Ke Hobane’ng ha U Sebeletsa Molimo?
Morena e mong ea tšabang Molimo o kile a fa mor’a hae keletso ena: “Tseba Molimo oa ntat’ao ’me u mo sebeletse ka pelo e feletseng le ka moea o thabileng.” (1 Likronike 28:9, NW) Ka ho hlakileng, Jehova o batla hore bahlanka ba hae ba mo sebeletse ka lipelo tse tletseng teboho le kananelo.
JOALOKA Lipaki tsa Jehova, re lumela ntle le tikatiko hore ha litšepiso tsa Bibele li ne li hlalosoa ka lekhetlo la pele, lipelo tsa rōna li ile tsa hlasimoloha ke thabo. Letsatsi le leng le le leng, re ile ra ithuta ntho e ncha ka merero ea Molimo. Ha re ntse re ithuta ho eketsehileng ka Jehova, takatso ea rōna ea ho mo sebeletsa “ka pelo e feletseng le ka moea o thabileng” e ile ea matlafala.
Ba bangata bao e bang Lipaki tsa Jehova ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ba thabile haholo bophelong bohle ba bona. Leha ho le joalo, Bakreste ba bang ba qala hantle, empa ha ’mela o ntse o puta, ba fifalloa ke pono ea mabaka a re susumetsang hore re sebeletse Molimo. Na ho etsahetse joalo ho uena? Haeba ho joalo, u se nyahame. Thabo e lahlehileng e ka boela ea fumanoa hape. Joang?
Ela Hloko Litlhohonolofatso Tsa Hao
Pele, thuisa ka litlhohonolofatso tsa letsatsi le letsatsi tseo u li fumanang ho Molimo. Nahana ka limpho tsa Jehova tse molemo: mesebetsi ea hae e mengata ea pōpo—e ka fumanoang ke bohle ho sa tsotellehe boemo sechabeng kapa maemo a moruo—tokisetso ea hae ea tlhaho ea lijo le lino, bophelo bo botle ba ’mele boo u bo thabelang ka tekanyo e itseng, tsebo ea hao ea ’nete ea Bibele, ’me haholo-holo, mpho ea Mor’a hae. Lefu la hae le ile la bula tsela bakeng sa hore u sebeletse Molimo ka letsoalo le hloekileng. (Johanne 3:16; Jakobo 1:17) Ha u thuisa ka melemo ea Molimo ka ho eketsehileng, le kananelo ea hao bakeng sa hae e tla hōla ka ho eketsehileng. Kahoo pelo ea hao e tla u susumelletsa ho mo sebeletsa ka teboho ka lebaka la sohle seo a u etselitseng sona. Ha ho pelaelo hore u tla boela u qale ho ikutloa joaloka mopesaleme ea ileng a ngola: “U entse lintho tse ngata, Jehova Molimo oa ka, esita le mesebetsi ea hao e hlollang le menahano ea hao ho rōna; ha ho le ea mong ea ka bapisoang le uena. . . . E mengata ho feta kamoo nka e phetang.”—Pesaleme ea 40:5, NW.
Mantsoe ana a ile a ngoloa ke Davida, monna eo bophelo ba hae bo neng bo aparetsoe ke mathata. Ha e sa le mohlankana, Davida o ile a qeta boholo ba nako ea hae e le ’malehi kahobane Morena Saule ea khopo hammoho le balebeli ba hae ba ne ba mo batla e le hore ba tsebe ho mo bolaea. (1 Samuele 23:7, 8, 19-23) Davida o ne a boetse a e-na le mefokolo ea botho eo a neng a lokela ho e loantša. O ile a lumela sena Pesalemeng ea 40 e reng: “Etsoe litlokotsi li ile tsa mpota-pota ho fihlela li se na palo. Liphoso tsa ka tse ngata li ile tsa mphihlela ho feta kamoo ke neng nka khona ho bona; li bile ngata haholo ho feta moriri oa hlooho ea ka.” (Pesaleme ea 40:12, NW) E, Davida o ne a e-na le mathata, empa ha aa ka a mo sithabetsa ka ho feletseng. Ho sa tsotellehe mathata a hae, o ile a lebisa tlhokomelo litseleng tseo Jehova a neng a mo hlohonolofatsa ka tsona, ’me o ile a lemoha hore litlhohonolofatso tseo li ne li feta hōle bomalimabe ba hae.
Ha u ikutloa u aparetsoe ke mathata a botho kapa ke maikutlo a ho se tšoanelehe, ho hotle hore u eme hanyenyane ’me u ele hloko litlhohonolofatso tsa hao, joalokaha Davida a ile a etsa. Ntle le pelaelo, kananelo bakeng sa litlhohonolofatso tse joalo ke eona e ileng ea u susumelletsa hore u inehele ho Jehova; menahano e joalo e ka boela ea u thusa ho tsosolosa thabo e lahlehileng le ho u thusa ho sebeletsa Molimo ka pelo e tletseng kananelo.
Liboka Tsa Phutheho li ka U Thusa
Ho phaella ho thuiseng re le batho ka bomong ka molemo oa Jehova, ho hlokahala hore re kopane hammoho le Bakreste-’moho le rōna. Hoa khothatsa ho kopana khafetsa le banna, basali, hammoho le bacha ba ratang Molimo le ba ikemiselitseng ho mo sebeletsa. Mohlala oa bona o ka re susumelletsa ho kopanela ka moea oohle tšebeletsong ea Jehova. Ho ba teng ha rōna Holong ea ’Muso ho ka ba khothatsa ka tsela e tšoanang.
Ke ’nete hore ha re fihla hae ka mor’a mosebetsi oa letsatsi o boima kapa ha re nyahame ka lebaka la bothata kapa bofokoli bo itseng, ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo ho nahana ka ho ba teng sebokeng Holong ea ’Muso. Linakong tse joalo, ho ka ’na ha hlokahala hore re itaee, joalokaha eka re ‘teteka ’mele ea rōna,’ e le hore re ka mamela taelo ea ho bokana le Bakreste-’moho.—1 Bakorinthe 9:26, 27; Baheberu 10:23-25.
Haeba ho ka hlokahala hore re etse joalo, na re lokela ho phetha ka hore ha re hlile ha re rate Jehova? Ho hang. Bakreste ba hōlileng tsebong ba nakong e fetileng bao ho neng ho se na pelaelo hore ba rata Molimo ba ne ba tšoanela ho etsa boiteko bo matla e le hore ba etse thato ea Molimo. (Luka 13:24) Moapostola Pauluse e ne e le e mong oa Bakreste ba joalo. O ile a hlalosa maikutlo a hae pepenene ka mokhoa ona: “Etsoe kea tseba hore ho ’na, ke hore, nameng ea ka, ha ho lule letho le molemo; kaha matla a ho lakatsa a teng ho ’na, empa matla a ho hlahisa se setle ha a eo. Etsoe molemo oo ke o lakatsang ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo lakatseng ke bona boo ke tloaetseng ho bo etsa.” (Baroma 7:18, 19) ’Me o ile a bolella Bakorinthe ho re: “Joale, haeba ke bolela litaba tse molemo, hase lebaka la hore ke ithorise, etsoe tlamo e behiloe holim’a ka. . . . Haeba ke etsa sena ka ho rata, ke na le moputso; empa haeba ke se etsa khahlanong le thato ea ka, leha ho le joalo ke na le botsamaisi bo behiloeng tlhokomelong ea ka.”—1 Bakorinthe 9:16, 17.
Joaloka ba bangata ba rōna, Pauluse o ne a e-na le litšekamelo tsa boetsalibe tse neng li ema tseleng ea takatso ea hae ea ho etsa se nepahetseng. Leha ho le joalo, o ile a loana ntoa e matla khahlanong le litšekamelo tseo, ’me ka makhetlo a mangata, o ile a atleha. Ke ’nete hore Pauluse ha aa ka a finyella sena ka matla a hae. O ile a ngola: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” (Bafilippi 4:13) Jehova, ea ileng a fa Pauluse matla, le uena o tla u matlafatsa hore u etse se nepahetseng haeba u kōpa thuso ea hae. (Bafilippi 4:6, 7) Kahoo ‘loana ntoa e thata bakeng sa tumelo’ ’me Jehova o tla u hlohonolofatsa.—Jude 3.
Ha ua tšoanela ho loana ntoa ena u le mong. Liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova, baholo ba Bakreste ba hōlileng tsebong, bao ka bobona ba tiiselitseng ‘ntoeng ea tumelo,’ ba lula ba ikemiselitse ho u thusa. Haeba u atamela moholo ho kōpa thuso, o tla leka ka matla ho bua le uena ka “mokhoa o tšelisang.” (1 Bathesalonika 5:14) Sepheo sa hae e tla ba ho “ba joalo ka tšireletso ha moea o foka, joalo ka lehaha ha sefefo se e-tla.”—Esaia 32:2.
“Molimo ke lerato,” ’me o batla hore bahlanka ba hae ba mo sebeletse ka lerato. (1 Johanne 4:8) Haeba lerato la hao ho Molimo le hloka ho tsosolosoa, nka mehato e loketseng ea ho etsa joalo, joalokaha ho hlalositsoe ka holimo. U ke ke ua ikoahlaela hore ebe u ile ua etsa joalo.