Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 2/15 maq. 3-5
  • ’Nete ke Efe ka Meqolo ea Leoatle le Shoeleng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Nete ke Efe ka Meqolo ea Leoatle le Shoeleng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Meqolo ea Leoatle le Shoeleng ke Eng?
  • Meqolo ea Leoatle le Shoeleng e Ngotsoe ke Mang?
  • Na Baessene e ne e le Baahi ba Qumran?
  • Ha ho Merero e Patehileng le Meqolo e Patiloeng
  • Meqolo ea Leoatle le Shoeleng—Ke Hobane’ng ha e Lokela ho Tsosa Thahasello ea Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • ‘U Tle le Meqolo, Haholo-holo ea Matlalo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ho Nyarela ka Litabeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Meqolo ea Leoatle le Shoeleng—Letlotlo le Ikhethang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 2/15 maq. 3-5

’Nete ke Efe ka Meqolo ea Leoatle le Shoeleng?

Lilemong tse ka holimo ho 50 tse fetileng, molisa oa Mobedouin o ile a lahlela lejoe ka har’a lehaha ’me ketso eo e ile ea fella ka seo ba bang ba reng ke tšibollo e khōlō ka ho fetisisa ea lintho tsa khale ea lekholong lena la bo20 la lilemo. Mobedouin eo o ile a utloa lejoe leo le pshatla ho hong hoo e kang nkho ea letsopa. Ha a il’o batlisisa, o ile a fumana moqolo oa pele oa se ileng sa tsejoa e le Meqolo ea Leoatle le Shoeleng.

MEQOLO ena e hapile thahasello le ho tsosa phehisano, mahareng a litsebi le bo-ralitaba. Har’a batho feela tjee, ho tletse pherekano le ho fuoa letsoho ka ntle. Ho ’nile ha hlaha menyenyetsi ea hore ho patiloe litaba tse itseng, ka lebaka la tšabo ea hore meqolo ena e fupere litaba tse tla fokolisa motheo oa tumelo ea Bakreste le Bajuda. Empa meqolo ena e na le bohlokoa bofe? Na ’nete e ka tsejoa, haele moo ho se ho fetile lilemo tse 50?

Meqolo ea Leoatle le Shoeleng ke Eng?

Meqolo ea Leoatle le Shoeleng ke libuka tsa boholo-holo tsa Bajuda tse ngotsoeng ka letsoho, boholo ba tsona li ngotsoe ka Seheberu, tse ling ka Searame, le tse seng kae ka Segerike. Boholo ba meqolo ena le likhechana tsa meqolo li bile teng ka lilemo tse fetang 2 000, ’me ke tsa pele ho tsoalo ea Jesu. Har’a meqolo ea pele e fumanoeng ho Babedouin ho ne ho e-na le e supileng e meholo e neng e se e batla e senyeha. Ho ile ha phenyekolloa mahaha a mang, ’me ho ile ha fumanoa meqolo le likotoana tse likete tsa meqolo. Pakeng tsa lilemo tsa 1947 le 1956, ho ile ha fumanoa kakaretso ea mahaha a 11 a neng a e-na le meqolo haufi le Qumran, pel’a Leoatle le Shoeleng.

Ka mor’a hore meqolo ena le likotoana tsa eona li baloe, palo ea eona e ne e le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse 800. Hoo e ka bang kotara e le ’ngoe, kapa libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse ka holimo feela ho 200, ke likopi tsa likarolo tsa taba e ngotsoeng ea Bibele ea Seheberu. Libuka tse ling tse ngotsoeng ka letsoho li bontša mongolo oo e seng karolo ea Bibele oa Sejuda, ka bobeli Apocrypha le Pseudepigrapha.a

Meqolo e meng e ileng ea thahasellisa litsebi ka tsela e fetisisang e ne e le libuka tse neng li sa tsejoe pele ho moo. Ena e akarelletsa tlhaloso ea melao ea Sejuda, melao ea sechaba le sehlopha se neng se lula Qumran, lithoko le lithapelo tse neng li sebelisoa borapeling bo tloaelehileng, ho akarelletsa le libuka tse amanang le bofelo ba lefatše tse senolang pono e mabapi le ho phethahala ha boprofeta ba Bibele le matsatsi a bofelo. Ho boetse ho na le litlhaloso tse ikhethang tsa Bibele, e leng selelekela sa mehla ea kajeno sa ho hlalosa Bibele temana ka temana.

Meqolo ea Leoatle le Shoeleng e Ngotsoe ke Mang?

Mekhoa e fapa-fapaneng e sebelisoang ho bolela nako ea lingoliloeng tsa boholo-holo e bontša hore mohlomong meqolo ena e kopilitsoe lipakeng tsa lekholo la boraro la lilemo B.C.E. le lekholo la pele la lilemo C.E. Litsebi tse ling li etsa tlhahiso ea hore meqolo ena e ile ea patoa mahaheng ao ke Bajuda ba Jerusalema pele ho timetsoa tempele ka 70 C.E. Leha ho le joalo, bongata ba litsebi tse etsang lipatlisiso ka meqolo ena bo fumane hore ho hang taba eo ha e lumellane le litaba tsa meqolo eo ka boeona. Meqolo e mengata e bontša pono le tloaelo tse neng li hanyetsa lekhotla la bolumeli la Jerusalema. Meqolo ena e bontša sechaba se neng se lumela hore Molimo o lahlile baprista le tšebeletso ea tempeleng e Jerusalema le hore o ne a talima borapeli ba sehlopha sa bona se lehoatateng e le tšebeletso ea seka tempele. Ha ho bonahale eka lekhotla la tempele e Jerusalema le ne le ka pata pokello e neng e akarelletsa meqolo e joalo.

Le hoja ho ne ho e-na le sehlopha sa bakopitsi Qumran, ho ka etsahala hore ebe balumeli bao ba ne ba nkile meqolo eo hosele ’me ba e tlisa moo. Ka mantsoe a mang, Meqolo ea Leoatle le Shoeleng ke pokello ea libuka e nang le boitsebiso bo nammeng. Joaloka pokello e ’ngoe le e ’ngoe ea libuka, pokellong ena ho ka ’na ha e-ba le likhopolo tse ngata, ’me e se tse hlileng li bontšang maikutlo a bolumeli a babali ba libuka tsa eona. Leha ho le joalo, libuka tse fumanehang ka likopi tse ngata li batla li bonahatsa haholoanyane lithahasello le litumelo tse khethehileng tsa sehlopha seo.

Na Baessene e ne e le Baahi ba Qumran?

Haeba meqolo ena e ne e le pokello ea libuka ea Qumran, baahi e ne e le bo-mang? Moprofesa Eleazar Sukenik, ea fumanetseng Univesithi ea Seheberu e Jerusalema meqolo e meraro ka 1947, ke motho oa pele ea ileng a bolela hore meqolo ena e ne e le ea sehlopha sa Baessene.

Baessene e ne e le sehlopha sa bolumeli sa Bajuda seo bangoli ba lekholong la pele la lilemo Josephus, Philo oa Alexandria, le Pliny e Moholo ba ileng ba bua ka sona. Tšimoloho ea ’nete ea Baessene ke khopolo-taba, empa ho bonahala eka ba hlahile nakong ea pherekano e etsahetseng ka mor’a phetohelo ea Bo-maccabee lekholong la bobeli la lilemo B.C.E.b Josephus o tlalehile ka ho ba teng ha bona nakong eo ha a bolela kamoo bolumeli ba bona bo neng bo fapane le ba Bafarisi le ba Basaduse kateng. Pliny o ile a bua ka sehlopha sa Baessene se neng se lula haufi le Leoatle le Shoeleng lipakeng tsa Jeriko le Ene-gedi.

Moprofesa James VanderKam, setsebi sa Meqolo ea Leoatle le Shoeleng, o bolela hore “Baessene ba neng ba phela Qumran e ne e le karolo e nyenyane ea mokhatlo o moholo oa Baessene,” bao Josephus a neng a ba hakanyetsa ho likete tse ’nè. Le hoja se sa tšoaneloe hantle ke litlhaloso tse ngata, tlhaloso e akaretsang e tsoang libukeng tsa Qumran e bonahala e tšoanela Baessene ho feta sehlopha leha e le sefe sa Bajuda ba mehleng eo.

Ba bang ba ’nile ba bolela hore Bokreste bo simolohile Qumran. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le phapang e khōlō lipakeng tsa pono ea bolumeli ea sehlopha sa bolumeli sa Qumran le Bakreste ba pele. Libuka tsa Qumran li bontša hore ho ne ho e-na le melao e thata ka ho fetisisa ea ho boloka Sabatha le ho ameha ho fetang ho amohelehang ka tlhoeko ea ha ho etsoa litšebeletso. (Matheu 15:1-20; Luka 6:1-11) Ho ka boleloa ntho e tšoanang ka ho ikarola ha Baessene ho batho ba bang, ho lumela ha bona liketsong tse reriloeng esale pele tse ke keng tsa qojoa, le ho lumela hore moea ha o shoe, le ho phehella bosoha bo entsoeng ka kano le likhopolo tsa bona tse sa utloahaleng tse mabapi le mangeloi a kopanelang le bona borapeling. Sena se bontša ho se lumellane ha bona le lithuto tsa Jesu le tsa Bakreste ba pele.—Matheu 5:14-16; Johanne 11:23, 24; Bakolose 2:18; 1 Timothea 4:1-3.

Ha ho Merero e Patehileng le Meqolo e Patiloeng

Lilemong tsa ka mor’a hore Meqolo ea Leoatle le Shoeleng e fumanoe, ho ile ha hatisoa lingoliloeng tse sa tšoaneng tse fupereng boitsebiso bo tšoanang le bo fuperoeng ke meqolo eo, bo neng bo entsoe hore litsebi li bo fumane habonolo lefatšeng ka bophara. Leha ho le joalo, likhechana tse likete tse ileng tsa fumanoa ka har’a lehaha le leng, le neng le tsejoa ka hore ke Lehaha la bo4, li ne li ferekanya haholoanyane. Li ne li le matsohong a sehlopha se senyenyane sa litsebi tsa machaba se neng se sebeletsa Jerusalema Bochabela (eo ka nako eo e neng e le karolo ea Jordane) Musiamong oa Lefapha la Boepolli ba Lintho tsa Khale oa Palestina. Sehlopha sena se ne se sa akarelletse litsebi tsa Bajuda kapa tsa Baiseraele.

Sehlopha seo se ne se e-na le leano la ho se lumelle mang kapa mang hore a bone meqolo eo ho fihlela se phatlalatsa ka tlaleho ea molao ea lipatlisiso tsa sona. Palo ea litsebi tsa sehlopha sena e ne e lekanyelitsoe. Ha setho se seng sa sehlopha se ne se shoa, ho ne ho batloa setsebi se le seng se secha hore se koale sekheo sa sona. Mosebetsi o ne o hloka hore sehlopha se be seholoanyane, maemong a mang, ho ne ho hlokeha tsebo e khōloanyane ea Seheberu sa boholo-holo le Searame sa boholo-holo. James VanderKam o beha litaba ka tsela ena: “Ho sa tsotellehe hore na li tseba haholo hakae, litsebi tse ka bang robeli li ne li ke ke tsa khona ho sebetsana le likhechana tse likete tse mashome.”

Ka lebaka la Ntoa ea Matsatsi a Tšeletseng ea 1967, Jerusalema Bochabela hammoho le meqolo ea eona li ile tsa oela ka tlas’a taolo ea Iseraele, empa leano la sehlopha sa babatlisisi lona ha lea ka la fetoloa. Ho lieha ho phatlalatsa meqolo ena e tsoang Lehaheng la bo4 ho ile ha eketseha ho tloha ho lilemo tse ’maloa ho isa ho lilemo tse mashome, ’me sena se ile sa fa litsebi tse ngata monyetla oa ho ipelaetsa. Ka 1977, Moprofesa Geza Vermes oa Univesithi ea Oxford o ile a ho bitsa mahlabisa-lihlong a hlahelletseng ka ho fetisisa mekhatlong ea litsebi ea lekholo lena la bo20 la lilemo. Ho ile ha tlala menyenyetsi ea hore Kereke e K’hatholike e pata ka boomo boitsebiso bo fumanoeng meqolong eo bo ka senyang Bokreste.

Lilemong tsa bo-1980, palo ea sehlopha e ile ea eketsoa ho ba litsebi tse 20. Ka 1990, ka tlas’a taolo ea mohlophisi ea laolang e mocha, Emanuel Tov, oa Univesithi ea Seheberu ea Jerusalema, sehlopha se ile sa atolosoa hape hore e be litsebi tse ka holimo ho 50. Ho ile ha etsoa kemiso e khethehileng ea nako bakeng sa ho phatlalatsa likhatiso tse hatisitsoeng tsa libuka tsena tse ngotsoeng ka letsoho tse ileng tsa tsosolosoa ke litsebi.

Ka 1991 ho ile ha e-ba le katleho e khōlō e neng e sa lebelloa. Ntho ea pele, ho ile ha hatisoa A Preliminary Edition of the Unpublished Dead Sea Scrolls. Mosebetsi ona o ile oa finyelloa ka thuso ea k’homphieutha ka ho sebelisa kopi ea sehlopha ea tlhahlamano ea mantsoe a sehlooho. Ka mor’a moo, Laebrari ea Huntington e San Marino, California, e ile ea tsebisa hore e tla nea setsebi se seng le se seng litšoantšo tse feletseng tsa meqolo eo. Haufinyane ka mor’a moo, ka hore ho hatisoe buka e bitsoang A Facsimile Edition of the Dead Sea Scrolls, litšoantšo tsa meqolo ea pele eo e neng e e-s’o phatlalatsoe li ile tsa fumaneha habonolo.

Kahoo lilemong tse leshome tse fetileng, Meqolo eohle ea Leoatle le Shoeleng e ’nile ea fumaneha bakeng sa litlhahlobo. Lipatlisiso li senola hore ho ne ho se merero e patehileng; le meqolo e patiloeng. Joalokaha ho ntse ho phatlalatsoa likhatiso tsa ho qetela tsa meqolo ena, ke hona ho ka qalisoang ho etsa litlhahlobo tse feletseng. Ho se ho e-na le sehlopha se secha sa litsebi tsa Meqolo ea Leoatle le Shoeleng. Empa lipatlisiso tsee li na le bohlokoa bofe ho liithuti tsa Bibele?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka bobeli Apocrypha (eo ha e le hantle e bolelang, “ntho e patiloeng”) le Pseudepigrapha (eo ha e le hantle e bolelang, “libuka tseo ka phoso li nkoang e le karolo ea mangolo”) ke libuka tsa Sejuda tse neng li sebelisoa ho tloha lekholong la boraro la lilemo B.C.E. ho fihlela lekholong la pele la lilemo C.E. Kereke ea Roma e K’hatholike e nka Apocrypha e le karolo ea mangolo a halalelang a bululetsoeng a Bibele, empa Bajuda le Maprostanta ba hana libuka tsena. Hangata Pseudepigrapha li ngotsoe ka tsela e hlalosang lipale tsa Bibele ka botlalo, ’me li ngotsoe ka lebitso la motho e mong ea tummeng oa Bibele.

b Bona sehlooho se reng “Bo-maccabee e ne e le Bo-mang?” ho Molula Qhooa oa November 15, 1998, leqepheng la 21-4.

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Ana ke a mang a mahaha a haufi le Leoatle le Shoeleng ao ho ileng ha fumanoa meqolo ea boholo-holo ho ’ona

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

Scroll fragment: Pages 3, 4, and 6: Courtesy of Israel Antiquities Authority

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 5]

Courtesy of Shrine of the Book, Israel Museum, Jerusalem

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela