Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 12/1 maq. 27-31
  • Ho Tlohela Borapeli ba Moemphera ho ea Borapeling ba ’Nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tlohela Borapeli ba Moemphera ho ea Borapeling ba ’Nete
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litšusumetso Tsa Bolumeli Bonyenyaneng
  • Lilemo Tsa Ntoa
  • Ho Hlaha Tšepo e Ncha
  • Thabo ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho
  • Ho Latsoa Lefatše le Lecha Esale Pele
  • Ho Ananela Likabelo Tsa Ka
  • Mabaka a Mangata a ho Thaba
  • Jehova o Hulela Baikokobetsi ’Neteng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Jehova Ha A Furalle Bahlanka Ba Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ke Thusitsoe ho Hlōla Lihlong Tsa Ka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Ha e Mong a Bitsa, na ua Arabela?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 12/1 maq. 27-31

Ho Tlohela Borapeli ba Moemphera ho ea Borapeling ba ’Nete

JOALOKAHA HO BOLETSE ISAMU SUGIURA

Le hoja ka 1945 ho ne ho totobetse hore Japane e ne e hlōloa Ntoeng ea II ea Lefatše, re ne re kholisehile hore kamikaze (“sefefo sa bomolimo”) e ne e tla foka ’me e hlōle sera. Kamikaze ke lifefo tse matla tse ileng tsa e-ba teng ka 1274 le ka 1281 tseo ka makhetlo a mabeli li ileng tsa timetsa boholo ba likepe tsa ntoa tsa Mongolia tse neng li hlasela lebōpong la leoatle la Japane, kahoo, li li qobella ho checha.

KA LEBAKA leo, ha ka la 15 August, 1945, Moemphera Hirohito a tsebisa sechaba hore Japane e inehetse Mabothong a Kopaneng, tšepo ea batho ba limilione tse lekholo ba inehetseng ho eena e ile ea fela. Ka nako eo ke ne ke sa le moshemane ea kenang sekolo, ’me le ’na tšepo ea ka e ile ea fela. Ke ile ka ipotsa: ‘Haeba moemphera hase Molimo o phelang, ke mang eo e leng eena? Ke lokela ho tšepa mang?’

Leha ho le joalo, ha e le hantle ho hlōloa ha Japane Ntoeng ea II ea Lefatše ho ile ha bula tsela bakeng sa ka hammoho le Majapane a mang a likete hore re ithute ka Molimo oa ’nete, Jehova. Pele ke bua ka liphetoho tseo ke ileng ka lokela ho li etsa, a nke ke u bolelle ka khōliso ea ka ea bolumeli.

Litšusumetso Tsa Bolumeli Bonyenyaneng

Ke hlahetse motseng oa Nagoya ka la 16 June, 1932, ke le oa ho qetela bashemaneng ba bane. Ntate e ne e le mapotiela oa litša motseng ona. ’Mè e ne e le molumeli ea mafolofolo oa Tenrikyo, sehlopha sa bokhelohi sa Shinto, ’me moholoane oa ka oa matsibolo o ne a koetliselitsoe ho ba mosuoe oa bolumeli oa Tenrikyo. ’Na le ’Mè re ne re ntšana se inong ’me o ne a ea le ’na sebakeng sa borapeli.

Ke ile ka rutoa ho inamisa hlooho le ho rapela. Bolumeli ba Tenrikyo bo ne bo ruta tumelo ho ’mōpi ea bitsoang Tenri O no Mikoto, hammoho le melingoana e leshome e tlaasana. Litho tsa bona li ne li folisa ka tumelo, ’me li hatisa ho sebeletsa ba bang le ho hasa litumelo tsa tsona.

Joaloka moshemane, ke ne ke labalabela ho tseba lintho. Ke ne ke hlolloa ke khoeli le linaleli tse se nang palo sepakapakeng bosiu, ’me ke ne ke ipotsa hore na bokahohle bo fella hokae ka nģ’ane ho sepakapaka. Ke ne ke bona ho hlolla ho shebella ha li-eggplant le likomkomere tseo ke li jalileng seratsoaneng se ka mor’a ntlo li hōla. Ho shebella tlhaho ho ne ho matlafatsa tumelo ea ka ho Molimo.

Lilemo Tsa Ntoa

Ha ke ne ke le sekolong sa mathomo ho tloha ka 1939 ho ea ho 1945, e ne e le ha Ntoa ea II ea Lefatše e loanoa. Borapeli ba moemphera, karolo ea bohlokoa ea Boshinto, bo ne bo hatisoa thutong ea rōna ea sekolo. Re ne re rutoa shushin, e neng e akarelletsa koetliso ea boitšoaro e fanang ka maikutlo a bochaba le a bosole. Litšebeletso tsa ho phahamisa folakha, ho bina pina ea sechaba, ho ithuta litaelo tsa moemphera le ho lebisa tlhompho setšoantšong sa moemphera kaofela e ne e le karolo ea kemiso ea rōna ea sekolo.

Re ne re boetse re e-ea ntlong ea borapeli ea Shinto ho kōpa Molimo ka matla hore lebotho la moemphera le hlōle. Baholoane ba ka ba babeli ba ne ba sebeletsa sesoleng. Ka lebaka la thuto e kentsoeng ka ho teba ka ho ’na ea bolumeli le bochaba, ke ne ke thabela litaba tsa katleho ea lebotho la ntoa la Japane.

Nagoya e ne e le setsi sa Japane sa indasteri ea lifofane, ka hona, e ne e le eona mohlaseluoa ea ka sehloohong oa Lebotho la Moeeng le leholohali la United States. Motšehare lifofane tse bitsoang B-29 Superfortress, tse lihang libomo, li ne li fofa ka holim’a motse ona ka tsela e laolehileng li le bophahamong ba limithara tse 9000, li lihela libomo tse ngata haholo holim’a libaka tseo lifektheri li leng ho tsona. Bosiu lisechelaete li ne li fumana lifofane tse lihang libomo li le tlaase bophahamong ba limithara tse 1300. Litlhaselo tsa moeeng tse pheta-phetoang tse etsoang ka libomo tse chesang li ne li baka mocheso libakeng tsa bolulo. Nagoya feela e ile ea hlaseloa ke lifofane tsa ntoa ka makhetlo a 54 likhoeling tse robong tsa ho qetela tsa ntoa, ha fella ka mahlomola a mangata le ka hore batho ba fetang 7700 ba shoe.

Ka nako ena, libomo tse tsoang likepeng tsa ntoa li ne li qalile ho qhomisoa metseng e leshome e pel’a lebōpo la leoatle, ’me batho ba ne ba bua ka monyetla oa hore mabotho a United States a lulise lifofane tsa ’ona pel’a Tokyo. Basali le bashemane ba ile ba koetlisetsoa ho loana ka marumo a leqala bakeng sa ho sireletsa naha. Lepetjo la rōna e ne e le “Ichioku Sougyokusai,” e bolelang “ho ka mpa ha shoa ba limilione tse 100 ho e-na le hore re inehele.”

Ka la 7 August, 1945, sehlooho sa litaba sa koranta e ’ngoe se ile sa tlaleha: “Mofuta o Mocha oa Bomo o Lihetsoe Hiroshima.” Ka mor’a matsatsi a mabeli, e ’ngoe e ile ea liheloa Nagasaki. Tsena e ne e le libomo tsa athomo, ’me hamorao re ile ra bolelloa hore li bolaile batho ba fetang 300 000. Joale, ka la 15 August, ka mor’a koetliso ea ho macha ka lithunya tsa lehong, re ile ra mamela puo ea moemphera eo ho eona a ileng a phatlalatsa hore Japane e inehetse. Re ne re kholisehile hore re tla hlōla, empa joale re ile ra sithabela!

Ho Hlaha Tšepo e Ncha

Ha masole a Amerika a qala ho lula ka har’a naha, butle-butle re ile ra amohela ’nete ea hore United States e hlōtse ntoa. Puso ea sechaba ka sechaba e ile ea kenngoa tšebetsong Japane, hammoho le molao oa motheo o mocha o neng o fana ka tiiso ea bolokolohi ba borapeli. Maemo a bophelo a ne a le thata, lijo li ne li fokola, ’me ka 1946 Ntate o ile a bolaoa ke khaello ea phepo e nepahetseng.

Ho sa le joalo, Senyesemane se ile sa qala ho rutoa sekolong seo ke neng ke se kena, ’me seteishene sa seea-le-moea sa NHK se ile sa qala lenaneo la puisano ea Senyesemane. Ka lilemo tse hlano, kamehla ke ne ke mamela lenaneo lena le ratoang ke nkile buka ea sekolo. Sena se ile sa etsa hore ke lore ho ea United States ka letsatsi le leng. Ka lebaka la ho nyahamisoa ke bolumeli ba Boshinto le ba Bobuddha, ke ile ka qala ho nahana hore mohlomong ’nete ka Molimo e ka ’na ea fumaneha malumeling a Bophirimela.

Maqalong a April 1951, ke ile ka kopana le Grace Gregory, moromuoa oa Mokhatlo oa Watch Tower. O ne a eme ka pel’a seteishene sa terene sa Nagoya a fana ka kopi ea Senyesemane ea Molula-Qhooa le bukana ea Sejapane e buang ka Bibele. Ke ile ka khahloa ke boikokobetso ba hae ha a etsa mosebetsi oo. Ke ile ka nka lingoliloeng tseo ka bobeli ’me ntle ho tikatiko ka amohela memo ea hae ea ho ithuta Bibele. Ke ile ka tšepisa ho ea ha hae bakeng sa thuto ea Bibele matsatsi a seng makae ka mor’a moo.

Ha ke lula fatše ka tereneng ’me ke qala ho bala Molula-Qhooa, lentsoe la pele sehloohong se qalang, “Jehova,” le ile la hula tlhokomelo ea ka. Ke ne ke e-so bone lebitso leo. Ke ne ke sa lebella ho le fumana bukeng e hlalosang mantsoe e nyenyane ea Senyesemane le Sejapane eo ke neng ke e nkile, empa le ne le le teng! “Jehova . . . , Molimo oa Bibele.” Joale ke ile ka qala ho ithuta ka Molimo oa Bokreste!

Ketelong eo ea pele lehaeng la baromuoa, ke ile ka utloela ka puo ea Bibele eo Nathan H. Knorr, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Watch Tower Bible and Tract Society, a neng a lokela ho fana ka eona libeke tse seng kae hamorao. O ne a etela Japane le mongoli oa hae, Milton Henschel, ’me o ne a tla Nagoya. Le hoja ke ne ke e-na le tsebo e fokolang ea Bibele, ke ile ka thabela puo eo haholo, hammoho le botsoalle ba baromuoa le ba bang ba neng ba le teng.

Ka nako e ka etsang likhoeli tse peli, thutong ea ka le Grace ke ile ka fumana tsebo ea linnete tsa motheo ka Jehova, Jesu Kreste, thekollo, Satane Diabolose, Armagedone le lefatše la Paradeise. Litaba tse molemo tsa ’Muso e ne e le oona molaetsa oo ke neng ke ntse ke o batla. Ke ile ka qala ho ea libokeng tsa phutheho ka eona nako eo ke qalileng ho ithuta ka eona. Ke ne ke rata moea oa botsoalle o neng o e-ba teng lipokanong tsena, moo baromuoa ba neng ba itsoakanya le Majapane ka bolokolohi ’me ba lula le rōna holim’a tatami (moseme).

Ka October 1951, kopano ea pele ea potoloho Japane e ile ea tšoareloa Holong ea Sechaba ea Nakanoshima motseng oa Osaka. Ho ne ho e-na le Lipaki tse ka tlaase ho 300 Japane eohle; empa batho ba ka bang 300 ba ile ba e-ba teng kopanong ena, ho akarelletsa le baromuoa ba ka bang 50. Ke bile ka ba le karolo e nyenyane lenaneong. Seo ke ileng ka se bona le ho se utloa se ile sa nkhahla hoo ka pelong ea ka ke ileng ka ikemisetsa ho sebeletsa Jehova bophelo ba ka bohle. Letsatsing le latelang, ke ile ka kolobetsoa ka metsing a foofo a sebaka sa sechaba sa ho tola se haufi.

Thabo ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho

Ke ne ke batla ho ba pula-maliboho, e leng kamoo basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova ba bitsoang kateng, empa ke ile ka boela ka ikutloa ke tlameha ho thusa ho phelisa lelapa leso. Nakong eo ke ileng ka ba le sebete sa ho bolella mookameli oa ka ka takatso ea ka, ke ile ka makala ha ke utloa a re: “Ke tla thabela ho u tšehetsa haeba seo se tla u thabisa.” Ke ile ka khona ho sebetsa matsatsi a mabeli feela ka beke ’me ka ’na ka khona ho thusa ’Mè ka litšenyehelo tsa lelapa. Ka sebele ke ile ka ikutloa eka ke nonyana e ntšitsoeng ka serobeng seo e neng e koaletsoe ho sona.

Ha maemo a ntse a ntlafala, ke ile ka qala ho bula maliboho ka la 1 August, 1954, tšimong e ka mor’a seteishene sa terene sa Nagoya, haufi le sebaka seo ho sona ke ileng ka kopana le Grace ka lekhetlo la pele. Ka mor’a likhoeli tse ’maloa, ke ile ka fumana kabelo ea ho sebeletsa ke le pula-maliboho ea khethehileng Beppu, e leng motse o sehlekehlekeng se ka bophirimela sa Kyushu. Tsutomu Miura o ile a fuoa kabelo ea ho sebetsa le ’na.a Ka nako eo, ho ne ho se liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova sehlekehlekeng sena sohle, empa hona joale ho na le tse makholo, tse arotsoeng ka lipotoloho tse 22!

Ho Latsoa Lefatše le Lecha Esale Pele

Ha Mor’abo rōna Knorr a etela Japane hape ka April 1956, o ile a kōpa hore ke bale lirapa tse seng kae tsa makasine ea Molula-Qhooa oa Senyesemane ka lentsoe le phahameng. Ha kea ka ka bolelloa lebaka, empa likhoeli tse seng kae hamorao, ke ile ka fumana lengolo le neng le ’memela ho ba teng sehlopheng sa bo29 sa sekolo sa boromuoa sa Gileade. Ka hona, ka November selemong seo, ke ile ka kena leetong le thabisang le eang United States le ileng la phethahatsa toro ea nako e telele. Ho lula le lelapa le leholo la Bethele ea Brooklyn le ho sebetsa le lona ka likhoeli tse seng kae ho ile ha matlafatsa tumelo ea ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova o bonahalang.

Ka February 1957, Mor’abo rōna Knorr o ile a re palamisa koloi re le bararo ho ea Sekolong sa Gileade se South Lansing, ka leboea ho New York. Likhoeli tse hlano tse latelang ke le Sekolong sa Gileade, ha ke ntse ke rutoa Lentsoe la Jehova ’me ke phela tikolohong e ntle le liithuti-’moho le ’na, ke ile ka latsoa lefatše la Paradeise esale pele. Liithuti tse leshome ho tse 103, ho akarelletsa le ’na, li ile tsa fuoa kabelo ea ho ea Japane.

Ho Ananela Likabelo Tsa Ka

Ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 860 Japane ha ke ne ke khutlela teng ka October 1957. Ke ne ke abetsoe mosebetsi oa ho tsamaea ke le molebeli oa potoloho, empa pele ho moo Adrian Thompson o ile a nkoetlisetsa mosebetsi oo ka matsatsi a seng makae Nagoya. Potoloho ea ka e ne e akarelletsa sebaka sa ho tloha Shimizu, pel’a Thaba ea Fuji, ho ea Sehlekehlekeng sa Shikoku ’me e ne e akarelletsa metse e meholo e kang Kyoto, Osaka, Kobe le Hiroshima.

Ka 1961, ke ile ka fuoa kabelo ea ho ba molebeli oa setereke. Eona e ne e akarelletsa ho tsamaea ho tloha sehlekehlekeng se ka leboea se koahetsoeng ke lehloa sa Hokkaido ho ea sehlekehlekeng sa Okinawa se meeling ea linaha tse chesang tse mongobo, esita le ho fetela ka nģ’ane ho ea sehlekehlekeng sa Ishigaki pel’a Taiwan, sebaka sa lik’hilomithara tse ka bang 3000.

Joale, ka 1963, ke ile ka memeloa thupelong ea likhoeli tse leshome ea Sekolo sa Gileade se Bethele ea Brooklyn. Nakong ea thupelo ena, Mor’abo rōna Knorr o ile a hatisa bohlokoa ba ho ba le boikutlo bo nepahetseng ka likabelo tsa mosebetsi. O ile a bolela hore ho hloekisa matloana ke kabelo ea bohlokoa joaloka ofising. O ile a bolela hore haeba matloana a sa hloeka, sena se ne se tla ama lelapa lohle la Bethele le mosebetsi oa lona. Hamorao, ho hloekisa matloana e ile ea e-ba karolo ea mosebetsi oa ka Bethele ea Japane, ’me ke ile ka hopola keletso eo.

Ka mor’a hore ke khutlele Japane, ke ile ka boela ka fuoa kabelo ea mosebetsi oa ho tsamaea. Lilemo tse seng kae hamorao, ka 1966, ke ile ka nyala Junko Iwasaki, pula-maliboho ea khethehileng ea neng a sebeletsa motseng oa Matsue. Lloyd Barry, eo ka nako eo e neng e le molebeli oa lekala la Japane, o ile a fana ka puo ea lenyalo e thabisang. Eaba Junko o kopanela le ’na mosebetsing oa ho tsamaea.

Kabelo ea rōna e ile ea fetoha ka 1968 ha ke ne ke biletsoa ofising ea lekala e Tokyo ho ea etsa mosebetsi oa ho fetolela. Ka lebaka la ho fokola ha likamore, ke ne ke e-ea mosebetsing ke tloha moo ke neng ke lula teng Lebatooeng la Sumida, Tokyo, ’me Junko o ne a sebeletsa le phutheho ea sebaka seo e le pula-maliboho ea khethehileng. Nakong ena, ho ne ho hlokahala mehaho ea lekala e meholoanyane. Ka hona ka 1970 ho ile ha rekoa setša Numazu, eseng hōle le Thaba ea Fuji. Sebakeng seo, ho ile ha ahoa fektheri e mekato e meraro le mohaho oa bolulo. Pele kaho e qala, matlo a mangata setšeng sena a ne a sebelisetsoa Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso, se koetlisang balebeli ba liphutheho. Ke ile ka ba le tokelo ea ho ruta liithuti, ’me Junko o ne a li lokisetsa lijo. Ho ne ho thabisa ho bona banna ba Bakreste ba makholo ba koetlisetsoa tšebeletso ka tsela e khethehileng.

Motšehare o mong oa mantsiboea ke ile ka amohela thelekramo e potlakileng. ’Mè o ne a kene sepetlele ’me ho ne ho se na tšepo ea hore o tla phela. Ke ile ka palama terene e lebelo le phahameng ho ea Nagoya ’me ka potlakela sepetlele. O ne a akhehile, empa ke ile ka qeta bosiu ke le lehlakoreng la bethe ea hae. ’Mè o ile a shoa ka meso. Ha ke khutlela Numazu, ke ne ke sitoa ho thiba likeleli ha ke hopola linako tse boima tseo a fetileng ho tsona bophelong ba hae le lerato leo a neng a nthata ka lona. Haeba ke thato ea Jehova, ke tla ’mona hape tsohong.

Re ile ra eketseha ka potlako hoo mehaho e Numazu e neng e se e le menyenyane. Ka hona ho ile ha rekoa setša se boholo ba lihekethere tse supileng Ebina City, ’me ka 1978 ho ne ho se ho ntse ho ahoa mohaho o mocha oa lekala. Hona joale setša sena sohle se tletse mohaho oa fektheri le oa bolulo, esita le Holo ea Kopano e nang le litulo tse fetang 2800. Katoloso ea morao-rao, e akarelletsang mehaho ea bolulo e ’meli e mekato e 13 le mohaho oa ho paka likoloi le ho li lokisa o mekato e mehlano, e phethiloe mathoasong a selemo sena. Hona joale litho tsa lelapa la rōna la Bethele li ka ba 530, empa mehahong e atolositsoeng e tla re lumella ho amohela batho ba ka bang 900.

Mabaka a Mangata a ho Thaba

E bile ho thabisang ho bona boprofeta ba Bibele bo phethahala, e, ho bona ‘e monyenyane a fetoha sechaba se sengata.’ (Esaia 60:22) Ke hopola e mong oa baholoane ba ka a mpotsa morao koo ka 1951, “Ho na le Lipaki tse kae Japane?”

Ke ile ka araba: “Tse ka bang 260.”

O ile a mpotsa ka mokhoa o nyelisang: “Ke phetho?”

Ke hopola ke nahana, ‘Ho tla bonahala ha nako e ntse e feta hore na ke batho ba bakae bao Jehova a tla ba hulela borapeling ba hae naheng ena ea Boshinto le Bobuddha.’ ’Me Jehova o fane ka karabo! Kajeno, ha ho sa na tšimo e sa abuoang eo ho ka boleloang ho eona Japane, ’me palo ea barapeli ba ’nete e phahametse ho 222 000 liphuthehong tse 3800!

Lilemo tse fetileng tse 44 tsa bophelo ba ka ke le tšebeletsong ea nako e tletseng—tse 32 ke e-na le mosali oa ka ea ratoang—e bile tse thabisang ka ho khethehileng. Tse 25 ho tsona ke sebelelitse Lefapheng la Phetolelo Bethele. Hape, ka September 1979, ke ile ka memeloa ho ba setho sa komiti ea lekala ea Lipaki tsa Jehova Japane.

E bile tokelo le tlhohonolofatso hore ebe ke bile le karolo e nyenyane ho thuseng batho ba tšepahalang, ba ratang khotso ho tla borapeling ba Jehova. Ba bangata ba entse sona seo ke se entseng—ba tlohela ho inehela ho moemphera ’me ba rapela Molimo eo e leng eena feela oa ’nete, Jehova. Ke takatso ea ka ea sebele ho thusa ba bang ba bangata ho tla ka lehlakoreng la Jehova le hlōtseng ’me ba fumane bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la khotso.—Tšenolo 22:17.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ntate oa hae e ne e le Paki e tšepahalang e ileng ea pholoha ho qhoma ha bomo ea athomo Hiroshima ka 1945 ha a ntse a le teronkong ea Japane. Bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea October 8, 1994, leqepheng la 11-15.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

The Mainichi Newspapers

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Thuto ea sekolo e neng e likoloha borapeling ba moemphera

Ke na le Mor’abo rōna Franz New York

Ke na le mosali oa ka, Junko

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Ke mosebetsing Lefapheng la Phetolelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela