Jerusalema—na e ‘ka Holim’a Lebaka la Hao la Sehlooho—la ho Thaba’?
Leleme la ka le ke le khomarele mahalapeng a ka . . . haeba ke se na ho etsa hore Jerusalema e phahamele ka holim’a lebaka la ka la sehlooho la ho thaba.”—PESALEME EA 137:6, NW.
1. Batlamuoa ba bangata ba Bajuda ba ne ba e-na le boikutlo bofe mabapi le motse o khethiloeng oa Molimo?
HO NE ho fetile lilemo tse ka bang mashome a supileng batlamuoa ba Bajuda ba khutletse Jerusalema ka 537 B.C.E. Tempele ea Molimo e ne e hahuoe hape, empa motse e ne e ntse e le lesupi. Ho sa le joalo, ho ne ho hlahile moloko o mocha botlamuoeng. Ha ho pelaelo hore ba bangata ba bona ba ne ba ikutloa joaloka mopesaleme ea ileng a bina: “Ha nka u lebala, Jerusalema, letsoho la ka le letona le ke le ntebale.” (Pesaleme ea 137:5) Ba bang ba ile ba etsa ho fetang feela ho hopola Jerusalema; ba ile ba paka ka liketso tsa bona hore e ne e phahametse “ka holim’a lebaka la [bona] la sehlooho la ho thaba.”—Pesaleme ea 137:6, NW.
2. Esdrase e ne e le mang, hona o ile a hlohonolofatsoa joang?
2 Ka mohlala, nahana ka moprista Esdrase. Esita le pele a khutlela naheng ea habo, ka cheseho o ne a sebelelitse ho hōlisa lithahasello tsa borapeli bo hloekileng Jerusalema. (Esdrase 7:6, 10) Esdrase o ile a hlohonolofatsoa ka ho enneng ka lebaka la seo. Jehova Molimo o ile a susumetsa pelo ea morena oa Persia hore a fe Esdrase tokelo ea hore a etelle pele sehlopha sa bobeli sa batlamuoa se khutlelang Jerusalema. Ho feta moo, morena o ile a ba fa monehelo o mongata oa khauta le silevera hore ho “khabisoe ntlo ea Jehova.”—Esdrase 7:21-27.
3. Nehemia o ile a paka joang hore Jerusalema e ne e le ntho e khōlō eo a amehileng ka eona?
3 Lilemo tse ka bang 12 hamorao, ho ile ha e-ba le Mojuda e mong ea ileng a nka bohato bo tiileng—Nehemia. O ne a sebeletsa ntlong ea borena ea Persia e Susane. O ne a le boemong bo hlomphehang ba ho ba moqhatsetsi oa Morena Artaxerxese, empa hoo e ne e se ‘lebaka la sehlooho la Nehemia la ho thaba.’ Ho e-na le hoo, o ne a labalabela ho tsamaea le ho ea haha Jerusalema hape. Nehemia o ile a rapella sena ka likhoeli, ’me Jehova Molimo a mo hlohonolofatsa ka lebaka la ho etsa joalo. Ha a hlokomela seo Nehemia a amehileng ka sona, morena oa Persia o ile a mo fa lebotho la sesole le mangolo a mo lumellang hore a hahe Jerusalema hape.—Nehemia 1:1–2:9.
4. Re ka bontša joang hore borapeli ba Jehova bo ka holim’a lebaka leha e le lefe la ho thaba leo re ka bang le lona?
4 Ntle ho pelaelo, Esdrase, Nehemia le Bajuda ba bangata ba neng ba sebelisana le bona ba ile ba paka hore borapeli ba Jehova, boo setsi sa bona se neng se le Jerusalema, e ne e le ba bohlokoa ho feta ntho leha e le efe—hore bo ne bo le ‘ka holim’a lebaka la bona la sehlooho la ho thaba,’ ke hore, ka holim’a ntho leha e le efe e ’ngoe eo ba neng ba ka e thabela. Batho ba joalo ke khothatso e kaakang ho bohle bao ka tsela e tšoanang kajeno ba talimang Jehova, borapeli ba hae le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o tataisoang ke moea! Na ho joalo ho uena? Na u bontša ka mamello ea hao mesebetsing ea bomolimo hore lebaka la hao le leholo ka ho fetisisa la ho thaba ke tokelo ea ho rapela Jehova u e-na le batho ba hae ba inehetseng? (2 Petrose 3:11) E le khothatso e eketsehileng ea ho finyella seo, a re hlahlobeng liphello tse molemo tsa leeto la Esdrase la ho ea Jerusalema.
Litlhohonolofatso le Boikarabelo
5. Ke litlhohonolofatso life tse enneng tse ileng tsa tlela baahi ba Juda mehleng ea Esdrase?
5 Sehlopha sa batlamuoa ba ka bang 6000 se neng se khutla le Esdrase se ile sa tlisa menehelo ea khauta le silevera bakeng sa tempele ea Jehova. Kakaretso ea eona e ne e ka ba liranta tse limilione tse 177 ka litekanyo tsa kajeno. Sena e ne e le khauta le silevera e fetang e tlisitsoeng ke batlamuoa ba pele ka makhetlo a ka bang a supileng. E tlameha ebe baahi ba Jerusalema le Juda ba ile ba leboha Jehova hakaakang ho fumana tšehetso ee ea batho le ea lintho tse bonahalang! Empa litlhohonolofatso tse enneng tse tsoang ho Molimo li boetse li tlisa boikarabelo.—Luka 12:48.
6. Esdrase o ile a fumana eng naheng ea habo, hona o ile a itšoara joang?
6 Kapele Esdrase o ile a fumana hore Bajuda ba bangata, ho akarelletsa le baprista ba bang le baholo, ba ne ba tlōtse Molao oa Molimo ka ho nyala basali ba bahetene. (Deuteronoma 7:3, 4) Ka ho loketseng, o ile a tšoenyeha haholo ka ho tlōloa hona ha selekane sa Molao oa Molimo. “Eitse ha ke utloa lentsoe leo, ka hahola kobo ea ka le kojoana, . . . ’me ka lula fatše ke tšohile.” (Esdrase 9:3) Joale, a e-na le Baiseraele ba tšoenyehileng, Esdrase o ile a rapela Jehova ho tloha botebong ba pelo. Moo bohle ba ntseng ba utloa, Esdrase o ile a pheta ho se utloe ha Iseraele ha nako e fetileng le temoso ea Molimo ka se neng se tla etsahala haeba ba ne ba nyala baahi ba naha eo ba bahetene. O ile a phetha ka ho re: “Oho, Jehova, Molimo oa Iseraele, u lokile; rōna re setse re le masala a phonyohileng joalo ka ha ho le joalo le kajeno. Ke rōna mona, re eme pel’a hao re le molato; athe ha ho ea ka emang pel’a hao a le joalo!”—Esdrase 9:14, 15.
7. (a) Esdrase o ile a beha mohlala ofe o motle ha a sebetsana le liphoso tse entsoeng? (b) Ba molato ba ile ba itšoara joang mehleng ea Esdrase?
7 Esdrase o ile a sebelisa lentsoe “re.” E, o ile a ikopanyelletsa, le hoja eena ka boeena a ne a se molato. Ho tšoenyeha ho tebileng ha Esdrase hammoho le thapelo ea hae ea boikokobetso ho ile ha ama lipelo tsa sechaba ’me ha se susumelletsa mesebetsing e lokelang pako. Ba ile ba ithaopela ho hlahisa pheko e utloisang bohloko—bohle ba neng ba tlōtse Molao oa Molimo ba ne ba tla khutlisetsa basali ba bona ba melata linaheng tsa habo bona, hammoho le bana bao ba ba tsoetseng. Esdrase o ile a lumellana le bohato bona ’me a khothalletsa ba molato hore ba iphaphathe le bona. Ka matla a ho laela ao a neng a a filoe ke morena oa Persia, Esdrase o ne a e-na le tokelo ea ho ahlola batlōli bohle ba molao kapa ho ba leleka Jerusalema le Juda. (Esdrase 7:12, 26) Empa ho bonahala eka ha hoa ka ha hlokahala hore a nke bohato bo joalo. “Phutheho eohle” e ile ea re: “Ho matleng a rōna ho etsa hantle feela ho ea ka lentsoe la hao.” Ho feta moo, ba ile ba ipolela: “Re entse borabele ka tekanyo e khōlō tabeng ena.” (Esdrase 10:11-13, NW) Esdrase khaolo ea 10 e thathamisa mabitso a banna ba 111 ba ileng ba mamela qeto ena ka hore ba leleke basali ba bona ba melata le bana bao ba ba tsoetseng.
8. Ke hobane’ng ha bohato bo potlakileng ba ho leleka basali ba melata bo ne bo le molemong oa moloko oa batho kaofela?
8 Bohato bona bo ne bo se molemong oa Iseraele feela empa bo ne bo boetse bo le molemong oa moloko oohle oa batho. Hoja ho ne ho se letho le ileng la etsoa ho lokisa litaba, Baiseraele ba ka be ba ile ba tsoakana le lichaba tse ba potolohileng. Haeba ho ne ho ka ba joalo, lesika la Peō e Tšepisitsoeng bakeng sa ho hlohonolofatsa moloko oohle oa batho le ne le tla silafatsoa. (Genese 3:15; 22:18) Ho ne ho tla ba boima ho khetholla Peō e Tšepisitsoeng e le setloholo sa Morena Davida oa leloko la Juda. Lilemo tse ka bang 12 hamorao, ho ile ha boela ha lebisoa tlhokomelo tabeng ena ea bohlokoahali ha “ba mofuta oa Iseraele ba ikhetha ho bana bohle ba balichaba.”—Nehemia 9:1, 2; 10:29, 30.
9. Bibele e fana ka keletso efe e ntle ho Bakreste ba nyalaneng le batho ba sa lumelang?
9 Bahlanka ba Jehova ba mehleng ea kajeno ba ka ithuta eng tlalehong ee? Bakreste ha ba tlas’a selekane sa Molao. (2 Bakorinthe 3:14) Ho e-na le hoo, ba mamela “molao oa Kreste.” (Bagalata 6:2) Kahoo, Mokreste ea nyalaneng le motho ea sa lumelang o iphaphatha le keletso ea Pauluse: “Haeba mor’abo rōna leha e le ofe a e-na le mosali ea sa lumelang, ’me leha ho le joalo mosali eo a lumela ho lula le eena, a a se ke a mo tlohela.” (1 Bakorinthe 7:12) Ho feta moo, Bakreste ba nyalaneng le batho ba sa lumelang ba tlangoa ke Mangolo ho sebeletsa hore manyalo a bona a atlehe. (1 Petrose 3:1, 2) Ho mamela keletso ena e molemo hangata ho feletse ka tlhohonolofatso ea hore balekane ba lenyalo ba sa lumelang ba fetole lipelo tsa bona mabapi le borapeli ba ’nete. Ba bang ba bile ba fetohile Bakreste ba kolobelitsoeng ba tšepahalang.—1 Bakorinthe 7:16.
10. Bakreste ba ka ithuta thuto efe ho banna ba Baiseraele ba 111 ba ileng ba leleka basali ba bona ba melata?
10 Leha ho le joalo, taba ea Baiseraele ba ileng ba leleka basali ba bona ba melata e fana ka thuto e ntle ho Bakreste ba masoha. Ha baa lokela ho qala ho ferehana le batho ba bong bo fapaneng bao e leng batho ba sa lumelang. Ho qoba kamano e joalo ho ka ’na ha e-ba boima, esita le ho ba bohloko, empa ke tsela e molemohali e le hore motho a tsoele pele ho hlohonolofatsoa ke Molimo. Bakreste baa laeloa: “Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang.” (2 Bakorinthe 6:14) Mokreste leha e le ofe oa lesoha ea lakatsang ho kena lenyalong o lokela ho lokisetsa hore a nyalane le molumeli-’moho le eena ea tšepahalang.—1 Bakorinthe 7:39.
11. Joaloka banna ba Baiseraele, re ka ’na ra lekoa joang mabapi le lebaka la ho thaba ha rōna?
11 Bakreste ba entse liphetoho le ka litsela tse ling tse ngata ha ba hlokomelisoa hore ba lebile tseleng eo e seng ea Mangolo. (Bagalata 6:1) Nako le nako, koranta ena e ’nile ea tsebahatsa boitšoaro boo e seng ba Mangolo bo neng bo tla etsa hore motho a se ke a tšoanelehela ho lula e le karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo. Ka mohlala, ka 1973 batho ba Jehova ba ile ba utloisisa ka botlalo hore tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le ho tsuba koae ke libe tse tebileng. Hore re phehelle tsela ea bomolimo, re tlameha ‘ho itlhoekisa tšilafatsong e ’ngoe le e ’ngoe ea nama le moea.’ (2 Bakorinthe 7:1) Ba bangata ba ile ba nka keletso e joalo ea Bibele ka ho teba; ba ne ba ikemiselitse ho utloisoa bohloko ke ho kulisoa ke ho tlohela tloaelo eo e le hore ba ka lula e le karolo ea batho ba hloekileng ba Molimo. Hape ho ’nile ha fanoa ka tataiso e hlakileng ea Mangolo mabapi le litaba tsa botona le botšehali, moaparo, boitlhopho le ho khetha mosebetsi, boithabiso le ’mino ka bohlale. Ho sa tsotellehe hore na ke melao-motheo efe ea Mangolo eo re e hlokomelisoang, e se eka re ka ipaka re itokiselitse “ho khutlisetsoa tseleng,” joaloka banna ba Baiseraele ba 111. (2 Bakorinthe 13:11) Sena se tla bontša hore tokelo ea ho rapela Jehova kopanong le batho ba hae ba halalelang e ‘phahametse ka holim’a lebaka la rōna la sehlooho la ho thaba.’
12. Ho ile ha etsahala’ng ka 455 B.C.E.?
12 Ka mor’a ho tlaleha ketsahalo e amang basali ba melata, Bibele ha e re bolelle hore na ho ile ha etsahala’ng Jerusalema lilemong tse 12 tse latelang. Ntle ho pelaelo, baahisani ba Iseraele ba ile ba tlala bora haholo ka lebaka la ho hlakoloa ha lilekane tse ngata tsa lenyalo. Ka 455 B.C.E., Nehemia o ile a fihla Jerusalema a felehelitsoe ke masole. O ne a khethiloe hore e be ’musisi oa Juda ’me o ne a tlisitse mangolo a tsoang ho morena oa Persia a mo lumellang ho haha motse oo hape.—Nehemia 2:9, 10; 5:14.
Khanyetso e Hlahang ho Baahisani ba Mōna
13. Baahisani bao e leng balumeli ba bohata ba Bajuda ba ile ba bonahatsa boikutlo bofe, hona Nehemia o ile a itšoara joang?
13 Baahisani bao e leng balumeli ba bohata ba ile ba hanyetsa morero oo Nehemia a tlileng ka oona. Baeta-pele ba bona ba ile ba mo sokela ka ho botsa: “Hleka le rata ho ikhantšetsa morena na?” A bontša tumelo ho Jehova, Nehemia o ile a araba: “Molimo oa maholimo ke oona o tla re atlisa; ka baka leo, rōna, re leng bahlanka ba oona, re se re ea tsoha, re hahe; ha e le lona, ha le na kabelo, leha e le tokelo, leha e le keletso Jerusalema.” (Nehemia 2:19, 20) Ha ho qaloa ho lokisa marako, lira tsona tseo li ile tsa soma: ‘Ba-Juda baa ba fokolang ba etsa eng? Na ba tla phelisa majoe ka ho a ntša liqubung tseo tsa marōle? Leha phokojoe e ka hloella teng, e ka heletsa lerako la bona la majoe!’ Ho e-na le ho araba mantsoe ana, Nehemia o ile a rapela: “Oho, Molimo oa rōna, utloa kamoo re entsoeng sekhobo kateng; u busetse lihlapa tsa bona hloohong tsa bona.” (Nehemia 4:2-4) Nehemia o ile a tsoela pele ho beha mohlala ona o motle oa ho itšetleha ka Jehova!—Nehemia 6:14; 13:14.
14, 15. (a) Nehemia o ile a sebetsana joang le tšokelo ea pefo ea sera? (b) Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa khona ho tsoela pele joang ka mosebetsi oa tsona oa moea oa ho haha ho sa tsotellehe khanyetso e matla?
14 Hore li phethahatse kabelo ea tsona ea bohlokoa ea ho bolela, kajeno Lipaki tsa Jehova le tsona li itšetleha ka Molimo. Bahanyetsi ba leka ho sitisa mosebetsi ona ka ho soma. Ka linako tse ling, batho ba thahasellang molaetsa oa ’Muso baa khaotsa ka lebaka ho sitoa ho mamella ho songoa. Haeba ho soma ho hlōleha, bahanyetsi ba ka ’na ba halefa ’me ba sebelisa litšokelo tsa pefo. Sena ke seo liahi tsa marako a Jerusalema li ileng tsa thulana le sona. Empa Nehemia ha aa ka a tšosoa. Ho e-na le hoo, o ile a hlomella liahi khahlanong le tlhaselo ea lira ’me a matlafatsa tumelo ea tsona ka ho re: “Le se ke la ba tšaba; le mpe le hopole Morena e moholo ea tšabehang, ’me le loanele banab’abo lona, le bara ba lōna, le barali ba lōna, le basali ba lona, le matlo a lōna.”—Nehemia 4:13, 14.
15 Joaloka mehleng ea Nehemia, Lipaki tsa Jehova li hlomelletsoe hantle hore li ntšetse pele mosebetsi oa tsona oa moea oa ho haha ho sa tsotellehe khanyetso e matla. “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le fane ka lijo tsa moea tse matlafatsang tumelo, tse nolofaletsang batho ba Molimo hore ba hlahise litholoana esita le moo mosebetsi o thibetsoeng. (Matheu 24:45) Ka lebaka leo, Jehova o tsoetse pele ho hlohonolofatsa batho ba hae ka keketseho lefatšeng lohle.—Esaia 60:22.
Mathata a ka Hare
16. Ke mathata afe a ka hare a neng a sokela moea oa lihahi tsa lerako la Jerusalema?
16 Ha ho hahuoa ha lerako la Jerusalema hape ho ntse ho tsoela pele ’me lerako le phahama, mosebetsi o ile oa e-ba boima le ho feta. Seo se etsahetse ha ho hlahella bothata bo neng bo sokela moea oa lihahi tse neng li ikitlaetsa ka matla. Ka lebaka la khaello ea lijo, Bajuda ba bang ba ne ba thatafalloa ke ho lokisetsa hore ho be le lijo bakeng sa malapa a bona le ho lefa makhetho a bona ’musong oa Persia. Bajuda ba ruileng ba ne ba ba alima lijo le chelete. Leha ho le joalo, ho fapana le seo Molao oa Molimo o se bolelang, Baiseraele ba batlang ba futsanehile ba ne ba lokela ho lebeletsa ka masimo le bana ba bona e le tšireletso ea hore ba tla lefa chelete eo e e-na le phaello. (Exoda 22:25; Levitike 25:35-37; Nehemia 4:6, 10; 5:1-5) Joale bao ba ba kolotang ba ne ba ba sokela ka hore ba tla nka masimo a bona le ho ba qobella hore ba rekise bana ba bona e le makhoba. Nehemia o ile a halefisoa haholo ke boikutlo bona bo se nang lerato, ba ho rata lintho tse bonahalang. O ile a nka bohato ka potlako ho tiisa hore Jehova o tsoela pele ho hlohonolofatsa mosebetsi oa ho haha lerako la Jerusalema hape.
17. Nehemia o ile a etsa’ng ho tiisa hore ho ba le tlhohonolofatso ea Jehova e tsoelang pele mosebetsing oa ho haha, hona e le ka phello efe?
17 Ho ile ha hlophisoa “pitso e kholo,” ’me ka ho hlakileng Nehemia a bontša Baiseraele ba ruileng hore seo ba neng ba se entse se ne se sa khahlise Jehova. Eaba o ipiletsa ho ba molato, ho akarelletsa le baprista ba bang, hore ba khutlise phaello eohle eo ba neng ba e nkile le ho khutlisa masimo ao ba neng ba a nkile khahlanong le molao ho ba neng ba sa khone ho lefa phaello. Ka ho babatsehang, ba molato ba ile ba re: “Re tla ba buseletsa tsona, ’me re ke ke ra ba batla letho; re tla etsa joalo ka ha u bolela.” Ana e ne e se mantsoe a lefeela, hobane Bibele e tlaleha hore “sechaba sa etsa ka polelo eo [ea Nehemia].” ’Me phutheho eohle e ile ea rorisa Jehova.—Nehemia 5:7-13.
18. Lipaki tsa Jehova li tsebahala ka boikutlo bofe?
18 Ho thoe’ng ka mehla ea rōna? Ho e-na le ho hanyapetsa ba bang, Lipaki tsa Jehova li tsejoa hohle ka boikutlo ba tsona ba ho fana ka seatla se bulehileng ho balumeli-’moho le tsona le ho ba bang ba hlahetsoeng ke tsietsi. Joaloka mehleng ea Nehemia, sena se feletse ka lipolelo tse ngata tsa teboho tse rorisang Jehova. Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang, “lekhoba le tšepahalang le le masene” le fumane ho hlokahala hore le fane ka keletso ea Mangolo litabeng tsa khoebo le tlhokahalong ea ho qoba ho hanyapetsa ba bang ka meharo. Linaheng tse itseng, ho tloaelehile ho batla tefello e feteletseng ea bohali, empa ka ho hlakileng Bibele e lemosa hore batho ba meharo le bahanyapetsi ha ba na ho rua ’Muso oa Molimo. (1 Bakorinthe 6:9, 10) Karabelo e ntle ea Bakreste ba bangata keletsong e joalo e hopotsa kamoo Bajuda bao ba ileng ba bona bobe ba ho hanyapetsa barab’abo bona ba futsanehileng.
Lerako la Jerusalema Lea Phethoa
19, 20. (a) Ho phethoa ha lerako la Jerusalema ho ile ha e-ba le liphello life ho bahanyetsi ba bolumeli? (b) Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa e-ba le tlhōlo efe linaheng tse ngata?
19 Ho sa tsotellehe khanyetso eo eohle, lerako la Jerusalema le ile la phethoa ka matsatsi a 52. See se ile sa e-ba le liphello life ho bahanyetsi? Nehemia o itse: “Eitse ha lira tsohle tsa rōna li utloa, chaba tsohle tse re teetseng hare tsa tšoha, ’me tsa nyahama lipelo; tsa tseba hoba mosebetsi oo o entsoe ke Molimo oa rōna.”—Nehemia 6:16.
20 Kajeno, khanyetso ea sera mosebetsing oa Molimo e tsoela pele ka litsela tse sa tšoaneng le libakeng tse sa tšoaneng. Leha ho le joalo, batho ba limilione ba bone lefeela la ho hanyetsa Lipaki tsa Jehova. Ka mohlala, nahana ka boiteko ba nakong e fetileng ba ho felisa mosebetsi oa boboleli Jeremane ea Bonazi, Europe Bochabela le linaheng tse ngata tsa Afrika. Boiteko bo joalo kaofela bo hlōlehile, ’me hona joale batho ba bangata baa lumela hore ‘mosebetsi oa rōna o entsoe ke Molimo.’ See e bile moputso o mokaakang ho batho ba khale ba tšepahalang ba ileng ba etsa hore borapeli ba Jehova bo ‘phahamele ka holim’a lebaka la bona la sehlooho la ho thaba’ linaheng tse joalo!
21. Ke liketsahalo life tsa bohlokoa tse tla hlahlojoa sehloohong se latelang?
21 Sehloohong se latelang, re tla hlahloba liketsahalo tsa bohlokoa tse ileng tsa lebisa khakolong e thabisang ea lerako la Jerusalema le hahiloeng hape. Hape re tla nahanisisa kamoo ho phethoa ha motse o khanyang le ho feta molemong oa moloko oa batho kaofela ho ntseng ho atamela.
Na U sa Hopola?
◻ Esdrase le ba bang ba ile ba thaba joang ka lebaka la Jerusalema?
◻ Esdrase le Nehemia ba ile ba thusa Bajuda ba bangata ho lokisa liphoso life?
◻ U ka fumana lithuto life litlalehong tse amang Esdrase le Nehemia?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ntho e khōlō eo Nehemia a neng a amehile ka eona e ne e le Jerusalema, eseng mosebetsi oa hae oa bohlokoahali Susane
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Joaloka Nehemia, ho hlokahala hore re rapelle tataiso le matla a Jehova hore re tsoele pele ka kabelo ea rōna ea bohlokoahali ea boboleli