Ho Tsamaea le Molimo—Mehato e Qalang
“Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”—JAKOBO 4:8.
1, 2. Ke hobane’ng ha u ka bolela hore ho sebeletsa Jehova ke tokelo e khōlō?
MONNA eo o ne a hoehlile lilemo tse ngata teronkong. Eaba lekhotla le ntša taelo ea hore a hlahelle ka pele ho ’musi oa sebaka seo. Lintho li ile tsa etsahala ka potlako. Ka tšohanyetso, motšoaruoa enoa o iphumana a se a sebeletsa morena ea neng a le matla ka ho fetisisa lefatšeng ka nako eo. Enoa eo e neng e kile ea e-ba motšoaruoa o ile a behoa boemong ba boikarabelo bo boholo le ba tlhompho e khōlōhali. Josefa—monna eo maoto a hae a kileng a tlangoa ka mahlaahlela—joale o ne a tsamaea le morena!—Genese 41:14, 39-43; Pesaleme ea 105:17, 18.
2 Kajeno, batho ba na le monyetla oa ho kopanela mosebetsing oa e mong e moholo ho feta Faro oa Egepeta hōle. Ea Phahameng ka ho Fetisisa bokahohleng o re mema kaofela hore re mo sebeletse. Ho etsa joalo le ho hlaolela kamano e haufi-ufi le Jehova, Molimo ea matla ’ohle ke tokelo e hlollang hakaakang! Ka Mangolong, o amahanngoa le matla a hlollang le khanya hammoho le khotso, botle le bokhabane. (Ezekiele 1:26-28; Tšenolo 4:1-3) Lerato lea totobala litšebelisanong tsohle tsa hae. (1 Johanne 4:8) Ha ho mohla a buang leshano. (Numere 23:19) Hape ha ho mohla Jehova a soetsang ba tšepahalang ho eena. (Pesaleme ea 18:25) Ka ho phela tumellanong le litlhoko tsa hae tse lokileng, re ka thabela ho phela bophelo bo thabileng bo nang le morero hona joale, re bile re e-na le tebello ea ho phela ka ho sa feleng. (Johanne 17:3) Ha ho ’musi oa motho ea fanang ka litlhohonolofatso le litokelo tse ka bapisoang le tsena ka tsela leha e le efe.
3. Noe o ile a ‘tsamaea le Molimo oa ’nete’ ka tsela efe?
3 Mehleng ea khale, mopatriareka Noe o ile a ikemisetsa ho phela tumellanong le thato le morero oa Molimo. Ka eena, Bibele e re: “Noe e ne e le motho ea lokileng, ea khabane mehleng ea hae; ’me Noe o na a tsamaea le Molimo.” (Genese 6:9) Ke ’nete hore Noe ha aa ka a tsamaea le Jehova ka kotloloho, kaha ha ho motho ea kileng ‘a bona Molimo ka nako leha e le efe.’ (Johanne 1:18) Ho e-na le hoo, Noe o ile a tsamaea le Molimo kaha o ile a etsa seo Molimo a neng a mo bolella hore a se etse. Kaha Noe o ne a nehetse bophelo ba hae ho etseng thato ea Jehova, o ile a thabela kamano e haufi-ufi le e mofuthu le Molimo ea Matla ’Ohle. Joaloka Noe, ba limilione kajeno ba ‘tsamaea le Molimo’ ka ho phela tumellanong le keletso le taeo ea Jehova. Motho o qala tsela e joalo joang?
Tsebo e Nepahetseng ke ea Bohlokoa
4. Jehova o laea batho ba hae joang?
4 Hore re tle re tsamaee le Jehova, re lokela ho mo tseba pele. Moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele: “Ho tla etsahala mehleng ea bofelo, hoba thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba, e okamele maralla, ’me lichaba kaofela li tla phallela teng. Lichaba tse ngata li tla ea li re: Tloong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona; hobane molao o tla tsoa Sione, lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema.” (Esaia 2:2, 3) E, re ka kholiseha hore Jehova o tla laea bohle ba batlang ho tsamaea litseleng tsa hae. Jehova o fane ka Lentsoe la hae, Bibele, ’me o re thusa ho le utloisisa. Tsela e ’ngoe eo a etsang sena ka eona ke ka ho sebelisa “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45-47) Jehova o sebelisa ‘lekhoba le tšepahalang’ ho fana ka taeo ea moea ka libuka tse thehiloeng Bibeleng, liboka tsa Bokreste le ka tokisetso ea thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng. Molimo o boetse o thusa batho ba hae ho utloisisa Lentsoe la hae ka moea oa hae o halalelang.—1 Bakorinthe 2:10-16.
5. Ke hobane’ng ha ’nete ea Mangolo e le ea bohlokoa hakaale?
5 Le hoja re sa lefelle ’nete ea Bibele chelete, ke ea bohlokoa. Ha re ntse re ithuta Lentsoe la Molimo, re ithuta ka Molimo ka boeena—lebitso la hae, botho ba hae, morero oa hae le tsela eo a sebelisanang le batho ka eona. Re boetse re fumana likarabo tse lokollang lipotsong tsa motheo tsa bophelo: Ke hobane’ng ha re le teng? Ke hobane’ng ha Molimo a lumella mahlomola? Bokamoso bo fupere eng? Ke hobane’ng ha re tsofala ’me re e-shoa? Na ho na le bophelo ka mor’a lefu? Ho feta moo, re ithuta hore na thato ea Molimo ke eng ka rōna, ke hore, tsela eo re lokelang ho tsamaea ka eona e le hore re mo khahlise ka ho feletseng. Re ithuta hore litekanyetso tsa hae li molemo le hore ho phela ka tsona ho re tsoela molemo ka tsela e babatsehang. Kantle ho taeo ea Molimo, re ne re ke ke ra utloisisa lintho tse joalo.
6. Tsebo e nepahetseng ea Bibele e re nolofalletsa ho phehella tsela efe?
6 ’Nete ea Bibele e matla ’me e re susumelletsa ho etsa liphetoho bophelong ba rōna. (Baheberu 4:12) Pele re e-ba le tsebo ea Mangolo, re ne re ka tsamaea feela “ho ea ka tsamaiso ea lintho ea lefatše lena.” (Baefese 2:2) Empa tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo e re bontša tsela e ikhethang e le hore re ka ‘tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore re mo khahlise ka botlalo.’ (Bakolose 1:10) Ke ho thabisang hakaakang ha re nka mehato e qalang ho tsamaeeng le Jehova, Motho e moholo ka ho fetisisa bokahohleng bohle!—Luka 11:28.
Mehato e ’Meli ea Bohlokoa—Boinehelo le Kolobetso
7. Ha re ntse re ithuta Lentsoe la Molimo, ke ’nete efe e totobalang ka boeta-pele ba batho?
7 Ha re hōla kutloisisong ea rōna ea Bibele, re qala ho hlahloba litaba tsa batho le bophelo ba rōna leseling la moea la Lentsoe la Molimo. Kahoo ’nete ea bohlokoa ea totobala. ’Nete eo e ile ea hlalosoa ke moprofeta Jeremia mehleng ea khale, ea ileng a ngola: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Batho—e leng rōna bohle—re hloka tataiso ea Molimo.
8. (a) Ke’ng se susumelletsang batho ho inehela ho Molimo? (b) Boinehelo ba Bokreste ke’ng?
8 Ho utloisisa ’nete ena ea bohlokoa ho re susumelletsa ho batla tataiso ea Jehova. ’Me ho rata Molimo ho re susumelletsa ho nehelana ka bophelo ba rōna ho eena. Ho inehela ho Molimo ho bolela ho mo atamela ka thapelo le ho etsa tšepiso e tiileng ea ho sebelisa bophelo ba rōna ho mo sebeletsa le ho tsamaea ka botšepehi litseleng tsa hae. Ka ho etsa joalo, re latela mohlala oa Jesu, ea ileng a itlhahisa ho Jehova ka boikemisetso bo tiileng ba ho phetha thato ea Molimo.—Baheberu 10:7.
9. Ke hobane’ng ha batho ka bomong ba nehela bophelo ba bona ho Jehova?
9 Ha ho mohla Jehova Molimo a hatellang kapa a qobellang motho leha e le mang ho inehela ho eena. (Bapisa le 2 Bakorinthe 9:7.) Ho feta moo, Molimo ha a lebelle motho leha e le mang ho nehela bophelo ba hae ho Eena ka lebaka la ho nkeha maikutlong ho itseng ha nakoana. Pele motho a kolobetsoa, e tlameha hore e be e le morutuoa, ’me seo se hloka boiteko bo tiileng ba ho fumana tsebo. (Matheu 28:19, 20) Pauluse o ile a ipiletsa ho ba neng ba se ba kolobelitsoe hore ba ‘hlahise ’mele ea bona e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo, e le tšebeletso e halalelang ka matla a bona a ho nahana.’ (Baroma 12:1) Ke ka ho sebelisa matla a tšoanang a ho nahana re inehelang ho Jehova Molimo. Ka mor’a ho ithuta se amehang le ho nahanisisa taba ka hloko, ka boithatelo le ka thabo re nehela bophelo ba rōna ho Molimo.—Pesaleme ea 110:3.
10. Boinehelo bo amana joang le kolobetso?
10 Ka mor’a ho atamela Molimo ka thapelo lekunutung re hlalosa boikemisetso ba rōna ba ho tsamaea litseleng tsa hae, re nka mohato o latelang. Re tsebahatsa boinehelo ba rōna phatlalatsa ka kolobetso ea rōna ea metsing. Ena ke polelo ea phatlalatsa ea hore re entse kano ea ho etsa thato ea Molimo. Qalong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng, Jesu o ile a kolobetsoa ke Johanne, kahoo a re behela mohlala. (Matheu 3:13-17) Hamorao, Jesu o ile a laela balateli ba hae ho etsa barutuoa le ho ba kolobetsa. Ka hona, boinehelo le kolobetso ke mehato ea bohlokoa ho mang kapa mang ea lakatsang ho tsamaea le Jehova.
11, 12. (a) Kolobetso e ka ’na ea bapisoa le lechato joang? (b) Kamano e teng pakeng tsa rōna le Jehova e ka bapisoa joang le e teng pakeng tsa monna le mosali?
11 Ho ba morutuoa ea inehetseng, ea kolobelitsoeng oa Jesu Kreste ho batla ho tšoana le ho kena lenyalong. Linaheng tse ngata, letsatsi la lechato le etelloa pele ke mehato e mengata. Monna le mosali baa kopana, baa tsebana, ’me baa ratana. Ho latelang e-ba tebeletsano. Lechato le bontša phatlalatsa qeto e fihletsoeng lekunutung—e leng ea ho kena lenyalong le ho phela hammoho e le monna le mosali. Ke lechato le tšoaeang phatlalatsa ho qaleha ha kamano eo e khethehileng. Letsatsi leo le tšoaea qaleho ea lenyalo. Ka ho tšoanang, kolobetso e tšoaea ho qaleha ha bophelo bo nehetsoeng ho tsamaea kamanong ea boinehelo ho Jehova.
12 Nahana ka papiso e ’ngoe. Ka mor’a letsatsi la bona la lechato, lerato pakeng tsa monna le mosali le lokela ho tota le ho hōla. E le hore ba atamelane haholoanyane, ka ho hloka boithati balekane ba lenyalo ka bobeli ba lokela ho leka ka matla ho boloka le ho matlafatsa kamano ea bona ea lenyalo. Le hoja re sa kene lenyalong le Molimo, ka mor’a ho kolobetsoa re lokela ho sebeletsa ho boloka kamano e haufi le Jehova. Oa hlokomela le ho ananela boiteko boo re bo etsang ba ho etsa thato ea hae ’me o atamela haufi le rōna. Morutuoa Jakobo o ile a ngola: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”—Jakobo 4:8.
Ho Tsamaea Mehatong ea Jesu
13. Ke mohlala oa mang oo re lokelang ho o latela ha re tsamaea le Molimo?
13 E le hore re tsamaee le Jehova, re lokela ho latela mohlala o behiloeng ke Jesu Kreste. Moapostola Petrose o ile a ngola: “Le bitselitsoe tsela ena, hobane esita le Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.” (1 Petrose 2:21) Kaha Jesu o ne a phethahetse ’me rōna ha rea phethahala, re ke ke ra latela mohlala oo a o behileng ka ho se nang sekoli. Leha ho le joalo, Jehova o lebeletse hore re etse sohle se matleng a rōna. A re hlahlobeng litšobotsi tse hlano tsa bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae tseo Bakreste ba inehetseng ba lokelang ho loanela ho li etsisa.
14. Ho tseba Lentsoe la Molimo ho akarelletsa eng?
14 Jesu o ne a e-na le tsebo e nepahetseng le e feletseng ea Lentsoe la Molimo. Nakong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ne a atisa ho qotsa Mangolong a Seheberu. (Luka 4:4, 8) Ke ’nete hore baeta-pele ba khopo ba bolumeli ba mehleng eo le bona ba ne ba qotsa Mangolong. (Matheu 22:23, 24) Phapang e ne e le hore Jesu o ne a utloisisa se boleloang ke Mangolo, ’me a se sebelisa bophelong ba hae. O ne a sa tsebe feela se boleloang ke Molao empa o ne a boetse a utloisisa moelelo oa oona. Ha re ntse re latela mohlala oa Kreste, le rōna re lokela ho leka ka matla ho utloisisa Lentsoe la Molimo, ho fumana moko-taba, kapa moelelo oa lona. Ka ho etsa joalo, mohlomong re ka ba basebetsi ba amohelehang ba Molimo ba khonang ho ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo.’—2 Timothea 2:15.
15. Jesu o ile a beha mohlala oa ho bua ka Molimo joang?
15 Kreste Jesu o ile a bua ka Ntate oa hae oa leholimo ho ba bang. Jesu ha aa ka a ipolokela tsebo ea Lentsoe la Molimo. Esita le lira tsa hae li ile tsa mo bitsa “Mosuoe,” kaha hohle moo a neng a e-ea teng o ne a bua le ba bang ka Jehova le ka merero ea Hae. (Matheu 12:38) Jesu o ne a bolela phatlalatsa tempeleng, synagogeng, metseng le libakeng tse ka thōko. (Mareka 1:39; Luka 8:1; Johanne 18:20) O ne a ruta ka kutloelo-bohloko le ka mosa, a bontša lerato ho bao a ba thusang. (Matheu 4:23) Ba latelang mohlala oa Jesu le bona ba fumana libaka le litsela tse ngata tsa ho ruta ba bang ka Jehova Molimo le ka merero ea hae e babatsehang.
16. Jesu o ne a e-na le kamano e haufi hakae le barapeli-’moho le eena ba Jehova?
16 Jesu o ne a e-na le kamano e haufi-ufi le ba bang ba rapelang Jehova. Ketsahalong e ’ngoe ha Jesu a ne a ntse a bua le matšoele, ’mè oa hae le barab’abo ba sa lumelang ba ile ba tla ho tla bua le eena. Tlaleho ea Bibele e re: “E mong a re ho eena: ‘Bona! ’Mè oa hao le barab’eno ba eme ka ntle, ba batla ho bua le uena.’ E le ho araba a re ho ea mo bolellang: ‘’Mè ke mang, ’me barab’eso ke bo-mang?’ ’Me ha a otlollela letsoho la hae ho barutuoa ba hae, a re: ‘Bonang! ’Mè le barab’eso! Kaha mang kapa mang ea etsang thato ea Ntate ea leng leholimong, eo ke mor’eso, le morali’eso, le ’mè.’” (Matheu 12:47-50) Sena hase bolele hore Jesu o ile a lahla lelapa labo, kaha liketsahalo tse ileng tsa latela li paka hore ha aa ka a etsa joalo. (Johanne 19:25-27) Leha ho le joalo, tlaleho ena e totobatsa lerato leo Jesu a neng a e-na le lona ho balumeli-’moho le eena. Hoa tšoana le kajeno, ba tsamaeang le Molimo ba batla botsoalle ba bahlanka ba bang ba Jehova ’me ba eketsa ho ba rata haholo.—1 Petrose 4:8.
17. Jesu o ile a ikutloa joang ka ho etsa thato ea Ntate oa hae oa leholimo, ’me seo se lokela ho re ama joang?
17 Ka ho etsa thato ea Molimo, Jesu o ile a bontša lerato la hae ho Ntate oa hae oa leholimo. Jesu o ile a mamela Jehova linthong tsohle. O ile a re: “Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng le hore ke qete mosebetsi oa hae.” (Johanne 4:34) Kreste o ile a boela a re: ‘Ka mehla ke etsa lintho tse khahlisang Molimo.’ (Johanne 8:29) Jesu o ne a rata Ntate oa hae oa leholimo hoo a bileng “a ikokobetsa ’me a mamela ho isa lefung, e, lefu thupeng ea tlhokofatso.” (Bafilippi 2:8) Ka lehlakoreng le leng, Jehova o ile a hlohonolofatsa Jesu, a mo phahamisetsa boemong ba bolaoli le ba tlhompho boo e leng Jehova feela ea mo phahametseng ho bona. (Bafilippi 2:9-11) Joaloka Jesu, re bontša lerato la rōna ho Molimo ka ho boloka litaelo tsa hae le ho etsa thato ea hae.—1 Johanne 5:3.
18. Jesu o ile a beha mohlala joang tabeng ea thapelo?
18 Jesu e ne e le motho oa thapelo. O ile a rapela ha a kolobetsoa. (Luka 3:21) Pele a khetha baapostola ba hae ba 12, o ile a qeta bosiu bohle a rapela. (Luka 6:12, 13) Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae mokhoa oa ho rapela. (Luka 11:1-4) Bosiung ba pele ho lefu la hae, o ile a rapella barutuoa ba hae, a ba a rapela le bona. (Johanne 17:1-26) Thapelo e ne e le karolo ea bohlokoa bophelong ba Jesu, feela joalokaha e lokela ho ba ea bohlokoa bophelong ba rōna, kaha re balateli ba hae. Ke tlotla e kaakang ho bua ka thapelo le ’Musi oa Bokahohle! Ho feta moo, Jehova o araba lithapelo, kaha Johanne o ile a ngola: “Ena ke kholiseho eo re nang le eona ho eena, hore, ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa. Ho ekelletsa moo, haeba re tseba hore oa re utloa mabapi le eng kapa eng eo re e kōpang, rea tseba hore re tla ba le lintho tse kōpiloeng kaha re li kōpile ho eena.”—1 Johanne 5:14, 15.
19. (a) Ke litšoaneleho life tsa Jesu tseo re lokelang ho li etsisa? (b) Re rua molemo ka litsela life ka ho ithuta ka bophelo le tšebeletso tsa Jesu?
19 Ho na le ho hongata hoo re ka ithutang hona ha re hlahloba bophelo le tšebeletso tsa Jesu Kreste ha a le lefatšeng! Nahanisisa ka litšoaneleho tseo a ileng a li bonahatsa: lerato, kutloelo-bohloko, mosa, matla, botsitso, kahlolo e molemo, boikokobetso, sebete le ho hloka boithati. Ha re ntse re ithuta ka ho eketsehileng ka Jesu, takatso ea rōna ea ho ba balateli ba hae ba tšepahalang ea hōla. Ho tseba Jesu ho boetse ho re atametsa haufi le Jehova. Etsoe, Jesu e ne e le ponahatso e phethahetseng ea Ntate oa hae oa leholimo. O ne a le haufi le Jehova hoo a neng a ka re: “Ea mponeng o bone Ntate ka ho tšoanang.”—Johanne 14:9.
Tšepa Molimo Hore a U Tšehetse
20. Re ka ba le kholiseho joang ha re tsamaea le Jehova?
20 Ha bana ba qala ho ithuta ho tsamaea, baa therekela. Ba ithuta ho tsamaea ka kholiseho joang? Ke ka boikoetliso le mamello feela. Ha e le hantle, ba tsamaeang le Jehova ba leka ka matla ho tsamaea ka kholiseho, ka mokhoa o tsitsitseng. Hona le hona ho hloka nako le mamello. Pauluse o ile a bontša bohlokoa ba ho ba le mamello ha re tsamaea le Molimo ha a ne a ngola: “Qetellong, barab’eso, rea le kōpa le ho le eletsa ka Morena Jesu, feela joalokaha le ile la amohela taelo ho rōna ea kamoo le tšoanelang ho tsamaea le ho khahlisa Molimo, feela joalokaha ka sebele le tsamaea, hore le ’ne le tsoele pele ho ho etsa ka botlalo haholoanyane.”—1 Bathesalonika 4:1.
21. Ha re ntse re tsamaea le Jehova, re ka thabela litlhohonolofatso life?
21 Haeba re inehetse ka ho feletseng ho Molimo, o tla re thusa hore re ’ne re tsamaee le eena. (Esaia 40:29-31) Ha ho letho leo lefatše lena le ka fanang ka lona le ka bapisoang le litlhohonolofatso tseo a hlohonolofatsang ba tsamaeang litseleng tsa hae ka tsona. Ke eena ‘Ea re rutang hore re rue molemo, Ea etsang hore re tsamaee tseleng eo re lokelang ho tsamaea ka eona. Hoja feela re ka ela litaelo tsa hae hloko, khotso ea rōna e tla tšoana le nōka, ’me ho loka ha rōna ho tšoane le maqhubu a leoatle.’ (Esaia 48:17, 18, NW) Ka ho amohela memo ea ho tsamaea le Molimo le ho tsamaea le eena ka botšepehi, re ka thabela khotso ka ho sa feleng le eena.
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ Ke hobane’ng ha e le tlotla ho tsamaea le Molimo oa ’nete?
◻ Ke hobane’ng ha ho ithuta, boinehelo le kolobetso e le mehato e qalang ha re tsamaea le Jehova?
◻ Ke joang re ka hatang mehatong ea Jesu?
◻ Re tseba joang hore Jehova o tla re tšehetsa ha re tsamaea le eena?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ho ithuta, boinehelo le kolobetso ke mehato e qalang ha re tsamaea le Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 14]