Litaba Tse Molemo Tsa Khotso li Fihla Maloting a Chiapas
Koranta ea “El Universal” ha e bua ka se ileng sa etsahala Acteal, Profinseng ea Chiapas, ka la 22 December, 1997, e ile ea re: “Polao e sehlōhō ka ho fetisisa eo mang kapa mang a ka e hopolang profinseng ea Chiapas ke ea balemi ba 45 ba neng ba sitoa ho itoanela, ho akarelletsa le bana ba 13, ba ileng ba bolaoa ke sehlopha sa . . . banna ba hlometseng.”
CHIAPAS ke profinse ea Mexico e tlaase-tlaase ka boroa, e moeling oa Guatemala. Ka lebaka la nako e telele ea bofutsana le ho hloka, sehlopha sa Maindia a buang Semaya ao e leng matsoalloa a moo se ile sa rera ho fetohela ’muso se hlometse ka January 1994, lebitso la sona e ne e le Ejército Zapatista de Liberación Nacional (EZLN, Lebotho la Tokoloho la Sechaba la Zapatista). Lipuisano tse mabapi le tharollo ea khotso li entsoe ka monyebe. Liphutuhelo le litlhaselo tsa marabele le tsa mabotho a ’muso li feletse ka tšollo ea mali le lefu. Moferefere ona o ile oa etsa hore balemi ba bangata ba sebakeng seo ba balehele moo ho sireletsehileng.
Har’a maemo ao a sa tsitsang, ho na le sehlopha se le seng sa ba ratang khotso se lutseng se sa jele paate ntoeng ena ea lipolotiki. Ka cheseho, se retelehela ’Musong oa Molimo e le oona feela tšepo bakeng sa ho rarolla mathata ana ao batho ba tobaneng le ’ona, sebakeng seo le lefatšeng lohle. (Daniele 2:44) Ke sefe sehlopha seo? Ke Lipaki tsa Jehova. Kaha li utloa taelo ea Jesu, li leka ka matla ho isa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo libakeng tse thōko-thōko tsa maloti a Chiapas. (Matheu 24:14) Ho paka tlas’a maemo a joalo ho ne ho le joang, hona liphello e bile life?
“Ke e Mong oa Lipaki Tsa Jehova”
Ka letsatsi le leng Adolfo, mohlankana eo e neng e sa tsoa ba ’moleli oa ’Muso, o ne a sebetsa seea-le-moeeng sa Ocosingo. Ka tšohanyetso feela, motho e mong o ile a kokota ka matla. Banna ba roetseng libaretlelafa ba ile ba phosumela ka hare eaba ba mo supa ka lithunya hloohong. Ba ile ba potlakela phaposing ea khaso, ba sebelisa thepa ea teng ka mahahapa, ’me ba etsa tsebiso seea-le-moeeng hore ba phatlalatsa ntoa khahlanong le ’muso.
Ha ba retelehela ho Adolfo, banna bana ba hlometseng ba ile ba mo laela hore e be setho sa mokhatlo oa bona. Adolfo o ile a arabela a re: “Ke e mong oa Lipaki tsa Jehova,” le hoja a ne a e-s’o kolobetsoe. O ile a hlalosa hore tšepo feela bakeng sa khotso ke ’Muso oa Molimo, ’me ka tieo o ile a hana ho nka junifomo le sethunya tseo ba neng ba mo fa tsona. Ha ba bona hore o tiile, ba ile ba mo lesa hore a tsamaee. Ha Adolfo a hopola ketsahalo ena o re: “Ka sebele ketsahalo eo e ile ea matlafatsa tumelo ea ka.”
Qetellong boemo bo ile ba tsitsa, empa sebaka seo se ne se ntse se le tlas’a taolo ea sesole. Ho sa tsotellehe seo, ka thabo Adolfo o ile a amohela memo ea baholo ba phutheho ea habo ea ho ea sebetsa le sehlopha se ka thōko sa Bakreste ba moo. Libakeng tsa tlhahlobo tseo a neng a feta ho tsona ha a ntse a tsamaea, masole a ne a mo bontša tlhompho ha a ne a itsebahatsa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Hamorao o ile a kolobetsoa ’me o ’nile a khotsofatsoa ke ho thusa sehlopha seo se ka thōko hore e be phutheho ea Lipaki tsa Jehova. Adolfo o itse: “Kaha joale ke kolobelitsoe, ka kholiseho e feletseng nka re ke e mong oa Lipaki tsa Jehova!”
“Jehova o Ile a re Matlafatsa”
Kapele ka mor’a hore EZLN e phatlalatse ntoa khahlanong le ’muso seea-le-moeeng, batho ba motse ba ile ba baleha. Francisco, eo e leng mosebeletsi oa nako e tletseng, kapa pula-maliboho, o ile a hlalosa kamoo Jehova a ileng a matlafatsa eena le mosali oa hae kateng ho seo ba ileng ba thulana le sona.
“Re ile ra etsa qeto ea ho tšabela sebakeng seo ho nkang lihora tse tharo ho ea fihla ho sona ka maoto. Ho ne ho e-na le phutheho moo, ka hona, re ne re tla ba le barab’abo rōna. Kapele e ne e se e le nako ea kopano ea rōna ea potoloho ea Palenque. ’Na le mosali oa ka re ne re sa batle ho fosoa ke seboka se khethehileng sa bo-pula-maliboho, empa re ile ra hlokomela hore EZLN e koetse tsela e eang kopanong. Re ile ra etsa qeto ea ho ea ka tsela ea moferong, ’me ra nka lihora tse robong. Re ile ra fihla ka nako sebokeng sa bo-pula-maliboho, seo re ileng ra se thabela haholo le lenaneo lohle la kopano.
“Ha re khutla, re ile ra fumana ntlo ea rōna e chele le liphoofolo tsa rōna li utsoitsoe. Ho ne ho setse feela mokotlana o monyenyane oa liaparo. Re ile ra utloisoa bohloko ke se re lahlehetseng, empa barab’abo rōna ba Ocosingo ka mosa ba ile ba re amohela matlong a bona. Hape ba ile ba re bontša kamoo re ka etsang lintho tseo rōna re le lihoai, ho neng ho se mohla re kileng ra li etsa. Mor’abo rōna e mong o ile a nthuta ho nka lifoto, e mong a nthuta ho lokisa lieta. Ke kamoo ’na le mosali oa ka re khonneng ho iphelisa ho fihlela hona joale, re sa tlamehe ho tlohela tšebeletso ea bopula-maliboho. Ha re nahana ka se ileng sa etsahala, re ka bona hore le hoja ho ne ho se bonolo hore re mamelle, Jehova o ile a re matlafatsa.”
Litholoana Tsa Mosebetsi oa ho Bolela
Lipaki tsa Profinse ea Chiapas ha lia ka tsa lumella bothata bona le boemo bo kotsi ho li thibela ho etsa mosebetsi o khethehileng oa ho isa litaba tse molemo ho batho ba sebakeng seo. Ka mohlala, morao koo ka April le May 1995, li ile tsa kopanela le Bakreste-’moho le tsona lefatšeng lohle phutuhong ea ho aba pampitšana ea Kingdom News No. 34, e nang le sehlooho se loketseng ka ho fetisisa se reng, Ke Hobane’ng ha Bophelo bo Tletse Mathata Hakaale?
Nakong ea phutuho ena—sebakeng se bitsoang Pueblo Nuevo—Ciro, pula-maliboho e mong oa kamehla, o ile a fumana lelapa le neng le thahasella. Ha a khutla ka mor’a matsatsi a mararo, o ile a khona ho qalisa thuto ea Bibele le lona. Empa ha Ciro le eo a neng a tsamaea le eena ba khutla ho tla tsoela pele ho ithuta le lelapa lena, monna oa lelapa lena o ne a le sieo. Ho e-na le hoo, sehlopha sa banna ba roetseng libaretlelafa se ne se mo emetse e le hore se mo lematse. Ba ile ba botsa Ciro le eo a neng a tsamaea le eena hore na ba batla’ng ’me ba ba tšosa ka hore ba tla ba bolaea. Ka mor’a ho rapela Jehova ka pelong, Bakreste bana ba babeli ka sebete ba ile ba hlalosa hore ba ne ba tlil’o ruta lelapa lena Bibele. Ka lebaka la tlhaloso eo banna bana ba roetseng libaretlelafa ba ile ba ba tlohela hore ba tsamaee. Ka lebaka le itseng, monna oa lelapa leo ha aa ka a tla lapeng letsatsing leo.
Ka letsatsi le leng hoo e ka bang ka mor’a lilemo tse tharo, Ciro o ile a makala ha a bona monna eo a fihla ha hae. Ciro o ile a thaba hakaakang ha a utloa hore lelapa kaofela le kolobelitsoe le hore joale le kopanela le phutheho e ’ngoe ea Guatemala! E mong oa barali ba bona o ne a bile a sebeletsa e le pula-maliboho oa kamehla.
Ho Ananela Lijo Tsa Moea
Ho sa tsotellehe bothata bo ntseng bo tsoela pele Chiapas, molebeli oa setereke o tlaleha hore Lipaki tsa sebakeng seo li ananela e le kannete bohlokoa ba ho bokana hammoho. (Baheberu 10:24, 25) O pheta se etsahetseng kopanong ea morao tjena ea letsatsi le khethehileng, eo ho neng ho lokiselitsoe hore e qale hoseng haholo e le hore ba bang teng ba ka khutlela hae ba batla ba sireletsehile hobane e le motšehare. Le hoja bongata ba bona ba ne ba tlameha ho tsamaea ka maoto ka lihora tse fetang tse tharo har’a mofero e le hore ba fihle sebakeng sa kopano, e mong le e mong o ne a lutse fatše ka hora ea bosupa hoseng. Har’a bamameli ho ne ho e-na le litho tse tšeletseng tsa sehlopha sa EZLN, li mametse li bile li opa liatla, ho bonahala hore li thabela lenaneo. Le tsona li ile tsa tsamaea ka maoto ka lihora tse tharo ho ea kopanong. Tse 20 tsa tsona li ile tsa tla Sehopotsong sa lefu la Kreste, se neng se tšoaretsoe Holong ea ’Muso ea sebaka seo.
Baokameli ba mohlankana e mong eo e neng e le setho sa sesole sa sekhukhu, ba ile ba mo fa mosebetsi oa ho lebela sebaka se seng se mofero. Ha a fihla motseng oo, o ile a fumana baahi bohle, bao bongata ba bona e neng e le Lipaki tsa Jehova, ba balehile. Ka hona, o ile a lula ntlong e ’ngoe e neng e se na batho. Kaha o ne a se na mosebetsi o mongata, o ile a nka libuka tse ling tseo a ileng a li fumana ka ntlong eo ’me a qala ho li bala. Ho ile ha etsahala hore ebe libuka tsena e ne e le tsa Watch Tower tse siiloeng ke Lipaki. Kaha o ne a le mong, mohlankana enoa o ne a e-na le nako ea ho thuisa ka seo a neng a se bala. O ile a etsa qeto ea hore o lokela ho fetola bophelo ba hae ’me a behe lihlomo fatše. O ile a fumana Lipaki kapele kamoo a ka khonang ’me a qala ho ithuta Bibele. Pele ho feta likhoeli tse tšeletseng, o ne a bolella ba bang litaba tse molemo. Eena le litho tse ling tse tharo tsa lelapa labo tseo pele e neng e le batšehetsi ba mokhatlo oa sesole sa sekhukhu hona joale ke Bakreste ba kolobelitsoeng.
Ho Bona Lehlakore le Letle
Le hoja ho ne ho le boima, ha e le hantle ntoa ena e bile le tšusumetso e ntle maikutlong a batho mabapi le mosebetsi oa ho bolela. Moholo e mong oa motseng oo ntoa ena e ileng ea qala ho oona oa pheta: “Ka mor’a matsatsi a ka bang mahlano ntoa e qhomme, re ile ra hlophisa mosebetsi oa ho bolela ka hare ho motse le mathōkong a oona. Batho ba ne ba thahasella ho re mamela. Re ile ra tsamaisa lingoliloeng tsa Bibele tse ngata ’me ra qalisa lithuto tsa Bibele tse ’maloa. Sebakeng se seng, ba bangata ba ne ba hanyetsa ’nete, empa ka lebaka la ntoa, hona joale baa mamela, ba ithuta Bibele ba bile ba ba teng libokeng le likopanong.”
Barab’abo rōna ba thabela hore ebe ba khonne ho ntšetsa pele mesebetsi ea bona ea puso ea Molimo le hoja maemo a sa tsitsa. Sesole sa ’muso le sa EZLN sea tseba hore ba tsoela pele ho tšoara likopano tsa bona tse ba matlafatsang moeeng. Liketelo tsa balebeli ba tsamaeang le tsona e bile khothatso e matla ea hore ba tsoele pele ka mosebetsi oa ho bolela. Hoa thahasellisa hore ebe ba khothatsoa le ke ba loanang, ’me ba atisa ho phehella Lipaki ho tsoela pele ka mosebetsi oa tsona oa ho bolela.
Le hoja mathata le liteko tseo batho ba Chiapas ba ileng ba tlameha ho li mamella li batla li fokotsehile ka mor’a nako e itseng, ha lia fela. Ho sa tsotellehe seo, ntho eo re kholisehileng ka eona ke hore Lipaki tsa Jehova li ikemiselitse ho tsoela pele boitekong ba tsona ba ho tlisetsa batho litaba tse molemo tsa khotso tse tsoang Lentsoeng la Molimo, Bibele. (Liketso 10:34-36; Baefese 6:15) Joalokaha moprofeta Jeremia a ile a bolela, lia hlokomela hore “tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Ke ’Muso oa Molimo feela o matsohong a Mora oa hae, Jesu Kreste o ka felisang ho hloka toka le bofutsana lefatšeng.—Matheu 6:10.
[’Mapa o leqepheng la 9]
(For fully formatted text, see publicatio
Kou ea Leoatle ea Mexico
CHIAPAS
GUATEMALA
Leoatle la Pacific
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Lipaki tse eang tšebeletsong maloting a Chiapas