Dariuse—Morena ea Nang le Toka
MABAPI le mesebetsi ea kaho eo a neng a e entse, morena e mong ea tummeng o kile a ithorisa: “Liahelong tsa Babylona, ke ile ka etsa liahelo ka lerako le matla lehlakoreng le ka bochabela. Ke ile ka cheka foro . . . Ke ile ka haha lebota le matla ka samente le litene, leo joaloka thaba, le ke keng la suthisoa.” E, Morena Nebukadnezare oa Babylona o ne a ile a tšoareha mosebetseng o moholo oa kaho ’me o ne a sebelitse ka thata ho tiisa motse-moholo oa ’muso oa hae. Empa motse oo oa Babylona ha oa ka oa ipaka e le o ke keng oa kenoa joalokaha a ne a nahanne.
Bopaki ba sena bo ile ba bonahala ka la 5 October, 539 B.C.E. A e-na le lebotho la ntoa la Media, Cyruse II ’musi oa Persia, o ile a hlōla Babylona a ba a bolaea le ’musi oa eona oa Mokalde, Belshatsare. Joale ke mang eo e neng e tla ba ’musi oa pele oa motse oo o neng o sa tsoa hlōloa? Daniele, moprofeta oa Molimo ea neng a le ka har’a motse oo ha o oa, o ile a ngola: “Dariuse moMede a inkela ’muso, a le lilemo tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli.”—Daniele 5:30, 31.
Dariuse e ne e le mang? O ile a ipaka e le ’musi oa mofuta ofe? O ile a tšoara moprofeta Daniele ea neng a bile botlamuoeng moo Babylona ka lilemo tse ka holimo ho 70 joang?
MORENA EA NANG LE HISTORI E SA HLAKANG
Boitsebiso ba histori ba Dariuse Momede, ha boa hlaka. Bamede ba batla ba sa siea tlaleho e ngotsoeng. Ho feta moo, matlapa a likete tse makholo a mongolo oa cunieform, a epolotsoeng Bochabela bo Hare, a fana ka histori e sa fellang e nang le likheo tse ngata. Mengolo e meng ea lefatše e setseng ea boholo-holo ea fokola ka palo ’me e arohane le liketsahalo tse amanang le Dariuse ka lekholo la lilemo kapa ho feta.
Leha ho le joalo, bopaki bo bolela hore ka mor’a hore ho hapuoe Ecbatana, motse-moholo oa Media, ’musi oa Mopersia, Cyrus II, o ile a khona ho hapa lipelo tsa Bamede. Ka mor’a moo, Bamede le Bapersia ba ile ba loana ba kopane tlas’a boeta-pele ba hae. Mabapi le kamano ea bona, bukeng ea hae ea The Medes and Persians, mongoli Robert Collins o re: “Ba le khotsong, Bamede le Bapersia ba ne ba le boemong bo lekanang. Ba ne ba atisa ho khetheloa boemo bo phahameng pusong ea metse le mesebetsi ea ho etella pele lebothong la ntoa la Persia. Balichaba ba ne ba bua ka Bamede le Bapersia ba sa khetholle ba hlōtsoeng le ba hlōtseng.” Kahoo, Media e ile ea kopana le Persia ho etsa ’Muso oa Bamede le Bapersia.—Daniele 5:28; 8:3, 4, 20.
Ka sebele, Bamede ba ile ba phetha karolo e khōlō ho timetsoeng ha Babylona. Mangolo a hlahisa “Dariuse, mora oa Assueruse, oa lesika la ba-Mede” e le eena morena oa pele oa ’Muso oa Bamede le Bapersia ea ileng a busa Babylona. (Daniele 9:1) Matla a hae a borena a ne a kopanyelletsa matla a ho theha molao ‘ho ea ka molao oa Bamede le Bapersia o sa fetoheng.’ (Daniele 6:8) Seo Bibele e se bolelang ka Dariuse se boetse se re fa tlhase ea hore na ke motho oa mofuta ofe hammoho le lebaka le utloahalang la ho haella ha boitsebiso ba lefatše bo amanang le eena.
DANIELE OA RATOA
Hang ka mor’a hore a hape Babylona, Bibele e re Dariuse o ile a “bea ’musong marenana a lekholo le nang le mashome a mabeli, a lisoang ke mahosana a mararo ao Daniele e neng e le e ’ngoe ea ’ona.” (Daniele 6:1, 2) Leha ho le joalo, mahosana a mang a ne a sa rate boemo boo bo phahameng ba Daniele. Ka ntle ho pelaelo, botšepehi ba hae bo ne bo thibela bobolu, mohlomong bo etsa hore ba khopehe. E tlameha ebe mohono le oona o ile oa ba le tšusumetso e itseng ho mahosana kaha morena o ne a rata Daniele a bile a nahana ho mo etsa tona-khōlō.
A tšepa hore a tla thibela boemo bona, mahosana a mabeli le marenana a ile a cheha leraba la molao. A ile a ea ho morena a isa molao e le hore a ka o tekena, molao ona o ne o tla hanela mang kapa mang ho etsa “thapeli ho molimo osele kapa ho motho e mong” haese ho Dariuse ka matsatsi a 30. Ba ile ba fana ka tlhahiso ea hore leha e le ofe ea tla tlōla molao oo a akheloe ka lemeneng la litau. Ho ile ha etsoa hore Dariuse a lumele hore molao oo o ne o tla ratoa ke mahosana ’ohle a boemong bo phahameng, ’me tlhahiso eo e ile ea bonahala e le pontšo ea botšepehi ba bona ho morena.—Daniele 6:1-3, 6-8, BPN.
Dariuse o ile a tekena molao-taelo oo ’me ka potlako a tobana le liphello tsa hona. Daniele e ile ea e-ba oa pele ea ileng a tlōla molao oo hobane o ile a tsoela pele ho rapela Jehova Molimo. (Bapisa le Liketso 5:29.) Daniele ea tšepahalang o ile a lahleloa ka lemeneng la litau ho sa tsotellehe boiteko bo tiileng boo morena a neng a bo etsa ho fumana mokhoa oa ho qoba molao oo o sa fetoheng. Dariuse o ile a bontša hore o na le tšepo ea hore Molimo oa Daniele o ne a e-na le matla a ho pholosa moprofeta eo.—Daniele 6:9-17.
Ka mor’a ho hlobaela bosiu le ho itima lijo, Dariuse o ile a potlakela lemeneng la litau. O ile a thaba hakaakang ha a fumana Daniele a ntse a phela ’me a sa lemala! E le hore a iphetetse ka ho loka, ka potlako morena o ile a etsa hore ba neng ba qosa Daniele ba lahleloe ka lemeneng la litau hammoho le malapa a bona. O ile a boela a fana ka taelo ea hore ‘bophareng bohle ba ’muso oa hae, batho ba tšohe, ’me ba tšabe Molimo oa Daniele.’—Daniele 6:18-27.
Ka ho hlakileng, Dariuse o ne a hlompha Molimo oa Daniele le bolumeli ba hae ’me o ne a chesehela ho lokisa ho fosahetseng. Leha ho le joalo, e tlameha ebe ho ahlola ba neng ba qositse Daniele ho ile ha tsosa bora ho mahosana a setseng. Ho feta moo, e tlameha ebe phatlalatso ea Dariuse e neng e laela hore bohle ba ’musong oa hae ba lokela ho ‘tšaba Molimo oa Daniele,’ e ile ea baka lehloeo le tebileng har’a baruti ba Babylona ba nang le tšusumetso. Kaha ka sebele bangoli ba ile ba susumetsoa ke mabaka ana, ho ne ho ke ke ha makatsa haeba litlaleho tsa lefatše li ile tsa fetoloa hore ho felisoe boitsebiso bo mabapi le Dariuse. Empa tlaleho e khutšoanyane e bukeng ea Daniele e bontša hore Dariuse e ne e le ’musi ea hlokang leeme le ea nang le toka.