Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 3/1 maq. 25-28
  • Ba Sibolotse Eng Jezriele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Sibolotse Eng Jezriele?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jezriele ka Bibeleng
  • Litsebi Tsa Thuto ea ho Epolla Lintho Tsa Khale li Fumane Eng?
  • Khakanyo ea Nako ea Liketsahalo Tsa Jezriele
  • Na Histori ea Jezriele e ka Tsejoa?
  • Ho Tšoarella ka Tieo Letsohong le Letona la Molimo
    Tsoha!—2009
  • O Ile a Mamella ha a ne a Tšoaroa ka ho Hloka Toka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Mofumahali ea Khopo o Fuoa Kotlo
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Jeokrafi ea Bibele—Na e Nepahetse?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 3/1 maq. 25-28

Ba Sibolotse Eng Jezriele?

KA MAKHOLO a lilemo, sebaka seo motse oa boholo-holo oa Jezriele o neng o le ho sona se ’nile sa lula e le lesupi. Se kile sa tuma mehleng ea histori ea Bibele. Hona joale, se se se feletsoe ke botle ba sona ba pele ’me se koahetsoe ke mobu, se fetohile tutuluhali, kapa leralla. Lilemong tsa morao tjena, litsebi tsa thuto ea ho epolla lintho tsa khale li qalile ho hlahloba mesaletsa ea Jezriele. Lithako tsee li senola eng ka litlaleho tsa Bibele?

Jezriele ka Bibeleng

Kaha motse oa Jezriele o ne o le karolong e ka bochabela ea Phula ea Jezriele, o ne o le ho se seng sa libaka tse nonneng haholo tsa naha ea Iseraele ea boholo-holo. Ka mose ho phula ka nģ’a leboea, ke leralla la More, moo Bamidiane ba ileng ba emisa teng ha ba ntse ba itokisetsa ho hlasela Moahloli Gideone le masole a hae. Ho ella ka bochabela ke seliba sa Harode, mosikong oa Thaba ea Gilboa. Ke hona mona moo Jehova a ileng a fokotsa lebotho la ntoa la Gideone la banna ba likete hore e be la banna ba 300 feela, e le hore a bonahatse matla a hae a ho pholosa batho ba hae a sa sebelise lebotho le matla la sesole. (Baahloli 7:1-25; Zakaria 4:6) Thabeng e haufi le moo ea Gilboa, ke hona moo morena oa pele oa Iseraele, Saule, a ileng a hlōloa teng ke Bafilista ntoeng e matla, eo ho eona Jonathane le bara ba bang ba babeli ba Saule ba ileng ba bolaoa ’me Saule eena a ipolaea.—1 Samuele 31:1-5.

Mehloli ea boitsebiso bo mabapi le Bibele e buang ka motse ona oa boholo-holo oa Jezriele e fapane haholo. E bua ka tšebeliso e mpe ea matla le bokoenehi ba babusi ba Iseraele, hape e bua ka botšepehi le cheseho tsa bahlanka ba Jehova. Jezriele ke hona moo Morena Akabe—’musi oa ’muso o ka leboea oa meloko e leshome ea Iseraele halofong ea ho qetela ea lekholo la boleshome la lilemo B.C.E.—a ileng a haha ntlo ea hae ea borena teng, le hoja motse-moholo oa molao e ne e le Samaria. (1 Marena 21:1) Ke hona Jezriele moo moprofeta oa Jehova Elija a ileng a sokeloa ka lefu ke Jezebele, mosali oa molata oa Akabe. O ne a halefile hobane Elija a ne a bolaile baprofeta ba Baale a sa tšabe letho, ka mor’a hore eena Elija a etse teko e bontšang hore na Molimo oa ’nete ke mang Thabeng ea Karmele.—1 Marena 18:36–19:2.

Joale ho ile ha etsoa tlōlo ea molao Jezriele. Ho ile ha bolaoa Nabothe, Mojezriele. Morena Akabe o ne a chachehela tšimo ea morara ea Nabothe. Ha morena eo a batla ho nka tšimo eo, Nabothe o ile a arabela ka botšepehi: “Ke ho sa utloahaleng ponong ea Jehova, hore ke u fe lefa la baholo-holo ba ka.” Karabo ena e itšetlehileng ka molao-motheo e ile ea khopisa Akabe haholo. Ha Mofumahali Jezebele a bona hore morena o hlomohile, o ile a hlophisa nyeoe ea maiketsetso e qosang Nabothe ka ho nyefola. Nabothe ea se nang molato o ile a fumanoa a le molato ’me a tlepetsoa ka majoe ho fihlela a e-shoa, eaba morena o nka tšimo eo ea hae ea morara.—1 Marena 21:1-16, NW.

Ka lebaka la ketso ena e khopo, Elija o ile a profeta: “Lintja li tla ja Jezebele tšimong ea Jezriele.” Moprofeta enoa o ile a tsoela pele ho re: “Mang kapa mang oa Akabe ea shoelang motseng lintja li tla mo ja . . . Ha ho le ea mong ea neng a tšoana le Akabe, ea ithekisitseng bakeng sa ho etsa se sebe mahlong a Jehova, eo mosali oa hae Jezebele a mo susumelitseng.” Leha ho le joalo, kaha Akabe o ile a ikokobetsa ha Elija a phatlalatsa kahlolo ea Jehova, Jehova o ile a bolela hore kotlo ena e ke ke ea fihla nakong ea bophelo ba Akabe. (1 Marena 21:23-29, NW) Tlaleho ea Bibele e tsoela pele ho bolela hore mehleng ea Elisha, mohlahlami oa Elija, Jehu, o ile a tlotsoa hore e be morena oa Iseraele. Ha a fihla Jezriele, Jehu o ile a laela hore Jezebele a lahleloe ka ntle ka fensetere ea ntlo ea hae ea borena, ’me o ile a hatakeloa ke lipere. Hamorao, ho ile ha fumanoa hore lintja tse jang ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo li kopanang le eona li ne li siile feela lehata la hae, maoto le liatla. (2 Marena 9:30-37) Ketsahalo ea ho qetela e amanang ka ho toba le Jezriele eo Bibele e e tlalehang ke e etsahetseng ka mor’a ho bolaoa ha bara ba Akabe ba 70. Jehu o ile a bokella lihlooho tsa bona ka liqubu tse peli tse khōlō hekeng ea motse oa Jezriele, ka mor’a moo a bolaea banna ba bang ba etellang pele le baprista ba neng ba ameha pusong ea bokoenehi ea Akabe.—2 Marena 10:6-11.

Litsebi Tsa Thuto ea ho Epolla Lintho Tsa Khale li Fumane Eng?

Ka 1990, ho ile ha qalisoa mosebetsi o kopanetsoeng oa ho epolla sebaka sa Jezriele. Ba neng ba kopanetse ho oona e bile Institute of Archaeology ea Univesithi ea Tel Aviv (e neng e emetsoe ke David Ussishkin) le British School of Archaeology e Jerusalema (e neng e emetsoe ke John Woodhead). Ka linako tse supileng (nako ka ’ngoe e nka libeke tse tšeletseng) ho tloha selemong sa 1990 ho ea ho sa 1996, baithaopi ba lipakeng tsa 80 le 100 ba ile ba sebetsa sebakeng seo.

Mokhoa o mocha oo thuto ea ho epolla lintho tsa khale e o sebelisang ke oa ho hlahloba bopaki bo fumanoang sebakeng se itseng kamoo bo leng kateng, ho sa itšetlehoa ka maikutlo le likhopolo tseo motho a seng a ntse a e-na le tsona. Ka hona, ho litsebi tsa thuto ea ho epolla lintho tsa khale tse ithutang linaha tsa Bibele, tlaleho ea Mangolo hase eona e etsang qeto tabeng. Mehloli e meng eohle le bopaki ba lintho tse ka bonoang li lokela ho hlahlojoa le ho sekasekoa ka hloko. Leha ho le joalo, joalokaha John Woodhead a bolela, ha ho na bopaki ba boholo-holo bo ngotsoeng ka Jezriele ntle le likhaolo tse seng kae tse ka Bibeleng. Ka hona, litlaleho tsa Bibele le tatellano ea liketsahalo ho ea ka nako ea tsona e lokela ho ba karolo ea phuputso leha e le efe e etsoang. Boiteko ba litsebi tsa thuto ea ho epolla lintho tsa khale bo sibolotse eng?

Ha ho ntse ho epolloa liqhobosheane le lintho tse bōpiloeng ka letsopa, ho ile ha hlaka ho tloha qalong hore lithako tseo e ne e le tsa khale hoo e ka bang nakong eo ho neng ho thoe ke Mehla ea Tšepe, e leng ho etsang hore li lumellane hantle le mehla ea Jezriele ea Bibele. Empa ha ho ntse ho epolloa ho ea pele, ho ile ha hlokomeloa lintho tse ngata tse neng li sa lebelloa. Ea pele e bile boholo ba sebaka seo le liqhobosheane tsa sona tse khōlōhali. Litsebi tsa thuto ea ho epolla lintho tsa khale li ne li lebeletse hore e tla ba sebaka se nang le liqhobosheane tse lekanang le tsa Samaria ea boholo-holo, motse-moholo oa ’muso oa Iseraele. Leha ho le joalo, ha ho ntse ho epolloa ho ea pele, ho ile ha hlaka hore Jezriele e ne e le khōlō haholo. Kaha bolelele ba sebaka se nkiloeng ke mabota a eona e ne e le limithara tse 300 ’me bophara ba sona e le limithara tse 150, sebaka se ka har’a liqhobosheane tsa eona se ne se feta ka makhetlo a mararo sa motse leha e le ofe o mong oa mehleng eo o sibolotsoeng Iseraele. E ne e pota-potiloe ke foro e omileng, eo botebo ba eona e leng limithara tse 11 ho tloha liqhobosheaneng. Ho latela Moprofesa Ussishkin, foro ena e ne e le eona ea pele ea mofuta oo mehleng ea Bibele. O itse: “Ha re fumane letho le tšoanang le sena Iseraele ho fihlela mehleng ea Masole a Bolumeli.”

Ntho e ’ngoe e neng e sa lebelloa e bile bosieo ba mehaho e meholo bohareng ba motse. Mobu o mongata o bosootho bo bofubetsoana o neng o ile oa tlisoa ha ho hahoa motse oo o ne o sebelisitsoe ho etsa sebaka se tsitsitseng se phahameng—ntho e kang sethala se seholo se phahameng—ka har’a sebaka se kampetsoeng. Buka ea Second Preliminary Report e mabapi le lintho tse epolotsoeng Tel Jezreel e bolela hore sethala sena se hlaheletseng e ka ba bopaki ba hore Jezriele e ne e se feela sebaka sa bolulo sa borena. E itse: “Re rata ho bolela hore mohlomong Jezriele e ne e le setsi se ka sehloohong sa sesole sa lebotho la ntoa la borena la Iseraele nakong ea marena a leloko la Omri [Omri le litloholo tsa hae] . . . moo ho neng ho bolokoa likoloi tsa lipere teng ’me bapalami ba lipere ba lula teng ba bile ba koetlisetsoa teng.” A itšetlehile ka boholo ba sethala sena se phahameng, hammoho le sebaka se kampetsoeng, Woodhead o nahana hore mohlomong sena e ne e le mofuta o itseng oa sebaka seo masole a neng a kopana ho sona bakeng sa phareiti e le hore a ka etsa pontšo ea mponeng ea matla a sesole a lebotho le leholohali la likoloi tsa lipere Bochabela bo Hare mehleng eo.

Mesaletsa e epolotsoeng ea liheke tsa motse ke karolo e thahasellisang ka ho khethehileng ho litsebi tsa thuto ea ho epolla lintho tsa khale. E bontša bonyane monyako oo hekeng ea oona ho neng ho e-na le likamore tse ’nè. Leha ho le joalo, kaha majoe a mangata sebakeng seo a ’nile a nkuoa ho theosa le makholo a lilemo, ho thata ho etsetsa lintho tse sibolotsoeng qeto. Woodhead o nahana hore mesaletsa eo ke ea heke eo ho eona ho nang le likamore tse tšeletseng tseo ka boholo li lekanang le tse ileng tsa epolloa Megiddo, Hatsore le Gezere.a

Lintho tse fumanoeng ke baepolli ba lintho tsa khale li bontša hore ho kile ha e-ba teng motse o itseng ka nakoana sebakeng se botleng, se botleng litabeng tsa sesole le tikolohong ea sona. Woodhead o hatisa hore e le motse o neng o sirelelitsoe ka matla, Jezriele ke sebaka se bileng teng ka nako e itseng feela—se sebelitseng lilemo tse mashome a seng makae feela. Sena se fapana haholo le libaka tse ling tsa Iseraele tse hlaheletseng ka Bibeleng, tse kang Megiddo, Hatsore le motse-moholo oa eona Samaria, tseo ka makhetlo li ileng tsa tsosolosoa, tsa atolosoa le ho ba le batho ba lulang ho tsona ka linako tse sa tšoaneng. Ke hobane’ng ha sebaka see se setle se ile sa sala e le lithako kapele hakaalo? Woodhead o hakanya hore Akabe le leloko la hae ba ile ba batla ba liha moruo ka lebaka la ho hafa matlotlo a sechaba. Sena se ile sa totobala ka boholo bo feteletseng le matla a Jezriele. Mohlomong puso e ncha tlas’a Jehu e ne e batla ho lebala ka Akabe, ka hona ea furalla motse oo.

Bopaki bohle bo epolotsoeng ho fihlela joale bo tiisa hore sebaka sa Jezriele e ne e le setsi se seholo sa Iseraele nakong e neng e bitsoa Mehla ea Tšepe. Boholo ba sona le liqhobosheane tsa sona li lumellana le tlhaloso ea Bibele ea hore e ne e le sebaka sa bolulo ba borena sa Akabe le Jezebele. Lipontšo tsa hore ho ile ha luloa nako e lekanyelitsoeng ho sona nakong eo li lumellana le litlaleho tsa Bibele ka motse oo: O ile oa tuma ka potlako mehleng ea puso ea Akabe, ’me ka taelo ea Jehova, ka ho totobetseng o ile oa oa ka tsela e hlabisang lihlong ha Jehu “a tsoela pele ho bolaea bohle ba neng ba setse ba ntlo ea Akabe Jezriele le banna bohle ba hae ba hlaheletseng le ba neng ba mo tloaetse le baprista ba hae, ho fihlela a sa siea mophonyohi oa hae.”—2 Marena 10:11.

Khakanyo ea Nako ea Liketsahalo Tsa Jezriele

John Woodhead oa lumela: “Thutong ea ho epolla lintho tsa khale, ho thata haholo ho fumana motheo oa ho lekanyetsa nako.” Kaha litsebi tsa thuto ea ho epolla lintho tsa khale li hlahloba lintho tseo li li epolotseng lilemong tse supileng tsa ho epolla, li bapisa lintho tsena le tse ling tse fumanoeng ha ho epolloa libakeng tse ling. Sena se entse hore li hlahlobe lintho tsena bocha le ho phehisana ka tsona. Hobane’ng? Hobane ho tloha ha setsebi sa Moiseraele sa thuto ea ho epolla lintho tsa khale, Yigael Yadin, se ne se epolla Megiddo ka bo-1960 le mathoasong a bo-1970, ho ile ha hlokomeloa hore baepolli ba lintho tsa khale ba bangata ba ne ba lumela hore o sibolotse liqhobosheane le liheke tsa motse tsa mehleng ea Morena Solomone. Joale liqhobosheane, lintho tse bōpiloeng ka letsopa le liheke tse epolotsoeng Jezriele li etsa hore ba bang ba belaelle liqeto tsena tse entsoeng.

Ka mohlala, lintho tse bōpiloeng ka letsopa tse epolotsoeng Jezriele le Megiddo li fumanoe mofuteng oa mobu o tšoanang hantle le oo Yadin a o amahantseng le mehla ea puso ea Solomone. Sebōpeho sa liheke tsa libaka tsena ka bobeli se batlile se tšoana, haeba ha se hlile ha se tšoane hantle, ho joalo le ka boholo ba tsona. Woodhead o re: “Ntho li peli, bopaki bona kaofela bo bontša hore sebaka sa Jezriele se bile teng morao koana mehleng ea Solomone kapa bo bontša hore mehaho ea libaka tsena tse ling [Megiddo le Hatsore] ke ea mehleng ea Akabe.” Kaha ka ho hlakileng Bibele e amahanya sebaka sa Jezriele le mehla ea Akabe, o nka ho utloahala haholoanyane ho amohela hore mofuta oa mobu ona oo ho epolotsoeng lintho tsena ho oona ke oa mehleng ea puso ea Akabe. David Ussishkin oa lumela: “Bibele e re Solomone o ile a haha Megiddo—ha e re o ile a haha liheke tsona tseo.”

Na Histori ea Jezriele e ka Tsejoa?

Na lintho tsee tse fumanoeng ha ho epolloa lintho tsa khale le phehisano e tsoelang pele li etsa hore ho belaelloe tlaleho ea Bibele mabapi le Jezriele kapa mabapi le Solomone? Ha e le hantle, phehisano ea litsebi tsa thuto ea ho epolla lintho tsa khale e batla e sa amane ka ho toba le tlaleho ea Bibele. Thuto ea ho epolla lintho tsa khale e hlahloba histori motheong o fapaneng le oa tlaleho ea Bibele. E phahamisa lipotso tse fapaneng ’me e hatisa lintho tse fapaneng. Motho a ka tšoantša seithuti sa Bibele le setsebi sa thuto ea ho epolla lintho tsa khale le batho ba babeli ba tsamaeang litseleng tse batlang li bapile. E mong o khanna koloi ’mileng, e mong eena o tsamaea ka maoto tselaneng e ka thōko. Lintho tseo ba lebisang tlhokomelo ho tsona le tseo ba amehileng ka tsona li fapane. Leha ho le joalo, pono ea bona ea lintho hangata ea tlatsana ho e-na le ho hanyetsana. Ho bapisa maikutlo a batho bana ba babeli ba tsamaeang ho ka lebisa kutloisisong e hlollang.

Bibele e fupere tlaleho e ngotsoeng ea liketsahalo tsa boholo-holo le batho ba teng; thuto ea ho epolla lintho tsa khale eona e leka ho fumana boitsebiso ka liketsahalo tsena le batho bana ka hore e hlahlobe mesaletsa leha e le efe ea bona e ka fumanoang mobung. Leha ho le joalo, mesaletsa ena hangata ha ea fella ’me e ka hlalosoa ka mekhoa e fapaneng. Tabeng ena, Amihai Mazar bukeng ea hae ea Archaeology of the Land of the Bible—10 000−586 B.C.E., o re: “Mosebetsi oa thuto ea ho epolla lintho tsa khale . . . e batla e le bokhoni ba ho etsa ntho e itseng, hammoho le koetliso e kopaneng le tsebo e phahameng. Ha ho na mokhoa o itseng o tsitsitseng o ka kholisang motho hore o tla atleha, ’me batsamaisi ba mosebetsi oa ho epolla ba tlameha ho tenyetseha le ho khona ho nahana. Botho ba setsebi sa thuto ea ho epolla lintho tsa khale, le kahlolo ea sona e molemo ke tsa bohlokoa bo lekanang le ba koetliso ea sona le mohloli oa sona oa boitsebiso.”

Thuto ea ho epolla lintho tsa khale e tiisitse hore ho bile le setsi se seholo sa borena le sa sesole Jezriele, setsi se bileng teng ka nako e khutšoanyane bo makatsang, nakong ea histori e lumellanang le ea puso ea Akabe—joalo feela kaha Bibele e tlaleha. Ho botsitsoe lipotso tse ling tse ngata tse thahasellisang tseo litsebi tsa thuto ea ho epolla lintho tsa khale li ka ’nang tsa li hlahloba ka lilemo tse ngata tse tlang. Leha ho le joalo, tlaleho ea Lentsoe la Molimo, Bibele, e tsoela pele ho bua ka ho hlaka, e re fa taba e feletseng ka tsela eo ho seng mohla litsebi tsa thuto ea ho epolla lintho tsa khale li tla ke li khone ho fana ka eona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho sa “Sephiri sa Liheke” ho Molula-Qhooa oa August 15, 1988.

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Lintho tse epolotsoeng Jezriele ke litsebi tsa thuto ea ho epolla lintho tsa khale

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Molimo oa setšoantšo oa Bakanana ea epolotsoeng Jezriele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela