Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 12/1 maq. 23-26
  • Ho ba Qalong ea Tšebetso e Khōloanyane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho ba Qalong ea Tšebetso e Khōloanyane
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Keletso eo Barupeli ba Faneng ka Eona Nakong ea Karohano
  • Baromuoa ba Nako e Telele ba Thabileng
  • Ho Tloha ho Beng Liithuti Tse Atlehileng ho ea ho Beng Baromuoa ba Atlehileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Moea oa Boithaopo o Tlisa Batho Gileade
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Baromuoa ba Eketsehileng Bakeng sa Kotulo ea Lefatše Lohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Litlhohonolofatso tsa Thuto ea Gileade li Tlala Lefatšeng ka Bophara
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 12/1 maq. 23-26

Ho ba Qalong ea Tšebetso e Khōloanyane

RICHARD le Lusia ha ba hlalosa liithuti-’moho le bona tsa sehlopha sa bo105 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower ba itse: “Ho ne ho se na moea oa tlhōlisano. E mong le e mong o ne a batla hore bohle ba atlehe. Kaofela ha rōna re fapane haholo, empa ho rōna, seithuti se seng le se seng ke sa bohlokoa.” Seithuti-’moho le bona e leng Lowell o ile a lumela, a ba a eketsa: “Ho se tšoane ha rōna ho re kopantse hammoho.”

Sehlopha sena, se ileng sa abeloa mangolo a sona ka la 12 September, 1998, ka sebele e ne e le sa batho ba mefuta e sa tšoaneng. Liithuti tse ling e ne e bile bo-pula-maliboho libakeng tseo ho tsona ho nang le tlhokahalo e khōlō ea bahoeletsi ba ’Muso; tse ling li ne li ile tsa sebeletsa ka botšepehi haufinyane le mahae. Tse seng kae, joaloka Mats le Rose-Marie, li ile tsa tlameha ho sebetsa ka thata ka nako e telele hore li ntlafatse Senyesemane sa tsona pele li e-tla sekolong. Liithuti tse ngata li ’nile tsa nahana ka tšebeletso ea boromuoa ho tloha bongoaneng. Banyalani ba bang ba ile ba etsa kōpo ka makhetlo a 12; ba ne ba thabile hakaakang ha ba amohela memo ea ho tla sehlopheng sa bo105!

Libeke tse 20 tsa koetliso e matla li ile tsa feta kapele haholo. Pele liithuti li hlokomela, li ne li fane ka tlhahlobo ea tsona e ngoloang ea ho qetela, li nehelane ka tlaleho ea tsona ea ho qetela e etsoang ka ho fana ka puo, ’me letsatsi la kabo ea mangolo le fihlile.

Molula-setulo oa lenaneo, Albert Schroeder, setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, o ile a hopotsa sehlopha sena hore se “qalong ea tšebetso e khōloanyane karolong ea thuto ea Bibele,” se latela ba bang ba fetang 7000 ba ileng ba tla Gileade pele ho bona. O ile a bontša hore hlabula liithuti li ile tsa thabela monyetla o khethehileng oa ho kopana le baromuoa ba nako e telele ha bao ba ne ba etetse ntlo-khōlō ea lefatše lohle nakong ea likopano tsa machaba.

Eaba Mor’abo rōna Schroeder o kenyelletsa Max Larson oa Komiti ea Tšebetso ea Bethele. O ile a beha puo sehloohong se reng “Thuto e Lebisang Bophelong bo sa Feleng.” Mor’abo rōna Larson o ile a qotsa Liproverbia 1:5 (NW), e reng: “Motho ea bohlale o tla mamela le ho amohela taeo e eketsehileng, ’me motho ea nang le kutloisiso ke ea fumanang tataiso e bohlale.” Ho hlokahala hore motho a be bohlale e le hore e ka ba moromuoa ea atlehang. Batho ba bohlale ba ema ka pel’a marena. (Liproverbia 22:29) Ka mor’a hore li rutoe ka likhoeli tse hlano, liithuti li ne li hlomeletsoe hamolemo bakeng sa ho emela Marena a maholo ka ho fetisisa, Jehova Molimo le Kreste Jesu.

Ho ile ha latela David Olson oa Lefapha la Tšebeletso ka sehlooho se reng “E-ba le Karolo ho Thabiseng Pelo ea Jehova.” O ile a botsa: “Batho ba sa phethahalang ba ka etsa’ng ho thabisa pelo ea Molimo?” Karabo e bile efe? Ba ka mo sebeletsa ka botšepehi, botšepehi bo sa sekisetseng le ka thabo. Jehova o batla hore batho ba hae ba thabele tšebeletso ea bona ho eena. Ha re etsa thato ea Molimo ka thabo, re thabisa pelo ea hae. (Liproverbia 27:11) Mor’abo rōna Olson o ile a bala lengolo le tsoang ho banyalani ba baromuoa ba ileng ba fumana mangolo a bona Gileade sehlopheng sa bo104. Na ba thabela kabelo ea bona e ncha? Ba ngotse sena mabapi le phutheho eo ba leng ho eona: “Re na le bahoeletsi ba ka bang 140, ’me ka karolelano ba bang teng libokeng ba 250 ho ea ho 300. Tšebeletso ea tšimo ke karolo e monate ka ho fetisisa. E mong le e mong oa rōna o na le lithuto tse ’nè, ’me tse ling li se li ntse li ba teng libokeng.”

Lyman Swingle oa Sehlopha se Busang, o ile a beha puo eo sehlooho sa eona se neng se re “Nako ea ho Etsa Khefu ’me U Bale Litlhohonolofatso Tsa Hao.” Koetliso ea Gileade e tliselitse ba bangata litlhohonolofatso. E thusitse liithuti ho eketsa tsebo ea tsona, ho hōlisa kananelo ea tsona bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, le ho hlaolela litšoaneleho tsa bohlokoahali, tse kang boikokobetso. Mor’abo rōna Swingle o ile a re: “Ke phihlelo ea boikokobetso hore ebe le tlile mona ’me le qetile nako le mametse taeo,” a ba a phaella: “U tloha mona u hlomelletsoe hamolemonyana bakeng sa ho tlotlisa Jehova.”

Sehlooho sa puo ea Daniel Sydlik, eo le eena e leng setho sa Sehlopha se Busang se ne se re “Le Thabile Hakaakang—Ka Hona le ka Tšoenngoa Ke’ng?” O ile a ba khothalletsa hore ha mathata a hlaha, ba batle tataiso Mangolong. A sebelisa litemana tse khethiloeng khaolong ea botšelela ea Matheu, Mor’abo rōna Sydlik o ile a etsa papiso ea kamoo sena se ka etsoang kateng. Ho hloka tumelo ho ka etsa hore re tšoenyehe ka lintho tse tloaelehileng, tse kang lijo le liaparo. Leha ho le joalo, Jehova o tseba seo re se hlokang. (Matheu 6:25, 30) Ho tšoenyeha ho mpa ho tla eketsa mathata a letsatsi ka leng. (Matheu 6:34) Ka lehlakoreng le leng, ho hlokahala hore lintho li reroe. (Bapisa le Luka 14:28.) Mor’abo rōna Sydlik o ile a hlalosa: “Jesu ha a hanele ho nahanela bokamoso ka bohlale, empa seo a se hanelang ke ho tšoenyeha ka bona ka tsela e bontšang ho hloka bohlale. Ho nka bohato ke e ’ngoe ea lipheko tse molemohali tsa matšoenyeho. Ha re tšoenyeha, ho molemo hore re qale ho bua ka ’nete.”

Keletso eo Barupeli ba Faneng ka Eona Nakong ea Karohano

Ho ile ha latela lipuo tseo litho tse tharo tsa lefapha la thuto la Gileade li ileng tsa fana ka tsona. Karl Adams o ile a bua pele, ka sehlooho se reng “U Tla Buseletsa Eng ho Jehova?” Puo ea hae e ne e thehiloe ho Pesaleme ea 116 (NW), eo ho ka etsahalang hore Jesu o ile a e bina bosiung ba pele a e-shoa. (Matheu 26:30, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW) Jesu o ne a nahanne eng ha a ntse a bina mantsoe a reng: “Ke tla buseletsa eng ho Jehova bakeng sa melemo eohle ea hae ho ’na”? (Pesaleme ea 116:12) E ka ’na eaba o ne a nahanne ka ’mele o phethahetseng oo Jehova a neng a mo lokiselitse oona. (Baheberu 10:5) Letsatsing le latelang, o ne a tla nyehela ’mele oo hore e be sehlabelo, a paka ho teba ha lerato la hae. Liithuti tsa sehlopha sa bo105 li ne li latsoitse molemo oa Jehova ka likhoeli tse hlano tse fetileng. Joale li ne li tla bontša lerato la tsona ho Molimo ka ho sebetsa ka thata likabelong tsa tsona tsa boromuoa.

Mark Noumair, morupeli oa bobeli oa Gileade ea ileng a bua, o ile a eletsa liithuti hore li ‘Tsoele Pele ho Etsa se Nepahetseng.’ Ka mor’a hore Josefa a rekisoe Egepeta e le lekhoba, o ile a mamella ho tšoaroa ka leeme ka lilemo tse 13. Na o ile a lumella liphoso tsa ba bang hore li mo nyahamise? Che, o ile a tsoela pele ho etsa se nepahetseng. Joale, ka nako eo Molimo a e behileng, Josefa o ile a lopolloa litekong tsa hae. Ka tšohanyetso, o ile a tsoa teronkong ’me a lula ntlong ea borena. (Genese, khaolo ea 37-50) Morupeli enoa o ile a botsa liithuti tsa hae: “Haeba le sa fumane seo le neng le se lebeletse kabelong ea lōna ea boromuoa, na le tla tlohela? Na le tla inehella ho nyahama? Kapa le tla mamella joaloka Josefa?”

Qetellong, mongolisi oa Sekolo sa Gileade, Wallace Liverance, o ile a etella pele puisano e hlasimollang ea litho tsa sehlopha sena sehloohong se reng “Phatlalatsang Morena le ’Muso.” Liithuti tse ling li ile tsa pheta liphihlelo tseo li bileng le tsona ha li ne li bolela ka ntlo le ntlo, mabenkeleng le literateng. Tse ling li ile tsa bolela kamoo li ileng tsa pakela batho ba buang lipuo tseo e seng tsa tsona kateng. Tse ling hape li ile tsa bontša kamoo ho ka pakeloang batho ba hōletseng malumeling a sa tšoaneng. Ba fumaneng mangolo kaofela ba ne ba labalabela ho ba le karolo e feletseng tšebeletsong ea boromuoa.

Baromuoa ba Nako e Telele ba Thabileng

Robert Wallen o ile a nehelana ka karolo e latelang, eo sehlooho sa eona se reng “Litholoana tse Thabisang tsa Tšebeletso ea Boromuoa,” ’me e ne e kopanyelletsa lipuisano le barab’abo rōna ba bane bao e leng basebetsi ba ntlo-khōlō ba neng ba sa tsoa ba le botsoalle bo hahang le baromuoa ba nang le phihlelo. Baromuoa bao ba ile ba lumela hang-hang hore ho ne ho se bonolo hore ba ithute puo e ncha, ba tloaele setso se seng kapa hona ho tloaela boemo ba leholimo bo fapaneng. Joale ho ne ho boetse ho e-na le bohloko ba ho hloloheloa hae boo ba neng ba lokela ho sebetsana le bona ka katleho. Ka linako tse ling ba ne ba kula. Empa ho tsena tsohle, baromuoa bana ba ile ba ba le boikutlo bo botle, ’me ho tiisetsa ha bona ho ile ha hlohonolofatsoa. Ba bang ba thusitse batho ba bangata ho tseba Jehova. Ba bang ba tlatselitse ka litsela tse sa tšoaneng katolosong e akaretsang ea mosebetsi oa ’Muso linaheng tsa habo bona.

Oa ho qetela ea ileng a bua e bile Carey Barber, setho sa Sehlopha se Busang. O ile a hlahloba lintlha tse khōlō tsa lenaneo la kopano ea “Tsela ea Molimo ea Bophelo.” O ile a botsa bamameli ba hae: “Lenaneo la kopano ee le bile le phello efe kamanong ea lōna le Jehova?” Sebui sena se ile sa bapisa liphello tse khotsofatsang tsa ho latela tsela ea Molimo le phello e kotsi ea ba latelang tsela ea lefatše. Ha se bua ka tšito ea Moshe Meriba, se ile sa lemosa: “Le haeba motho a sebelelitse ka botšepehi ka lilemo tse ngata, Jehova ha a nke hasesane tlōlo esita le e fokolang ea melao ea Hae e lokileng.” (Numere 20:2-13) E se eka libakeng tsohle bahlanka ba Molimo kaofela ba ka khomarela ka tieo litokelo tsa bona tsa bohlokoa tsa tšebeletso!

Ho ne ho fihlile nako ea hore liithuti tsena li amohele mangolo a tsona. Joale, moemeli oa sehlopha sena o ile a bala lengolo la kananelo bakeng sa koetliso eo liithuti tsena li e fumaneng. Ka mor’a pina e koalang le thapelo e tlohang pelong, lenaneo la kabo ea mangolo le ne le felile. Empa, ho sehlopha sena sa bo105, ena e ne e le qalo feela, hobane baromuoa ba bacha ba ne ba le “qalong ea tšebetso e khōloanyane.”

[Lebokose le leqepheng la 23]

Ba Khethile Tšebeletso ea Nako e Tletseng

Ben, e mong oa ba fumaneng mangolo sehlopheng sa bo105 o re: “Ha ke sa le monyenyane, ke ne ke se na morero oa ho bula maliboho.” Oa eketsa: “Ke ne ke nahana hore ke ba nang le litšoaneleho tse khethehileng feela le bao maemo a bona a bophelo a leng matle ba ka bulang maliboho. Empa ke ile ka ithuta ho rata tšebeletso ea tšimo. Joale ka letsatsi le leng ke ile ka fihleloa ke mohopolo oa hore ho ba pula-maliboho ho bolela ho ba le karolo e khōloanyane tšebeletsong. Ka nako eo ke ile ka hlokomela hore nka ba pula-maliboho.”

Lusia oa pheta: “Kamehla basebeletsi ba nako e tletseng ba ne ba nkoa e le ba bohlokoa lapeng.” O hopola boikutlo ba nyakallo bo neng bo e-ba teng phuthehong ea habo lekhetlo ka leng leo ka lona baromuoa ba neng ba e etela. O re: “Ha ke ntse ke hōla, ho ne ho lumeloa hore tšebeletso ea nako e tletseng e tla ba e ’ngoe ea lintho tseo ke rerang ho li etsa.”

’Mè oa Theodis o ile a shoa ha a ne a le lilemo li 15. O re: “Ka nako eo, phutheho e ile ea hla ea ntšehetsa, ka hona ke ile ka ipotsa, ‘Nka etsa’ng ho bontša kananelo ea ka?’” Sena se ile sa etsa hore a be tšebeletsong ea nako e tletseng ’me hona joale a be mosebetsing oa boromuoa.

[Lebokose le leqepheng la 23]

Lipalo-palo Tsa Sehlopha

Palo ea linaha tseo se li emetseng: 9

Palo ea linaha tseo se abetsoeng ho tsona: 17

Palo ea liithuti: 48

Palo ea malapa: 24

Karolelano ea lilemo: 33

Karolelano ea lilemo ’neteng: 16

Karolelano ea lilemo tšebeletsong ea nako e tletseng: 12

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Sehlopha sa bo105 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se Abeloang Mangolo

Lethathamong le ka tlaase, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ka ho le letona moleng ka mong

(1) Sampson, M.; Brown, I.; Heggli, G.; Abuyen, E.; Desbois, M.; Pourthié, P. (2) Kassam, G.; Lindberg, R.; Dapuzzo, A.; Taylor, C.; LeFevre, K.; Walker, S. (3) Baker, L.; Pellas, M.; Woggon, E.; Böhne, C.; Asplund, J.; Haile, J. (4) Pourthié, T.; Whittaker, J.; Palmer, L.; Norton, S.; Gering, M.; Haile, W. (5) Walker, J.; Böhne, A.; Groenveld, C.; Washington, M.; Whittaker, D.; Abuyen, J. (6) Gering, W.; Washington, K.; Pellas, M.; Desbois, R.; Heggli, T.; Asplund, Å. (7) Woggon, B.; LeFevre, R.; Taylor, L.; Brown, T.; Groenveld, R.; Palmer, R. (8) Norton, P.; Sampson, T.; Baker, C.; Lindberg, M.; Kassam, M.; Dapuzzo, M.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela