Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 5/15 maq. 8-11
  • Ke Hobane’ng ha U Sebeletsa Jehova?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha U Sebeletsa Jehova?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sepheo se Nepahetseng sea Hlokahala
  • Ho Sebeletsa ka Sepheo se Nepahetseng
  • Boikarabelo le Tokelo
  • Teboho e Fana ka Tšusumetso
  • Rorisa Jehova le Borena ba Hae
  • Thabo le Khotsofalo
  • Ke Hobane’ng ha U Sebeletsa Molimo?
  • Boka Lebitso la Jehova le Halalelang!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ha U sa Ntse U le Mocha, Khetha ho Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Sebeletsa Jehova ka Pelo e Thabileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Jehova o Lokeloa ke Thoriso e sa Feleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 5/15 maq. 8-11

Ke Hobane’ng ha U Sebeletsa Jehova?

“LETSATSI la Jehova le haufi! ‘Mahlomola a maholo’ a atametse, ’me u ke ke ua pholoha haeba u sa sebeletse Jehova.” Haeba motho e mong a ne a u bolella sena, u ne u tla arabela joang?—Sofonia 2:2, 3; Mattheu 24:21.

Ke ’nete hore re lokela ho lula re hopola letsatsi la Jehova, ’me ho pholoha mahlomola a maholo a haufi ho itšetlehile ka tšebeletso e tšepahalang ho Molimo. Empa na linnete tsena e lokela ho ba mabaka a ka sehloohong a hore re nehe Jehova Molimo tšebeletso e halalelang? Ke hobane’ng ha u sebeletsa Jehova?

Sepheo se Nepahetseng sea Hlokahala

Haeba motho a sa sebeletse Molimo ka sepheo se nepahetseng, a ka ’na a khaotsa haeba litebello tsa hae li sa phethahale mahareng a nako e itseng. Ka mohlala, batho ba bang ba ne ba lebeletse ho khutla ha Jesu Kreste ka 1843 kapa 1844, ’me lilemo tseo li ile tsa feta ntle le ho phethahatsoa ha tšepo ea bona. Ho thahasellisang mabapi le sena ke se ileng sa ngoloa ke George Storrs, mohatisi oa Bible Examiner eo hamorao ea ileng a tsebana le Charles Taze Russell, mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower. Ho Bible Examiner ea September 1846, Storrs o ngotse:

“Tlamo ea ho sebeletsa Molimo e phahametse ’nete ea hore letsatsi le se le le haufi le ho fela. . . . Karabelo e tla ba teng haeba 1846 le 1847 li feta, ntle ho ho bona ho tla labobeli, e tla baka tšenyo e khōlō. Phihlelo e paka sena—ke bolela phihlelo ea 1843 le 1844. Bo kae bongata bo boholo ba bao hona joale, kamoo ho neng ho boleloa ka teng, ba neng ba ‘susumelitsoe ho sebeletsa Molimo’ ka lebaka la mohoo oa nako ea ho tla ha Morena? ’Me kea pheta ke re—BO KAE!!! Ke feela a le mong ho ba leshome ea tsoelang pele a hlompha boipolelo ba hae ba Bokreste. Hobane’ng e se bohle? Ba ne ba susumelitsoe ke sepheo se fosahetseng. Boithati ba bona e ne e le ntho e khōlō e ileng ea ipiletsa le ho ba susumetsa. Ba ne ba le feela joaloka moetsalibe ea neng a nahana hore o se a le haufi le ho shoa liphateng tsa ho kula kapa sefefong sa leoatle. Haeba a tlameha ho shoa, e tla ba Mokreste. Haeba a ne a tseba hore ha a kotsing, o ne a tla tsoela pele a iphapantse ho tšoana le pele.”

Ho Sebeletsa ka Sepheo se Nepahetseng

Boithati le tšabo ea ho timetsoa li ka ’na tsa susumetsa ba bang ho etsa thato ea Jehova ntle le cheseho. Ba bang ba ka ’na ba khahloa ke tšepo ea bophelo Paradeiseng hoo ba ka sebeletsang Molimo feela ka lebaka leo. Leha ho le joalo, haeba batho ba khannoang haholo ke sepheo se joalo ba ne ba nahana hore letsatsi la Jehova le mahlomola a maholo li ne li sa atamela haufi haholo, ba ne ba ka ’na ba se sekamele ho sebeletseng Molimo ka cheseho.

Ka ho hlakileng, hase boithati ho thabela litšepiso tsa Molimo le litlhohonolofatso tse boletsoeng esale pele. O batla hore re thabele litebello tse behiloeng ka pel’a rōna joaloka balateli ba Mor’a hae, Jesu Kreste. Moapostola Pauluse o ile a re: “Ithabeleng tšepong,” a eketsa: “Mamellang mahlorisong. Tiisetsang thapelong.” (Ba-Roma 12:12, NW) Ho akareletsa le thapelo, “thabo ea Jehova” e re thusa ho mamella liteko le ho emela ho phethahala ha litšepiso tsa Molimo ka mamello. (Nehemia 8:10) Khabareng, re na le mabaka a mangata a ho sebeletsa Jehova. A mang a ’ona ke afe?

Boikarabelo le Tokelo

Joaloka ’Musi oa Bokahohle, Jehova o tšoaneloa ke boinehelo a inotši ’me o batla joalo. (Exoda 20:4, 5, NW) Kahoo Mokreste e mong le e mong o na le boikarabelo ka tekanyo e itseng ho Molimo ebang mahlomola a maholo a qala hosasane, selemo se latelang, kapa hamorao. O tlameha ho sebeletsa Jehova ntle ho boithati kahobane a rata Molimo ka pelo ea hae eohle, sephefumolohi, kelello, le matla. (Mareka 12:30) Bakreste ba bang ba pele ba ne ba nahana hore letsatsi la Jehova le haufi, empa tebello ea bona ha ea ka ea phethahala, ’me ba ile ba shoa ntle le ho bona ketsahalo eo. (1 Ba-Thessalonika 5:1-5; 2 Ba-Thessalonika 2:1-5) Leha ho le joalo, haeba balateli bao ba tlotsitsoeng ba Kreste ba ile ba tšepahala ho fihlela lefung, qetellong ba ile ba fumana moputso oa ho tsosetsoa bophelong ba leholimo.—Tšenolo 2:10.

Lipaki tse kolobelitsoeng tsa Jehova li lokela ho mo sebeletsa ka botšepehi hobane li ile tsa nka tlamo ea ho etsa thato ea hae ka boithaopo. Ak’u nahane! Joaloka mangeloi, re ka etsa thato ea ’Musi oa Bokahohle. (Pesaleme ea 103:20, 21) Jesu o ne a ananela tokelo eo haholo hoo a ileng a re: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ea ea nthomileng, le ho phetha mosebetsi oa hae.” (Johanne 4:34) Haeba re na le moea o tšoanang, ka cheseho re tla bolela lithoriso tsa Jehova le ho bolella ba bang ka merero ea hae, joalokaha e senoloa ka Mangolong. Ka tsela ena, le rōna re ba le tokelo ea ho thusa ba bang bomoeeng. ’Me ka sebele, ho etsa thato ea Molimo ka lerato ho eena ke tokelo e tsotehang, ho sa tsotellehe hore na letsatsi la Jehova le qala neng.

Teboho e Fana ka Tšusumetso

Teboho bakeng sa lerato la Molimo ka ho fana ka sehlabelo sa thekollo sa Mor’a hae e lokela ho re susumeletsa ho sebeletsa Jehova. Ka nako e ’ngoe re ne re le hōle le Jehova Molimo ka lebaka la sebe. Leha ho le joalo, Jesu o itse: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Jehova o nkile mohato oa pele tabeng ena, joalokaha Pauluse a ngotse: “Moo Molimo o totisitseng lerato la oona ho rōna teng, ke ka hore, re sa le baetsalibe, Kreste o bile a shoa sebakeng sa rōna.” (Ba-Roma 5:8) Teboho bakeng sa pontšo ena ea lerato la Molimo e lokela ho re susumeletsa ho mo sebeletsa ka pelo eohle.

Kananelo bakeng sa lijo tsa moea le tsa nama tse tsoang ho Jehova e re fa lebaka le eketsehileng la ho mo sebeletsa ka botšepehi. Lentsoe la Molimo ke tataiso ea sebele—lebone tseleng ea rōna. Likhatiso tse hlahang ka “mohlanka ea khabane, le ea bohlale” li re thusa ho etsa bophelo ba rōna bo lumellane le thato ea Molimo. (Mattheu 24:45-47; Pesaleme ea 119:105) ’Me hobane re batla ’Muso pele, hape Jehova o re lokisetsa nameng. (Mattheu 6:25-34) Na u bontša kananelo ea hao bakeng sa lintho tsena?

Teboho bakeng sa tokoloho e fanoeng ke Molimo bolumeling ba bohata e re fa lebaka le leng la ho sebeletsa Jehova ka botšepehi. Seotsoa sa bolumeli Babylona e Moholo ‘se lutse holim’a metsi a mangata,’ ho bolelang “merabe, le matšoele, le lichaba, le lipuo.” (Tšenolo 17:1, 15) Empa leha ho le joalo, ha sea lula holim’a bahlanka ba Jehova, ka ho ba susumetsa le ho ba laola bolumeling. Ka mohlala, ba hana thuto ea bohata ea bolumeli ea hore sephefumolohi sa motho ha se shoe. Ba tseba hore motho o ile a bōptjoa e le “sephefumolohi se phelang,” hore ba shoeleng “ha ba tsebe letho leha le le leng,” le hore ho tla ba le tsoho ea bafu. (Genese 2:7, NW; Moeklesia 9:5, 10; Liketso 24:15) Kahoo ha ba tšabe leha e le ho rapela bafu. Na teboho bakeng sa tokoloho e joalo ea moea e u etsa hore u hanele bokoenehi ’me u khomarele borapeli bo hloekileng ba Jehova?—Johanne 8:32.

Kananelo bakeng sa tšehetso ea ka mehla ea Jehova e lokela ho eketsa boikemisetso ba rōna ba ho mo sebeletsa ka botšepehi. Mopesaleme Davida o ile a re: “[Jehova] a ke a rorisoe ka matsatsi ’ohle; o jara boima ba rōna ka matsatsi ’ohle.” (Pesaleme ea 68:19) Sebakeng se seng mopesaleme o itse: “Leha ntate le ’mè ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.” (Pesaleme ea 27:10) E, motho ea sebeletsang Jehova ka botšepehi a ka lahlela mojaro oa hae oa tšoantšetso, joaloka matšoenyeho le liteko, ho Molimo. Na u bontša kananelo bakeng sa tšehetso e sa hlōleheng ea Jehova ka ho mo sebeletsa ka botšepehi?—Pesaleme ea 145:14.

Rorisa Jehova le Borena ba Hae

Takatso ea ho rorisa Jehova e lokela ho re susumeletsa ho mo sebeletsa. Libōpuoa tsa leholimo li bontšoa li rorisa Molimo ka mantsoe ana: “Morena, u loketsoe ke ho neoa khanya, le hlompho, le matla; hobane u hlolile lintho kaofela, ’me ke ka ho rata ha hao li leng teng, li bileng li bōpiloe.” (Tšenolo 4:11) Morena Davida o rorisitse Molimo ka ho re: “Oho, Jehova, boholo, le matla, le letlōtlo, le hlōlo, le khanya, ke tsa hao . . . Borena le bona ke ba hao, Jehova . . . Leruo le khanya li tsoa ho uena, ’me u rena holim’a tsohle . . . Molimo oa rōna, rea u boka, re rorisa lebitso la hao le khanyang.” (1 Likronike 29:10-13) Joaloka bahlanka ba Jehova, na ha re ikutloe re tlamehile ho mo rorisa ka lentsoe le ka ketso ha re ntse re letetse ho phethahala ha litšepiso tsa hae?—1 Ba-Korinthe 10:31.

Takatso e matla ea ho bua ka ’Muso oa Molimo e ntse e fana ka tšusumetso e ’ngoe ea ho sebeletsa Jehova. Sepheo seo se setle se bontšoa hantle mantsoeng a mopesaleme: “Jehova, mesebetsi ea hao kaofela e tla u rorisa, bakhethoa ba hao ba u boke. Ba tla bolela khanya ea ’muso oa hao, ba tumise matla a hao, ba tle ba tsebise bana ba batho liketso tsa hao tse phahameng, le boholo ba khanya ea borena ba hao. ’Muso oa hao ke ’muso oa ka mehla eohle, ’me borena ba hao bo hlola ho isa melokong e sa feleng.” (Pesaleme ea 145:10-13) Ho bolela molaetsa oa ’Muso ke taelo ea Bakreste le mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa o etsoang mehleng ea rōna. (Mattheu 24:14; 28:19, 20) Na u na le takatso e chesang ea ho rorisa Jehova le ho bolella ba bang ka ’Muso oa hae?

Ho halaletsoa ha lebitso la Jehova le ho tlosoa ha qoso bobusing ba hae e lokela ho ba habohlokoa ho rōna hoo re batlang ho mo sebeletsa ka botšepehi. Re ka rapella ho halaletsoa ha lebitso la Jehova le ho tlosoa ha qoso bobusing ba hae. (Mattheu 6:9) Re ka tšehetsa lithapelo tsa rōna ka ho kopanela tšebeletsong ea Bokreste ka mehla le ka ho phatlalatsa ’nete ka litaba tse joalo tsa bohlokoa bo boholo.—Ezekiele 36:23; 39:7.

Thabo le Khotsofalo

Ka ho sebeletsa Jehova ka botšepehi, re na le khotsofalo ea ho etsa hore pelo ea hae e thabe le ho paka Diabolose e le raleshano. Le hoja Satane a bolela ka bohata hore batho ba sebeletsa Molimo ka mabaka a boithati, tšebeletso ea rōna e tšepahalang ho Jehova, e etsoang ka lerato, e paka hore tseko ea mosomi eo ke ea bohata. (Jobo 1:8-12) Sena se re fa lebaka le letle la ho tsoela pele re etsa se boleloang ho Liproverbia 27:11: “Mora oa ka, hlalefa, u nthabise pelo, ’me ke tla ba le puo ho fetola ba nkomanyang.” Ho feta moo, ha re sebeletsa Jehova ka botšepehi ho sa tsotellehe sohle seo Satane a se etsang ho re thibela, tsela ea rōna ea ho boloka botšepehi e tla matlafatsa balumeli-’moho.—Ba-Filippi 1:12-14.

Thabo le khotsofalo ea ho kopanela kotulong ea moea le eona e lokela ho re susumeletsa ho sebeletsa Jehova ka botšepehi. Jesu o ile a fumana thabo ka ho thusa batho, haholo-holo ka litsela tsa moea. Mattheu 9:35-38 e re: “Jesu a tsamaea, a chalakela metse eohle le metsana, a ruta masynagogeng a teng, a bolela Evangeli ea ’muso, a folisa maloetse ’ohle le mefokolo eohle. Ha a bona matšoele, a a utloela bohloko, hobane ba ne ba khathetse, ba saretsoe joale ka linku tse se nang molisa. Ebile moo a reng ho barutuoa ba hae: Kotulo e khōlō ruri, empa basebetsi ha ba bakae. Rapelang ke hona Morena oa kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” Haeba mosebetsi oa kotulo o nka nako e telele ho feta kamoo re neng re lebeletse, sena se tla re fa monyetla o eketsehileng oa ho fumana thabo le khotsofalo ka ho thusa ba bang moeeng. Ena hape ke tsela e ’ngoe ea ho bontša lerato la moahisani le lebeletsoeng ho rōna.—Mattheu 22:39.

Ke Hobane’ng ha U Sebeletsa Molimo?

Re boletse feela mabaka a ’maloa ho a mangata a re khannelang ho sebeletsa Jehova ka botšepehi. Ke ho molemo ho nahana ka thapelo ka mabaka a rōna a botho a ho sebeletsa Molimo, hobane e mong le e mong oa rōna o lokela ho ikarabella ho eena. (Ba-Roma 14:12; Ba-Heberu 4:13) ’Me ba phehellang ho ba le sepheo sa boithati ba ke ke ba fumana kamohelo ea Molimo.

Ho ka lebelloa eng haeba re amehile haholo-holo ka ho halaletsoa ha lebitso la Jehova ’me re nehelana ka tšebeletso e halalelang ho Molimo ka sepheo se se nang boithati? E, Jehova o tla re hlohonolofatsa le ho hlohonolofatsa tšebeletso ea rōna! (Liproverbia 10:22) Hape re tla amohela bophelo bo sa feleng kahobane re sebelelitse Jehova ka botšepehi.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Ba likete ba sebeletsa Jehova Japane

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ho sebeletsa Jehova Côte d’Ivoire

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]

SIX SERMONS, by George Storrs (1855)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela