo a o sebelisitseng ho bua le moloko oa batho. “Moprista ea phahameng” ke eo batho ba ka atamelang Molimo ka eena. Litokisetso tsena tse peli ke tsa bohlokoa borapeling ba ’nete, ’me Jesu ke mothofatso oa tsona ka bobeli. Ke eena ea romiloeng ho tloha leholimong hore a tl’o ruta moloko oa batho ’nete e mabapi le Molimo. (Johanne 1:18; 3:16; 14:6) Tokisetsong ea tempele ea moea ea Jehova, Jesu o boetse o khethiloe ho ba Moprista ea Phahameng eo e seng oa tšoantšetso bakeng sa tšoarelo ea libe. (Baheberu 4:14, 15; 1 Johanne 2:1, 2) Haeba ka sebele re ananela litlhohonolofatso tseo re ka li fumanang ka Jesu, re tla ba le sebete le boikemisetso ba ho lula re tiile tumelong.

10. (a) Pauluse o ile a thusa Bakreste ba Baheberu hore ba ananele hore Bokreste bo phahametse tsamaiso ea Sejuda joang? (b) Ke ’nete efe e akaretsang eo Pauluse a ileng a e qotsa ho hatisa ntlha ea hae?

10 E le ho hatella bohlokoa ba tumelo ea Bokreste, Pauluse o ile a bapisa Jesu le Moshe, eo Bajuda ba neng ba mo nka e le moprofeta e moholo ka ho fetisisa baholo-holong ba bona. Haeba Bakreste ba Baheberu ba ne ba ka utloisisa ka pelo eohle ’nete ea hore Jesu o moholo ho Moshe, ba ne ba ke ke ba e-ba le lebaka la ho belaela hore Bokreste bo phahametse Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda. Pauluse o ile a bontša hore le hoja Moshe a ile a nkoa a tšoaneleha hore ho behoe tlhokomelong ea hae ‘ntlo’ ea Molimo—e leng sechaba kapa phutheho ea Iseraele—e ne e mpa e le feela mohlokomeli ea tšepahalang, kapa mohlanka. (Numere 12:7) Ka lehlakoreng le leng, Jesu e ne e le Mora, monghali oa ntlo. (1 Bakorinthe 11:3; Baheberu 3:2, 3, 5) E le ho hatisa ntlha ea hae, Pauluse o ile a qotsa ’nete ena e akaretsang: “Ka ho hlakileng, ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng empa ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.” (Baheberu 3:4) Ha ho ea ka phehang khang ea hore Molimo o moholo ho motho e mong le e mong, hobane ke Sehahi, kapa ’Mōpi oa tsohle. Kahoo, hoa utloahala hore kaha Jesu e ne e le mosebetsi-’moho le Molimo, e tlameha ebe o moholo ho tsohle tse bōpiloeng, ho kopanyelletsa le Moshe.—Liproverbia 8:30; Bakolose 1:15-17.

11, 12. Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste ba Baheberu hore ba tšoarelle ho eng “ka tieo ho isa bofelong,” ’me re ka sebelisa keletso eo ea hae joang?

11 Ka sebele, Bakreste ba Baheberu ba ne ba le boemong bo hauhetsoeng haholo. Pauluse o ile a ba hopotsa hore e ne e le “ba nang le kabelo pitsong ea leholimo” ’me e ne e le tokelo eo ba neng ba lokela ho e nka e le letlotlo le phahametseng ntho leha e le efe eo tsamaiso ea Sejuda e neng e ka fana ka eona. (Baheberu 3:1) E tlameha ebe mantsoe ao a Pauluse a ile a etsa hore Bakreste bao ba tlotsitsoeng ba ikutloe ba le motlotlo hore ebe ba ne ba le mocheng oa lefa le lecha ho e-na le hore ba hlomohele hore ba tetse lintho tse neng li amana le lefa la Sejuda. (Bafilippi 3:8) Ha Pauluse a ba khothalletsa hore ba tšoarelle tokelong eo ea bona le hore ba se ke ba e nka habobebe, o itse: “Kreste o ile a tšepahala e le Mora holim’a ntlo ea [Molimo]. Re ntlo ea Eo, haeba re tiisa ho tšoarella ha rōna bolokolohing ba rōna ba puo le ho ithoriseng ha rōna ka tšepo ka tieo ho isa bofelong.”—Baheberu 3:6.

12 E, haeba Bakreste ba Baheberu ba ne ba tla pholoha bofelo bo neng bo atamela ba tsamaiso ea lintho ea Sejuda, ba ne ba tlameha ho tšoarella tšepong ea bona eo ba e filoeng ke Molimo “ka tieo ho isa bofelong.” Re lokela ho etsa se tšoanang kajeno haeba re batla ho pholoha bofelo ba tsamaiso ena. (Matheu 24:13) Ha rea lokela ho lumella matšoenyeho a bophelo, ho se thahaselle ha batho kapa litšekamelo tsa ho se phethahale ha rōna hore li re sisinye tumelong eo re nang le eona litšepisong tsa Molimo. (Luka 21:16-19) E le ho bona hore na re ka imatlafatsa joang, a re eleng hloko mantsoe a tsoelang pele a Pauluse.

“Le se ke la Thatafatsa Lipelo Tsa Lōna”

13. Pauluse o ile a fana ka temoso efe, ’me o ile a sebelisa Pesaleme ea 95 joang?

13 Ka mor’a ho tšohla boemo bo hauhetsoeng ba Bakreste ba Baheberu, Pauluse o ile a fana ka temoso ena: “Joalokaha moea o halalelang o re: ‘Kajeno haeba le mamela lentsoe la hae, le se ke la thatafatsa lipelo tsa lōna joaloka ketsahalong ea ho baka bohale bo matla, joaloka letsatsing la ho nonya lefeelleng.’” (Baheberu 3:7, 8) Pauluse o ne a qotsa Pesaleme ea 95, kahoo, o ne a ka re “moea o halalelang o re.”b (Pesaleme ea 95:7, 8; Exoda 17:1-7) Mangolo a bululetsoe ke Molimo ka moea oa hae o halalelang.—2 Timothea 3:16.

14. Baiseraele ba ile ba arabela joang ho seo Jehova a neng a ba etselitse sona, hona hobane’ng?

14 Ka mor’a hore Baiseraele ba lokolloe bokhobeng Egepeta, ba ile ba fuoa tokelo e khōlō ea ho kena kamanong ea selekane le Jehova. (Exoda 19:4, 5; 24: 7, 8) Leha ho le joalo, ho e-na le hore ba ananele seo Molimo a neng a ba etselitse sona, ka potlako e ile ea e-ba bafetoheli. (Numere 13:25–14:10) Ebe seo se ne se ka etsahala joang? Pauluse o ile a bolela lebaka: ho thatafala ha lipelo tsa bona. Empa lipelo tse arabelang hamolemo le tse amohelang Lentsoe la Molimo li ka thatafala joang? ’Me re ka etsa eng ho thibela see?

15. (a) ‘Lentsoe la Molimo’ le ’nile la utluoa ka mekhoa efe mehleng e fetileng le ea kajeno? (b) Ke lipotso life tseo re ka ipotsang tsona mabapi le ‘lentsoe la Molimo’?

15 Pauluse o ile a qala temoso ea hae ka polelo e tobileng boemo e reng, “haeba le mamela lentsoe la hae.” Molimo o ile a bua le batho ba hae ka Moshe le baprofeta ba bang. Joale Jehova o ile a bua le bona ka Mora oa hae, Jesu Kreste. (Baheberu 1:1, 2) Kajeno re na le Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le feletseng, Bibele e Halalelang. Re boetse re na le “lekhoba le tšepahalang le le masene,” le khethiloeng ke Jesu hore le fane ka ‘lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng.’ (Matheu 24:45-47) Kahoo, Molimo o ntse a bua. Empa na rea mamela? Ka mohlala, re arabela joang ha re fuoa keletso ka moaparo le ho itlhopha kapa ka khetho ea boithabiso le ’mino? Na rea “mamela,” ka mantsoe a mang, na re ela seo re se utloang hloko ’me rea se mamela? Haeba re tloaetse ho ikemela kapa ho hanyetsa keletso e joalo, re ipepesetsa kotsing e poteletseng ea ho thatafatsa lipelo tsa rōna.

16. Tsela e ’ngoe eo lipelo tsa rōna li ka thatafalang ka eona ke efe?

16 Lipelo tsa rōna li ka boetse tsa thatafala haeba re batla ho ikhula ho seo re ka se etsang ’me e le seo re tšoanetseng ho se etsa. (Jakobo 4:17) Ho sa tsotellehe ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a neng a e etselitse Baiseraele, ba ile ba hlōleha ho sebelisa tumelo, ba fetohela Moshe, ba khetha ho lumela tlaleho e mpe ka Kanana, ’me ba hana ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. (Numere 14:1-4) Kahoo, Jehova o ile a etsa qeto ea hore ba tla qeta lilemo tse 40 ba le lefeelleng—nako e neng e le telele ho lekana hore litho tsa moloko oo tse neng li hloka tumelo li shoe. A tennoe ke bona, Molimo o ile a re: “‘Ka mehla baa hlahlathela lipelong tsa bona, ’me bona ka bobona ha ba tsebe litsela tsa ka.’ Kahoo ke ile ka hlapanya bohaleng ba ka, ‘Ha ba ka ke ba kena phomolong ea ka.’” (Baheberu 3:9-11) Na re bona seo rōna re ka ithutang sona moo?

Seo re ka Ithutang Sona

17. Le hoja ba ne ba bone liketso tse matla tsa Jehova ’me ba utloile liphatlalatso tsa hae, ke hobane’ng ha Baiseraele ba ile ba hloka tumelo?

17 Moloko oa Baiseraele o tsoileng Egepeta o ile oa bona ka mahlo a oona ’me oa utloa ka litsebe tsa oona liketso tse matla le liphatlalatso tsa Jehova. Ho ntse ho le joalo, o ne o se na tumelo ea hore Molimo a ka o isa Naheng e Tšepisitsoeng o sireletsehile. Hobane’ng? Jehova o itse: “Bona ka bobona ha ba tsebe litsela tsa ka.” O ne o tseba seo Jehova a se boletseng le ho se etsa, empa o ne o sa kholiseha le ho tšepa matla a hae a ho o hlokomela. O ne o amehile ka litlhoko tsa oona tsa botho le lintho tseo o li batlang hoo o ileng oa nahana hanyenyane ka litsela tsa Molimo le morero oa hae. E, o ne o hloka tumelo litšepisong tsa hae.

18. Ho latela Pauluse, ke ketso efe e ka fellang ka “pelo e khopo e hlokang tumelo”?

18 Mantsoe ana a neng a e-ea ho Baheberu a sebetsa ka matla a tšoanang ho rōna: “Hlokomelang, barab’eso, esere le ka mohla ho ka hōla ho mang kapa mang oa lōna pelo e khopo e hlokang tumelo ka ho suthela hōle le Molimo ea phelang.” (Baheberu 3:12) Pauluse o ile a fihla khubung ea taba ka ho bolela hore “ho suthela hōle le Molimo ea phelang” ho fella ka “pelo e khopo e hlokang tumelo.” Pejana lengolong lena, o ile a bua ka ho “hoholeha” ka lebaka la ho se ele hloko. (Baheberu 2:1) Leha ho le joalo, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho suthela hōle” le bolela “ho ba ka thōko” ’me le amana le lentsoe “bokoenehi.” Le hlalosa ho hanyetsa ka boomo le ka boikemisetso, ho ikhula le ho koeneha ho nang le moea oa ho nyelisa ka hare.

19. Ke joang ho se mamele keletso ho ka lebisang liphellong tse tebileng? Bontša.

19 Kahoo, thuto eo re e fumanang ke hore haeba re itloaetsa ho se ‘mamele lentsoe la hae,’ re hlokomoloha keletso e fanoang ke Jehova ka Lentsoe la hae le ka sehlopha sa lekhoba le tšepahalang, ho ke ke ha nka nako e telele hore lipelo tsa rōna li satalle, li thatafale. Ka mohlala, batho ba lebeletsaneng ba ka ’na ba atamelana ka tsela e batlang e le haufi ho tlōla. Ho thoe’ng haeba ba iphapanyetsa taba ee? Na seo se tla ba sireletsa hore ba se hlole ba pheta seo ba se entseng, kapa se mpa se tla ba nolofalletsa hore ba se etse hape? Ka mokhoa o tšoanang, ha sehlopha sa lekhoba se fana ka keletso ea hore re lokela ho khetha ’mino le boithabiso le tse ling tse joalo, na re amohela keletso eo ka thabo ’me re etse liphetoho tse hlokahalang? Pauluse o re khothallelitse hore ‘re se tlohele ho bokana ha rōna hammoho.’ (Baheberu 10:24, 25) Ho sa tsotellehe keletso ena, ba bang ha ba thahaselle liboka tsa Bokreste. Ba ka ’na ba nahana hore ho fosoa ke tse ling tsa tsona kapa esita le ho se ee ka ho feletseng libokeng tse ling hase ntho e tebileng.

20. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re arabele ka nepo keletsong ea Mangolo?

20 Haeba re sa arabele ka nepo ‘lentsoeng’ la Jehova le boletsoeng ka ho hlaka ka Mangolong le likhatisong tse theiloeng Bibeleng, ka potlako re tla iphumana re “suthela hōle le Molimo ea phelang.” Ho hlokomoloha keletso ho bonahalang ho se kotsi, ho ka fetola motho habonolo feela hore e be ea e nyenyefatsang, ea e nyatsang le ea e hanyetsang. Haeba ho sa lokisoe, phello e ba “pelo e khopo e hlokang tumelo,” ’me hangata ho thata ho hlaphoheloa mokhoeng o joalo. (Bapisa le Baefese 4:19.) Ka ho loketseng, Jeremia o ile a ngola: “Pelo e mano ho fetisa tsohle, e bolile hampe; e ka tsejoa ke mang?” (Jeremia 17:9) Ka lebaka lena Pauluse o ile a khothatsa balumeli-’moho le eena ba Baheberu: “Le ’ne le tsoele pele ho eletsana letsatsi ka leng, hafeela ho ka bitsoa hore ‘Kajeno,’ esere leha e le mang oa lōna a ka thatafatsoa ke matla a thetsang a sebe.”—Baheberu 3:13.

21. Kaofela ha rōna re phehelloa hore re etse eng, ’me re na le tebello efe?

21 Re thaba hakaakang hore ebe Jehova o ntse a bua le rōna kajeno ka Lentsoe la hae le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng! Re ananela hore ebe “lekhoba le tšepahalang le le masene” le ntse le tsoela pele ho re thusa hore ‘re tiise ho tšoarella ha rōna kholisehong eo re neng re e-na le eona tšimolohong ka tieo ho isa bofelong.’ (Baheberu 3:14) Joale ke nako ea hore re arabele leratong la Molimo le tataisong ea hae. Ha re etsa joalo, re ka thabela tšepiso e ’ngoe e babatsehang ea Jehova—ea ‘ho kena’ phomolong ea hae. (Baheberu 4:3, 10) Ena ke taba e latelang eo Pauluse a buang ka eona le Bakreste ba Baheberu, ’me ke eona eo re tla e hlahloba sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Josephus o ile a tlaleha hore nakoana ka mor’a hore Festuse a shoe, Ananus (Ananiase) eo e neng e le oa mokha oa Basaduse e ile ea e-ba moprista ea phahameng. O ile a hlahisa Jakobo, mor’abo Jesu ka ’mè oa bona, le barutuoa ba bang ka pel’a Sanhedrine ’me a etsa hore ba ahloleloe lefu ’me ba tlepetsoa ka majoe.

b Ho hlakile hore Pauluse o ile a qotsa Septuagint ea Segerike, e fetolelang mantsoe a Seheberu, “Meriba” le “Massa” e le “tseko” le “teko” ka ho latellana. Bona leqephe la 350 le la 379 la Moqolo oa 2 oa Insight on the Scriptures, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

Na U ka Hlalosa?

◻ Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ngolla Bakreste ba Baheberu keletso e matla hakaalo?

◻ Pauluse o ile a thusa Bakreste ba Baheberu joang ho ananela hore ba ne ba e-na le se molemo ho feta ha ba sa phela tlas’a Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda?

◻ Pelo ea motho e thatafala joang?

◻ Re lokela ho etsa eng e le hore re qobe ho ba le “pelo e khopo e hlokang tumelo”?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Na u sebelisa tumelo ho Moshe ea Moholoanyane, Jesu?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela