Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 3/15 maq. 3-4
  • Taba ea Tsoho ea Jesu ea Hlahlojoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Taba ea Tsoho ea Jesu ea Hlahlojoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Babelaeli ba Kajeno
  • Tsoho ea Jesu​—⁠Kamoo e re Amang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Tsoho ea Jesu—Na Kannete e Etsahetse?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Re Kholisehile Hore Tsoho e Tla ba Teng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Tšepo ea Tsoho e na le Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 3/15 maq. 3-4

Taba ea Tsoho ea Jesu ea Hlahlojoa

Mobishopo ea phahameng oa Kereke ea Chache, e leng Moarekabishopo oa Canterbury, o ile a re: “Nka le bolella ke sa tsilatsile hore le hoja re kholisehile ka tieo hore Jesu o ile a phela . . . , re ke ke ra le bolella ka tieo joalo hore rea tseba hore Molimo o ile a Mo tsosa bafung.”

MOAPOSTOLA PAULUSE oa Mokreste o ne a se na lipelaelo tse joalo. Khaolong ea 15 ea lengolo la hae la pele le bululetsoeng le eang ho Bakreste-’moho le eena ba Korinthe ea boholo-holo, Pauluse o ile a ngola, a re: “Ke ile ka le neha, har’a lintho tsa pele, seo le ’na ke ileng ka se amohela, hore Kreste o ile a shoela libe tsa rōna ho ea ka Mangolo; le hore o ile a patoa, e, hore o tsositsoe ka letsatsi la boraro ho ea ka Mangolo.”—1 Bakorinthe 15:3, 4.

Tumelo ea hore Jesu Kreste o tsositsoe ke eona e ileng ea susumelletsa barutuoa ba hae hore ba bolele kosepele linaheng tsa Bagerike le tsa Baroma—“pōpong eohle e tlas’a leholimo.” (Bakolose 1:23) Ha e le hantle, tsoho ea Jesu ke motheo oa tumelo ea Bakreste.

Leha ho le joalo, ho tloha qalong feela, ba bangata ba ne ba bonahala ba sa lumele hore Jesu o tsohile. Bajuda ka kakaretso ba ne ba nka hore ke nyefolo ha balateli ba Jesu ba ne ba bolela hore monna enoa ea khokhothetsoeng thupeng ke Mesia. Bagerike ba bangata ba rutehileng, ba neng ba lumela hore moea ha o shoe, bona ba ne ba nka khopolo ea tsoho e le ntho e eisehang.—Liketso 17:32-34.

Babelaeli ba Kajeno

Lilemong tsa morao tjena, litsebi tse ling tse ipolelang hore ke Bakreste li hatisitse libuka tse ngata le lihlooho tse ngata tse latolang tsoho ea Jesu ka hore ke tšōmo ’me li tsositse khang e khōlō ka eona. Ha liithuti tse sa tšoaneng li ntse li batla “Jesu ea tummeng historing,” li hanyetsa litlaleho tsa Likosepele tse bolelang hore ha hoa ka ha fumanoa letho ka lebitleng le hore Jesu o ile a bonahala ka mor’a tsoho, ka ho bolela hore ke tšōmo e pala, e qapiloeng khale ka mor’a lefu la hae e le ha ho tšehetsoa lipolelo tsa hore o na le matla leholimong.

Ka mohlala, nahana ka maikutlo a Gerd Lüdemann, eo e leng setsebi sa Mojeremane le moprofesa oa Testamente e Ncha ebile e le mongoli oa buka e bitsoang What Really Happened to Jesus—A Historical Approach to the Resurrection. O pheha khang ea hore tsoho ea Jesu ke “polelo ea lefeela” e lokelang ho hanoa ke bohle ba nang le “kutloisiso ea saense ka lefatše.”

Moprofesa Lüdemann o bolela hore seo moapostola Petrose a ileng a se bona ’me a lumela hore ke Kreste ea tsositsoeng e ne e le pono e bakiloeng ke masoabi a feteletseng a Petrose le letsoalo le molato la hore o ile a latola Jesu. Ho ea ka Lüdemann, ponahalo ea Jesu ho balumeli ba ka bang 500 ka lekhetlo le leng e ne e le feela “thabo e tlōtseng ea bongata.” (1 Bakorinthe 15:5, 6) Ka bokhutšoanyane, litsebi tse ngata li akaretsa litlaleho tsa Bibele tse buang ka tsoho ea Jesu ka ho re ke letoto la liketsahalo tse inahaneloang tse ileng tsa matlafatsa barutuoa moeeng le ho ba tsosa molota mosebetsing oa boromuoa.

’Nete ke hore ba bangata ha ba thahaselle liphehisano tse hlokang hore ba nahane haholo. Leha ho le joalo, puisano e mabapi le tsoho ea Jesu e lokela ho re khahla kaofela. Hobane’ng? Hobane, haeba ha aa ka a tsoha, Bokreste bo thehiloe motheong oa bohata. Ka lehlakoreng le leng, haeba ke ’nete hore Jesu o ile a tsoha, Bokreste bo thehiloe ’neteng. Ha ho le joalo, lipolelo tsa Kreste le litšepiso tsa hae ke ’nete. Ho feta moo, haeba tsoho e teng, lefu hase ’mampoli, ke sera se ka hlōloang.—1 Bakorinthe 15:55.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

From the Self-Pronouncing Edition of the Holy Bible, containing the King James and the Revised versions

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela